Ho Nyarela ka Litabeng
Pono ea Tsoho e Fetotsoe
Liithuti tsa Maprosetanta le tsa Roma e K’hatholike joale lia lumela hore molao oa motheo oa hore ‘taba ea hore moea ha o shoe ha se ea Bibele, empa ke monahano oa Hellenic o ileng oa kena monahanong oa Mokreste ka phoso,’ ho ea ka moprofesara oa Testamente e Ncha Gene Wehrli oa Eden Seminary Missouri. Tlaleho ho “St. Louis Post-Dispatch” e hlokomela hore Wehrli o boetse o tiisa hore ‘pono ea Bokreste ea bophelo kamor’a lefu ha e-ea ka ea itšetleha ka tumelo ea ho se shoe ha moea empa ’meleng o fetoloang ka tsoho.’ O hlalositse: “Kutloisiso ea Hellenic ke hore batho ha ba shoe ka tlhaho—hore ba na le moea o nameng ’me o khutlela ho Molimo. . . . Tsoho ea Bibele e hatisa hore ka kutloisiso e ’ngoe lefu ke lefu, empa hore Molimo o tsosetsa motho bophelong ka botho bohle ba hae.” Le hoja ho ne ho boleloa hore ‘bophelo kamor’a lefu’ ke ntho e kahare ho batho empa, ho e-na le hoo, ke “mpho ea mahala ea Molimo.”
Hoa thahasellisa hore liithuti tse ling tsa kajeno li ba le pono ea Bibele. Lentsoe la Molimo ka ho hlakileng le tšoere tšepo e babatsehang ea tsoho bakeng sa ba shoeleng. Hlokomela tšepiso ea Jesu e matlafatsang tumelo: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” O boetse a re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 11:25; 5:28, 29.
Bophelo le Molao
“Ho nka polao ea lesea le e-so ho tsoaloe e le feela mothati o mong oa ho sebetsa ka thipa ke ho hlokomoloha makholo a lilemo a thuto ea mahlale tlolong ea molao, ho ithuta ka Molimo le thuto ea boitšoaro ba batho.” Ho ngotse joalo Billups Percy profesa ea molao Univesithing ea Tulane lengolong le eang ho “The New York Times” mabapi le qeto ea haufinyane ea Lekhotla le Phahameng la U.S. ka ho ntša mpa.
Ho e-na le ho phea khang ka ho lumellana le ho se lumellane ha liqeto, moprofesara o hlahisa hore “Lekhotla le ka be le sa ka la etsa qeto ho hang.” Hobane’ng? “Ka ho hlakileng, taba ea ho ntša limpa ke mohlala o motle haholo oa boemo moo melao ea boahloli e fumanehang e iketselitsoe, e tsebisitsoe ke thuto e thata ea molao ke hore hase mosebetsi o bonolo,” a rialo. Ka mohlala, a bolela hore “ka makhethe Lekhotla le hlahloba bohlokoa ba lesea le e-so ho tsoaloe ka ho arola nako ea lona ka popelong ka linako tse tharo tse lekanang. Joale . . . le fana ka taelo ea hore ke feela nakong ea likhoeli tse tharo tsa ho qetela mosali a ka bang le lithibelo life kapa life tse beoang holim’a hae mabapi le lesea le e-so ho tsoaloe.”
Ka sebele, ‘litekanyetso life le life tsa boahloli’ tse hlahisoang ke batho ka ho halalela ha bophelo e ne e tla ba “ntho ea lefeela” hobane bophelo ha boa hlaha ho motho empa ho Molimo. “Hobane seliba sa bophelo se ho uena [Molimo];” ho rialo mopesaleme ho Pesaleme ea 36:9. Ke Molimo feela ea nang le tokelo ea molao ea ho laela hore na bophelo, ho kopanyelletsa le ba lesea le e-so ho hlahe, bo lokela ho tšoaroa joang. Rōna, libopuoa tsa hae, re ba bohlokoa ho Moetsi oa rōna.—Pesaleme ea 100:3
Ntlo e Arohaneng ea Bolumeli
“Ke khale [litho tsa kereke] li e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka melao e phahameng ea kereke, ’me lipalo-palo tse bokelletsoeng morao tjena li tšehetsa taba ena,” mantsoe ana a ngotsoe ke mongoli oa “Associated Press” ea bolumeli, George W. Cornell. Ka mohlala, thuto ea Luthere e bontšitse hore ha boholo ba baruti bo lumela hore “ngoana ea sa tsoa tsoaloa o na le sebe,” balumeli ba ka tlase ho peli borarong ba lumellana le taba ena. ’Me, le hoja bao e ka bang halofo ea batho ba kereke ba lumela hore bolumeli bo bongata ba lefatše, “boholo ba bona bo isa ho Molimo,” baruti ba 5 lekholong ba lumela.
Cornell o tsoela pele ho tšehetsa moruti oa Baptiste Dale Moody e le ea hananang le thuto ea hae ea bolumeli ea hore “motho ea pholositsoeng hang, o pholositsoe kamehla,” le thuto ea hore motho ea amohetseng Kreste a ke ke a oa boemong bo hlomphehang e bile o tšepisitsoe poloko e sa feleng. Ha a hlalosa ho tsoela pele ka ntlo e arohaneng ea bolumeli, seithuti se tsebisahalang sa K’hatholike Michael Novak a bolela: “Moloko o mocha o halefetse kereke ea K’hatholike, o qhomela ka bohlanya lintho tse entsoeng ke kereke ea K’hatholike, ’me o tla baka maqhubu a tla ama Maamerika ’ohle.”
Hona ho fapane hakaakang le khothatso e kopanyang ea Bibele ho Bakreste ho 1 Ba-Korinthe 1:10, “Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”