Molimo Mora kapa “Mora oa Molimo”?
“U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”—MATTHEU 16:16.
1. (a) Litho tse ngata tsa kereke li na le pono efe ka Jesu? (b) Ke tlhaloso efe e thahasellisang eo Jesu a ileng a e etsa ka see?
NA JESU e ne e le Molimo? Litho tse ngata tsa likereke tsa Bojakane li ne li tla arabela ka e. Empa na ua tseba hore ho na le eo Jesu a itseng ke “Molimo”? Phetla Bibele ea hao ho Johanne 20:17 ’me u bale mantsoe a Jesu ho ea qetellong ea temana eo: “Ke nyolohela ho Ntate, e leng Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.” Haeba hoo hoa u makatsa, u ka ’na ua hlolloa ke lintho tse ling tseo Bibele e li buang ka Jesu le Molimo.
2. Bibele e etsa litlhaloso life tse thahasellisang ka kamano pakeng tsa Jesu le Molimo?
2 Nahana, ka motsotsoana, ka lengeloi le ileng la tsebisa Maria ka ho tsoaloa ha Jesu. Ha lea ka la re ngoana oa hae e tla ba Molimo, empa hore e tla ba “Mor’a Molimo.” (Luka 1:35) ’Me ho e-na le ho etsisa ba bang ba reng ke “Molimo ka Booona” o tlileng lefatšeng ho tla fana ka topollo, Mangolo a re “Molimo o romile Mor’a oona” ho tla etsa sena.—Ba-Galata 4:4, 5; 1 Johanne 4:9, 10.
3, 4. Lipolelo tsa Petrose le Johanne Mokolobetsi li hanana joang le thuto ea Bojakane ea Boraro-bo-Bong?
3 Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae hore na ba lumela ho re ke mang. Na Simone Petrose o ile a arabela ka hore: “U Molimo”? Che, Petrose o itse: “U Kreste Mor’a Molimo o phelang.” Na Jesu o ile a hanana le Petrose? Che, Jesu a re: “U lehlohonolo, Simone, mor’a Jona; hobane hase nama le mali a u koaholletseng hoo, empa e le Ntate ea Maholimong.”—Mattheu 16:15-17.
4 Bangoli ba bolumeli, ba lumelang hore Molimo ke Boraro-bo-bong, ba bua ka “Molimo Mora.” Leha ho le joalo, Johanne Mokolobetsi ha a ka bitsa Jesu “Molimo Mora” empa “Mora oa Molimo.” Barutuoa ba Jesu ha ba ka ba re, “U Molimo Mora,” empa, ba re, “Efela u Mor’a Molimo ruri.” Ho na le phapang e khōlō lipolelong tsena.—Johanne 1:34; Mattheu 14:33.
Na Ntate o Moholo?
5. Ho ka thoe’ng ka boemo ba Jesu ba leholimo?
5 Bibele e bolela ka ho ba teng ha Jesu pele e e-ba motho. O bile teng pele ho Abrahama, o ne a e-na le Ntate oa hae oa leholimo “lefatše le e-so ho be teng,” e ne e le “letsibolo la tsohle tse hloliloeng” ’me ka eena “ho hloliloe tsohle.” (Johanne 17:5; 8:58; Ba-Kolosse 1:15-17) Jesu “o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung, e, le thupeng ea tlhokofatso. Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.” Bibele e boetse e re ‘Molimo oa Morena oa rōna Jesu Kreste, . . . o mo tsositse bafung, oa ba oa mo lulisa letsohong le letona la oona, maholimong, ka holim’a boholo bohle, le puso eohle, le matla ’ohle, le borena bohle, le mabitso ’ohle a ka bitsoang, e seng lefatšeng lena feela, empa e leng ho le tlang ho tla.’—Ba-Filippi 2:8, 9; Ba-Efese 1:17, 20, 21.
6-8. Ke lintho life tse ling tseo Jesu a li boletseng ka boemo ba hae kamanong le Ntate?
6 Nako le nako Jesu o ne a bontša hore ha a lekane le Ntate ka ho ikokobeletsa eena. O itse o rometsoe ke Ntate oa hae, o lauoe ke Ntate oa hae, o laetsoe ke Ntate oa hae hore na a re’ng. (Johanne 3:17; 5:36; 6:38; 12:49, 50) Jesu o itse o “phethile mosebetsi” oo Ntat’ae a mo fileng ona hore a o etse, le hore balateli ba hae “ba tsebile hoba [Ntate] o nthomile.”—Johanne 17:4, 6, 18, 25.
7 Lira tsa Jesu le tsona ha lia ka tsa mo qosa ka hore o ipitsa Molimo. Ho e-na le hoo, li itse o iketsa ea “lekanang le Molimo” ha a re Molimo ke Ntat’ae. Phetolelo e tsebisahalang ea Roma e K’hatholike e re li ne li rata ho bolaea Jesu hobane, “O itse Molimo ke Ntat’ae ka sebele, ’me kahoo o iketsa ea lekanang le Molimo.” Jesu o itse: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena.”—Johanne 5:18, 19.
8 Ho sa tsotellehe boemo bo phahameng haholo ba hae, Jesu o itse ho baapostola ba hae: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Batho ba bang ba re hoo e ne e le ’nete feela hobane Jesu o ne a ntse a le lefatšeng le hore ha e sa le ’nete ka ha joale o nyolohetse leholimong. Empa Bibele ha e bolele joalo.
Kamor’a Nyolohelo ea Jesu
9. Pauluse o ile a bontša phapang joang pakeng tsa Jesu ea tsositsoeng le Molimo?
9 Hoba Jesu a nyolohele leholimong, balateli ba hae ba ’na ba tsoela pele ho ruta hore Ntate o moholo ho Mora. Kamor’a lilemo tse fetang 20, Pauluse a ngola ka “Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.” (Ba-Roma 15:6) Sheba mantsoe ao ka hloko. Pauluse o bua ka Molimo oa Jesu. Pauluse ha a ka a phehella ho etsa phapang ena feela pakeng tsa Ntate le Jesu empa pakeng tsa Molimo le Jesu. O ngola ka Molimo le Kreste. Pauluse o ne a lumelisa ka mokhoa ona mangolong a hae: “A le ke le neoe mohau le khotso ke Molimo, Ntat’a rōna, le ke Morena Jesu Kreste.” (Ba-Roma 1:7; 1 Ba-Korinthe 1:3; 2 Ba-Korinthe 1:2; Ba-Galata 1:3; Ba-Efese 1:2; Ba-Filippi 1:2) Pauluse o boetse a ngola, e seng hore Kreste ke Molimo, empa hore ke “setšoantšo sa Molimo,” ka hona a mo emela ka botlalo. (2 Ba-Korinthe 4:4) Leha ho le joalo, mofetoleli oa The Living Bible, a lumela hore Molimo ke Boraro-bo-bong, o fetoletse serapa sena hore se balehe tjena, “Kreste, eo e leng Molimo.” Empa kaha hase seo e hlileng e se bolelang, botlaaseng ba leqephe ho ekelitsoe sena: “Ka sebele, ‘eo e leng setšoantšo sa Molimo.’”
10. Tšenolo e bontša joang phapang pakeng tsa Jesu le Molimo?
10 Buka ea Bibele ea Tšenolo le eona ha e khetholle feela pakeng tsa Jesu le Ntate empa pakeng tsa Jesu le Molimo. E-ea qala, “Ke ena tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo.” (Tšenolo 1:1) Kamor’a lilemo tse fetang 60 hoba Jesu a nyolohe, Tšenolo e qotsa Jesu ea phahamisitsoeng oa leholimong a re: “Ea hlōlang, ke tla mo etsa tšiea tempeleng ea Molimo oa ka, . . . ’me ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka, le lebitso la motse oa Molimo oa ka, e leng Jerusalema e mocha, ea theohang leholimong ho Molimo oa ka, le lebitso la ka le lecha.”—Tšenolo 3:12.
11. Khaolong ea ho qetela ea Bibele phapang pakeng tsa Jesu le Molimo e entsoe joang?
11 Phapang ena pakeng tsa Molimo le Konyana Jesu Kreste e entsoe ho fihlela khaolong ea ho qetela ea Bibele, moo terone e khōlō ea leholimo ea Jerusalema e Mocha e khabane ea bohlokoa e sa hlalosoeng e le terone ea Boraro-bo-bong ba boinahanelo, empa e le ‘terone ea Molimo le Konyana.’ (Tšenolo 22:1, 3) Lipolelo tsena ha li thata ho utloisisoa, ntle leha u rutiloe hore u leke ho li etsa hore li bolele seo li sa se boleleng.
“Letsohong le Letona la Matla”
12. (a) Jesu o ile a hlalosa joang boemo boo a neng a tla ba le bona kamor’a tsoho? (b) Pesaleme ea 110:1 e bontša joang hore Jesu hase Jehova?
12 Lira tsa Jesu, li batla lebaka la ho ’molaea, ha lia ka tsa ’motsa hore na o re ke Molimo, empa ho e-na le hoo hore na ke “Kreste, Mora oa Molimo.” A ba arabela: “U boletse teng; hape, ke re ho lōna: Ho tloha joale, le tla bona Mor’a motho a lutse letsohong le letona la matla a Molimo, ’me a e-tla ka maru a leholimo.” (Mattheu 26:63, 64) Pejana Jesu o ne a ile a qotsa mantsoe a Davida ’me a itšebelisetsa oona: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” Jesu ha a ka a re ke Jehova, kapa karolo ea Boraro-bo-bong boo e seng ba Mangolo, empa hore o ne a tla ba letsohong le letona la Jehova, a ntse a letetse ho sebetsahala ha nako ea Molimo le merero ea oona.—Pesaleme ea 110:1; Mattheu 22:42-44.
13. Setefane o ile a bona’ng pele a neela bophelo ba hae bakeng sa tumelo ea hae?
13 Setefane, motho oa pele oa ho shoela tumelo ea hae ho Kreste, o ile a fuoa pono ea Jesu ea tsositsoeng leholimong. Na o bone Jesu e le Molimo, kapa karolo ea Boraro-bo-bong? Che. Joalokaha Jesu le Davida ba hlile ba bolela, o bone Jesu ka “letsohong le letona la Molimo.” The Living Bible e re Setefane o bone “Jesu Messia a eme pel’a Molimo, ka letsohong le letona ho eena!”—Liketso 7:55, 56.
14. Pono ea Daniele e bontša eng ka “ea kang mor’a motho”?
14 Tšenolo e khōlō ea sena e fumanoa ponong ea Daniele e khanyang ea Moholo oa Matsatsi. Daniele o ngotse: “Ka ba ka talima ka lipono tsa bosiu, ’me bonang, e mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo, a fihla ho Moholo oa matsatsi, a atametsoa ho eena: a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.” (Daniele 7:13, 14) Jesu e ne e se Moholo oa Matsatsi, Jehova Molimo, empa e ne e le Mor’a motho. ’Me hlokomela hore enoa o ile a atametsoa pel’a Ntate oa hae oa leholimo, ho amohela “’muso le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.”—Bapisa Mattheu 25:31.
15. Ke eng eo Tšenolo e bontšang hore bongata bona bo boholo bo ne bo tla e tseba?
15 Buka ea Bibele ea Tšenolo ka ho hlakileng e bontša hore bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le lipuong tsohle bo tlang tlas’a puso ea Kreste e tla ba batho ba tsebang phapang pakeng tsa Molimo le Konyana Jesu Kreste, hobane mohoo oa bona oa thoriso o re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Ho phaella moo, ba 144 000 ba emeng le Konyana Jesu Kreste Thabeng ea Sione ea leholimo ba na le “lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona.”—Tšenolo 7:9, 10; 14:1.
Mor’a Mang?
16. Ke eng seo Bajode ba neng ba tla se utloisisa ha Jesu a ne a bolela hore Ntate oa hae ke eena eo ba ’mitsang Molimo oa bona?
16 Bajode ba ne ba tseba ka lebitso la Molimo. Ba ne ba tseba hore na Jesu o bua ka mang ha a re: “Ea nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Molimo oa lōna.” (Johanne 8:54) Molimo oo e ne e le mang? Hore na ba ne ba tla ’ne ba le bitse kapa che, ba ile ba bona lebitso la hae Mangolong a bona a halalelang, le ne le le meqolong e ka masynagogeng a bona, ’me le ne le ngotsoe ka mongolo oa Seheberu phetolelong ea Bibele ea Segerike ea Septuagint eo ba neng ba e bala le ho e sebelisa. (Bona sehlooho “Lebitso la Molimo Mangolong a Bakreste,” leqephe 8) Jehova hase lebitso le leng la Jesu. Ha Jesu a re “Molimo ke Ntat’ae ka sebele” ’me eena a ipitsa “Mora oa Molimo.” Bajode ba mo mametseng ba ne ba tla utloisisa hore o ne a bolela hore ke Mora oa eo lebitso la hae le neng le ngotsoe ka litlhaku tse ’ne tsa Seheberu YHWH. O ne a sa re ke Jehova, empa hore ke Mora oa Jehova.—Johanne 5:18; 11:4.
Selekane se Secha Bakeng sa Bakreste
17, 18. (a) Ke lintlha life tse khōlō tseo u li bonang boprofeteng ba Jeremia ba selekane se secha, ’me boprofeta boo ke ba bohlokoa joang? (b) ’Muelli oa selekane see o ile a etsa’ng?
17 Boprofeta bo boholo ba Jeremia ba selekane se secha bo bontša hore hase Bajode feela empa le Bakreste, e ne e tla ba batho ba lebitso la Jehova. Haeba bafetoleli ba Bibele ea hao ba sebelisitse lebitso la Molimo hantle moo le hlahang teng Seheberung sa pele-pele, u ne u tla bala tjena:
“Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda, . . . Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Iseraele ka mor’a litšiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka. Ha ba sa tla ruta e mong le e mong oa hae, ha ho motho ea tla ruta oa habo ka hore: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova.”—Jeremia 31:31-34.
18 Moapostola oa Mokreste Pauluse o nehelana ka likhaolo tse ’ne tsa buka ea Ba-Heberu (likhaolo 7-10) ho bua ka selekane sena se secha, seo Molimo o se theileng le Iseraele oa moea. Pauluse ha a fane ka maikutlo a hore Kreste e ne e le moetsi oa selekane sena (se tiisitsoeng ka mali a hae), empa o re Kreste e ne e le “’muelli” oa sona. Moetsi oa sona e ne e le Jehova Molimo. Ka ’muelli oa sona, Pauluse o ngotse: “Kreste . . . o kene leholimong la sebele, a tla a hlahe joale pel’a sefahleho sa Molimo, sebakeng sa rōna.”—Ba-Heberu 8:6; 9:15, 24.
19. Boprofeta boo bo re ke mang eo e tlang ho ba Molimo oa ba selekaneng se secha sa Bokreste?
19 Ke mang eo Jeremia a reng e ne e tla ba Molimo oa Bakreste selekaneng se secha? Jehova! Ke Jehova ea itseng: “Ke tla . . . hlaba . . . Ke tla ngola . . . ke tla ba Molimo oa bona.” ’Me boprofeta bona bo re ka Bakreste ba selekaneng se secha: “Ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova.” Ka hona bohle ba hlileng ba leng selekaneng se secha sa Bakreste—hammoho le Bakreste ba bang ba khabane ba kopanelang le bona—e ne e tla ba batho ba tsebang le ho sebeletsa Jehova! Lilemo tse fetang 400 tse fetileng, John Calvin o ngotse: “Mantsoe ana, ‘Tseba Jehova,’ a supa lintho tsa pele tsa tumelo.”—Commentaries on the Book of the Prophet Jeremiah and the Lamentations, ea John Calvin, e fetoletsoeng ke John Owen, leqephe 136.
Boemo bo Fetohileng
20. Ho ne ho hlokahala hore bamameli ba Jesu ba hlokomele eng?
20 Mehleng ea Jesu bamameli ba hae ba ne ba tseba Molimo oa Abrahama, oa Isaaka le oa Jakobo. Baholo-holo ba bona ba ne ba rapela Jehova, le tempele ea Jehova e ne e le har’a bona. Ho ne ho hlokahala ba bone bohlokoa ba ho hlompha le ho latela Jesu. Ka hona Jesu a bolela hore bohle ba lokela hore ba “hlonephe Mora, joale ka ha ba hlonepha Ntate. Ea sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ea mo romileng.”—Johanne 5:23.
21, 22. (a) Boemo boo bo fetotsoe joang kajeno? (b) Ke eng eo re sa tlamehang ho e hlokomoloha?
21 Kajeno boemo bo fetohile. Litho tsa likereke tsa Bojakane li bua haholo ka Mora empa li hlokomoloha “Ntate ea mo romileng.” Ke Molimo o phahamisitseng Jesu “ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle; hore lebitsong la Jesu, mangole ’ohle a ba maholimong, le lefatšeng, le ka tlase ho lefatše, a khumame; ’me maleme ’ohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.”—Ba-Filippi 2:9-11.
22 Re tlameha ho fapana le ba bangata ba hlokomolohang taba eo—e le hore ho bolela ha rōna Jesu e tle e be “tlotliso ea Molimo Ntate.” Baetapele ba bangata ba bolumeli kajeno, le mehlape ea bona, ba lebeletse Ntate. Empa, thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo, Jesu o itse: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete.” Empa hoo ha hoa lekana. Re tlameha hape ho ithuta le ho latela eo Molimo o mo romileng. Ke kahoo, Jesu a ileng a tsoela pele, “Le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Lipotso tsa Hlahlobo
◻ Ke lipolelo life tsa Bibele tse bontšang phapang pakeng tsa Jesu le Molimo?
◻ Na mantsoe a Jesu “Ntate o moholo ho ’na” e ntse e le ’nete hoba Jesu a khutlele leholimong?
◻ Davida le Daniele ba ile ba re’ng e re thusang ho utloisisa boemo ba Jesu leholimong?
◻ Boprofeta ba Jeremia ka selekane se secha bo bontša eng eo Bakreste ba ’nete ba neng ba tla e tseba ka Molimo?
[Lebokose le leqepheng la 20]
“Molimo Mora” Monahano oa Morao Tjena
“New Catholic Encyclopedia,” Moqolo 13, leqephe 426, e re: “Ho botsa hore na T[estamente] e N[cha] e hlahisa Jesu e le “Molimo Mora” ke ho “batla moralo oa lengolo la bopaki bakeng sa Hae o qapiloeng morao tjena.”
Ka hoo, Jesu le baapostola ba hae ba rutile hore ke “Mora oa Molimo,” empa ke morao tjena banna ba likereke ba qapileng monahano oa “Molimo Mora.”