Kopano ea Rōna oa “Bonngoe ba ’Muso”—Lebaka Leo e Leng e ‘Molemo ho Tsohle ho Fihla Joale!’
BONNGOE ba ’Muso ba Lipaki tsa Jehova—bo fapane hakaakang le karohano ea lefatše lee la khale! Le hoja batho ba Jehova ba feta 2 650 000 linaheng tse fetang 200, ba kopane tšebeletsong e halalelang ho Molimo tlas’a Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. Ke ’nete hore Lipaki li bua lipuo tse ngata. Empa har’a tsona ho tloaelehile “puo e hloekileng” e li nolofaletsang ho sebeletsa Jehova Molimo li kopane ‘mahetla a bapile.’—Sofonia 3:9, NW.
Bopaki bo boholo ba bonngoe ba batho ba Jehova ebile Likopanong tsa Setereke tsa “Bonngoe ba ’Muso” tsa matsatsi a mane. Sehlooho sa Bonngoe ba ’Muso se ile sa phahamisoa ho tsona ka litsela tse ’ne bonyane: (1) Lipuo tse ngata li ne li hōlisa sehlooho sa bonngoe ba ’Muso; (2) litšobotsi tse ling tsa lenaneo, tse kang puo ea kolobetso le litšoantšiso tsa Bibele, li ne li hatisa bonngoe; (3) litlaleho tsa baromuoa tsa hatisa sehlooho sena; ’me (4) likopano tse ngata li ile tsa hokahanngoa le metse e meholo ka mehala ea thelefono bakeng sa lipuo tse ling tse neng li fanoa ke litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ka mohlala, ho la 7-10 Phupu, 1983, ho ile ha hokahanngoa likopano tse 48 ka mehala libakeng tse bapelaneng tsa United States, Canada, Bermuda le Hawaii—pontšo e fetisisang ea bonngoe ba ’Muso!
Ha ho mohla Mokhatlo oa Watch Tower o kileng oa amohela hlaba e kana ea mangolo a amanang le kopano. Ba banyenyane le ba baholo ka ho tšoanang ba fumane lenaneo le khatholla pelo le bile le tiisa tumelo ’me ba entse litlhaloso tse kang tsena: “Keletso e ne e le bonolo e bile e hlakile, sona se neng se hlokahala.” ‘Mokete oa lijo tse hlabosang.’ “Re le leboha ka ho re khothalletsa ho sotella pel’a Ntat’a rōna oa leholimo le ho kopana borapeling bo hloekileng.” Ho feta neng kapa neng, ba kopanong ba ne ba utluoa ba tsota: ‘E molemo ho tsohle ho fihlela joale!’
Basebetsi ’Moho bakeng sa ’Muso oa Molimo
Ho qala ka letsatsi la pele, le neng le e-na le sehlooho se ka holimo, ho ile ha totobala hore litlhaloso tsa kananelo ruri li ne li tšoaneleha. Puong e qalang, bohle ba bokaneng ba ile ba phehelloa ho mamela ka hloko, ba utloisise seo ba se utloang le ho sebelisa keletso. Puo ea molula-setulo, “Re Baeti ba Jehova, Molimo oa Bonngoe,” ea phahamisa bohlokoa ba ho bontša kananelo e tebileng bakeng sa lijo tsohle tsa moea tse lokiselitsoeg kopanong. Hore re be baeti ba Molimo, har’a tse ling, re tlameha ho tšepahala lipolelong tsa rōna ’me ho se be mohla re buang hampe ka balumeli ba bang bahabo rōna. (Pesaleme ea 15) Karolong e neng e re “Baeti ba Bang ba Nako e Telele Baa Paka,” ebile ho thabisang hakaakang ho mamela ba bang bao e bileng ‘baeti’ ba Jehova ka lilemo tse 60 kapa ho feta! Ruri ba ne ba ka tiisa hore Molimo o hlohonolofatsa le ho boloka batho ba oona.
Ho latelang, bahlanka ba Jehova ba phehelloa, “Tsoelang Pele le Bolela ’Muso.” A mang a mabaka a tlamang ke ana: Ho bolela ka ’Muso ke karolo ea “pontšo” eo Jesu a faneng ka eona, batho ba ahlola motheong oa karabelo ea bona molaetseng, ’me ha re sa tsoele pele re bolela re tla lahleheloa ke pono ea tseko ea ’Muso. (Mattheu 24:3, 14) Lipontšo tse ileng tsa latela hamorao tsa bontša kamoo re ka sebetsanang hamolemo le lipotso tseo re atisang ho thulana le tsona tšebeletsong. Joale re thabela mohlolo oa ho amohela Litaba tse Molemo tsa ’Muso No. 32, e reng “Lelapa le Kopaneng, le Thabileng. Senotlolo ke Sefe?” Ba kopanong ba e amohela ka cheseho, ba bangata ba e sebelisa tšebeletsong ea tšimo hona thapameng eo.
Ho ileng ha totobala haholo ke tsebiso e ileng ea etsoa nakong ea puo “’Mino o Rorisang Jehova.” Mokhatlo o lokisetsa buka e ncha ea lipina, e tla loka haufinyane! E ile ea ananeloa haholo hobane ho se ho fetile lilemo tse 17 Lipaki tsa Jehova li ne li fumane eo li e sebelisang hona joale. Lipineng tse 225 tse bukeng ea lipina e ncha ho tla bontšoa le kamoo li ka binoang ka katara, ’me e tla hatisoa ka mongolo o moholo le o mosesaane. Ho ile ha binoa melumo e meraro e le mohlala, ’me ’mino kaofela o neng o binoa pele ho lenaneo la hoseng le la thapama o tla fumanoa bukeng ea lipina e ncha.
Ho Kopana Hantle ka Khopolo e le ’Ngoe
Letsatsi la bobeli la kopano le ne le e-na le sehlooho seo ’me le re hlokomelisa ka boikarabelo ba rōna ka phuthehong le litlameho tsa lelapa. Puo “Ho Etsisa Balebeli ba Chesehang re Kopane” ea hatisa bohlokoa ba ho etsisa tumelo e matla, lerato le se nang boiketsiso le cheseho e tukang e bontšoang ke baholo ba molemo. (2 Ba-Thessalonika 3:7-9) Puong e ’ngoe bahlanka ba sebeletsang ba bontšoa ’nete ea hore ba tlameha ho khahlametsa litlhokahalo tse matla. Liphutheho li sebetsa hantle haholoanyane ha banna ba sebeletsa ka boikokobetso ka mokhoa o motle, tlotla eohle ba e nea Jehova Molimo.
Puo “Karolo ea Rōna e Tšehetsang ka Phuthehong” ea totobatsa hore moea oa phutheho o seo re o etsang sona. E be joale re ka tšehetsa joang? Ka liketso tse kang ho tšehetsa likahlolo tse entsoeng ke baholo, ho hlokomela Holo ea ’Muso le ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa bopaki! E le thuso tšebeletsong ea rōna, re tla sebelisa libuka tse ncha hamolemo hakaakang! E, ka sebele, bukana e nang le lipuo tse 59 tsa ho paka, Good News for All Nations, e tla ba molemo haholo mosebetsing oa rōna oa boboleli ba ’Muso.
Joale ha tla tšoantšiso “Ho Boloka Bonngoe ba Lelapa.” Ea ama lipelo tsa bohle, mabakeng a mangata menyepetsi e keleketla. Tšoantšiso ee e bontšitse hamolemo hakaakang bohlokoa ba puisano e atamelaneng pakeng tsa batsoali le bana ba bona! Na ha rea khahloa ke bohlokoa ba hore batsoali ba utloisise kamoo bana ba bona ba nahanang le kamoo ba ikutloang ka litaba?
Puo “Khothatsanang ha Letsatsi le Ntse le Atamela” ebile le khothatso e ntle hakaakang! Le ka mohla re se ineele ho Diabolose, ea lekang ho re nyahamisa hore re monyole ka hloohong. Bohle re sebeletse ho khothatsana. Re ka fetisa thabo le matšeliso ka ho etsa litlhaloso tse nahanelang le tse khothatsang, ka borōna, ka fono-fono kapa mangolo.
Mehleng ena, lelapa le hlaseloa ke Diabolose le lefatše la hae. Ho ileng ha thusa haholo, he, ke lipuo tse tharo tse neng li bua ka lelapa. Ea pele ea bontša hore banna, basali le bana ba ithute hammoho, ba lule hammoho Holong ea ’Muso le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo hammoho. Puong ea bobeli, batsoali ba phaphamisoa ka bohlokoa ba moea oa tumelo le lerato o fokang ka lapeng. E, le bongoaneng ba bana ba bona, batsoali ba barapeli ba qale ho bea ka pel’a bona lipakane tse ntle tse kang Bethele le tšebeletso ea boromuoa. Puong ea boraro, “Bacha, Emelang Metheo ea Bokreste Sekolong,” bacha ba rōna ba khothalletsoa ho pepesetsa ba bang hore ke Lipaki tsa Jehova le hore ba emela melao-metheo ea Bibele. Ha hlakisoa hore matsatsi a phomolo a bolumeli a lefatše hase a bacha ba Bakreste, leha e le eona mesebetsi e etsoang kamor’a linako tsa sekolo e senyang nako.
Puo “Kamoo Jehova a re Bolokileng Bonngoeng” ea hatisa karolo eo leseli le ntseng le eketseha la moea le e nkileng ho kopanyeng batho ba Jehova. Linaheng tse ngata, ho ile ha buisanoa le baena ba babeli ba hōlileng. Ba tseba ho supa litsela tseo ka tsona Jehova a sirelelitseng batho ba hae har’a mahloriso le ho ba boloka ba hloekile moeeng ’me ba e-na le bonngoe ka lilemo tsena tsohle. Ho ka eketsoa hore United States le Canada karolo ena ea lenaneo e ile ea bontša tokisetso e ncha, Letlole la Mokhatlo la Holo ea ’Muso. Qetellong ea puo ena ha etsoa qeto ’me ea amoheloa ka cheseho. ‘Qetong ena ea Bonngoe,’ Lipaki tsa Jehova tsa itlama ho hlola bonngoeng, li boloke boitšoaro bo botle le ho tsebahatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Puo ea sehlooho: “Bonngoe ba ’Muso ke Ntho ea Sebele Kajeno,” ea bapisa karohano ea lefatše la Satane le bonngoe bo boholo ba batho ba Jehova. Qetellong ea puo ena, bukana e ntle Sekolo le Lipaki tsa Jehova ea lokolloa. E ipaka e tla ba thuso e khōlō le tlhohonolofatso kaha e na le puisano e qaqileng ea lipotso tse ka ’nang tsa hlaha sekolong hobane re le Lipaki.
Puo e qetellang letsatsi ea se ke ea hoerehana ha e sebetsana le leraba leo ba bang ho batho ba Molimo ba itlohelletseng hore le ba tšoase. Puo ena, e neng e re “Falimehelang Meharo Lefatšeng le Ratang Maruo,” ea thatholoha ka kotsi tsa meharo ’me ea bontša hore ba bang ba khaotsoe ka lebaka la bolotsana bo tliselitseng ba bang kotsi licheleteng.
Ho Boloka Bonngoe ba ’Muso
Sena e ne e le sehlooho sa letsatsi la boraro. E ’ngoe ea litsela tsa ho boloka bonngoe ba moea ke ka ho sebetsa tumellanong le puo e neng e re “Le ’ne le Rapellane.” Ka mohlala, re ka rapella hore ba tsamaisang mosebetsi ba neoe bohlale le hore moea oa Molimo o phahamise banab’abo rōna ba hlorisoang. Na ha re kene bonngoeng bo matla ka ho rapellana le ka ho hlokomela hore balumeli bahabo rōna baa re rapella?
Ha botsoa lipotso tse phenya-phenyang puong “Na U Iketsetsa Bokamoso le Phutheho ea Molimo?” Ha hlakisoa hore lefatše lena ha le na bokamoso. Ka sebele, tsela e molemo haholo ea ho iketsetsa bokamoso ke ka mosebetsi oa tšebeletso ea nako e tletseng, kaha o thusa ho re hlomella hantle bakeng sa tšebeletso tsamaisong e ncha ea lintho. Ka tlhaho, ho lebella nako e tlang ho boetse ho ama “Ho Iketsetsa Lipheo tse Loketseng le ho li Finyella.” Puong ena ha bontšoa hore ka ho loketseng re ka iketsetsa lipakane tsa nakoana tse amang ho ithuta, ho kopanela libokeng, tšebeletso ea tšimo, le tse joalo. Koana, pakane ea kamehla eo re ka e loanelang ke bophelo bo sa feleng. Puo e khathollang pelo ea kolobetso e ileng ea phetha lenaneo la hoseng e ne e le e khethehileng ho ba neng ba fihletse pakane ea ho ineela ho Jehova Molimo.
“Na U lumella Liphoso tse Patehileng?” Puo ee e ile ea re etsa hore re nahane hakaakang! Ea re bontša ka matla hore leha re shebiloe ke batho kapa che, Molimo o-oa re bona ’me o putsa botšepehi. Ho ne ho hlile ho sebetsanoa ka ho toba le liphoso tse etsoang ka lekunutu tsa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa, tšebeliso e feteletseng ea tahi le ho ineela khatellong tabeng ea tšelo ea mali ka ho tšepisoa hore sebe sena se tla patoa. Empa ho lumela liphoso tsohle tse patiloeng joalo ho fella ka letsoalo le lebe le bohale ba Jehova.
“Re Arohile Hakae Lefatšeng?” Ke puo e matla e ileng ea mema litlhaloso tse ngata tse ntle. Lipaki tsa Jehova li tlameha ho fapana le lefatše, hobane le le tlas’a taolo ea Satane le bademona! Empa ke ka litsela life hape re ka arohang? Ponong ea rōna ka thuto ea lefatše le ka ho bokella chelete e ngata, khethong ea rōna ea boikhathollo le tseleng eo re itlhophang ka eona! Temoso ea morutuoa Jakobo ea hore ho batla ho ba metsoalle ea lefatše ho re etsa lira ho Molimo ke ea bohlokoa ka sebele.—Jakobo 4:4.
Ntlha e ’ngoe e phahameng e ne e le “Sekolo sa Gileade—Mesebetsi e Finyelletsoeng ka Sona (1943-1983).” Puo ena, e tšoaeang selemo sa bo40 Gileade e le teng, ea senola hore liithuti tse fetang 6 000 tsa sekolo li ile tsa romeloa linaheng lisele tse fetang lekholo. Baromuoa ba joalo e ne e le bona Lipaki tsa pele ho bolela molaetsa oa ’Muso linaheng tsena. Ebile thabo e khōlō ho mamela liphihlelo tsa baromuoa ba paka hore tšebeletso ena e-ea ba sireletsa, e hōlisa ho rata batho ’me ruri e-ea khotsofatsa.
Puo e ’ngoe e ileng ea fetisoa ka ho hokelloa ka fono-fono e ne e re “Molisa ea Molemo le Masaka a Hae a Mabeli.” Ea hlakisa ntlha ea hore Johanne 10:1-6 e bua ka lesaka la selekane sa Molao, ha Johanne 10:7-16 e amana le lesaka la selekane se secha. Haholo ho tloha ka 1935 “linku tse ling” li ile tsa thabela ho sebeletsa le ba lesakeng la selekane se secha e le mohlape o le mong tlas’a “molisa ea molemo,” Jesu Kreste.
Puo e ’ngoe ea fono-fono e ne e re “Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete.” Nakong ea karolo ena ea lenaneo, ba kopanong ba tlala thabo ha ho lokolloa buka ea lebitso lena. E lokiselitsoeng haholo-holo bakeng sa ho sebelisoa ka phuthehong hape e le buka ea bobeli e ka ithutoang le ba sa tsoa kolobetsoa kapa ba tlohang ba kolobetsoa, e sebetsana le mabaka a kopanyang a bonngoe a kang Lentsoe la Molimo, “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” le borapeli bo kopaneng ba Jehova.—Mattheu 24:45-47.
Ho Rorisa Molimo Hammoho
Sehlooho see sa letsatsi la bone se ile sa lumellana hakaakang le sepheo sa Kopano ea Setereke ea “Bonngoe ba ’Muso”! Puo e neng e nahantša ka botebo ke e neng e re “Phephetso ea ho Hōla Tsebong—Na U-ua e Finyella?” Ka ho hlakileng, ea bontša hore haeba re hōlile tsebong re tla ba mafolo-folo ho ruta ba bang le ho ba masene ho sebelisa letoto lohle la ’nete ea Bibele bophelong ba rōna. Puo e ileng ea ananeloa haholo hape ke “Mahlohonolo a Bonngoe ba ’Muso a Profetiloe.” Puo ena e neng e bua ka Esaia khaolo ea 32 e ile ea lateloa ke ho lokolloa ha Kingdom Melodies No. 4, “cassette” e nang le ’mino o monate o tla hlaha feela bukeng e ncha ea lipina.
Sehlooho sa bonnagoe sa tsoela pele ha ba kopanong ba thabela tšoantšiso ea Bibele “Ho Phetha Mosebetsi oa Molimo re Kopane ho sa Tsotellehe Khanyetso.” Ho sa tsotelle khanyetso e matla, Nehemia le Bajode ba bang ba tsosa ka sebete marako a Jerusalema. Ka ho tšoanang, bahanyetsi ha baa atleha ho emisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova mehleng ea rōna.
Puo ea phatlalatsa “Ke Bo-mang ba Kopaneng Lefatšeng Lena le Arohaneng?” ha e-ea ka ea sia khoao hore ke Lipaki tsa Jehova feela tse nang le bonngoe kajeno. E tletse mangolo a lumellanang le taba, litaba tse qotsitsoeng libukeng tse ling le likhang tse utloahalang, puo ena e kholisang ntle ho pelaelo ke lebaka le leng leo ba bangata ba ileng ba ikutloa hore ena ke kopano e molemo ho tsohle ho tla fihlela joale.
Ha latela keletso e mofuthu haholo ha batho ba Jehova ba phehelloa, “Le Ratane ka Tieo”—ntho eo e leng tlamo haeba motho a tla kena Tsamaisong e Ncha. Ho feta moo, bonngoe ba ’Muso bo tlameha ho laola joalokaha ho hatisitsoe puong ea ho qetela, “Tlerolang ka Thabo le Kopane.”
Tholoana ea Bonngoe ba ’Muso
Ntle ho pelaelo u hlokomela hore na ke hobane’ng ha ba bangata hakana ba nka kopano ea “Bonngoe ba ’Muso” e le molemo ho tla fihlela joale. Empa lenaneo le ne le le molemo hakae?
Mocha e mong o ne a lokiselitse ho ea univesithing, empa a fetola mohopolo oa hae kamor’a ho utloa puo ea ho iketsetsa bokamoso le phutheho ea Jehova. Mohlankana enoa joale o rerile ho etsa boboleli ba nako e tletseng e le pula-maliboho mosebetsi oa hae.
Baholo ba babeli ba Bakreste ba boletse hore lenaneo lena la kopano le ba neile matla a hlokahalang hore ba etse qeto ea ho rekisa matlo a bona le mesebetsi ea bona ea khoebo le ho iketsa ba fumanehang bakeng sa litokelo tsa tšebeletso tse khōloanyane. ’Me molebeli e mong ea hōlileng o thabile haholo bophelong ka lebaka la hore joale o falimehetse menyetla ea ho khothatsa haholoanyane.
Kopano ena e putsang ruri e ekelitse kutloisiso ea rōna le kananelo ea bonngoe ba ’Muso. Bonngoe bo joalo bo bonahetse liketsong tsa batho ba Jehova ka matsatsi a mane a kopano e thabileng. Hona joale ba bangata ho rōna ba fana ka bopaki bo kholisang ba hore re kopane lefatšeng lena le arohaneng le shoang. Ka lentsoe le le leng, e se e ka lipaki tsohle tse tšepahalang tsa Jehova li ka tsoela pele ho rorisa Molimo oa bonngoe ba ’Muso oo ho seng o kang oona.
[Chate e leqepheng la 30]
BA BOKANA BONNGOENG BA ’MUSO
Palo-khōlō ea Palo e
ba bileng teng Kolobelitsoeng
Amerika
Leboea 1 247 617 12 092
Europe 709 765 10 620
Bochabela
bo Hole 246 358 4 664
Lipalo tsena, le hoja li sa fella, li bontša matšoele a ruileng molemo likopanong tsa “Bonngoe ba ’Muso”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
F. W. Franz, presidente ea Mokhatlo oa Watch Tower, a bea puo ho bamameli kopanong
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Buka e ncha ea ho ithuta “Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete” e lokolloa ke M. G. Henschel oa Sehlopha se Busang
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Tšoantšiso e susumetsang “Ho Boloka Bonngoe ba Lelapa” ea phahamisa bohlokoa ba puisano e haufi pakeng tsa batsoali le bana ba bona
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bahanyetsi ba ke ke ba emisa liketso tsa batho ba Jehova, joalokaha ho bontšoa tšoantšisong “Ho Phetha Mosebetsi oa Molimo re Kopane ho sa Tsotellehe Khanyetso”
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ba bang ba baromuoa ba 52 ba tsoang linaheng tse 19 ba neng ba le teng bakeng sa kopano ea “Bonngoe ba ’Muso” London, England