Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 6/1 maq. 11-16
  • Ha ke sa Tla Ithuta ho Loana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ke sa Tla Ithuta ho Loana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Majapane a Hlasela
  • Sebaka se Secha sa Ntoa
  • “Harp” ea Fetola Bophelo ba ka
  • Keletso ea Moruti
  • Ho Loanela Iwo Jima
  • Kopano ea Pele le Lipaki
  • Ho Tšoaroa le Tlamo ea Lekhotla
  • Ho Tloha Ntoeng ho ea Khotsong
  • Khotso e Tlisa Phetoho
  • Ho Fihla ho Kula
  • “Hopolang Pearl Harbor!”
    Tsoha!—1991
  • Ntoa—Ho Mamella Liphello Tse Bokhloko
    Tsoha!—1989
  • “O Felisitse Lintoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Ntoa e Ileng ea Fetola Bophelo ba Ka
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 6/1 maq. 11-16

Ha ke sa Tla Ithuta ho Loana

DAKOTA-BOROA ka bophirimela bo hare ho la United States, ke setereke sa temo. Makhomo a fula likhutlong tse ntle tsa teng. Masimo a tletse koro ea selemo, harese, habore, mabele le “rye.” Ke tsoaletsoe mona, motseng oa Aberdeen ka la 10 Phupu, 1921—bophelo bo ne bo tla mphetisa har’a maima a feteletseng a ntoa le khotso, lehloeo le lerato.

Batsoali ba ka e ne e le Majeremane a sebetsang ka thata a lumelang bolumeling le thutong. Ka hona ka kolobetsoa le ho hōlisetsoa tumelong ea Lutere. Hoetla ka 1939 ke ne ke qetile sekolong. Batsoali ba ka ba hlalane ’me ntate a shoele. Ebe joale ke ne ke tla khetha tsela efe bophelong?

Kananelo ea ka bakeng sa Bibele le Molimo e ne e tebile hoo ke ileng ka kenya kōpo ea ho kena seminari ea Lutere hore ke be moruti. Khabareng, Ntoa ea II ea lefatše ea qhoma Europe ’me kaha ke ne ke sa fumana karabo e tsoang seminaring, ka Phupu 1940 ka kenela sesole sa metsing sa U.S. Kahoo ka ikhethela ntoa ho e-na le khotso.

Kamor’a ho koetlisoa ka lekhetlo la pele, ka ikhethela ho sebeletsa sesoleng sa metsing. Kabelo ea ka ea pele ea mose ho maoatle e ne e le kampong ea sesole sa moeeng Olongapo, haufi le Manila, Philippines. United States e ne e e-so kene ntoeng, ka hona re ne re rongoa haholo ka bohloela likepeng tsa Majapane tse Pacific.

Majapane a Hlasela

Ka la 7 Tšitoe, 1941, ke ne ke le mosebetsing mafelong a beke, oo e neng e le feela ho shebana le sea-le-moea—hangata e le nako ea ho khatholoha. Ka tšohanyetso sea-le-moea sa qala ho ngola molaetsa o tšosang ka mongolo oa “Morse”: “Pearl Harbor e hlasetsoe ke Majapane”! Ka tlōla setulong ho lata “alarm.” Ka tseba hore ho se ho se hokae pele Majapane a hlasela Philippines.

Ha bo e-sa feela ba be ba le holim’a rōna ka liqhomane. Boholo ba lifofane tsa rōna ba senyetsoa fatše. Tse ileng tsa tseba ho fofa tsa qhomisa le ho tebisa likepe tsa ntoa tsa Majapane. Basebetsi ba bacha ba nka sebaka sa bakhale kapele ha lifofane li ntse li fihla. Ka nka karolo ea ka lithōmong tsena tse kotsi tseo ho bonahalang li sa khaotse.

Ra loanela lelea. Lifofane tsa ntoa tsa Majapane tsa re ubella joaloka phakoe ha e ubella tsuonyana. Ka matsatsi a seng makae feela lifofane tsohle tsa rōna tsa be li senyehile, ’me ho banna ba 500 ba kampo ea rōna ha sala ba ka bang 50 feela. Re ne re tlameha ho baleha lihlekehlekeng. Eaba re qobella sekepe se senyenyane sa Mafora sa baeti ho re nka, ra qoba mokoallo oa Majapane ’me ra balehela Dutch East Indies, hole ka limaele tse ka bang 2 000.

Ra emisa Surabaja, moo kajeno ho thoeng ke Indonesia. Empa Majapane a phakisa a re kopela hare, ’me ra tlameha ho chechela Port Darwin Australia, moo re neng re hopola hore re tla ba thōkoana ka nakoana. Kamorao ho nakoana feela lifofane tsa ntoa tsa Majapane tsa hlaha moo li sa lebelloang ’me tsa chesa kou kaofela ha eona. Ha teba likepe tse ka bang 20. Sa rōna, Willie B. Preston, sekepe se etselitsoeng tšenyo se fetotsoeng sekepe se fepelang tse ling ka lijo, sa qhomisoa me sa hlohloa mollo oa mochine-kane ho fihlela se e-cha. Ka mohlolo ra tima mollo ’me, ka ho ipata lefifing, ra tsoa ka koung ra theosa le lebōpo le ka bophirima la Australia ho leba Fremantle.

Bosiung boo, bafu ba bangata bao boholo ba bona e neng e le metsoalle e meholo ea ka, ba thateloa ka liseile ba belesoa loto, ’me, kamorao ho mantsoe a seng makae a sa tšeliseng ka letho, litopo tsa leketlisetsoa ka leoatleng. Ntoa e ne e se e nthutile ho hloea sera. Polao ena e tšabehang ea nkhalefisa ho feta.

Sebaka se Secha sa Ntoa

Kamorao ho phomolo ea matsatsi a 30 ra abeloa ho ea Lihleke-hlekeng tsa Aleutian, tse ikobang ho ea ka boroa bo ka bophirimela ho Alaska. Re ne re rongoa hangata ho batla le ho senya likepe tsa Majapane.

Ka la 8 Phato, 1942, ntoeng ea Attu ra thunngoa ’me sesupa-tsela sa rōna sa senngoa. Ha re khutlela kampong, ra thulana le moholi o teteaneng ’me ra lahleheloa ke hore na re hokae. Ntho ea ho qetela eo ke e hopolang ke ha motsamaisi oa sefofane a hoeletsa, “Re tlilo thula thaba!”

Ha ke hlaphoheloa maili-iling ke ne ke bona sefofane sa rōna se ntse se tuka. Re ne re otlile lehlakore la thaba ’me ka oela thōko le liphatsa. Karolo e kamorao e ne e ile ea robeha ke matla a ho thula, ’me haeba ho ne ho e-na le ea phelang, o ne a tla ba moo. ’Mele oa ka kaofela o ne o opa ke mahlaba, empa ka mohlolo ka tseba ho khasa ’me moo mohatleng ka fumana motsoalle oa ka ea haufi a ntse a phela. O ne a le boemong bo bobe hahoIo. Ka khona ho mo hula mollong oa liphatsa ea ba ke ea le maili-ili hape.

E tlameha e be ke ile ka tsosoa ke lerata le leholo la lienjine tsa lifofane tse batlang tse neng li fofela tlase holim’a liphatsa ka letsatsi le hlahlamang. Ha sefofane se re feta, ka khona ho foka baki ea sefofane eaba joale ke ilibana hape.

Ha ke re phapha, ka be ke robetse sepetleleng sa sesole motsoalle oa ka a le moalong o pel’a ka. A phela matsatsi a fokolang feela. Eaba ke sala ke le lehlatsipa le le leng sehlopheng sa ba robong. Ke ne ke bone ho shoa banna ba bangata pele ho moo, empa joale metsoalle ea ka e haufi e ne e shoele kaofela. Ka ’na ka ipotsa, ‘Empa ’na hobane’ng? Ke sala hobane’ng?’ Ntlheng ena ka khaotsa ho bala Bibele ’me ka tebela tlase haholo moeeng.

“Harp” ea Fetola Bophelo ba ka

Ho tloha Koung ea Dutch Aleutians ka isoa ka sekepe sa sesole Bremerton sepetleleng sa Sesole seterekeng sa Washington. Mehlahare ea ka, e neng e robehile libakeng tse ngata, e ne e sa khutlisetsoa malulong hantle, kahoo ho ne ho hlokahala hore e qhaqholloe hape ’me e lokisoe bocha. Ka lula nako e ka etsang likhoeli tse tšeletseng ke hlaphoheloa likotsing tsa ka tse mpe.

Hoba ke lokolloe ka etela khaitseli oa ka California. Ka letsatsi le leng ka bona moahelani oa hae a lahla libuka tse neng li shebahala eka li ncha. E ’ngoe e ne e bitsoa Prophecy. Ka botsa hore na e bua ka Bibele. A re, “E, ho na le tse ling hape. U ka li nka kaofela.” Ke tsela eo ke ileng ka fumana le The Harp of God le libuka tse ling tse ngata tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watchtower.

Ha bonahala eka thahasello ea ka ea moea e tsositsoe. Ke ne ke batla ho utloisisa Bibele hamolemo. Ka nka buka Prophecy ’me ka e bala kaofela empa ke sa e utloisise. Eaba ke lahla libuka kaofela ntle ho The Harp of God, eo ke ileng ka e kenya ka mokotlaneng oa ka oa mosebetsi.

Ka likhoeli tse ’maloa ka fofa le ofisiri e khōlō ea Sesole sa moeeng e hlahlobang likampo tsa sesole sa moeeng lebōpong le ka bophirima la U.S. Hona ha mpha sebaka se sengata bakeng sa hoo ho thoeng ke menyaka ea bophelo bona, empa qetellong ea ntšiea ke le feela ke se na khotso. Ka ithaopela ho khutlela mabothong a loanang. Sehlopha se secha sa lifofane tse qhomisang ka potlako sa romeloa Saipan le Tinian Pacific. Ka abeloa ho sebetsa sesupa-tsela sa sefofaneng se ka pele-pele se qhomisang sa sehlopha. Basebetsi ba bang le ba bang ba ne ba romeloa ho loana moeeng kamorao ho matsatsi a seng makae, ho neng ho sia nako e ngata ea boikhathollo kampong.

Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke phenya mokotlana oa ka oa mosebetsi ke batla likarete, ka hula buka The Harp of God. Ka qala ho e bala. Ho makaleng ha ka ka qala ho utloisisa hore “lihele” ke lebitla, hore motho ke moea le hore o-oa shoa le hore Mangolo ha a tšehetse thuto ea Boraro-bo-bong. Kutloisiso ena ea motheo ea ntšusumetsa.

Ka phakisa ka fumana Bibele ea ka ’me ka qala ho phetla litemana tsohle tse boletsoeng. Ke ne ke sitoa ho kholoa mahlo a ka. Ho ne ho hlakile ho le bonolo. Ka thabela seo ke ithutang sona. Empa joale kamor’a ho nahana ka hona ka etsa qeto ea ho ea ho baruti ba Maprostanta le ba Mak’hatholike ke ba kōpe hore ba mpakele ka Bibele hore lihele hase lebitla.

Keletso ea Moruti

Ha e le hantle, ba sitoa. E mong a nkeletsa ka keletso eo ke ntseng ke e hopola le kajeno. A re: “Miller, u na le tlaleho e ntle haholo ea sesole sa moeeng ’me u hlomphuoa haholo. Bokamoso ba hao bo sireletsehile sesoleng sa moeeng. U e mong oa liofisiri tse nyenyane haholo tse ka sehloohong tse kileng tsa khethoa. U se etse phoso e tšabehang ea ho ikopanya le Lipaki tsa Jehova, tse sa lumeliseng folaga kapa tse sa loaneleng naha ea habo tsona.” Baruti bana ba hana ho arabela lipotso tsa ka tsa Bibele, ’me karabelo ea bona ea e-ba ho hlasela Lipaki tse tsebisahalang tse neng li se li shoele.

Lipuo tsa bona tsa ntlhoisa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha ho lea mong ho bona ea ileng a mphetlela Bibele ho hanyetsa tumelo eo ke e fumaneng bocha. Ka nahana, ‘Hona ke ’nete. Ke tlameha ho etsa sohle se ka khonehang ho thusa ba bang ho e utloisisa.’ Ka letsatsi le hlahlamang ka qala ho bolella banna ba bang hore na ke ithutile eng. Kaofela ba nahana hore ke tsela e fapaneng ho hang le eo ke neng ke nahana ka eona pele.

Molaetsa oa ho bolela ha ka oa fihla ho molaoli, ea ileng a mpiletsa ofising ea hae ’me a re: “Miller, re fetile linthong tse ngata haholo le uena ’me kamor’a matsatsi a seng makae re tla be re le mosebetsing o boima ka ho fetisisa, Iwo Jima! Joale, ho re na ho bolela hona hohle ke hoa eng hase taba ea ka. Empa ke u kōpa hore u ho khaotse ho fihlela thōmo ena e feta.” Hona ha utloahala e le kōpo e utloahalang, eaba kea lumela.

Ho Loanela Iwo Jima

Thomong e ’ngoe le e ’ngoe ho hlokahala boitsebiso bo bokhutšoanyane. Hore ho hapuoe Iwo Jima ha hakanyetsoa hore na ho tla shoa ba bakae. Ka hatsela ha ke utloa palo. Likobese e ne e se e se lipalo feela tse pampiring empa e le bophelo ba batho.

Majapane a leka ka matla ho hana ka sehleke-hleke sena sa bohlokoa. A ne a ikepetse ho ipata mafikeng a leoatle ho sika le lebōpo, e leng ho ileng ha thatafatsa ho ba fumana haholo. Tsela e ne e le ’ngoe feela—ho fofela tlase le ho bupetsa mafika ka liqhomane tse bolaeang tsa “napalm.” Ha li otla lero la tsona la mollo le kena ka mapatsong le mafarung, le li fetola lebatama le chesang.

Kamorao ho matsatsi a seng makae ra hapa Iwo Jima ’me qetellong ra lula lebaleng la lifofane. Ha re tsoa ka sefofaneng sa liqhomane, ka bona lefu ho mpota-pota. Ka khutlela morao lebōpong la mafika ho bona phello ea tlhaselo. Pono e ne e sisimosa ka ho fetisisa—litopo tse cheleng hohle. Ho ne ho senyehile. Ka ikutloa ke kula pelong.

Qetello ea Iwo Jima e tlalehiloe e le Maamerika a shoeleng a 8 000 le a 26 000 a tsoileng likotsi. Majapane a shoelloa ke ba 22 000. Hona hohle bakeng sa sehleke-hleke se 20-sq-km!

Ka Phato 1945 liqhomane tsa athomiki tsa liheloa Japane. Ka libeke tse peli Majapane a ineela, eaba ntoa e felile.

Kopano ea Pele le Lipaki

Ha ke fihla hape United States, ka ea Portland, Oregon, ho etela lelapa leso. Le ne le hanyetsa habohloko tumelo eo ke e fumaneng bocha. Leha ho le joalo, ba ne ba tseba Howard Meier, eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka kopana le eena ka potlako ’me ka mo qholotsa ka seo baruti ba ntoeng ba neng ba mpoleletse sona ka Lipaki. A tlosa liketselletso tseo ka potlako. Eaba ke qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela.

Ha ke ntse ke ithuta metheo ea Bibele ka ntoa le khotso ka hlokomela hore nke ke ka hlola ke kopanela mesebetsing ea sesole kapa ho phehella mosebetsi oa sesole le bophelo ba Bokreste ba ’nete. (Esaia 2:4; Mattheu 22:37-40) Qeto e ne e tlameha ho etsoa ka hore na ke tla etsa joang, hobane haufinyane ke ne ke tlameha ho itlaleha mosebetsing.

Ka nako ena Howard Meier a mpha keletso eo ke tla e leboha kamehla. A re: “Moeeng u sa ntsane u le lesea. Ho e-na le ho etsa qeto hona joale hore na se nepahetseng bakeng sa hao ke sefe, ke eng ha u sa khutlele kampong, u ee libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e haufi le moo, ’me ha u ntse u hōla tsebong le kutloisisong, kōpa Jehova hore a u tataise le ho u tsamaisa.”

Ka itlaleha kampong ea sesole e Whidbey Island, Washington. Ka qalisa hang-hang ho kopanela le phutheho ea Anacortes ea Lipaki tsa Jehova. Kapele ka be ke bolela ka ntlo le ntlo le ho tsebahatsa lipuo tsa phatlalatsa literateng. Ka nakoana ka be ke tsamaisa lithuto tse robeli ho isa ho tse leshome tsa Bibele kampong ea sesole sa moeeng.

Melaetsa ea fono-fono ea qala ho fihla kampong ea Sesole sa moeeng e ipelaetsa ka ofisiri e tsamaeang literateng e tsebahatsa lipuo tsa Bibele. Ka bitsoa ke moruti oa sesole ’me ka bolelloa ka mantsoe a sa qekiseng hore ke ‘KHAOTSE bohlanya bona!’ Ka hana.

Ho Tšoaroa le Tlamo ea Lekhotla

Ha ke ntse ke bolela seterateng ka tšoaroa ke sepolesa sa sesole sa moeeng. Liqoso? Ho tlotlolla seaparo sa sesole sa moeeng. Ketso ena ea fella ka tlamo ea lekhotla e neng e ka bolela teronko ea sesole ’me mohlomong le ho ntšoa hampe mosebetsing. Ka hana ho buelloa ke ’muelli oa molao oa sesole sa moeeng, ha ke ikutloa hore nka hlalosa hamolemo boemo ba ka le tumelo ea ka e ncha e theiloeng Bibeleng.

Ka tlisoa ka pel’a baahloli ba molao oa sheshe oa sesole sa moeeng, ’me ka balloa liqoso. Kamorao ho puisano e telele le lipotso ka seo ke se lumelang, ka botsoa hore na ke batla ho bua ho hong.

“E, kea batla,” ka rialo. Ke supa folaga ea Amerika, ka botsa, “E be folaga eo ke pontšo ea sesomo?”

“U bolela’ng ka ho rialo . . . Miller?” ha kharuma molaoli e mong ha a tlōlela holimo setulong sa hae.

“Benghali, le na le tlaleho eohle ea ka ea sesole sa moeeng ka pel’a lōna. Lea tseba hore ka boithatelo bo botle ke ile ka loanela lintho tse emeloang ke folaga eo hole le ho feta tšoanelo ea ka. Ke ne ke lumela hore e emela tokoloho ea borapeli, puo le bolumeli. Ke bone ha metsoalle ea ka e qhomisoa ka pel’a mahlo a ka hobane le eona e ne e loanela tokoloho eona eo. Ka bona ba likete ba rapaletse lefung Philippines, Australia, New Guinea, Saipan, Tinian, Aleutians le Iwo Jima. Ke rometsoe libakeng tsa ntoa ka makhetlo a fetang lekholo le boromuoeng bo bong bo kotsi. Ke na le limmentlele tse fetang le bopaki bo bongata ho feta ba bangata ba banna ba likete kampong ena. Na le tla nkhanela tsona lintho tseo ke li loanetseng le seo folaga e se emelang—tokoloho ea borapeli le tokoloho ea puo?”

Lekhotla la khutsa tu ha ke lula fatše. Baahloli ba tsoa empa ba khutla kapele ka polelo ea hore ba ke ke ba etsa qeto ka nyeoe ea ka le hore e tla rōmeloa Washington, D.C. Hamorao ha fihla qeto ea ho qetela e tsoang Washington, D.C. ke ne ke tlameha ho qetela likhoeli tse tharo tsa tšebetso ea ka ’me ke tla neoa mosebetsi o lumellanang le letsoalo la ka. Ka la 14 Phupu, 1946, ka lokolloa ka hlompho mosebetsing. Ebe joale bohato bo latelang bophelong ba ka e ne e tla ba bofe?

Ho Tloha Ntoeng ho ea Khotsong

Ka lenaneo la masole a khutlileng ntoeng, ke ne ke e-na le monyetla oa ho ea kolecheng kapa univesithing ho ithuta mosebetsi oo ke ikhethelang oona. Ka o hana. Ha e le mona ke ne ke tseba ’nete le tšepo ea Bibele ea khotso e sa feleng lefatšeng, ke ne ke batla ho thusa ba bang hore ba fumane bophelo. Ke ne ke batla hore matsoalo a ntoa le ho bolaea a nkeloe sebaka ke mosebetsi o phelisang.—Pesaleme ea 46:8, 9; Esaia 9:6, 7.

Ka kolobetsoa ka Phato 1946 kopanong ea “Lichaba tse Thabileng” Cleveland, Ohio. Ka khutlela Anacortes ’me ka qalisa tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka 1947 ka kenya kōpo ea ho sebeletsa ntlo-khōlō ea lefatše ea Watchtower Society e Brooklyn, New York. Ka amoheloa ’me ka itlaleha Bethele ka la 29 Tlhakubele, 1948. Ka sebetsa mafapheng a sa tšoaneng pele ke abeloa lefapheng la Tšebeletso. Ke mona moo ke bileng le tokelo ea ho sebetsa ke le mongoli oa Moena T. J. (Bud) Sullivan, eo hamorao e bileng setho sa Sehlopha se Busang.

E ne e le mohloli oa keletso e bohlale le tsebo le mohlala oa ho tšoara ba bang ka mosa. Ke hopola hore ha Bud a ne a sebetsa nyeoe e thata, o ne a ee a re: ‘‘Haeba re tla etsa phoso, re e etse ka lehlakoreng la mohau hobane Jehova ke Molimo o mohau.” Ke nahane, ‘Ke ntlha e ntle hakaakang!’—Pesaleme ea 116:5.

Ka 1953 N. H. Knorr, e le mookameli ka nako eo oa Watchtower Society, ka tšohanyetso a nkhethela ho ba molebeli e mocha oa Lefapha la Tšebeletso. Hona ha bolela ho lebela mesebetsi eohle ea tšebeletso bakeng sa United States. Ka thuso ea Jehova ka phethahatsa boikarabelo boo ka lilemo tse 22. Ho tloha ka 1975 bo bile matsohong a komiti.

Ka Tlhakubele ka 1952 khaitseli e motle e monyenyane a tla Bethele. O ne a bile tšebeletsong ea nako e tletseng ho tloha ka 1947. Lebitso la hae e le Brook Thornton. Ra ratana ’me ra nyalana ka Motšeanong 1957. Bophelo ba ka bo enne ke Brook ’me re thabile haholo, re sebetsa hammoho Bethele.

Khotso e Tlisa Phetoho

Ka 1969 ka ba le phihlelo e ileng ea nkama ka botebo. ’Na le mosali oa ka ra fuoa tokelo ea ho ba teng kopanong ea machaba ea “Khotso Lefatšeng” ea Lipaki tsa Jehova Tokyo, Japane. Ke tlameha ho lumela hore ke ile ka ferekana maikutlo ka ho etela Japane. Ho thata haholo ho hlakola mehopolo ea ntoa. Le hoja ke ne ke amohetse thuto ea Bibele, ka ipotsa hore na ke tla itšoara joang Japane.

Matsatsi a seng makae re le naheng eo a ntšenolela lintho! Ka iphumana ke talimane le batho ba mosa, ba ikokobelitseng, ba nang le khotso bao joale ba hloileng ntoa joaloka ’na. Le bona, ba ne ba fetohile lilemong tsa ho tloha ka 1945. Ka khahloa haholo.

Ho Fihla ho Kula

Ka 1979 ka ba le “stroke” se ileng sa ntšiea ke foufetse hanyenyane ke e-na le khathatso ea pelo. Joale ka 1981 ka holofala ka lebaka la ho thapoha mokokotlo. Mathata ana, le hoja a le boima ho a jara, a nthutile haholoanyane bohlokoa ba ho utloisisa mathata le maemo a batho ba bang.

Ha ke sa khona ho etsa seo ke neng ke se etsa. Ha ke sa sebetsa letsatsi kaofela empa ke ntse ke e-na le tokelo ea ho sebeletsa ke le setho sa Komiti ea lefapha la Tšebeletso. Ke bone ha palo ea bahoeletsi ba mafolo-folo ba United States e hōla ho hoo e ka bang 66 000 ho tloha ka 1946 ho ea ho ba fetang 640 000 ka 1983. Bana bohle, joaloka ’na, ba sebeletsa khotso tlas’a ’Muso oa Molimo. Ka thaba haholo ha ka 1975 e mong oa ba ileng ba kolobetsoa e le ’mè oa ka. Le hoja a le lilemo li 86, o ntse a bolela.

Hona joale ke laba-labela letsatsi, le haufi haholo, la ha Jehova Molimo a tla tlisa Taolo e Ncha ea ho loka moo lintoa, bohloko le lefu li ke keng tsa e-ba teng hape. Bibele e re: “Re lebeletse, ka pallo ea oona [lentsoe le tiileng la Molimo], maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) Ke takatso ea ka e tiileng ho ba le karolo ‘lefatšeng le lecha’ leo, le ho lebala ka ho sa feleng litšoso tsa ntoa tseo ke ileng ka kenya letsoho ho tsona.

[’Mapa o leqepheng la 12]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CANADA

ALASKA

ALEUTIAN ISLANDS

Attu

BERING SEA

SIBERIA

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Harley Miller e le ofisiri ea sesole sa moeeng sa Amerika, 1945

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Japane ka khahloa ke batho ba mosa, ba ikokobelitseng le ba nang le khotso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela