Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 6/1 maq. 3-4
  • Na U ka Amohela Bophelo Paradeiseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Amohela Bophelo Paradeiseng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho o Labalabela Paradeise
  • Na U ne U tla Amohela Kekelletso ea Lilemo tse 500?
  • Paradeise Lefatšeng—Na ke Toro Feela Tjee Kapa Ehlile e Tla ba Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Paradeise eo Bibele e Buang ka Eona e Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Bibele e Tšepisa Lefatše la Paradeise?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • U Ne U Reretsoe ho Phela Paradeiseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 6/1 maq. 3-4

Na U ka Amohela Bophelo Paradeiseng?

PARADEISE! Lentsoe lee le u nea maikutlo afe? Ntho ea sebele kapa toro? Ntho e ka etsahalang lefatšeng kapa, na ke setšoantšo feela sa boemo bo hlohonolofalitsoeng kamor’a lefu, joalokaha ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste, Bajode le Masolomane ba lumela?

’Nete ke hore Jesu Kreste o buile ka Paradeise. Ho mofosi ea thakhisitsoeng pel’a hae, o itse: “Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Kahoo ke ha bohlokoa hore re tsebe linnete ka Paradeise.

Paradeise, hangata e amahanngoa le serapa sa Edene sa Bibele, batho ba bangata ba e talima e le tšōmo ho e-na le ho e amahanya le sebaka se teng. Uena u lumela eng? Na ho kile ha e-ba le karolo e lokisitsoeng ka ho khethehileng lefatšeng Asia Minor hore motho a qale ho lula ho eona, joalokaha buka ea Bibele ea Genese e bontša?

Hoa thahasellisa hore, tlaleho ea Bibele ea serapa sa Edene sa paradeise ha e qale ka ntho e sa utloahaleng ea hore, “Ba re e ne e re e le naheng e hole . . .” Ho e-na le hoo, buka ea Bibele e re rutang ka Edene e toba nako le ho ntšetsa pele metheo bakeng sa ho lekanya linako tsa liketsahalo le leloko le ka batlisisoang la ba la fumanoa ka Bibeleng. (Luka 3:23-38; bona hape le buka ea tlhaloso ea Bibele Aid to Bible Understanding, maqephe 333-348.) Bibele e boetse e qoolla sebaka ‘Edeneng ka ’nģa Bochabela,’ le ‘nōka e tsoang Edene’ e iketsang linōka tse ’nè. Tse peli tsa linōka tseo li khetholloa kajeno e le Eufrate le Tigris. Mohlomong hona ho ne ho tla bea Edene sebakeng seo hona joale e leng sa lithaba ka leboea ho lithota tsa Mesopotamia, ka boroa ho Letša la Van ka bochabela ho Turkey.—Genese 2:7-17.

Tlaleho ea Bibele e bontša hore motho oa pele, Adama, o ne a beiloe serapeng ’me a potapotiloe ke sohle seo a neng a se hloka hore a phele. Ho ne ho e-na le limela tse ngata le “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.” Hore ho be le mefuta e sa tšoaneng joalo ea lifate, ho totobatsa hore e ne e se seratsoana.

Motho o Labalabela Paradeise

Mehleng ea kajeno motho o hlomile lirapa le libaka tsa boikhathollo har’a metse e mengata e meholo kapa pel’a eona. Hobane’ng? Hobane moahi oa motse o moholo hangata o labalabela ho khatholla moea oa hae ka ho nchafatsa kamano ea hae le tlhaho. ’Me ka linako tse ling boikutlo ba rōna e ba bofe ha re tsamaea har’a serapa se setle sa boikhathollo, haholo-holo ha lipalesa le lifate li thuntse? Rea tsota, “Ke botle bo kaakang ba paradeise!” Re ne re ka rata hakaakang ho phela sebakeng se joalo sa paradeise! E, ke tjantjello ea tlhaho eo ka sebele e namelang morao qalong ea motho serapeng sa paradeise sa Edene.

Eo ke tšepo eo Jesu a e beileng ka pel’a sesenyi se shoang pel’a hae ha a ne a re ho sona: “Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43, NW) Mona Jesu o ne a sa tšepise mofosi kabelo ea leholimo kapa hore moea oa hae oo ho lumeloang hore ha o shoe o tla ba moo. O ne a mo tšepisa bophelo bo sa feleng ba lefatše lefatšeng la Paradeise tlas’a puso ea ’Muso oa hae. U ikutloa joang ka tšepiso eo?—Mattheu 6:9, 10; Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

Na U ne U tla Amohela Kekelletso ea Lilemo tse 500?

Hoa thahasellisa hore, haufi tjena makasine ea Psychology Today e beetse babali ba eona potso e batlileng e tšoana le eo: “Haeba e mong a u fa pilisi e neng e tla etsa hore u phele lilemo tse 500, na u ne u tla e nka?” Koana, ho ne ho sa boleloa letho makasineng ena ka ho ba le bophelo bo phethahetseng kapa boemo ba Paradeise. Empa batho ba ile ba re’ng? Ba fetang 50 lekholong ba re ba ne ba tla nka pilisi. Ba bangata ba re ba ratile “ho finyella ho hangata, ho etsa ho hongata, kapa ho thabela bophelo haholoanyane.” Monna e mong a bua habonolo haholo, “Ke rata bophelo.” Basali ba bang ba hlalositse hore “bophelo boa thabisa; ho na le ho hongata ho lokeloang ho etsoa empa ha ho nako e lekaneng.” U ikutloa joang ka bophelo? Na u rata bophelo? Empa ho thoe’ng haeba u ne u ka phela ka ho sa feleng maemong a Paradeise le bophelong bo phethahetseng ho e-na le ho ekelletsoa lilemo tse 500? Bibele e u fa tebello eona eo.—Johanne 17:3; Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 33:24.

Ka lehlakoreng le leng, patlisisong eona eo, ba bang ba bolela ka matla hore ha ba batle kekelletso. Hobane’ng? “Ba bang ba lumela hore bophelo bo tena haholo.” Ka linako tse ling Lipaki tsa Jehova li kopana le khanyetso e tšoanang ha li hlalosa hore morero oa Molimo ke ho fa batho ba ikokobelitseng bophelo bo sa feleng maemong a Paradeise holim’a lefatše. Ba bang ba hanyetsa, “Re tla etsa eng ha re phela ka ho sa feleng paradeiseng? Bophelo bo ne bo tla be bo se na likhanyetso, bo se na liteko. Bo tla tena!”

Na ho fela ho le joalo? Na bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise bo tla tena? Sehlooho se latelang se tla arabela lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela