Ho Nyarela ka Litabeng
Babishopo ba Khahlanong le Libetsa tsa “Nuclear”
Babishopo ba Roma e Katholike ho la U.S. ba khahlanong le mokhoa o mocha oa U.S. oa libetsa tsa ntoa ea “nuclear.” Lengolong la bobishopo la maqephe 150, le reng, “Ho Phephetsoa ha Khotso: Pallo ea Molimo le Karabelo ea Rona,” babishopo ba 239 ha fapana le ba 8, ba hanne ntoa ea “nuclear” ntle ho khethollo, ’me ba etsa boipiletso ba hore litsamaiso tse ncha tsa libetsa tsa “nuclear” li emisoe kapele. Makatholike a tšepahalang a bona phetoho e khōlō tabeng ena. Nakong e fetileng, ’muso oa U.S. o ne a mema babishopo ba Khatholike ho hlohonolofatsa ho nka karolo ha bona ntoeng. Sena se bonahetse ntoeng ea Vietnam ho ea ka mantsoe a mofu Mokadinale Spellman: “Ena ke naha ea heso, ebang ke nepile kapa ke fositse. Ke naha ea heso.”
Empa hona joale lintho li fetohile. “U.S.News & World Report” e qotsitse mantsoe a Mokadinale Bernardin oa Chicago, molula-setulo oa komiti ea mangolo, ha a ne a bolela hore “tlhaselo leha e le efe e reriloeng sechabeng e nkuoa e le ho bolaea ho ea ka molao oa Katholike oa bolumeli. E ke ke ea lokafatsoa, esita leha ho iphetetsoa ho bahlaseli metseng ea rōna, ’me ha ho amoheloe mantsoe a sa lumellaneng le motheo oo.” Mobishopo e moholo oa San Francisco Quinn, eo e neng e le mopresidente oa pele oa lekhotla la babishopo o boletse mantsoe a mang. O boletse hore Makatholike a leng bosoleng a lokela ho hana taelo leha e le efe ea ho qhomisa bomo ea “nuclear” esita leha taelo eo e ntšitsoe ke mopresidente, mantsoe ana a tlalehiloe ho “U.S.News & World Report.”
Ka baka leo, ho bonahala hore babishopo ba boletse mantsoe ana hore Maamerika a Makatholike a fetang limillione tse 50 a tsebe kamoo a lokelang ho arabela kateng tabeng ea libetsa tsa “nuclear.” Le hoja lengolo la babishopo le ne le sa qobelle motho, le hateletse hore taba ena e letsoalong la motho ho Makatholike a leng bosoleng, liofising tsa sechaba kapa ba sirelelitseng naha. Leha ho le joalo litaba tsa lengolo lena ha li lumellane le motheo o tlalehiloeng ho Esaia 2:4, o bolelang hore ‘ba tee liphehla tsa ntoa mehoma ’me ba se hlole ba ithuta ho loana’—ho se ithute mofuta leha e le ofe oa ntoa hape.
Komello e Khōlō Afrika
Jesu Kreste o boletse e sa le pele hore “litlala li tla ba teng . . . ka nqa tse ngata.” ’Me sena e ne e tla ba karolo ea pontšo e bonahalang e tšoaeang bofelo ba tsamaiso ena ea lintho.” (Mattheu 24:3, 7, “NW”) Kontinente ea Afrika ke bopaki ba sena. Linaha tse 15 tsa Afrika li hlasetsoe ke khaeIIo e khōlō ea lijo ka baka la komello, ho ea ka Mokhatlo oa Machaba oa Lijo le Temo. Nako le nako Swaziland e bile le komello e khōlō lilemong tse 30, Afrika Boroa le Mozambique li bile le komello e khōlō lilemong tse 50 ’me Zimbabwe e bile le komello e khōlō, hoo ha etsa hore e senyeheloe ke 50 lekholong ea poone le mehlape e lekanyetsoang ho millione e le ’ngoe le halofo. Ha selemo sa komello se qala, libaka tse ngata li ne li bitsoa libaka tse hlasetsoeng ke koluoa. Ho ea ka pono ea batho bokamoso ba bona bo lerootho, empa Bibele e bontša hore haufinyane Kreste o tla busa ’me ho tla ba le “nala ea mabele . . . lefatšeng.”—Pesaleme ea 72:16.
“U Tele Bohale”
Bibele e eletsa hore: “U tele khalefo, u se ke ua hlora; ebe etlaba u etsa bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Ka nako e telele batho ba lihlalefi ba ile ba nyatsa mantsoe ana. Ba re, “Ntša bohale.” Litsebi tse ngata tsa kelello li boletse hore, “Ho molemo ho ntša bohale.” Empa patlisiso ea mahlale e totobatsa molemo oa ho laola bohale. Ka mohlala, setsebi se ithutileng kelello Carol Tavris se tlalehile mantsoe ana bukeng ea sona e ncha “Anger: The Misunderstood Emotion”: “Ho ntša bohale ho etsa hore u halefe le ho feta, ho tiisa boikutlo ba ho halefa, ho jala mokhoa o mobe oa lehloeo.” Ka baka leo, setsebi sena se eletsa hore: “Haeba u ikhutsetsa ha motho e mong a u halefisa, ’me u sutha sebakeng se sulafatsang moea oa hao ho fihlela ha bohale ba hao bo kokobela, u tla ikutloa o khoba matšoafo, ’me u tla ikutloa u le molemo ka nako e khutšoanyane feela, ho feta ha u ne u ka baka lerata.”
Setsi sa Meriana Univesithing ea Duke, kamor’a lilemo tse supileng tsa patlisiso, se qetile hore batho ba halefang kapele ba ka shoa kapele ho feta ba sa halefeng. Ho halefa ho feteletseng ho baka boloetse ba pelo ho tšoana le kamoo ho etsang ho tsuba, hape ho baka “high blood pressure,” mantsoe ao a boletsoe ke phuputso ea bona. Ka baka leo, kaha manane a lipalo a bontša bopaki bo fokolang, taba ea hore ho ntša bohale ho loketse bophelo ba hao, na ho ke ke ha ba molemo ho ela hloko mantsoe a Liproverbia 14:29: “Ha u ikhutsetsa, u bohlale, empa ha u halefa haholo, u mpa u bontša bothoto ba hao.”—“Today’s English Version.”