Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 7/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lipotso Tsa Thuto ea Bukana Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 7/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Na ho na le lebaka la Mangolo leo ka lona Lipaki tsa Jehova li ka hanang lintho tse nkang sebaka sa mali kapa “mali a maiketsetso?”

Hoa tsebisahala hore Lipaki tsa Jehova ha li amohele litšelo tsa mali ka mabaka a bolumeli. Ho tloha mehleng ea Noe barapeli ba ’nete ba hanne ho ja mali. (Genese 9:3, 4) Mali a ntšoang sebopuoeng a ne a tlameha ho qhaloa, a ne a sa lokela ho bolokoa. (Deuteronoma 12:22-25) Bakreste ba laeloa hore ba ‘tele mali.’ Ka lebaka leo Lipaki tsa Jehova ha li amohele mali a fanoeng ke ba bang, leha e le hore li lumela hore mali a tsona a ntšuoe, a bolokoe hore a tle a khutlisetsoe hamorao methapong ea tsona.—Liketso 15:28, 29.

Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha li na khanyetso ea bolumeli bakeng sa ho nkela mali a tsoileng sebaka ka maro ao e seng mali. Tse ling tsa tse sebelisoang haholo ke metsi a tšetsoeng letsoai, “Ringer’s lactate,” “dextran” le “Hespan.”

Lingaka li hlokometse hore lintho tse joalo tse eketsang mali li na le melemo, o moholo ho eona e le hore lintho tsena ha li phetlele mokuli maloetseng a mangata le likotsi tse ling tsa litšelo tsa mali. Ho feta moo, bopaki bo bontša hore bakuli ba bangata ba ka mamella mali a tlase ho feta kamoo ho kileng ha nahanoa hore ho ka etsahala.

Lilemong tsa morao tjena ho ile ha etsoa liteko ka seo ho thoeng ke mali a maiketsetso ao ho bonahalang a tsamaisa moea o hloekileng liseleng tsa ’mele. Ho na le kotsi e nyenyane ea ho sebelisa mali ana ho fihlela nakong eo a lekiloeng ka ho feletseng. Empa ha etsoa mali ’me kahoo ho a sebelisa ho ke ke ha hanana le letsoalo la Mokreste le rutiloeng ka Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela