Ho Fuoa Matla a Fetisang
“Matla ao a tlōlisang e be a Molimo, e seng a rōna.”—2 BA-KORINTHE 4:7.
1. Jehova o tsebile eng e sa le pele ka nako ea rōna ea hona joale ea histori, ’me o ile a lemosa bahlanka ba hae joang ka eona?
JEHOVA o tsebile khale hore lichaba tsohle tsa lefatše li ne li tla oeloa ke mehla e thata. O tsebile hore qetellong boithati le bokhopo ba batho li tla hlahisa kotulo e bohloko ea tšenyeho le pefo. Moapostola Pauluse o ile a susumetsoa ke moea oa Jehova ho bolela temoso ena e hlakileng: “Tseba hobane mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona.” (2 Timothea 3:1-5) Ka sebele boemo bona bo kotsi ho ba batlang ho sebeletsa Molimo oa ’nete!
2. Na ho ne ho tla ba bonolo ho lipaki tsa Jehova hore li ntšetse pele morero oa hae bakeng sa tsona, hona li ne li tla hloka eng hore li tle li atlehe?
2 Empa Jehova o ile a rera hore lebitso la hae le ’Muso oa hae li boleloe lefatšeng lohle har’a maemo a joalo. Li boleloe ke bo-mang? Ke batho bao a ba senoletseng lebitso la hae la bohlokoa le morero oa hae—Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) O tsebile hore ba ne ba tla tobana le khanyetso e tsoang ho babusi ba neng ba tla talima ’Muso oa Molimo e le phephetso le sera. (Pesaleme ea 2:2, 3) O ne a boetse a tseba hore lipaki tsa hae li tla ba tlas’a mathata le mahloko a tloaelehileng ho batho bohle. Li ne li tla hloka matla a fetisang ao li neng li ka ba le oona. Na Molimo oa tsona o ile oa li lokisetsa tlhoko e joalo?
3. Tokisetso ea Jehova bakeng sa bahlanka ba hae mehleng ena e thata e tšoana le tokisetso efe e neng e etselitsoe moapostola Pauluse?
3 Liphihlelo tsa moapostola Pauluse li arabela potso eo. Tse ling tsa likotsi tseo a ileng a oela ho tsona re li thathamiselitsoe ho 2 Ba-Korinthe 11:23-27. Kaha Pauluse o ne a romiloe ke Jehova e le moapostola le moruti oa balichaba, o hlile a ela hloko mosebetsi oo oa ho ruta. (Ba-Roma 11:13) Empa o ne a khona ho pholoha maqakabetsi aa ’ohle joang le ho phetha mosebetsi oo a o filoeng hore a o etse? Jehova o ile a bea leihlo holim’a mohlanka oa hae ea tšepahalang ’me a mo pholosa, hangata motsotsong oa ho qetela, tlhorong ea bothata bo bong le bo bong. E le hore Pauluse a ka phetha tšebeletso ea Bokreste ka katleho, Molimo oa mo fa “matla ao a tlōlisang.” (2 Ba-Korinthe 4:7) Hona ha etsa hore moapostola a khone ho mamella tlas’a mahloko le bofutsana. Pauluse ka bolokolohi o ile a lumela thuso e joalo ea Molimo ha a ngola: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.”—Ba-Filippi 4:13.
4. Na Pauluse o ile a hlokomela thuso ee ea Molimo, hona e bile le phello efe ho eena?
4 Kahoo ho bonahala hore ntle ho ho kenella ha Molimo ka mohlolo molemong oa Pauluse, o ne a ‘fuoa matla.’ Hona ha etsa hore moapostola a khone ho mamella le ho phetha tšebeletso ea hae ka katleho. Ka baka leo, a ngola: “Ha ke na lihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang.” (Ba-Roma 1:16) Pauluse o ile a senoleloa litaba tse molemo hammoho le se boleloang ke boprofeta bo bongata ba khale, le hore na bo sebetsa joang, ’me a kholoa bonnete ba tsona. Ha ho pelaelo, ho tseba ’nete le ho e ananela e boetse ea e-ba mohloli oa matla ho eena.
Litokisetso Tsa Jehova tse Babatsehang
5. Na Jehova o kile a se mamele ka hloko litlhōko tsa lipaki tsa hae tse lefatšeng hona joale?
5 Empa ho thoe’ng ka bahlanka ba Jehova ba lefatšeng matsatsing aa a qetello? Na Molimo o ba lokiselitse? E, ka sebele! Joaloka moapostola Pauluse, re na le boprofeta bo bongata bo babatsehang ka Mangolong a Halalelang. Kaha Jehova o tseba esale pele seo batho ba hae ba se hlokang, o fane ka mangolo ana hore ba be le tšepo le ho tšelisoa. Boprofeta bona bo ne bo tla hlakisoa ha matsatsi a ho phethahala ha bona a fihla.
6. Boprofeta boo Molimo o bo fileng Esaia bo ile ba tšelisa le ho matlafatsa batho ba Jehova joang kajeno?
6 Bo bong ba boprofeta bona bo tlalehiloe ke Esaia mora oa Amotse lilemo tse ka bang 700 pele Jesu Kreste a tsoaloa. (Esaia 1:1) Esaia ha a ka a ngola ka ho halefela sechaba sa habo sa Iseraele feela empa le linaha tse ngata tse potolohileng, tse khōlō le tse nyenyane. A e-na le melaetsa ena ea kahlolo moprofeta o ne a boetse a fa barapeli ba Jehova ba tšepahalang litaba tse molemo—litaba tse neng li tla ba tšelisa mahlomoleng oohle a bona. ’Me feela joalokaha Bajode ba khabane morao koo mehleng ea Esaia ba ile ba fumana matla le tšepo litabeng tse molemo tsa Jehova, kahoo le kajeno ba tšepahalang baa tšelisoa, baa matlafatsoa le ho hlohonolofatsoa ke litšepiso tse khōlō tsa Jehova tse phethahalang ho bona.
7, 8. (a) Mantsoe a Esaia 32:1, 2 a matlafalitse le ho khothatsa Bajode ba hlomphuoang ba mehleng ea Esaia joang, ’me haholo-holo ka baka ka ponong ea maemo afe? (b) Mantsoe ao a sebetsa joang har’a Lipaki tsa Jehova hona joale?
7 Ho Esaia khaolo ea 32 re fumana khothatso e joalo feela. Litemana tse peli tse qalang li fana ka tšepiso e ntseng e phethahala le hona joale: “Bonang, morena o tla busa ka ho loka, mahosana le ’ona a lise ka ho loka. E mong le e mong oa bona o tla ba joale ka tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla, joale ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joale ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” E tlameha e be ebile litaba tse molemo hakaakang ho barapeli ba pelo li tšepahalang ba Molimo mehleng ea Esaia, kamor’a nako e telele ba e-na le marena le mahosana a se nang tumelo!
8 Empa tsee ke litaba tse molemo hakaakang ho Lipaki tsa Jehova kajeno! Haholoholo ho tloha ka 1919, Morena ea beiloeng teroneng Jesu Kreste o hlahisitse boemo bo botle har’a balateli ba hae lefatšeng. Har’a bona o beile “mahosana” (Seheberu, sarim) ao ka sebele a fanang ka botsamaisi bo lokileng le bo lerato. Ha ho bapisoa le babusi ba hatellang le baikhabi ba tloaelehileng hakana lefatšeng lohle, phuthehong ea Molimo Morena o phahamisitse banna ba nang le boikarabelo bao ho sa thoe’ng ke “mahosana a kereke” a boholong, kapa ho hong ho joalo. Ho e-na le hoo, ke bahlanka ba ikokobelitseng, banna bao ka ’nete ba amehileng ka bophelo ba bohle ba kang linku bao Jehova a ba bokeletseng hammoho mohlapeng o le mong. Tsamaiso ea banna bana, bao le bona ba lebelletsoeng ho ba “mahosana” a Tsamaiso e Ncha, e ipaka e le e khathollang ka ’nete.a
9. Ke phetoho efe e etsahetseng har’a batho ba Jehova?
9 Hoo ho tlisitse phetoho e kaakang phuthehong ea bahlanka ba Jehova ba lefatšeng! Ho joalokaha ho boletsoe ho Esaia 32:3: “Mahlo a ba bonang ha a sa tla tutubala, litsebe tsa ba utloang li tla mamela.” Ka lebaka la takatso ea bona e matla ea ho hlompha le ho sebeletsa Jehova, o butse mahlo a lipelo tsa bona le litsebe tsa kutloisiso ea bona. O ba file temoho e hlollang mabapi le thato ea hae bakeng sa bona. Lipaki tse tšepahalang ha li itšetlehe ka maikutlo le litsamaiso tsa sechaba. Li falimehetse ntlha ea hore li sebeletsa phuthehong ea puso ea leholimo, phuthehong eo thato ea Molimo e nepisisoang le ho sebelisoa. Tlotla e ea ho ’Musi e Moholo oa leholimo bakeng sa ho senolela bahlanka ba ikokobelitseng, ba ratang ba lefatšeng merero ea hae.
10. A mang a mahlohonolo a babatsehang a thabeloang ke batho ba Jehova ba beiloeng leseling ke afe?
10 Haeba u tla khona, bala mahlohonolo a fumanoeng ke bahlanka ba Jehova. Har’a lintho tse ling, ba thabela tsebo e nepahetseng ka ho ba teng ha Jesu Kreste e le Morena ho tloha ka 1914; karohano e hlakileng pakeng tsa phutheho ea Molimo e bonahalang le ea Satane; mokhoa oo mosebetsi oa ho bolela o fihlang hole o lokelang ho etsoa ka oona pele ho bofelo ba tsamaiso ea lefatše la Satane; ho halalela ha mali; le bohlokoa ba ho fa Molimo lintho tsa Molimo. Phuthehong ea Lipaki tsa Jehova ho ’nile ha e-ba le tsosoloso ea botsamaisi e tšoanang le e bileng teng har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo. Hape, tlhohonolofatso e enneng ke boemo bo teng ba paradeise har’a barapeli ba ’nete. Tsena tsohle le limpho tse ling tse ngata tse tsoang ho Jehova ha li fane ka matla feela empa le khotso, bonngoe le khotsofalo ho batho ba hae, esita le nakong ena e thata historing.
11. Jehova o laile kapa o rutile baemeli ba hae ba lefatšeng joang, hona ke temana efe ea mangolo e bontšang hore hoo ho ne ho hlokahala?
11 Bahlanka ba Jehova ba filoe letsoalo le sekametseng Bibeleng e le hore ba ka utloa le ho mamela ka hlompho likhopotso tsa hae, ba li sebelise bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. (Pesaleme ea 25:10) Ba lemositsoe ka litloaelo tse litšila tseo Molimo o li hloileng. Boithati, boitšoaro bo bobe, liketso tsa lekunutu tseo ba bang ho bona ba neng ba li etsa khale hona joale ba li tlohetse, ba li lahlile ka ho feletseng. (1 Petrose 4:3) Bohle ba tla tsoela pele ho ba le karolo leha e le efe mahlohonolong a ’Muso le bona ba lokela ho ba joalo. Bohle ba lokela ho hloeka kelellong, boitšoarong le ’meleng e le hore ba ka thabela tokelo ea ho hlahisetsa Jehova sehlabelo sa thoriso, “sehlabelo ka ho loka.” (Malakia 3:3; Esaia 52:11) Lipaki tsohle tse tšepahalang li ba le boikutlo bo tsotehang hakaakang ba tšireletseho ha li kopana le letšoele le kopaneng ka ’nete tšebeletsong e thabisang ea ’Mopi!
Thuto ea Molimo
12. Esaia 32:4 e phethahetse joang har’a bahlanka ba kajeno ba Jehova?
12 Esaia 32:4 e tsoela pele hore: “Lipelo tsa ba potlakang li tla lokela ho utloisisa, leleme la ea kokotletsang le bue ka hlalosetso.” Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, masala a tlotsitsoeng a Jehova a ne a fokolloa ke kutloisiso e nepahetseng, a ne a santsane a silafalitsoe ke likhopolo tsa Babylona ’me a ne a se na mokhoa oa puso ea leholimo o sebetsang har’a oona. Empa ka 1919 Molimo oa a lokolla litlamong tsa Babylona ’me oa tsoela pele ho a fa tsebo e kholoanyane ea linnete tsa oona. Ka linnete tse joalo, a ithutile ho ba bohlale, e seng ho potlaka ho tlōla. Hona joale a bua ka tumelo e tiileng, e seng ka ho kokotletsa ke tšabo le ho se tsebisise ’me rōna re ka ba baboleli ba hōlileng tsebong joang ba litaba tse molemo? Ka ho sebelisa ka botlalo thuto ea Molimo, eo boholo ba eona e fanoang nakong ea liboka Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Ka mohlala, ha ho pelaelo hore Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo ke o mong oa mekhoa eo Jehova a hlohonolofalitseng bahlanka ba hae le ho ba fa matla ho bua ’nete ka sebete le ka ho hlaka.
13. Re tlameha ho itebela puong efe?
13 Ka litsela tse tšoanang, thuto ea bomolimo e rutile bahlanka ba Molimo hore ba se etse litšepiso tsa bohata le ho se bue lipuo tse sebang kapa tse ntšang e mong kotsi. Ka kholiseho lehlohonolo la Molimo le ho ba mamelang keletso ena, e tlalehiloeng ho Moeklesia 5:2: “U se ke ua potlakisa molomo oa hao, pelo ea hao e se ke ea akofa ho bua taba pel’a Molimo; hobane Molimo o maholimong, athe uena, u lefatšeng; ha ho le joalo, mantsoe a hao a be a se makae.” Kahoo ke habohlokoa hore le kamohla u se hanyetse ka matla phutheho ea Morena kapa baemeli ba eona ba khethiloeng. Jehova ke Moahloli ea nang le bohlale bohle kapel’a ba lokelang ho ahloloa ka baka la lipuo tsena le tse ling tse se nang molemo.—Mattheu 12:36, 37; Levitike 19:16; Juda 8.
14. Batho ba Jehova ba fuoe temoso efe moo, hona Liproverbia 29:20 e e hatisa joang?
14 Ba nyatsang thuto ea Jehova ba akarelletsa batho ba hanyetsang le ho korotla ka phutheho e hloekileng ea Jehova le melao ea eona ea hore ho bolokoe khotso le taolo e ntle. Ho na le phapang e bonahalang pakeng tsa ba joalo le bao e leng marabele a ’nete. Kore le batšehetsi ba hae ba bone phapang ena ha ba ne ba senoleha ka ho feletseng nakong eo ba neng ba potlakela ho bua hampe ka mohlanka oa Molimo Moshe. (Numere 16:1-40) Hona ntlheng ena, Liproverbia 29:20 e re: “U lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tšepisa ho fetisa lona.”
15. Mantsoe a Esaia 32:5, 6 a sebetsa joang ho bahlanka ba Jehova kajeno?
15 Jehova o boetse o hlohonolofalitse batho ba hae ka bohlale ba ho lemoha se setle le se sebe. Ba itebetse khahlanong le mang kapa mang ea ka tlang ho bona ka mantsoe a monate le lipuo tse ntle, ’me mohlomong le ho fana ka limpho, ka pono ea ho qhekella lipelo tsa ba sa hlokomeleng. (Bapisa 1 Timothea 6:20, 21; Juda 16.) Batho ba bolumeli ba ka ’na ba leka ho ba tlisetsa litaba tse molemo ho e-na le tseo ba seng ba li amohetse ho Jesu Kreste le ho baapostola ba hae. Ho feta moo, batho bafe kapa bafe ba bolotsana le bathetsi ha ba khetheloe bohlanka phuthehong ea Jehova. Hona ho tumellanong le mantsoe ana: “Molotsana ha a sa tla bitsoa motho ea hlomphehang, mothetsi a ke ke a bitsoa motho ea bokhabanea. Hobane molotsana o bolela tsa bolotsana feela, pelo ea hae e neetsoe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka lipuo tsa bohata [“bohlanya,” Delitzsch], a beelle moea oa ea lapileng tlala, a time ea nyoriloeng seno.”—Esaia 32:5, 6.
16. (a) Tse ling tsa likhopolo tse phahamisitsoeng ke bakoenehi ke life? (b) Tabeng ena, ho thoe’ng ho Esaia 32:7?
16 Na hase ’nete hore ba ’nileng ba tsoa har’a rōna ka lilemo hobane “e ne e se ba rōna,” ’me ba leka ho thetsa ba bang hore ba latele tsela e tšoanang e beang bophelo kotsing, ba ikhaotse mohloling oa lijo tse tiileng tsa moea le metsing a khathollang a moea? (1 Johanne 2:19) ’Me balotsana bana ba sa faneng, le ba lekhonatha ho batho ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, ha ba bone tlhokahalo e potlakileng bakeng sa mosebetsi o hlophisitsoeng oa ho bolela mehleng ea rōna. Ba tla lumella e mong le e mong hore a tataisoe ke ho bala ha hae ha lekunutu le ho itlhalosetsa Bibele ho e-na le ho tlisoa bonngoeng ba batho ba koetlisitsoeng ho phela le ho etsa tumellanong le metheo e phahameng le likhopotso tsa Lentsoe la Molimo. (Pesaleme ea 133:1-3; 1 Ba-Korinthe 1:10) Ba tla khelosa ba bang hore ba lumele hore Jehova o tla tšoarela baetsalibe ka ho sa feleng ha feela ba ntse ba ipontša ka ntle hore ba bakile. Ho thahasellisang tabeng ena ke seo Esaia 32:7 e se buang ka bakoenehi ba Iseraele oa boholo-holo: “Ha e le mothetsi, libetsa tsa hae [mekhoa ea ho phetha morero oa hae] ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka lipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.”
17. (a) Jesu o khethile bo-mang e le balateli ba hae? (b) Ho hlaha lipotso life ka litšebeletso tsa bona tsa kamoso har’a maemo a mpefalang a lefatše lee le khopo?
17 Balateli ba ’nete ba Jesu, bao a ba khethileng hobane ba laba-labela tlhoko ea bona ea moea, ka sebele ba ‘bua se lokileng.’ Empa bahanyetsi ba bolotsana ha ba thahaselle bophelo ba sebele ba ba batlang ’nete. Ba ikemiselitse ho ikhulela balateli, ho sa tsotellehe kotsi eo ba ipeang ho eona kapa ba beang ba bang ho eona. Leha ho le joalo, na Jehova o tla lumella ba pelo li tšepahalang hore ba tšoasoe ke monahano oa bohata? Na o entse tokisetso bakeng sa ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae le tšebeletso ea bona ea ho bolela lefatšeng ka bophara?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka kōpo bona The Watchtower ea December 1, 1951, maqephe 716-29.
U ka Arabela Joang?
◻ Jehova o file lipaki tsa hae matla joang kajeno?
◻ Mantsoe a Esaia 32:1, 2 a sebetsa joang har’a Lipaki tsa Jehova?
◻ A mang a mahlohonolo a thabeloang ke batho ba Molimo ba beiloeng leseling ke afe?
◻ Esaia 32:5, 6 e sebetsa joang kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Na u hana ho mamela ha e mong a tšoaea phutheho ea Jehova liphoso hampe? U lokela ho hana