“O Felisitse Lintoa”
“E NE e le la 8 Phato, 1942. Mabotho a Japane a ne a hapile lihlekehleke tse ling tsa Amerika tsa Aleutian ka maikutlo a ho hlasela lebōpo le ka bophirima la U.S. Ka abeloa sehlopheng sa sesole sa lifofane tse sebetsang leoatleng sa U.S. se neng se lokela ho ea moo le ho ketola likepe tsa Majapane.
“Nakong ea phutuho ra thunngoa ’me sesupa-tsela sa sefofane sa rōna sa rojoa. Ra tlameha ho khutlela morao liahelong tsa rōna har’a moholi o teteaneng, har’a lithaba tse telele tsa Aleutians—re se na ntho e re supisang tsela eo re lokelang ho e nka. Ra lahleheloa ke hore na re hokae. Re ne re tseba hore ka letsohong le letšehali re na le lihleke-hleke le lithaba tsa tsona. Empa hole hakae? Ho hang ho ne ho sa bonahale. Ka tšohanyetso motsamaisi a hoa, ‘Re tlilo thula thaba!’
“Ha nka ka tseba letho ho fihlela ha ke hlaphoheloa maili-iling. Sefofane sa rōna se ne se thutse thaba ’me ka mokhoa o mong ka oela thōko le likotoana tsa sona. Ke ne ke bona hore sefofane sa rōna se ntse se e-cha. Mohatla o ne o pomehile. Haeba ho ne ho e-na le ba phelang ba ne ba tla ba ka moo.”
Tsena li phetoa ke Harley Miller, ea ileng a pholoha. Setšoantšo sa se ileng sa sala sefofaneng se hlahile leqepheng la 11. Ho ile ha etsahala joang ka litho tse ling tse robeli tsa sefofane? Tsena Harley o li pheta sehloohong se latelang. Re u phehella hore u bale tlaleho, e seng e le pale ea ntoa, empa e le pale ea motho ea ileng a qetella a fumane khotso.
Tšebetsong ea hae sesoleng sa metsing Harley o bone ho shoa banna ba bangata. E ne e le sekotoana feela sa bohle ba shoeleng Ntoeng ea II ea Lefatše, empa ba ne ba lekane hore a bone hore lintoa ke lefeela, le ho ipotsa, Hobane’ng?
Na Motho o Bohlalenyana?
Ntoeng ea II ea Lefatše, lefu la kotula ba ka bang limillione tse 55—masole le batho feela. Lefatše le ile la tlatsoa ka tsieleho le mahlomola hakaakang! Bahlolohali ba basali le likhutsana ba sala e le bo-tsuonyana iphatele. Kahoo potso e totobetseng ka 1945, ha ntoa e lala, e ne e le, Na lintoa li tla ke li fele?
Karabelo e bohloko ho tloha ka 1945 ke hore motho ha a bohlale haholoanyane. Lichaba li ntse li lokisetsa le ho kena ntoeng le khohlanong. Kopanong ea haufinyane ka qetello ea lefatše, Molaoli oa sesole oa nakong e fetileng Gene La Rocque o bontšitse hore, ho ea ka ntlokholo ea sesole, ho loannoe lintoa tse 270 hoba ho lale Ntoa ea II ea lefatše. A phaella ka hore United States le Russia feela li na le lihlomo tsa “nuclear” tse 20 000, ’me a lemosa hore: “Haeba re tsoela pele tseleng ea rōna ea hona joale, re tla ba le ntoa ea ‘nuclear.’”
E, joaloka libatana, mebuso e ntse e lokisa likhang tsa eona ka ho tšolla mali, empa hangata e se a babusi ba lipolotiki. ’Me ha ntoa e hlile e sa loane, lichaba li itšoarelletse khotsong e tetemang e theiloeng ho tšosaneng—khopolo ea ho ripitlana. Empa hobane’ng? Ke hobane’ng ha ho bonahala ntoa e ke ke ea qojoa historing ea batho? Na pheko e teng?
Ke Hobane’ng ha Lintoa li le Teng?
Liithuti tsa kelello le tsa kahisano ea batho li hlahisa likhopolo tse sa tšoaneng ho hlalosa phetoho ena. Koana, maikutlo a bona a theiloe khopolong ea hore lintho li ikentse le maikutlong a hore motho empa e le phoofolo e bohlale feela. Ka baka leo, ba bang ba re “ntoa ke mokokotlo oa boteng ba motho.” Kahoo tholoana ea khopolo ea hore lintho li ikentse ke ho lokafatsa ntoa.
Leha ho le joalo, liithuti tse ling tsa kelello ha li lumele hore ntoa empa e le phello ea ho futsa moea oa ntoa. Li lumela hore ntoa ke tšobotsi eo motho a inkelang eona, tholoana ea tsieleho ea bongoaneng. Ka lebaka leo, li buella hore bana ba lumelloe ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe le hore batho ba iketsetse borata haholoanyane. Empa ha e sa le lefatše la Bophirima le e-ba le batho ba iketsetsang borata, na tšokelo ea ntoa e fokotsehile?
Robert Leckie, bukeng ea hae Warfare, o qeta ka hore: “Ntoa . . . ke ntho e ka hlalosehang. Ho bonahala e le bothata ba kahisano, lipolotiki le molao. . . . Batho ka bobona ho bonahala e le mohloli o moholo oa ntoa, ’me hafeela mekhatlo e meholo—mebuso e phahameng ea lichaba—e ntse e e-na le matla a maholo le ao ho sa thoeng letho ka oona, ntoa e tla ’ne e be teng.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000, phuthehong ea pele ea Bokreste, moena oa Jesu Jakobo o ile a botsa: “Lintoa le liphapang tse har’a lōna li tsoa kae? Na ha li tsoe litakatsong tsa lōna tse loanang lithong tsa lōna na? Lea lakatsa, ’me ha le rue letho.”—Jakobo 4:1, 2.
Mantsoe ana a fana ka leseli la hore na sesosa se seholo sa ntoa ke sefe—mohono, litakatso, meharo. Boemo bona bo bile teng ka lilemo tse ka bang 6 000. (Genese 4:2-10) Lintoa li loannoe hangata hakaakang ho tsekoa meeli, thepa le mehloli ea lintho! Boikhohomoso, bosechaba, botšepehi le ho tšaba basele le bajaki, lia sebelisoa hore ho bokelloe makhotla a ntoa. Leha ho le joalo, ho na le sesosa se seholo se kenellang ka botebo haholo ho feta tsena tse bonahalang.
Ho Hlokomolohuoa Sesosa se Seholo
Bonneteng, likhakanyetsong tsohle tsa bona ho na le lebaka le le leng leo hoo e ka bang litsebi tsohle li ikhethelang ho le hlokomoloha—matla a sa bonahaleng a thabelang ha batho ba arohane, ba loana. Matla ao ka boomo a khelosa batho ka litsela tse sa feleng—leha e le ka bolumeli, lipolotiki kapa ho lelekisa menate. Matla ao a qoolloa ka ho hlakileng ka Bibeleng. Ka mohlala: “Rea tseba hoba re tsoetsoe ke Molimo, le hoba lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) “E mobe” eo ke mang? Jesu o mo hlalositse ha a arabela Bafarisi ba neng ba batla ho mo bolaea: “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.”—Johanne 8:44.
E, tšusumetso e hlohlelletsang ho rata ntoa ha motho ke morena oa moea ea khopo, Satane Diabolose. Eena le balateli ba hae ba bademona, ka motoa oa bona oa bokhopo, ba file batho mosebetsi lintoeng le tokisetsong ea ntoa. Le hoja e le ’nete hore batho ba limillione ba hlaha ’me ba ipelaetsa ka lihlomo tsa “nuclear” ’me ba batla hore li khaotsoe, ha ba bontše ho tšepahala phekong e le ’ngoe feela ea ’nete—puso ea ’Muso oa Molimo ka Kreste. Kahoo Satane ka katleho o ntse a ‘thetsa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) O entse hore batho ba mathele lelea ho batla khotso—ba batla khotso empa ba ntse ba tšoarelletse mekheng eona e isang ntoeng—lithahaselo tse sa nahaneng tsa bosechaba.
Khotso E Tla Hlongoa Joang?
Robert Leckie eo ho builoeng ka eena o itse: “Bahlalefi ba mekhoa ea kahisano ba bolela hore ntoa ke ntho e siiloeng ke linako . . . le hore tlhaho ea motho ea ho loana eo e iphepang ka eona e ka laoloa ka thuto, molao le mekhoa.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E se ka maikemisetso, pono ena ea bahlalefi e lumellana le pheko ea Bibele ea ntoa, e theiloeng ‘thutong, molaong le mekhoeng.’ Moprofeta Esaia o ile a supa tsela eo e isang khotsong lilemong tse fetileng tse ka bang 2 700, a re: “Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema. Jehova o tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola, se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:3, 4.
Boprofeta boo bo supa eng? Hore batho ba lichaba tse ngata ba tla tlameha ho ela hloko molao, puso le borena tsa Jehova. Ba tla tlameha ho amohela thuto e ncha ea khotso. Ka boikokobetso ba tla re: “O tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” E, ba tla ithuta litsela, kapa “mekhoa” ea khotso ea ’nete ea Bokreste le ho tsamaea litseleng tsa Jehova joalokaha li thathamisitsoe ka mokhoa o hlakileng ke mohlala o phethahetseng oa Jesu Kreste, Mora oa hae. ’Nete ke hore Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo oa lefatše lohle, li ’nile tsa phethahatsa boprofeta bona ka mashome a lilemo—lintoeng tse peli tsa lefatše le likhohlanong tse ling tse ’nileng tsa tla ka batho.
Leha ho le joalo, re tlameha ho toba ’nete ea hore khotso e sa feleng bakeng sa batho bohle ha ho mohla e tla tla ka boiteko ba batho feela. Ho hlokahala ntho e ’ngoe e khōlō haholo—e seng ’muso oa machaba, joalokaha ba bangata ba ’nile ba bolela—empa ’muso o phahametseng matla a lichaba, o holim’a lipolotiki tsohle tse sa reng letho le bosechaba. ’Muso oa Molimo oa leholimo ka Kreste ke eona taba. Ke oona feela mokhoa o tšoanelehang oa khotso.—Mattheu 6:9, 10.
Khotso eo e tla hlongoa joang? Kaha lichaba li ke ke tsa ithaopela ho lahla borena ba tsona ba bosechaba, li tla tloha li tlameha ho etsa joalo. Joalokaha moprofeta Daniele a hlile a bolela: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Ho feta moo, joalokaha ho boletsoe ho Tšenolo 20:1-3, mosusumetsi e moholo oa ntoa, Satane Diabolose, o tla ‘kenngoa sekoting’ a ntšoe tšebetsong ‘lilemo tse sekete . . . hore a se ke a hlola a khelosa lichaba.’
Ho fela ha mebuso kapa lipuso tsa batho tsa lipolotiki tsa boithati ho tla phetla tsela bakeng sa phethahatso e feletseng ea mantsoe a tlatsang tšepo a Pesaleme ea 46:8-10, e reng: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong. Tlohelang, ’me le tsebe hoba ke ’na Molimo o busang lichaba, o busang lefatše!” E, borena ba Jehova bo tla phahamisoa lefatšeng lohle. Letsatsi leo le haufi.—Mattheu 24; Mareka 13; Luka 21.
Na u lakatsa ho bona ha lintoa tsohle li fela? Tiea hore joale re eme monyakong oa nako e khanyang eo Davida a buileng ka eona ho Pesaleme ea 37:10, 11: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”