Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 2/1 maq. 10-11
  • Etsisa Anna, Etsisa Mora oa Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Anna, Etsisa Mora oa Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Anna a Ileng a Fumana Khotso Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Moshanyana o Sebeletsa Molimo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Anna o Rapella ho ba le Mora
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 2/1 maq. 10-11

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Etsisa Anna, Etsisa Mora oa Hae

HAEBA U ’mè e monyenyane, mohlomong bana ba hao ba lula la uena lapeng. Empa ak’u shebe Anna le moshemane oa hae Samuele. Anna o mo tlisitse tabernakeleng ea Jehova Shilo. Mona ho phela baprista ’me ba sebeletsa Molimo teng. Ke hobane’ng ha a tlisa mora oa hae ho tla phela mona? E be Anna ha a rate moshemanyana oa hae?

Anna o rata Samuele. Empa Pele a e-ba le bana o ne a ile a rapela Jehova hore a mo nee mora, ’me thapelong ea hae a tšepisa: “Ke tla mo neela Jehova ka litšiu tsohle tsa ho phela ha hae.” (1 Samuele 1:10, 11) Ke sona seo Anna a se etsang. O fana ka Samuele hore a sebeletse tabernakeleng ea Jehova bophelo bohle ba hae.

Anna o tla hloloheloa Samuele haholo. Empa o utloisisa ho mo tlohela hobane o rata Jehova Molimo ’me o tseba hore mora oa hae a ka sebelisoa mona tšebeletsong ea Jehova. Haeba u motsoali, na u utloisisa ho tlohella bana ba hao ba sebelisoe tšebeletsong ea Molimo?

Ha Samuele a ntse a hōla a hloka liaparo tse kholoanyane. Mona u bona ha Anna a mo tlisetsa seaparo se secha seo a mo etselitseng sona. ’Me ha a chakile selemo le selemo u ka tiisa hore o khothalletsa Samuele hore a be khabane kamehla tšebeletsong ea hae tabernakeleng ea Jehova. (1 Samuele 2:18, 19) Na mohlala oa Anna o khothatsang oa ho thusa mora oa hae ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng ha o motle hore batsoali ba kajeno ba o etsise?

Empa mohlala oa Samuele o motle hore re o etsise kaofela. O ne a utloisisa hore a sebelisoe tšebeletsong ea Molimo. Le hoja a ne a ka ’na a hloloheloa hae ka linako tse ling ’me a lakatsa eka a ka khutlela lapeng ho ’m’ae le ntat’ae, a lula tšebeletsong ea hae tabernakeleng. Samuele a boela a talimana le liteko tse ling tsa tumelo ea hae, tse thata haholoanyane.

Bona! bara ba moprista e moholo Eli ba kenya basali bana ba sebeletsang monyakong oa tabernakele ’me ba tlil’o robala le bona, ba etsa bohlola! Samuele o hotse ho etsoa lintho tse mpe joalo, empa Samuele a etsa se nepahetseng. (1 Samuele 2:22-26) Re tla be re le bohlale ha re ka etsisa mohlala oa hae eaba ha re etsise tsela e fosahetseng ea ba re potileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela