Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 9/1 maq. 21-26
  • Ke Hokae moo re ka Fumanang Bonngoe Lefatšeng Lee le Arohaneng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hokae moo re ka Fumanang Bonngoe Lefatšeng Lee le Arohaneng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho ea Bolumeli ba Lefatše
  • Ntlo e Arohaneng
  • Batho ba Kopaneng ka ’Nete
  • Ho Bontša Lerato la ’Nete le Bonngoe
  • Mohloli oa Bonngoe
  • Bonngoe bo Khetholla Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Lefatše le Tla ke le Kopane?
    Tsoha!—2000
  • Bonngoe ba Borapeli Mehleng ea Rōna—Bo Bolela Eng?
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 9/1 maq. 21-26

Ke Hokae moo re ka Fumanang Bonngoe Lefatšeng Lee le Arohaneng?

“Ke tla ba bea hammoho joale ka linku tse har’a lesaka.”—MIKEA 2:12.

1, 2. Ke hobane’ng ha re sa talime ho baeta-pele ba lefatše hore ba kopanye lelapa la motho?

LELAPA la motho le arohane habohloko-hloko ka lilemo tse likete. Liphapang tsa bopolotiki, moruo le kahisano li arotse batho ka lihlopha tse hohlanang, tse loantšanang. Lekholo la rōna la bo20 la lilemo le bone liphello tse mpehali tsa hona. Ka mohlala, Ntoa ea II ea Lefatše feela e bolaile batho ba hakanyetsoang ho ba limillione tse 55, ka tlhoro ea tšenyo ea Hiroshima le Nagasaki ka liqhomane tsa athomiki.

2 Mashomeng a morao tjena a lilemo, likhohlano tse ngata tse eketsehileng li nkile bophelo ba batho ba bangata ba limillione. Hona joale, libetsa tsa “nuclear” tsa litsamaiso tse loantšanang tsa lipolotiki li tšositse bophelo bo teng holim’a lefatše. ’Me, joalokaha The Guardian ea Engelane e hlokomela, litokisetso tsa ntoa, “lintho tse etsang libetsa le likelello, li ntšelitsoe pele ka matla” ke lichaba, tse khōlō le tse nyenyane. Kahoo, ka sebele re ke ke ra talima ho baetapele ba lefatše hore ba kopanye lelapa la motho.

Tlaleho ea Bolumeli ba Lefatše

3, 4. Pale e re bolella eng ka bolumeli ba lefatše e le matla a kopanyang batho?

3 Leha ho le joalo, na re ka ’na ra talima ho malumeli a lefatše lee hore a kopanye batho? Na tlaleho ea oona e susumetsa tšepo leha e le efe e kholoanyane? Histori e-ea latola. Maikutlo a mongoli oa pampiring ea litaba ea Chicago Tribune a boletse: “Bolumeli bo bong le bo bong bo boholo bo ruta khotso le boena le mohau, empa tse ling tsa likhatello tse sehlōhō haholo le tse sa mamelleheng historing li ’nile tsa etsoa ka lebitso la Molimo.” Mongoli oa pampiri ea litaba C. L. Sulzberger ka ho tšoanang le eena o hlokometse: “Le hoja taba e itoantša hakaalo, na ho ke ke ha hlokomeloa hore ntle ho lisosa tse ling—puso ea bohatelli, khethollo ea ’mala, puso ea sesole—bolumeli bo fetohile kotsi e kholoanyane bophelong ba motho?”

4 E, histori e qaphalelitsoe ke mali a phapang e susumelitsoeng kapa e lumelletsoeng ea bolumeli. Lekholong la rōna la lilemo feela, nakong ea lintoa tsa lefatše tsa bosechaba le tse ling, re bone tloaelo eo Molimo o sa e rateng ea ha Mok’hatholike a bolaea Mok’hatholike, Moprotestanta a bolaea Moprotestanta, Mosolomane a bolaea Mosolomane, Mojode a bolaea Mojode. Ka ’nete, linnete tsa histori li supa ’nete ea hore, ho e-na le hore e ka ba matla bakeng sa ho kopanya lelapa la motho, bolumeli ba lefatše bo ikarabella bakeng sa ho eketsa karohano ea lona.

5. Malumeli aa a arohaneng a lefatše a qalile hokae?

5 Boemo bo ferekaneng le bo arohaneng ba malumeli a lefatše lena bo bontša ka ho hlaka hore Molimo ha o a tšehetse. Hoo ho ka ’na ha makatsa ba nahanang hore bolumeli bohle bo tlameha bo be bo lokile haeba bo ipolela hore bo emela Molimo. Empa Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ka ho hlaka lea bolela: “Molimo hase Molimo oa moferefere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) ‘Hloeano, likomang, likhang, liphapang, likhaohano, mekha’ ha li hlahisoe ke moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, empa ke moea o sa halaleleng, kapa matla a susumetsang. (Ba-Galata 5:19, 20) Jakobo 3:14, 15 e khetholla bohlale bo tsamaeang le moea ona o mobe e le ba “bademona,” bo tsoang ho “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose.—2 Ba-Korinthe 4:4.

Ntlo e Arohaneng

6. Ke molao-motheo ofe o fanoeng ke Jesu o sebetsang lefatšeng lee?

6 Boemo bo arohaneng ba lelapa la motho bo re hopotsa mantsoe ana a Jesu “’Muso o mong le o mong o khaohaneng ho itoantša o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e khaohaneng ho itoantša, e ke ke ea tiea.” (Mattheu 12:25) Lefatše lena le arohaneng le tlameha ho oela hona motheong oo. Ha e le hantle, le lichaba li lumellana le polelo e reng, “Ha re kopane rea ema, ha re arohane rea oa.”

7. Batho ba bang ba bone ho hlokahala eng ho leka ho qoba koluoa?

7 Batho ba bang ba phahameng ba batla phetoho e khōlō monahanong oa motho hore ba leke ho qoba ho oela kotsing. Ramahlale oa “nuclear” Harold Urey o boletse: “Ha ho na pheko e hahang mathateng a lefatše ntle le ha qetellong ho ka ba le ’muso oa lefatše o ka khonang ho hloma molao holim’a lefatše lohle.” Ka ho tšoanang, Albert Einstein “a hatella hore khotso har’a lichaba e ka fumanoa feela lilemong tsa athomiki ka ho bokella batho bohle tlas’a tsamaiso ea molao oa lefatše.” A khothaletsa: “Re tlameha ho hlōla litšitiso tse tšabehang tsa meeli ea bosechaba.” E, batho ba bangata baa bona hore ho hlokahala ’muso oa lefatše.

8. Na lefatše lee le arohaneng le ka qoba ho oa?

8 Leha ho le joalo, na ho bonahala e ka lichaba tsa lefatše lee li tla nehelana ka puso ea tsona? Haeba ho joalo, ho mang? Ka sebele e seng ho Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Hangata lichaba li ea ntoeng ho e-na le ho ikokobeletsa liqeto tsa Machaba a Kopaneng. Kahoo, lefatše lena, ka litsamaiso tsa lona tse arohaneng tsa bopolotiki, moruo, kahisano le malumeli, li lebile ho oeng.—Sofonia 3:8; 1 Johanne 2:15-17.

Batho ba Kopaneng ka ’Nete

9. Ke monyetla ofe o teng bakeng sa lelapa la motho le kopaneng?

9 Joale, na hoo ho bolela hore bonngoe ba lefatše bo ke ke ba e-ba teng? Le hanyenyane! Ho fapana le hoo, bonngoe ba lefatše hase hore feela bo tla ba teng empa bo ke ke ba qojoa! Ha ele hantle, moralo bakeng sa bonngoe ba lefatše o se o ntse o raliloe! Ho se ho ntse ho e-na le batho ba etsang seo Einstein a se boletseng, ‘ho hlōla mekoallo ea bosechaba.’ Ho se ntse ho le teng batho ba kopaneng ka ’nete lefatšeng ka bophara. Ho se ntse ho le teng ’muso o kaholimo-limo oa lefatše o tlang pele ho batho ba limillione ba ineetseng ba tsoang lichabeng tsohle.

10. ’Muso oa sebele o tlameha ho ba le litšobotsi life?

10 Ba bangata ba tla ikutloa hore pono e joalo e ke ke ea etsahala. Ba ka ’na ba botsa: ‘Na u bua ka ’muso oa sebele o mang le melao ea sebele le baahi ba sebele? E be hona hohle ho tla etsahala hokae? Ho ameha bo-mang?’ ’Muso o etsoa ka’ng? Ka lintho tse ’maloa: (1) O lokela ho ba le baetapele ba sebele, ba phelang; (2) sebaka seo o busang o tloha ho sona le sona se tlameha ho ba sa sebele; (3) sechaba se tlameha ho ba le melao ea sebele ho boloka taolo; (4) o tlameha ho ba le bafo ba sebele—batho. Ka mohlala, United States ho na le moetapele (mopresidente) ea lulang Washington, D.C., joaloka setulo sa hae sa puso. Ho na le sehlopha sa batho ba etsang melao. Ho na le boahloli (makhotla a molao) ho matlafatsa melao ea naha. ’Me ho na le batho ba fetang limillione tse 230 bao e leng bafo. Na ho na le ea ke keng a khotsofala hore hona hohle ke ntho ea sebele?

11. Pampiri ea litaba ea lefatše e lumetse joang hore ho teng batho ba kopaneng ka ’nete?

11 Ruri kajeno ho na le batho ba kopaneng ka ’nete! Ba hokae? Ba sebeletsa ’muso ofe? Ke hobane’ng ha re ka re ba kopane ka ho feletseng? Pampiri ea litaba ea Brazil O Tempo e hlokometse batho bana ba khethehileng ha e ngola hore: “Le hoja ho e-na le malumeli a mangata a itlhahisang ka litaba tsa mafeela tsa ’ona likarolong tsohle tsa lefatše, ha ho le bo bong bo teng holim’a lefatše kajeno bo bontšang lerato le tšoanang le bonngoe joaloka phutheho ea Puso ea Leholimo ea Lipaki tsa Jehova.”

12. Ke pono efe e hatisitsoeng pampiring ea litaba ea Belgium e lumellanang le bonnete bo hlokomeloang ke Lipaki tsa Jehova?

12 Belgium, pampiri ea litaba La Nouvelle Gazette e ne e e-na le sehlooho sena: “Ho Qoba Ntoa ea ‘Nuclear’ ka Nako ea Lilemo tse 25, Litsebi tsa Amerika Li Fumane Tharollo e le ’Ngoe Feela: Ea Lipaki tsa Jehova.” Sehlooho se ile sa bolela hore pheko feela e ne e tla ba “phetoho e khōlō mokhoeng oa bophelo oa batho . . . e ikhethelang ’muso oa lefatše.” Tokollo ena ea pheta ka hore pono ena e lumellana hantle le “tlhahiso e hlahisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.” ’Me ke “tlhahiso” efe eona eo? Ke eo Jesu a e entseng ’moko oa thuto ea hae: ’Muso o mocha oa Molimo bakeng sa lefatše lohle, ’Muso oa Hae oa leholimo le Kreste e le ’musi. ’Muso oo ke pheko ea Molimo, pheko feela bakeng sa ho kula ha batho bohle, ho akarelletsa le boemo ba bona bo arohaneng. Jesu o ile a ruta batho ho rapella ’muso oo ha a ne a re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) ’Me, joalokaha phetolelo ena ea Bibele e fetolela boprofeta ba Daniele 2:44, ’muso oo oa Molimo haufinyana o tla ‘robaka . . . mebuso eo [ea pele] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.’

Ho Bontša Lerato la ’Nete le Bonngoe

13. Mabapi le ’muso oa lefatše hore o kopanye batho, ho etsahetse’ng ho tloha ka 1914?

13 Liketsahalo tsa lefatše phethahatsong ea boprofeta ba Bibele li bontša hore ’muso oa leholimo oa Molimo o qalile ho busa ka 1914. Ka nako eo Molimo oa hlomamisa Pusong Morena oo oona eo o mo pakileng, Jesu Kreste. (Mattheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:10) ’Muso oo o na le melao e phahameng le melao-metheo, joalokaha e tlalehiloe lengolong le halalelang ho feta ’ohle, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) ’Me ha e sa le ho tloha ka 1914 Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, o ’nile a bokella baahi ba Tsamaiso e Ncha ea Molimo. Ka hona, hona joale motheo oa mokhatlo oo o mocha oa lefatše o se o raliloe! E, hona hohle ke ntho ea sebele. Hase toro feela.—Mattheu 25:31-46; Johanne 10:14-16; 2 Petrose 3:13.

14. Lipaki tsa Jehova li hlōtse ntlha efe e arohanyang?

14 E le baahi ba Taolo e Ncha, Lipaki tsa Jehova naheng e ’ngoe le e ’ngoe li tšepahala pele Pusong ea ’Muso oa Molimo oa leholimo. Ka hona, ha Lipaki tsa Jehova li bala taelo ea Jesu, “le ratane, joale ka ha ke le ratile,” li nka hore e bolela seo e se buang, ’me li ho etsa ka bophara ba lefatše. (Johanne 15:12) Ka baka leo, ka sebele li khaotse litlamo tsa bosechaba bo sitisang bo se nang thuso. Li khona ho bontša lerato la ’nete ho batho bohle, ho sa tsotellehe lebala la motho, morabe kapa bosechaba.

15, 16. Ba bang ba hlokometse ho hlōloa ha bosechaba joang?

15 Mabapi le taba ena, makasineng oa kereke ea Italy Andare alle genti moitlami oa Roma e K’hatholike o ngotse se latelang ka Lipaki tsa Jehova: “Li lokeloa ke tlhompho ea rōna ka tsela eo li hanang mokhoa ofe kapa ofe oa pefo ’me ntle ho ho rabela li mamella liteko tse tlisoang holim’a tsona ka baka la seo li se lumelang. . . Lefatše e ne e tla ba le fapaneng hakaakang haeba bohle hoseng ho hong re tsoha re entse qeto e tiileng ea ho se nke libetsa hape, ho sa tsotellehe tšenyehelo kapa lebaka, feela joaloka Lipaki tsa Jehova!”

16 Pampiri ea litaba ea Italy II Corriere di Trieste e hlokometse: “Lipaki tsa Jehova li lokela ho hlomphuoa ka lebaka la ho tiea le ho momahana ha tsona. Ho fapana le malumeli a mang, bonngoe ba tsona e le batho bo li thibela ho rapela Molimo o le mong, ka lebitso la Kreste a le mong, ho hlohonolofatsa mahlakore a mabeli a loantšanang, kapa ho tsoaka lipolotiki le bolumeli ho sebeletsa lithahasello tsa Lihlooho tsa Naha kapa mekha ea bopolotiki.”

17. 1 Johanne 3:10-12 le Johanne 13:35 li khetholla phapang pakeng tsa bana ba Molimo le bana ba Satane joang?

17 Hlokomela hore na hona ho lumellana joang le 1 Johanne khaolo ea 3, litemana 10 ho ea ho 12. Moo e re: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.” Che, bana ba Molimo ha ba bolaee bana babo bona. Ke bana ba Satane ba etsang joalo.—Johanne 13:35.

18. Ho etsahala’ng ka batho ba neng ba arohane pele ha ba fetoha Lipaki tsa Jehova?

18 Ka hona, ha Maarabia, Bajode le ba ipolelang hore ke Bakreste Iseraele le Lebanone e e-ba Lipaki tsa Jehova, ba kopana tlamong e sa khaoheng ea lerato le bonngoe. Ho etsa joalo le bao e neng e le Mak’hatholike le Maprotestanta Ireland e ka Leboea. Ho etsa joalo ba batšo le ba basoeu United States. Ho etsa joalo litho tsa merabe e fapaneng ea Afrika eo pele e neng e hloeane e bile e loantšana. Makasine oa Brithani New Society o hlokometse: Mohlomong “Lipaki li atlehile haholoanyane ho feta sehlopha leha e le sefe ka lebelo leo li tlosang khethollo ea merabe har’a litho tse ncha tsa tsona.”

Mohloli oa Bonngoe

19. Ke lintlheng life tse peli tsa bohlokoa moo Lipaki tsa Jehova li khethehileng?

19 Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ka bontša lerato le joalo le bonngoe bo joalo? Na ke ka lebaka la thuto ea tsona ea lefatše, bophahamo ba tsona, borui kapa bohlale? Che, ke batho feela. Empa li khethehile mabakeng a mabeli a bohlokoa. La pele, Lipaki tsa Jehova li amohela Bibele eohle e le Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, ’me li etsa ka hohle kamoo li ka khonang ho phela ka eona. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lōna ba lumetseng.” (1 Ba-Thessalonika 2:13) La bobeli, Lipaki tsa Jehova li nka boemo bo tšoanang le ba baapostola ba Jesu, ba ileng ba re ho babusi: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

20. Mohloli oa sebele oa bonngoe har’a Lipaki tsa Jehova ke ofe?

20 Ho etsahala’ng ho batho ba amohelang Bibele eohle e le Lentsoe la Molimo, ba phelang ka lona ’me ba mamela Molimo e le ’Musi oa bona linthong tsohle? Liketso 5:32 e bolela hore Molimo o fana ka moea oa oona o halalelang oa matla, kapa matla a sebetsang, ho ‘ba mo utloang.’ Oo ke mohloli oa matla a etsang hore Lipaki tsa Jehova li finyelle le ho boloka bonngoe ba lefatše bo thatafallang ba bang.

21, 22. (a) Ke bo-mang, he, ba phethahatsang boprofeta ba Esaia 2:2-4? (b) Ke liphethahatso life tsa boprofeta tse latsuoang ke Lipaki tsa Jehova hona joale?

21 Ke bo-mang, he, ponong ea bopaki, ba phethahatsang boprofeta ba Esaia khaolo ea 2, litemana 2 ho ea ho 4? Ha bo bua ka nako eo re phelang ho eona, boprofeta boo bo bolela hore borapeli ba ’nete ba Jehova bo ne bo tla hlongoa ka ho tiea tlas’a puso ea ’Muso, le hore ba bangata ba ne ba tla re: ‘Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, . . . a tle a re rute mekhoa ea hae, re tsamaee litseleng tsa hae.’ Boprofeta bo boetse bo re: “O tla ahlolela lichaba, a laee mefuta e mengata, ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”

22 Ke bo-mang ba lumelletseng Molimo le Lentsoe la hae hore li ba “laee?” Ke bo-mang ba hlileng ba mametseng taelo ea Molimo ea hore ‘ba se hlole ba ithuta ntoa’? Ke bo-mang ba qetileng nako ea kakaretso ea lilemo tse likete literonkong le likampong tsa mahloriso mehleng ea rōna ho e-na le ho bolaea baahelani ba bona? Ke bo-mang ba hlomphang Bibele e le Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ’me ba mamela Molimo e le ’Musi? Ke bo-mang ba bontšang boena ba lichaba bo khethollehileng lefatšeng lee le arohaneng? Karabelo e ka ba Lipaki tsa Jehova feela. ’Me hona joale “linku tse ling,” ka makholo a likete, li ’nile tsa bokelloa e le metsoalle ea masala a tlotsitsoeng a “mohlatsoana.” (Johanne 10:16; Luka 12:32) Bana le bona ba fumana molemo phethahatsong ea boprofeta bo fanoeng mehleng ea Hosea. Bo profetile hore bahlanka bohle ba Jehova ba tla “bokelloa hammoho” tlas’a Hlooho e le ’ngoe, Jesu Kreste, matleng a ’Muso. (Hosea 1:11) Bonngoeng ba bona ba boetse ba bona phethahatso ea mantsoe a Jesu ha a rapela Molimo hore balateli ba hae ‘ba be bang joalokaha re le bang.’ (Johanne 17:20-22) Kahoo, ho bona Molimo o bolokile tšepiso ea oona ea khale: “Ke tla ba bea hammoho joale ka linku tse har’a lesaka.”—Mikea 2:12.

Na u Hopola Lintlha Tsee?

◻ Ke hobane’ng ha re tlameha ho etsa qeto ea hore Molimo ha o tšehetse bolumeli ba lefatše?

◻ 1 Johanne 3:10-12 e khetholla ba kopaneng ka ’nete lefatšeng lee le arohaneng joang?

◻ Mohloli oa sebele oa matla a etsang hore bahlanka ba Jehova ba khone ho boloka bonngoe ba lefatše ke eng, ’me ke hobane’ng ha ba e-na le mohloli o joalo oa matla?

◻ Ke boprofeta bofe bo boholo boo re bo bonang bo phethahala kajeno mabapi le bonngoe ba bahlanka ba Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Moralo oa bonngoe ba lefatše o se o raliloe!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela