Na Molimo o Tsotella ba Kulang Kelellong?
FLORENCE e ne e le moroetsana ea motle ea bohehang. O ne a sa tsoa qala mosebetsi e le ea bontšang meaparo ea morao-rao ha ka tšohanyetso a hlaseloa ke boloetse ba kelello. A tepella haholo ’me a ikoalla ka tlung lapeng habo. A feletsoe ke cheseho ea ho phela, a itlhokomoloha hore na o shebahala joang. Qetellong, a rera ho ipolaea.
Florence ha a mong. Litlokotsi tse joalo li ama batho lefatšeng lohle. Ha e le hantle, ho kula ha kelello ke bo bong ba maloetse a atileng haholo kajeno. Molimo o ikutloa joang ka ba kulang kelellong? Na o hlile o-oa ba tsotella?
Ba bang ba nahana hore Molimo o sebelisana feela le batho bao ho nkoang hore ba phela hantle likelellong. Ba bang ba bile ba nahana hore ho kula ha kelello ke kotlo eitseng e tsoang ka ho toba ho Molimo. Empa na Molimo o molato? Hantle-ntle ho kula ha kelello ho bakoa ke eng?
Sesosa se Seholo
Mehleng e fetileng ho ne ho tloaelehile hore batho ba lumele hore bohloko bo bong le bo bong ba kelello bo amana le matla a mang ao e seng a tlhaho, ’me ba bang ba nahana hore ana ke maikutlo a Bibele ka ho kula ha kelello kapa bohlanya. Ke ’nete, ho na le moo Bibele e bolelang ka batho ba neng ba hlasetsoe ke meea e mebe e sa bonahaleng, empa hona ha ho bolele hore e tiisa hore pherekano e ’ngoe le e ’ngoe ea kelello e bakoa ke bademona.
Koana, ho ke ho hopoloe hore Bibele hase buka ea bongaka e hlalosang maloetse a sa tšoaneng hore na a bakoa ke eng. Empa leha ho le joalo e hlalosa hore na maloetse a mangata a batho bohle a bakoa ke eng, a kelello le ’mele. E bontša hore re bahlaseluoa ba ho se phethahale ho hlahileng ka lefu le ileng la fetisetsoa molokong oa motho ke ntatemoholo oa rōna oa moetsalibe Adama. Joalokaha moapostola Pauluse a hlalosa: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Hona ho bolela hore ngoana e mong le e mong oa Adama ha a phethahala ’me kahoo ho na le moo a haelloang teng kelellong le ’meleng. Ka baka leo, ho holofala kelellong ke ho fetella ha mefokolo eo bohle re e futsitseng.a
Litokisetso tsa Molimo Bakeng sa ba Kulang Kelellong
Hore Molimo o tsotella ba kulang kelellong ho ka bonoa ka litokisetso tseo o li entseng. Pele, boikarabelo ba ho ba jara o bo jarisa litho tse haufi haholo le bona tsa lelapa. Ho 1 Timothea 5:8 rea bala: “Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.” Litho tsa lelapa tse kulang le tsona li balelloa moo.
Hona ho bolela hore banyalani ba na le boikarabelo bo Joalo e mong ho e mong. Mosali oa Mokreste ea ileng a thabela ho hlokomela monna oa hae ea neng a kula haholo kelellong lapeng o sa tsoa hlalosa: “U kena lenyalong u lebelletse maima le manolo, na ha ho joalo?” A mo hlokomela ka lerato ka lilemo tse telele ho fihlela a e-shoa.
Ka ho tšoanang, Molimo o jarisa batsoali boikarabelo ba ho hlokomela bana ba kulang ba bona. Mohlomong ke batsoali ba fetiselitseng kholofalo ho bona ka lefutso. Banyalani ba Sweden bao moshemane oa bona ea lilemo li tharo a neng a hlahile a holofetse haholo ba ile ba re: “Ke ngoana oa rōna. Ke rōna ba mo tlisitseng lefatšeng. Ha re nahane le hore re ka mo sia le mang kapa mang. Re rata ho mo thusa hore a etse hore bophelo ba hae e be bo molemo haholo. Ke mosebetsi o moholo, empa ruri o tsoela pele hantle, ’me hoo hoa re thabisa.”
Ho joalo leha batsoali ba motho ba hloka tlhokomelo. Lentsoe la Molimo le bontša hore bana ba baholo le bona ba na le boikarabelo ba ho hlokomela batsoali ba tsofetseng ba kulang, ho akarelletsa le bona ba seng ba sa fella hantle likelellong.—1 Timothea 5:4.
Koana, mohlomong ho na le maemo a khothalletsang ho se hlokomele motho ea kulang kelellong lapeng. Mohlomong a ka intša kotsi ka boeena kapa ba bang, mohlomong o hloka tlhokomelo e khethehileng kapa tlhokomelo ea litsebi nako le nako, kapa mohlomong ho hang ha a batle ho lula lapeng. Ho mo hlokomela lapeng mohlomong le hona ke moroalo o boima ho litho tse ling tsa lelapa, mohlomong ho ama ka matla haholo bophelo ba bona ba ’meleng le boiketlo. Empa haeba maemo a joalo a le sieo, sebaka se molemo sa ho mo hlokomela e ka ’na ea e-ba lapeng, moo tokisetso ea lelapa eo Molimo o e theileng ka lerato e ka tlatsetsang hamolemo tsoelopeleng ea motho hore a fole.
Kamoo Lentsoe la Molimo le Thusang
Tokisetso ea Molimo e ka sebelisoang ha re hlokomela ba kulang kelellong ke ho ba thusa hore ba rue tsebo ea Bibele. Mehlala e bontša hore ba kulang kelellong ba ’nile ba lopoloha ho imeloeng le tsielehong, ’me ka linako tse ling ba bile ba phekoleha ka hore monahano oa bona o lokisoe ka tsebo ea Lentsoe la Molimo. Hobane’ng? Haholo hobane Bibele ke buka e fanang, ka tataiso ea moea ’me e kenya ka ho motho tšepo. (Ba-Roma 15:4, 13) Tšepo ke ea bohlokoa haholo ho batho ba tepeletseng. ’Me moea oa Molimo, hammoho le tšepo e matla, li ka thusa motho ea ferekaneng hore a lokise menahano ea hae le hore a nke tsela e molemo.
Ka lebaka leo, thuto ea ka mehla ea Bibele e ’nile ea ipaka e le molemo. Mohopolo o khelohang tsela e tloaelehileng ea ho nahana ho hlokahala o lokisoe, joaloka sesupa-nako se tsamaeang butle haholo kapa kapele haholo. Mohlomong sesupa-nako seo se ntse se lokile haeba feela se ka beheloa nako kamehla. Jehova Molimo o lokiselitse batho “sesupa-nako se nepahetseng” ka Bibele, tekanyetso ea ho nahana ka mokhoa o nepahetseng. Haeba motho ea tšoenyehileng kelellong a thusoa hore a sebelise tokisetso ena e ntle, kelello ea hae e tšoenyehileng e fumana matšeliso, tumelo le tšepo.
Ho bile joalo ka Florence, moroetsana ea hlalositsoeng qalehong ea sehlooho sena. Mosali ea tsoang phuthehong ea moo ea Lipaki tsa Jehova a etela batsoali ba hae ’me a lokisetsa ho mo tšoarela thuto ea Bibele ea beke le beke. Paki e re: “Ha re qala o ne a le lihlong haholo le ho itšoha ’me o ne a potlakela ho tsoa ka phaposing eo re leng ho eona a eo lla. Empa butle-butle, ha a ntse a rua tsebo ea Bibele, a tsitsa haholoanyane. Ho latelang, ka mo tloaetsa batho ba bang bao ke neng ke ba memela ho ea thutong, ’me qetellong, ka lekhetlo la pele ka lilemo tse telele, o ne a tseba ho tloha lapeng a ee le ’na sebokeng. Hona joale Florence o phela joaloka batho ba bang. O nyetsoe, o na le bana ba babeli ba banyenyane ’me eena ka boeena o khannela ba bang lithuto tsa Bibele. O re, ha a itlhalosa: ‘Ho hang ne nke ke ka khona ho phahama hape ntle ho ’nete le tšepo e tsoang Bibeleng.’”
Matla a Thapelo
Ho rapela nako le nako le motho ea tšoenyehileng kelellong le hona ho ka ’na ha thusa kelello e ferekaneng. Tokisetso ena e tsoang ho Molimo e ka sebeletsa e le thibelo ea sesosa sa mehopolo e tepeletsang. Moapostola Petrose o kopotse ‘ho tsoha masene’ le ‘ho phela ka boitšoaro, re tle re tsebe ho rapela.’ (1 Petrose 4:7) Ka thapelo Molimo o ka ’na oa fumanoa neng kapa neng, motšehare kapa boisu. ’Me o re memela ho re re mo kōpe “nthong tsohle” e leng ho akarelletsang le mathata a kelello.—Ba-Filippi 4:6.
Hore thapelo e-ea sebetsa ho ka bonoa ka mohlala o latelang: Monna e mong ea nyetseng oa Belgium o ne a ile a ba le mathata a matla a kelello ho tloha bongoaneng. A amohela thuto ea Bibele ho Lipaki tsa Jehova ’me o ngola hore:
“Hang feela ha ke utloisisa hore Jehova ke oona Molimo feela oa ’nete, ka rapela, ke mo kōpa hore a nthuse hore ke fetohe hobane ke ne ke hlokomela hore boitšoaro ba ka ho hang ha bo tšoane le ba batho ba bang. Ho tla fihlela ka nako eo ho ne ho se pheko ea lingaka e neng e nthusitse, ho sa tsotellehe hore ke ile ka koalloa ka makhetlo a mararo le ho hlahlojoa ka mekhoa eohle. Ka ba le maikutlo a hore ke hane meriana, ke hlokomela hore ha e sebetse letho, empa e ne e tla nkeloa sebaka ke eng?
“Hang hoba ke tlohele ho sebelisa lipilisi tse robatsang, methapo ea ka ea imeloa hoo ke neng ke sitoa feela le ho hlafuna lijo. Ke ne ke kōpa Jehova ka makhetlo a mangata letsatsi le leng le le leng ’me nako le nako ke ne ke tleloa ke boikutlo ba khotso. Mehopolo ea Bibele e ileng ea tla kelellong ea ka le eona ea thusa haholo. Qalehong, ea e-ba ea nakoana, empa ka tiisetsa. Ka lemoha hore moea oa Molimo o hlile o-oa nthusa. Butle-butle, ha ho ntse ho feta libeke, likhoeli le lilemo, ho kula ha ’na ha theoha hore ho ntlele hangata le ka sekhahla. Ntoa ke ne ke e hlōtse! Hona joale nka tiisa hore ke phela joaloka batho ba bang, ke tseba ho jara boikarabelo ba ka le ho ntlafatsa botho ba ka ba Bokreste. Ha ho molemo oa letho oo nka o etsang ho feta ho khothalletsa bohle ba nang le mathata a joalo hore ba retelehele ho Molimo oa rōna, Jehova, hore ba fumane thuso.”
Tlhokomelo ka Phutheho ea Bokreste
Ho teng tsela e ’ngoe hape eo ka eona Jehova Molimo a bontšang hore o hlokomela ba kulang likelellong, ’me ke ka phutheho ea Bokreste. Mona Molimo o na le tokisetso e lerato ea hore baholo ba etelle pele. Ba leka ho latela keletso e reng: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng, le tiise ba fokolang, ’me le be le mamello ho bohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:14) Lilemo tsa ho ithuta Lentsoe la Molimo le lintho tse etsahetseng ho sebetseng mathata li entse hore baholo ba Bakreste ba tšoanelehele ho thusa batho ba mefuta eohle ba tlang ho bona. Ba bontša thahasello ea ’nete, ka sebete ba mamela sohle seo ea tšoenyehileng a se bolelang. Baholo ba Bakreste ba hlokomela hore ke habohlokoa ho leka ho utloisisa ho e-na le ho potlakela ho ahlola motho kapa ho nyenyefatsa bohlokoa ba boikutlo ba hae. Ho sa tsotellehe mefokolo ea bona le likhaello, baholo ba leka ka tieo ho tšelisa le ho thusa. Monna oa Belgium ea folileng o re: “Ke tlameha ho hatisa lerato le bontšitsoeng ke baholo bao, le hoja e se ka mehla ba utloisisang boemo, ba bileng le hona ho ntiisa le lelapa la ka.”
Hape baholo ba batla ho thusa ba tšoenyehileng ho re ba tle libokeng phuthehong ea Bokreste. Liboka tsena, li tšoaroa ka moea oa khotso le o elileng kelellong, li fana ka botsoalle bo hahang le moea o khathollang bakeng sa bohle ba utloisisang ho rua molemo ka tsona.
Ho Thoe’ng ka ba ke Keng ba Phekoleha?
Ho totobetse hore hase maloetse ’ohle a kelello a ka phekoloang ka litokisetso tse boletsoeng mona. Leha ho le joalo, lintho tse etsahalang li bontšitse hore batho ba bangata ba tšoenyehileng likelellong le maikutlong ba hlaphohetsoe kapa bonyane ba imoloha ho se hokae ka tsona. Koana, ho na le ba bang ba kulang hoo motho eo a ke keng a utloa letho ka tsebo ea Bibele le ho utloisisa lintho tsa moea. Empa le mabakeng a joalo, ho na le molemo o hlahileng ka ho lumella motho hore a lule tikolohong e lerato le e sireletsehileng.
Maemo a mang a ka ’na a bonahala a se na tšepo a bile a le thata ho a mamella. Hona ha ho bolele hore Molimo ha o tsotelle. Ka puso ea Molimo ka Morena oa Messia, ho ile ha boleloa tjena ka boprofeta: “O tla boloka ea lesitsi ha a hoa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi.”—Pesaleme ea 72:1, 12, 13.
Ho lebelletsoe tokoloho ea ka mehla, Molimo o lumelletse boemo bona bo sa phethahalang ba botho hore bo be teng ka nako eitseng. Empa e seng ka ho sa feleng! Mangolo a re tiisetsa hore litšobotsi tsohle tse sa rateheng tsa bophelo ba batho li tla nyametsoa ka ho feletseng ha puso ea ’Muso oa Molimo ea leholimo e nkela puso ea bosatane sebaka ka puso ea bomolimo ea lefatše.—Daniele 2:34, 44; Tšenolo 21:4.
E, haufinyane Jehova Molimo o tla tloha a tlosa lisosa tsa ho ferekana hohle ha batho, tsa ’mele le tsa kelello. O hlile o-oa tsotella ka sebele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano e feletseng haholoanyane, bona Awake! ea 22 April, 1975.