“Liphio” le “Pelo” ka Mangolong
LIPHIO tsa sebele li emela sebaka sa ’mele se ka tlase ho pelo ea nama. Ka tlhaloso e ’ngoe, liphio ke setsi sa maikutlo, lerato le litakatso. Webster’s New Collegiate Dictionary e amahanya liphio le ‘mokhoa oa motho oa ho nahana.’a Ho Tšenolo 2:23 Jesu Kreste ea tsositsoeng le ho tlotlisoa o re: “Ke ’na ea lekolang matheka [“liphio,” NW] le lipelo; ’me ke tla putsa e mong le e mong oa lōna ka ho lekanang mesebetsi ea hae.” (Bona hape Jeremia 11:20, mantsoe a leng qetellong ea leqephe ho NW, Bibele ea Litšupiso.) Liphio le pelo ke litho tse fapaneng tsa ’mele ’me li libakeng tse fapaneng. Liphio tsa sebele li tlaase ’meleng ho feta pelo ea sebele. Le tsona li itšoara ka ho fapaneng litšusumetsong tse fapaneng. Boitšoaro bona bo bontša ntho e ’ngoe. Kahoo boitšoaro bo joalo bo ka baloa kapa ba bonoa bo bontša libopeho tse fapaneng tse bontšang hore na motho ea lekoloang ke oa mofuta ofe. Na pelo ea sebele ea motho e susumelletsoa ho otla kapele kapa, e-ea “ntšofala”? Na liphio tsa hae li susumelletsoa ho sebetsa ka nako e sa tloaelehang le ka mokhoa osele? Ea lekolang lipelo le liphio o khona ho hlalosa boitšoaro bo joalo, ho utloisisa hore na motho ke phio ea mofuta ofe.
Ho Pesaleme ea 16:6-8 seqapi Davida sea ngola: “Ke neiloe kabelo ea ka nģalong tse ntle, le lefa la ka linaheng tse khahlehang. Ke rorisa Jehova, hobane e bile moeletsi oa ka; esita le ka bosiu pelo [“liphio,” NW] ea ka ea nkeletsa. Ke beile Jehova pel’a ka ka mehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.” Ha e le hantle, liphio tsa Davida li ne li mo eletsa joang bosiu ha a falimehile? Haeba Davida a ne a belaela ka ho hong ka boikutlo ba Jehova ho eena, hore na e hlile ke motho oa mofuta ofe, liphio tsa hae tsa tšoantšetso li ne li tla mo fa qeto e nepahetseng ka morero oa Jehova ka eena. Ke ka lebaka leo Davida a ileng a tsoela pele hore: “Hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka nģalong ea bafu, u ke ke ua lumela hoba mokhethoa oa hao a bone ho bola.”—Pesaleme ea 16:10.
E, Davida o tla tsoha lebitleng, kapa Sheol, ka nako ea Jehova; empa, tlas’a pululelo ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., matsatsi a 50 kamor’a tsoho ea Jesu Kreste, moapostola Petrose o ile a sebelisa Pesaleme ea 16:10 ho Jesu Kreste, ho Liketso 2:25-28, a re: “Hobane Davida ha a ’molela, o itse: Ke beile Morena ka mehla pel’a mahlo a ka, hobane o letsohong la ka le letona, ke tle ke se ke ka sisingoa. Pelo ea ka e thabile ke hona, le leleme la ka le nyakaletse; esita le eona nama ea ka e tla phomola ka tšepo. Hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka nģalong ea bafu; mokhethoa oa hao u ke ke ua mo lesa hore a bone ho bola. U ntsebisitse tsela ea bophelo; u tla nkhorisa ka thabo e tsoang sefahlehong sa hao.”
Pelo e thabileng ea phelisa mopesaleme Davida, ’me ka ho tšoanang pelo e thabileng e entse hore bophelo ba lefatšeng ba motho e moholo ea neng a tšoantšetsoa ke Davida, Jesu Kreste, bo be mafolo-folo. Pelo ea tlhaho le eona e ama ’mele, feela joalokaha Liproverbia 14:30 e re: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.” Pelo ea Davida e Moholo, Jesu Kreste, e ne e lula e le tšoeu ka ho otla e iketlile ’me mali a phalla esita le tlas’a maemo a qholotsang, e, tlas’a mahloriso le ho khahlapetsoa ’meleng, ho fihlela nakong ea ho khokhotheloa ha hae. Ke nakong eo feela a shoeleng ke pelo e robehileng.—Pesaleme ea 69:20.
Ho Ba-Heberu 4:12 ho boletsoe hore “lentsoe la Molimo . . . le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” Hona ho bontša hore “pelo” ke ntho e hlohlelletsang le e susumetsang mehopolo le maikutlo, a ahloloang ke “lentsoe la Molimo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le “liphio,” bona hape The Compact Edition of the Oxford English Dictionary; The Concise Oxford Dictionary; The Random House Dictionary of the English Language (E feletseng); The American Heritage Dictionary of the English Language; Webster’s New World Dictionary of the American Language.