Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
’Nete ea Bibele e Fetola Bophelo
SAULE oa Tarese o ne a tšepahala haholo bolumeling ba hae ha a ne a hlorisa Bakreste ba ’nete le “ho isa ho bolaeeng.” (Liketso 22:4; 26:10, 11) Empa o entse hona ka ho se tsebe. (1 Timothea 1:13) Kajeno batho ba bangata ba tšepahalang empa ba foufalitsoe ke bolumeli ba tšoana hantle le Saule ’me ba hanyetsa Bakreste ba ’nete. Empa joalokaha Saule e bile Mokreste hoba a ithute ’nete, ba bangata kajeno ba furalla bolumeli ba bohata ’me ba khomarela tumelo ea ’nete.
◻ Ka mohlala, motiakone oa Kereke ea Prostanta ea Tahiti New Caledonia le mosali oa hae, eo e neng e le motiakone oa mosali, ba lahla morali oa bona le monna oa hae bao e bileng Lipaki tsa Jehova. Ha bana ba banyenyane ba thahasella Bibele joalokaha e rutoa ke Lipaki tsa Jehova, batsoali ba fana ka qeto ena: “Le tloha lapeng kapa le tlohela Lipaki.” Ba tloha lapeng.
Joale batsoali ba ipotsa hore na boikutlo ba bona bo nepahetse. Kahoo ntate a etsa qeto ea ho fuputsa seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang. Puisano le mokhoenyana oa hae oa paki ea nka lihora. Phello? Ntate a hlokomela ’nete ea sebele ea Bibele ’me a re o e letetse ka lilemo tse 60. Eena le mosali oa hae ba itokolla kerekeng, ba qala ho ea libokeng tsa Lipaki kamehla le ba lelapa kaofela, ’me hona joale le bona ba hasa lithuto tsa Bibele ka ntlo le ntlo.
Hoja monna enoa ha a ka a ikokobetsa ’me a ipha nako ea ho fuputsa, a ka be a sa fumana ’nete. Hona joale lelapa lohle le sebeletsa Jehova ka thabo. ’Nete ea Bibele e fetotse bophelo ba bona.
◻ Phihlelo e ’ngoe e tsoang New Caledonia le eona e hatisa ntlha ea hore ’nete ea Bibele e fetola bophelo. Sehlopha sa morabe o mong oa meetlo se tsejoang e le Ma-Wallisia ke Mak’hatholike a matla. Ka tloaelo ba qoba puisano efe kapa efe le Lipaki tsa Jehova. Empa mohlankana e mong a buisana le Lipaki ’me a thahasella seo a ithutang sona ka Bibeleng. Khaitselie o ne a ithuta le baitlami ba K’hatholike, empa ka letsatsi le leng a lula puisanong ea Bibele pakeng tsa khaitseli ea hae le Lipaki tsa Jehova. Phello e bile efe? Tlaleho e re: “A fumana likarabelo tsa lipotso tseo a ’nileng a li botsa baprista le baitlami ka lilemo. Ho nkile selemo ho ithuta thuto ea Boraro-bo-bong, empa phello e bile e sa khotsofatseng. Nakong ena, a fumana karabelo e hlakileng ka lihora tse seng kae ho Lipaki.” Hang a tsoa Kerekeng ea K’hatholike, ’me eena le khaitseli ea hae ba pakela lelapa labo bona. ’Mé oa bona a itokolla ho “Legion de Marie” ’me a chesa liemahale tsa hae le litšoantšo, a re: “Le Nile la nthetsa ka lilemo!” Motho le khaitseli hona joale ke Lipaki tse kolobelitsoeng, ’me batho ba leshome kaofela ka lapeng ba ea libokeng. ’Mé, bashemane ba bararo le mosetsana a le mong ke bahoeletsi ba kamehla.
Ke thabo e kaakang ho bona batho ba tšepahalang, ba pelo li ntle ba tloha lefifing la bolumeli ba bohata ba ea leseling la ’nete leo Jehova Molimo a fanang ka lona ka Mangolong! Ka ’nete, ’nete ea Bibele e na le matla ’me e fetola bophelo.—Ba-Heberu 4:12.