Ba ‘Ithaopile ka Boithatelo’
SURINAME ke naha e chesang, e ’ngoe ea linaha tse fetang 200 tseo Lipaki tsa Jehova li leng mafolo-folo ho tsona. Banyalani ba babeli ba baromuoa Suriname ba sa tsoa nka leeto la lik’hilomithara tse 320 ka jipi ho etela merafo e meng ea “bauxite” ’me ba buisana le basebetsi ba moo ka merero ea Molimo. Ba fumane batho ba thahasella haholo.
Moo ba ileng ba emisa teng pele, ‘mookameli oa kompone a re: “Ke thabela ho ba teng ha lōna mona. Ruri re hloka ntho e kang ena.” Eaba o hloma tsebiso ka ntlong ea lijo ho tsebahatsa ka puo ea Bibele le pontšo ea li-slide e ne e tla etsoa mantsiboeeng ao ka 7:30. Ha nako e fihla, batho ba 70 ba fihla ’me ba mamela ka hloko puo ea kamoo ba ka tsebang Molimo ka pōpo le ka Bibele, eaba joale ba shebella li-slide tse khethehileng tse bontšang ka mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle.
Kamor’a moo, baromuoa ba hlahisa libuka tse ngata tse neng li ka thusa bamameli ho fumana boitsebiso bo eketsehileng. Monna e mong ea seng a hōlile a ea kapele, a re, “Ke batla buka.” Eaba ke ha a buletse ba bang khoro. Libuka tseo baromuoa ba neng ba li nkile moo tsa fela kapele, ’me monna a tlameha ho potlakela jiping ho ea nka tse ling, ha mosali eena a phathahane ke ho ngola liaterese tsa ba neng ba batla ho etela hape.
Boo e ne e mpa e le feela bosiu ba pele ba leeto la bona. Banyalani bana ba baromuoa ba qeta beke sebakeng seo, ba fumana katleho e tšoanang hohle moo ba eang. Phihlelo ea bona ke pontšo ea takatso e khōlō e sa ntsaneng e le teng lipelong tse ngata ea ho utloa ’nete le ho ithuta ka thato ea Jehova. Ke ho khotsofatsa takatso eo likete tsa Lipaki tsa Jehova mehleng ena ea qetello li ikentseng tse fumanehang hore li ka romeloa linaheng tse kang Suriname ho ea thusa Lipaki tsa moo hore li sebetsane le batho bohle ba thahasellang. Ka hona ba phethahalitse tšepiso ea mopesaleme: “Batho ba hao ba tla ithaopa ka boithatelo mohla letsatsi la ho futuha ha hao.” (Pesaleme ea 110:3, NW) ’Me Jehova o ba hlohonolofaletsa hona haholo.
Na u rata ho ba le kabelo mahlohonolong ao ba a thabelang? Mohlomong u tla arabela ka ho re: ‘Empa nke ke ka ba moromuoa!’ ’Me hoo e ka ’na ea e-ba ’nete. Leha ho le joalo, mohlomong u e mong oa ba bangata ba seng ba nkile karolo ea bohlokoa liphihlelong tse babatsehang tse thabeloang ke baromuoa lefatšeng lohle. Ka tsela efe?
“Le e fe Baromuoa”
Ka tsela e tšoanang le ea ngoanana e monyenyane ea bitsoang April. Che, April hase moromuoa, le hoja mohlomong a lakatsa ho ba eena ka letsatsi le leng. Empa hona joale o monyenyane haholo hore a ka ea naheng esele ’me a be le liphihlelo tse thabisang joalo. Leha ho le joalo, o ne a batla ho ba karolo ea sena sohle, eaba o ngolla ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watchtower e Brooklyn lengolo: “Ho na le motho ea mphileng dolara kopanong ea potoloho. Ke batla ho le nea eona le tle le e fe baromuoa ho ba thusa ho ruta batho ka Jehova.” Ka hona, ka tsela ea bohlokoa haholo, April e monyenyane o nkile karolo mosebetsing oa boromuoa oa lefatše. O fana ka chelete ea hae ho thusa mosebetsing ona.
Lengolo le leng le ne le e-tsoa ho e mong ea moholoanyane ho April. A ngola: “Ke kentse cheke ea lidolara tse 100 e tla sebelisoa mosebetsing oa ’Muso. Ke mpho eo ke neng ke qeta ho e fuoa, joale ke e fetisetsa ho lōna . . . Ke phetse ke le pula-maliboho ka lilemo tse 46. Leha ho le joalo, hona joale ke tla tloha ke e-ba lilemo li 90 ’me ke tla tlameha ho theola lebelo.” Mohlanka enoa ea tiileng, oa nako e telele oa Jehova o ne a ke ke a ba tšebeletsong ea boromuoa. Empa o ne a batla ho kenya letsoho, ’me a ho etsa ka ho tlatsetsa ka lichelete.
Mangolo ana a mabeli a phahamisa tsela e ’ngoe eo ka eona batho ba Molimo ba ‘ithaopileng ka boithatelo letsatsing la ho futuha ha Jehova.’ Ba phethahalitse khothalletso ea maele a Bibele: “Tlotlisa Jehova ka moruo oa hao, le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng.” (Liproverbia 3:9) Ka lebaka lena kapa lane, ba sitoa ho ithaopa ka nama joaloka ba bang. Leha ho le joalo, ba tlatselitse ka “moruo” oa bona ’me kahoo ba thusitse hore ho be bonolo ho ba bang hore ba ithaope. Mehleng e fetileng, ho fana ho etsoang ka boithatelo joalo ho ile ha bontša metheo e meng ea bohlokoa. A re ke re boneng hore na metheo eo ke efe, le hore na e be e sa ntse e le bohlokoa kajeno.
‘Lipelo Tsa Bona Tsa ba Eletsa’
Ho ne ho e-na le mosebetsi o lokelang ho etsoa mehleng ea Moshe: Ho ne ho tlameha hore ho hahuoe tabernakele hore e be setsi sa borapeli bo hloekileng sechabeng sa Iseraele. Baiseraele ba tšoanelehang ba memeloa ho fana ka nako ea bona le lineo mosebetsing oa ho haha. (Exoda 35:10) ’Me bohle ba memeloa ho fana ka matlotlo a bona a bonahalang hore mosebetsi o tle o tsoele pele. Ea ba limpho tse ngata-ngata, tse fetang hole se neng se hlokoa. ’Me hoa hlokomeleha hore limpho li ile tsa etsoa ke ba lipelo li ithatetseng. Tlaleho e re bolella hore ‘lipelo tsa bona tsa ba eletsa,’ ‘lipelo tsa bona tsa ithatela.’ E, ho fana ha bona e bile pontšo ea tumelo ho Jehova le pontšo ea ho tšehetsa morero oa tabernakele—borapeli ba ’nete.—Exoda 35:20-29; 36:4-7.
Mehleng ea Ezekiase, ho ne ho tlameha hore ho etsoe mosebetsi o mong. Kamorao ho lilemo-lemo tsa ho hlokomoloha, tempele ea tlameha ho hloekisoa ’me batho ba rutoe ho hlonepha molao oa Jehova. Baiseraele ba tsebisoa ka bohlokoa ba limpho tsa lintho tse bonahalang “hore [baprista le Balevi] ba bolokisise molao oa Jehova.” (2 Likronike 31:4) Batho ba arabela ka cheseho eo moprista e moholo Azaria a bileng a fihlela qeto: “Jehova o hlohonolofalitse sechaba sa hae.”—2 Likronike 31:10.
Ka hona, boithatelo ba Baiseraele ba ho fana e ne e le pontšo ea lipelo tse ntle tsa bona le ho tšehetsa ha bona borapeli ba ’nete, hammoho le ho ba hlohonolofatsa ha Jehova. Kajeno teng?
Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Hae
Ha e le hantle, kajeno ho na le mosebetsi o mong o khethehileng o lokelang ho etsoa. Jesu o profetile hore: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Bibele e ile ea boela ea profeta hore mosebetsi ona oa ho bolela o ne o tla tsamaea le mosebetsi oa ho ruta le ho bokella barapeli ba ’nete hammoho. (Esaia 2:3, 4; 54:13; Zakaria 8:23; Mattheu 28:19, 20; Tšenolo 7:9) Na limpho li na le karolo eo li e phethang mosebetsing ona?
Ruri li phetha karolo e itseng. Ka mohlala, ho tlisa moromuoa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower le ho mo hlokomela ha a le nakong ea thupelo, e be joale o romeloa naheng e kang Suriname le ho mo hlokomela ha a le moo ka lilemo tse telele, ho hloka liranta tse likete-kete. Empa leha ho le joalo Mokhatlo oa Watchtower o ntšitse baromuoa ba fetang 6 000 ba joalo e sa le ho buloa Sekolo sa Gileade.
Koana, hona ke karolo feela ea litšenyehelo tse amanang le ho boleloa ha litaba tse molemo. Hape ho na le balebeli ba potoloho le ba setereke le basali ba bona, le basebeletsi ba mahae a Bethele a Mokhatlo, bao litokelo tsa bona tsa tšebeletso li ba thibelang hore ba ka itlhokomela ka mesebetsi ea boipheliso. Hape ho na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba fumanang thuso ea lichelete ho ba thusa ho sebeletsa libakeng tse tšopholi. Empa eo ke tlhokomelo feela e etsetsoang basebetsi!
Litšenyehelong tseo u phaelle ka tšenyehelo ea mechine e mecha ea khatiso le thepa e tlamang libuka, hammoho le tšenyehelo ea mehaho e mecha ea Bethele e ntseng e hahuoa lefatšeng lohle, hammoho le Liholo tsa Kopano le Liholo tsa ’Muso tse ncha tse makholo-kholo. Hopola litšenyehelo tse ‘ipatileng,’ tse kang ho romeloa ha kamehla ha mangolo a ngolloang liphutheho tse fetang 46 000, le ho hatisoa ha lifomo tse ngata le litokomane tse hlokahalang bakeng sa tlhophiso ea puso ea leholimo. Joale u qala ho hlokomela hore ho sebelisoa chelete e ngata haholo ka selemo ho boleleng ‘litaba tse molemo’ le ho tiisa hore “linku” li na le moo li kopanelang teng le lijo tsa moea tseo li li thabelang.
Ntho e hlollang ke hore Jehova o entse hore hona ho khonehe. Joang? Haholo-holo ka ho susumetsa lipelo tsa batho hore ba fane ka boithatelo. Kahoo, Bakreste ka bomong ba fana ka lichelete—hammoho le ho fana ka nako ea bona le matsoho—ho tšehetsa mehaho ea sebaka sa bona e kang Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Kopano. Liphutheho tse ngata li romela limpho tsa kamehla ho Mokhatlo oa Watchtower kapa, ka ntle ho United States, ofising ea lekala e naheng ea habo tsona. Batho ka bomong ba boetse ba fana ka moneelo ka litsela tse sa tšoaneng ka ho toba ho Mokhatlo. (Bona lebokose.) Liphello e ba life? Le mehleng ena ea mathata a moruo, Jehova o susumetsa lipelo tsa batho ba hae hore ba fane ka se hlokahalang ho phetha mosebetsi oo a o ntšitseng.
Ka sena re ka fihlela qeto efe? Re ka fihla qetong ea hore, joaloka mehleng ea Ezekiase, “Jehova o hlohonolofalitse sechaba sa hae.” O bontšitse tšehetso ea hae ka tsela e babatsehang bakeng sa mosebetsi oo se o etsang. Hape, joalokaha batho ba Jehova ba ile ba tšehetsa litokisetso tsa Hae mehleng ea Moshe, re ka bona hore batho ba Jehova ba tšehelitse ka ho feletseng mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho bokella batho ba thahasellang. Ha baa fana ka limpho hobane ba emelletsoe ke babokelli ba lichelete ba lefuoang, empa hobane lipelo tsa bona ‘li ba elelitse,’ e, ‘li ithatetse.’
Jehova “o Tla Fela a o Phethe”
Lekholong la pele la lilemo moapostola Pauluse a tšoareha mosebetsing oa boromuoa ’me a ba le liphihlelo tse babatsehang—ka tsela e batlang e tšoana le ea banyalani bane ba baromuoa ba Suriname. Le eena, hangata o ne a thusoa ke limpho tsa balumeli hammoho le eena. Phutheho e ’ngoe e neng e hlile e thusa ke ea Filippi. Kahoo, ha Pauluse a ba ngolla, a susumeletseha ho bua mantsoe ana: “Ke leboha Molimo oa ka ka mehla eohle ha ke le hopola; ke ntse ke rapella bohle ka mehla, ka thabo, merapelong eohle eo ke e etsang, kahobane le fela le khomaretse Evangeli, ha e sa le mohla le qalang ho e utloa, ho fihlela joale. Ke tšepile hobane ea qalileng mosebetsi o molemo ho lōna, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 1:3-6; 4:16.
Kajeno, Bakreste ba ikutloa ba khothetse joalo. Bonneteng ba tšepiso ea Jehova, o susumelitse batho ba hae ‘ho ithaopela ka boithatelo’ ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng tšebeletsong ea hae. Lipaki tsa Jehova ka hona ‘li leboha Molimo oa tsona ka mehla’ ’me li kholisehile hore Jehova, ea hōlisitseng moea o motle hakaalo ho batho ba hae ba kajeno, o tla jara mosebetsi oa hae ho isa phethong.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Litsela Tseo ba Bang ba Fanang ka Tsona Mosebetsing oa ’Muso
Limpho: Batho ba bang ba etsa limpho le menehelo joalo-joalo tse eang ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, kapa tse eang liofising tsa eona tsa makala naheng eo ba phelang ho eona. Limpho tse joalo li lokela hore kamehla li be le molaetsa o mokhutšoaane o bolelang hore chelete e reretsoe ho ba mpho ea boithatelo.
Limpho tse Nang le Litokisetso tse Khethehileng: Tlas’a tokisetso ena, batho ka bomong ba fana ka chelete ka tokisetso e khethehileng hore haeba ba ka hloka e ’ngoe ea eona kapa kaofela ha eona ha ba sa phela, e tla khutlisetsoa ho bona. Kapa, hore ba qobe tšenyehelo le ho se tsitse ha makhotla a sebetsanang le mafa, batho ba bang ba abela Mokhatlo thepa. Ba bang ba etsa limpho tse joalo, ba bolela hore ha ba sa phela litokelo ke tsa bona.
“Insurance”: Ba bangata ba entse hore Mokhatlo oa Watch Tower e be oona o tla rua molemo ka tšireletso ea bophelo ba bona ha ba e-shoa.
Thato ea Mofu: Ba bang, ka thuso le ka keletso ea babuelli ba bona ba molao, ba etsa hore Mokhatlo o rue molemo thatong ea bona e ngoloang ea se tla etsoa kamor’a lefu la bona.
Boitsebiso bo eketsehileng kapa keletso mabapi le litaba tse joalo bo ka fumanoa ka ho ngolla ofisi ea Mokhatlo e leng naheng ea heno, kapa atereseng e latelang:
Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Office of the Secretary and Treasurer, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Batho ba Jehova ba tšehetsa keketseho ea ’Muso ka boithatelo