Le Itokise!
“Le itokise; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”—LUKA 12:40.
1. Kreste o itse’ng ka tlhokahalo ea ho lebela?
JESU Kreste o khothalelitse balateli ba hae hore ba lebele. Ka mohlala, o itse: “Lōna, le iponele. Bonang, ke le boleletse tsohle pele. . . . Ke moo ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru, ka matla a maholo le ka khanya. . . . Empa ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela. Iponeleng, le falimehe, ’me le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako. Ho joale ka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ea hae, a neile bahlanka ba hae litaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi oa hae, ’me a laetse molebeli oa monyako ho lebela. Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla mong a ntlo a tla tla, kapa mantsiboea, kapa bosiu bo boholo, kapa mokōkō ha o lla, kapa ka meso; e se re, ha a e-tla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse. Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang.”—Mareka 13:23-37.
2. Ke hobane’ng ha thapelo ea mohlala e ama ho lebela, empa likereke tsa Bojakane li fokolisitse tebello ea ’Muso joang?
2 Lihlooho tse tlang pele ho sena li fane ka bopaki bo bongata mehloling e sa jeleng pate hore likereke tsa Bojakane ha lia ‘lebela.’ Ho ea ka The Catholic Encyclopedia, li fokolisitse tebello ea ’Muso ka ho bolela hore “’muso oa Molimo o bolela . . . ho busa ha Molimo ka lipelong tsa rōna,” kahoo li ntša moelelo oohle thapelong ea mohlala, kapa Thapelo ea Morena. Empa The New Encyclopædia Britannica e-ea bolela: “Likōpo tsa thapelo ea morena li bolela pele ho nako boemo bo soabisang ka ho tebileng ba hore lebitso la Molimo le thato ea oona li sebelisoa hampe le hore ’Muso oa oona ha o e-so ho tle.” E, Thapelo ea Mohlala e bolela pele ho nako hore ho lebeloe. Bakreste ba ne ba lokela ho lebela lintho life ka ho khetheha?
“Lebelang”—Eng?
3. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba ke ke ba hlokomoloha taba ea nako?
3 Tlhahlobo e haufi ea boprofeta ba Bibele ka “Liketsahalo tsa ho Qetela” e senola lintho tse nepahetseng tseo Bakreste ba neng ba lokela ho li ‘lebela.’ Pele, ba ne ba sa lokela ho fifalloa ke pono ea nako, hobane Jesu Kreste o buile ka ‘nako e khethehileng’ e tsejoang ke Ntate oa hae feela. (Mareka 13:32, 33) Ho phaella moo, Jesu o boleletse barutuoa ba hae hore Jerusalema o ne a tla “hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla [“linako tse khethiloeng,” NW] ea lichaba.” (Luka 21:24) Ka ho hlakileng, Jesu o file balateli ba hae boitsebiso bona ho ba thusa ho khetholla nako ea bofelo, hobane ke karolo ea karabelo ea potso ea hae potsong ena: “Moruti, na tseo li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea hoba tseo li se li tla hlaha?”—Luka 21:7.
4. Bakreste ba ne ba tlameha ho lebela “pontšo” efe?
4 Ho phaella ho eleng hloko ha bona nako, Bakreste ba ne ba tlameha ho lebella “pontšo” e kōpiloeng, e boetseng e boletsoeng ho Mattheu 24:3 le Mareka 13:4. Pontšo ena e litšobotsi li ngata—ho akarelletsa lintoa tsa machaba, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le ho hlorisoa ha Bakreste ba ’nete—e ne e tla lumellana le phethahalo ea nako ea boprofeta ho khetholla “moloko” o neng o ke ke “oa feta” ho fihlela lintho tsohle tse neng li tšoanetse ho hlaha nakong ea bofelo li hla li etsahala.—Luka 21:10-12, 32.
5. Kreste o ne a ka ba le balateli ba hae ba ’nete ka makholo a lilemo joang, empa na ke sona sohle seo a neng a se bolela ha a fana ka pontšo ea “ho ba teng’ ha hae?
5 Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse amanang le “ho fela ha lefatše” tse neng li tla phahamisoa ke pontšo ee? Barutuoa ba Jesu ba mo botsa: ‘Pontšo ea ho ba teng [Segerike, pa·rou·siʹa] ha hao e tla ba efe?’ (Mattheu 24:3, NW) “Ho ba teng” ha Kreste ho ne ho tla bolela eng? Ho ne ho tla bolela ho fetang ho ba ka moea le balateli ba hae ba ’nete ha ba kopana hammoho kapa ha ba phetha thomo ea bona ea ho etsa barutuoa. O ne a tla tšehetsa balateli ba hae ka tsela ena ho theosa le makholo a lilemo. (Mattheu 18:20; 28:18-20) Esita le baruti ba thuto ea bolumeli ba Bojakane baa lumela hore mantsoe “ho ba teng” a bile le moelelo o khethehileng. The New International Dictionary of New Testament Theology e-ea bolela: “Maikutlo a parousia joale a tlamahana le tebello ea kereke ea ho hlaha ha Kreste bofelong ba mehla.” Ho tloha qalong ho ea qetellong, Mangolo a Bakreste a Segerike a khothalletsa Bakreste ho phela ba lebelletse ho ba teng ha Kreste.—Mattheu 24:3, 27, 37, 39; Jakobo 5:7, 8; 2 Petrose 3:3, 4; 1 Johanne 2:28; Tšenolo 1:7; 22:7.
6. (a) Ho ba teng ha Kreste ho ne ho tla bolela eng bakeng sa tsamaiso ee e khopo ea lintho? (b) Ho ba teng ha Kreste ho ne ho tla ama joang Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng ba tšepahetse le ba ntseng ba phela lefatšeng?
6 Ho ba teng ha Kreste ho ne ho ke ke ha bolela letho ntle le “ho fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3; Mareka 13:4) Ho ne ho tla bolela hore tsamaiso ena e khopo ea hona joale ea lintho e kene “nakong ea bofelo” ba eona kapa “mehleng ea qetello.” (Daniele 12:4, 9; 2 Timothea 3:1-5) Ho ne ho tla bolela hore Kreste o amohetse ho Ntate oa hae taelo ea ho sebelisa puso ea ’Muso holim’a lefatše ‘har’a lira tsa hae.’ (Pesaleme ea 110:2; 2:6-9; Tšenolo 11:15-18) Pele a ahlola lefatše ka kakaretso, Kreste o ne a tla hlahloba phutheho ea hae ’me a tsose Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng ba tšepahetse. (1 Ba-Korinthe 15:21, 23; 1 Ba-Thessalonika 2:19; 3:13; 4:13-17; 2 Ba-Thessalonika 2:1) Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba ntseng ba phela lefatšeng ’me ka bokhabane ba itšoere joaloka “mohlanka” oa Kreste ka ho falimeha moeeng ’me ba fana ka “lijo nakong ea teng” ba ne ba tla khethoa ke Kreste ho ba “moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela,” kapa lithahasello tsa ’Muso lefatšeng. (Mattheu 24:45-47; Luka 12:42-44) ‘Mohlanka enoa ea khabane, ea bohlale’ o ne a tla tšoanela ho tšoareha ’me a tsamaise mosebetsi oa ho bolela “evangeli ena ea ’muso” lefatšeng ka bophara, ’me ‘e be hona bofelo bo hlahang.’—Mattheu 24:14.
7. Le nakong ea ho ba teng ha Kreste, Bakreste ba ne ba lokela ho lebella pontšo efe e ’ngoe, hona ke hobane’ng ha ba ne ba tla tsoela pele ho rapella ‘ho tla ha’ ’Muso oa Molimo?
7 Bakreste ba ’nete ba ne ba lokela ho ‘lebella’ lintho tsena tsohle tse neng li tla paka hore ba phela nakong ea ho ba teng ha Kreste le ea “ho fela ha lefatše.” Empa le “nakong ea bofelo,” ba ne ba lokela ho lebella “pontšo ea Mor’a motho,” ‘ho tla’ ha hae ho tla liha kahlolo holim’a tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane. (Mattheu 24:30, 44; Mareka 13:26, 36; Luka 12:40; 21:27; 2 Ba-Thessalonika 1:7-10) Kahoo, le hoja a ne a tla be ‘a le teng’ le ’Muso oa hae o se o ntse o hlomiloe, eena le ’Muso oa hae o ne a sa ntsane a lokela ho ‘ho tla’ ’me ‘a robake, a felise’ lichaba le mebuso ea lefatše la Satane. (Daniele 2:44) Hona ho hlalosa lebaka le entseng hore kamor’a hore Kreste a fane ka litšobotsi tsa “pontšo” ea ho ba teng ha hae, a phaelletseng: “Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) E, le nakong ea hoba teng ha Kreste, Bakreste ba ne ba tla ’ne ba rapelle ho tla ha ’Muso oa Molimo, hape ba ne ba tla ’ne ba hloke ho ‘iponela’ le ho ‘falimehela’ nako e khethehileng ea “bofelo” le “topollo” ea bona.—Mareka 13:7, 29, 32-37; Luka 21:9, 28.
Ke Bo-mang ba Ipakileng ba ‘Lebetse’?
8. Pheta lintho tseo Bakreste ba neng ba lokela ho li lebela.
8 Re sa tsoa bona hore Bakreste ba ne ba tlameha ho phela ba lebelletse bofelo ba “mehla ea lichaba.” Ba ne ba tlameha ho lebella ‘pontšo ea ho ba teng ha Kreste le ea ho fela ha lefatše.’ Ba ne ba tlameha ho lebella tsoho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng ba tšepahetse le boiponahatso bo hlakileng ba sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ea neng a tla khetheloa lithahasello tsa lefatšeng tsa ’Muso oa Kreste. Qetellong, “mohlanka” enoa o ne a tla tsoela pele ho fana ka lijo tsa moea, ha a ntse a etella pele ho boleleng “evangeli ena ea ’muso . . . lefatšeng lohle” pele ho “bofelo.” “Pontšo ea Mor’a motho” e ne e tla hlaha ka ‘ho tla’ ha hae ho tla timetsa tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane.
9. Ke bo-mang ba ipakileng ba lebeletse bofelo ba “mehla ea lichaba,” hona Zion’s Watch Tower e thusitse Bakreste ho falimeha moeeng joang?
9 Ke mang ea ipakileng a ‘lebetse’ bakeng sa lintho tsee kaofela? Khale ka 1876, Charles T. Russell oa Pittsburgh, Pennsylvania, o ne a lebetse ka hloko bofelo ba “mehla ea lichaba,” kapa “linako tse khethetsoeng balichaba.” (King James Version) Selemong seo a phatlalatsa sehlooho se reng “Mehla ea Lichaba: E Fela Neng?” Ho sona a bolela hore “mehla e supileng e tla fela ka A.D. 1914.” Ho tloha ka 1880 ho ea pele, bona boitsebiso boo ba phatlalatsoa likarolong tsa Zion’s Watch Tower. Tokollo ea Tlhakubele 1880, e boletse: “’Mehla ea Lichaba’ e atolohela ho 1914, ’me ’muso oa leholimo o ke ke oa busa ka ho tletseng ho fihlela ka nako eo.” Ke ’nete, liithuti tsa Bibele tse ngotseng lihlooho tseo, ka nako eo, li ne li sa utloisise ka nepo Bibele le pale ea seo bofelo ba ‘mehla eo ea lichaba’ bo neng bo tla hle bo se bolele, joalokaha re utloisisa lintho tsena kajeno.a Empa ntlha ea bohlokoa ke hore ba ne ba ‘lebetse’ ’me ba thusitse Bakreste hammoho le bona hore ba lule ba falimehile moeeng.
10. Seo ‘ho ba teng’ ha Kreste ho se bolelang se ile sa hlakisoa joang?
10 Sona sehlopha seo sa liithuti tsa Bibele se neng se kopanela le Charles Russell le makasine oa Zion’s Watch Tower sa boetse sa thusa Bakreste ba tšepahalang ho utloisisa hore ‘ho ba teng’ ha Kreste ho lokela ho utloisisoa hore ke ho sa bonahaleng, le hore a ke ke a khutlela lefatšeng ho tla busa e le morena oa nama. Ba tsoela pele ho hlokomelisa “bahlanka” ba Morena ka liketsahalo tsa lefatše mabapi le “pontšo” ea ho ba teng ha Kreste le ea ‘nako ea bofelo.’
11. (a) Ke’ng e neng e sa utloisisoe ka botlalo ka nako eo mabapi le mebuso ea lefatše le mabapi le bo ‘nkoa’ ha Bakreste ba tlotsitsoeng? (b) Re na le kutloisiso efe e molemo kajeno ea Daniele 2:44 le 1 Ba-Thessalonika 4:15-17?
11 Ke ’nete hore ho ne ho nahannoe hore ho hlongoa ha ’Muso maholimong ho ne ho tla bolela thipitlo ea kapele ea mebuso ea lefatše le hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ‘nkeloa’ ho ea kopana le Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoeleng ba neng ba tla tsosoa nakong ea ho ba teng ha Kreste. (2 Ba-Thessalonika 2:1) Empa ke mang ea ka ba beang molato ka ho se utloisise ka botlalo ka nako eo hore mosebetsi o moholo oa ho bokella o ne o tla etsahala pakeng tsa qaleho le bofelo ba phethahalo ea Daniele 2:44, kapa hore ho ‘nkoa’ ho boletsoeng ho 1 Ba-Thessalonika 4:15-17 ho bolela tsoho ea kapele ea batlotsuoa ba shoang kamor’a ho qala ha tsoho ea pele?—1 Ba-Korinthe 15:36, 42-44; Ba-Roma 6:3.
12. (a) Kreste o ne a lebelletse ho fumana “mohlanka” oa hae ea khabane a etsa’ng ha a fihla ho tla hlahloba ntlo ea hae, ’me o fumane mang a etsa joalo? (b) Sehlopha sa “mohlanka” ea khabane se tsoetse pele ho etsa’ng ho tloha ka nako eo?
12 Re utloisisa lintho tsena kajeno, re leboha leseli le eketsehileng le bonesitsoeng Lentsoeng la Molimo ka sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Liproverbia 4:18) Ka “mohlanka” eo, Jesu o boletse: “Ana ke mang mohlanka ea khabane, ea bohlale, eo Morena oa hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae ho ba nea lijo nakong ea teng? Ho lehlohonolo mohlanka eo morena oa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa joalo. Ka ’nete ke re ho lona: O tla ’mea moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela.” (Mattheu 24:45-47) Ha Morena Jesu ea beiloeng teroneng a hlahloba ntlo ea hae ka 1919, a fumana sehlopha sa Bakreste se kopanelang le makasine oa Molula-Qhooa ka botšepehi se loanela ho lula se ‘lebetse’ ka thuso ea ‘lijo tsa moea nakong ea teng.’ Ho tla fihlela kajeno, sehlopha seo sa “mohlanka” ka bokhabane se tsoetse pele ho fana ka lijo tsa moea ho etsa hore “bahlanka” ba Morena le metsoalle ea bona ba ‘iponele, ba falimehe.’—Mareka 13:33.
Phalimeho Kapa ho Otsela?
13. Ba hanyetsang Lipaki tsa Jehova ba lokela ho ipotsa lipotso life?
13 Ho bonolo hore likereke tsa khale tsa Bojakane le batho ba bang li nyatse Lipaki tsa Jehova hobane libuka tsa tsona, ka linako tse ling, li ile tsa bolela hore lintho tse itseng li ka ’na tsa etsahala ka nako e itseng. Empa na tsela e joalo ea ketso ha e lumellane le keletso ea Kreste ea ho ‘lebela’? (Mareka 13:37) Ka lehlakoreng le leng, na likereke tsa Bojakane li khothallelitse ho lebela ha Bokreste ka ho ruta hore ’Muso ke “ho busa ha Molimo lipelong tsa rōna”? Ho e-na le hoo, na ha lia khothalletsa ho otsela ha moea ka ho nahana hore tebello ea “bofelo” ha “e bolele letho” kapa ke “tšomo e sa hlokahaleng”? Na bakoenehi ba bolelang hore ‘mehla ea qetello’ e qalile ka Pentekonta le ho koahela Mehla ea Bokreste ba susumelitse phalimeho ea Bokreste? Ho e-na le hoo, na ha ba hlohlelletsa boroko ba moea?
14. Ke mehlala efe e teng ea bahlanka ba tšepahalang ba Jehova nakong e fetileng ba neng ba thahasella haholo ho bona merero ea Molimo e phethahatsoa?
14 Ke ’nete, litebello tse ling tseo ho neng ho bonahala li tšehetsoa ke ho lekanyetsa nako ha Bibele ha lia ka tsa bonahala ka nako e lebelletsoeng. Empa na hase ho ratehang haholo ho etsa liphoso ka lebaka la ho labalabela ho bona merero ea Molimo e phethahatsoa ho e-na le ho robala moeeng mabapi le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele? Na Moshe ha a ka a fosa nako ka lilemo tse 40 ha a leka ho nka bohato pele ho nako ho tlosa mahloriso a Iseraele? (Genese 15:13; Liketso 7:6, 17, 23, 25, 30, 34) Na baapostola ba Kreste ba ne ba sa thahasella haholo ho bona ’Muso o hlongoa, re se re sa bue ka ho hloka kutloisiso ha bona ho feletseng mabapi le hore na ’Muso e hlile ke eng? (Liketso 1:6; bapisa Luka 19:11; 24:21.) Na Bakreste ba tlotsitsoeng Thessalonika ba ne ba sa fele pelo ho bona ‘ho ba teng ha Jesu Kreste Morena’ oa rōna le “letsatsi la Jehova”?—2 Ba-Thessalonika 2:1, 2, NW.
15. Ke mehlala efe e bontšang hore ha ho hanane le Mangolo ho sebelisa tekanyo ea nako ho leka ho fumana hore na merero ea Molimo e ka ’na ea phethahala neng, ’me mohoo oa bahlanka ba bangata ba khabane ba Jehova ebile ofe, mehleng ea pele le kajeno?
15 Ha ho letho le hananang le Mangolo ka ho sebelisa tekanyo ea nako ka boiteko ba ho ithuta “nako e khethiloeng” bakeng sa ho phethahala ha merero ea Molimo. (Habakuke 2:3) Daniele o ile a bala hore na tšenyeho ea Jerusalema e ne e tla lokela ho fela neng. (Daniele 9:1, 2) Masala a Bajode ba khabane ba lekholong la pele la lilemo a ne a lebelletse ho tla ha Messia hobane a ne a balile bofelo ba nako bo theiloeng boprofeteng. (Daniele 9:25; Luka 3:15) Hamorao lekholong la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo Bakreste ba khona ho phela ba lebelletse puso ea ’Muso oa Molimo pele ho 1914 hobane ba ile ba bala hore na “mehla ea lichaba” e ne e tla fela neng. (Luka 21:24; Daniele 4:16, 17) Ka baka leo, ho ne ho utloahala hore na ke hobane’ng ha ho entsoe boiteko ba ho sebelisa lipontšo tse ling tsa nako ea Bibele ho leka ho fumana hore na ke neng tšepo e letetsoeng ka nako e telele e neng e tla phethahatsoa. Bahlanka ba khabane ba Jehova nakong e fetileng ba hoa: “Ho fihlela neng, Morena?”—Esaia 6:11; Pesaleme ea 74:10; 94:3.
Ke Hobane’ng re Lokela ho ‘Itokisa’?
16. (a) Na re lokela ho utloisisa hore Mareka 13:32 e bolela hore ha rea lokela ho thahasella hore na bofelo bo tla neng? (b) Ke “pontšo” efe e bonahalang, empa re sa letetse “pontšo” efe e ’ngoe?
16 Kaha Jesu o boletse ka ho hlaka hore ha ho motho ea ka tsebang “letsatsi leo” kapa “hora eo” Ntate a tla laela mora oa hae “ho tla” khahlanong le tsamaiso e khopo ea lintho ea Satane, ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Ke hobane’ng ha ho potlakile hakale ho phela ho lebelletsoe bofelo?’ Ho potlakile hobane ka nako e tšoanang, Jesu o phaelletse: “Iponeleng, le falimehe . . . Lebelang!” (Mareka 13:32-35) Pontšo ea parousia ea Jesu e ’nile ea bonahala ha e sa le ho tloha ka 1914. Hona joale re letetse “pontšo ea Mor’a motho,” ha a e-tla e le Moahloli oa Jehova.
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a laela Bakreste ba lekholo la pele la lilemo hore ba balehe Jerusalema hang ha ba bona pontšo ea timetso ea eona e haufi? (b) Ke hobane’ng ha e ka ba ho kotsi ho iphapanyetsa ho potlaka ha linako tsa rōna?
17 Ha Jesu a fa Bakreste ba Judea ba lekholong la pele la lilemo pontšo eo ka eona ba neng ba ka tseba hore nako e fihlile ea ho baleha Jerusalema, a hatella hore hoa hlokahala ho nka bohato kapele. (Luka 21:20-23) Ke hobane’ng ha ho ne ho potlakile hakale, kaha lilemo tse ka bang ’nè li fetile ho tloha ha pontšo e hlaha ka 66 C.E. le thipitlo ea sebele ea Jerusalema ka 70 C.E.? Hobane Jesu o tsebile hore haeba ba lieha, ba ne ba tla ’ne ba chechise ho baleha ha bona ’me qetellong ba tšoaroe ke makhotla a Roma.
18 Hoa tšoana le kajeno, e ne e tla ba ho kotsi haholo bakeng sa Bakreste ho iphapanyetsa ho potlaka ha mehla ea rōna le ho amohela boikutlo ba “ho itsamaela butle ntle ho morero o tobileng” bo bontšang ho belaela ka bohaufi ba bofelo.
19. Petrose le Jesu ba fane ka temoso efe?
19 Parousia, kapa ho ba teng ha Kreste hona joale ho se ho fetile lilemo tse 70, ’me “ho tla” ha hae “ka letsatsi la Morena” la ho ahlola lefatše la Satane ho atamela ka potlako. Moapostola Petrose o re letsatsi lena le “tla tla ka mokhoa oa lesholu,” ’me a phaella ka hore re lokela ‘ho lebella ’me re ntse re hopotse ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ (2 Petrose 3:10-12) Jesu o boetse o re lemositse: “Empa le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō. . . . Falimehang.”—Luka 21:34-36.
20. Re lokela ho leboha eng, hona tebello e nepahetseng ea Bokreste e tla re sireletsa joang?
20 Lipaki tsa Jehova li lokela ho thaba le ho leboha hakaakang hore e be li bolokiloe li falimehile moeeng ke sehlopha sa “mohlanka” ea khabane le ea falimehileng! Tebello e nepahetseng ea Bokreste e tla re sireletsa nakong ea ‘mehla ena e kotsi ea qetello’ ’me e tla re susumelletsa ho kopanela ka cheseho ho boleleng “evangeli ena ea ’muso.” Kahoo re tla be re thusa ba bang ho lebela ’me ba pholohele tsamaisong e ncha ea lintho moo ‘ho loka ho tla ikahela teng.’—2 Timothea 3:1-5; Mattheu 24:14; 2 Petrose 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka “Let Your Kingdom Come,” khaolo ea 14, le tlatsetso e hlophisitsoeng hantle ea khaolo eo qetellong ea buka ena.
Na U ka Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho hlokomoloha nako ho ea kamoo Bibele e balang linako?
◻ Mantsoe “ho ba teng” a tsoetse pele ho ba le moelelo ofe?
◻ Ke hobane’ng ha ho ntse ho loketse ho rapella ho tla ha ’Muso oa Molimo?
◻ U ka arabela ba nyatsang Lipaki tsa Jehova ka taba ea ho bala linako joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho iphapanyetsa ho potlaka ha mehla ea rōna?
[Lebokose le leqepheng la 18]
Lintho tseo Bakreste ba neng ba Lokela ho li Lebella
Bofelo ba “mehla ea lichaba.”—Luka 21:24.
“Pontšo” ea ho ba teng ha Kreste “le ea ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3–25:46.
Tsoho ea Bakreste ba tlotsitsoeng.—1 Ba-Thessalonika 4:13-17.
Khethollo e hlakileng ea sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale.”—Mattheu 24:45-47.
“Pontšo ea Mor’a motho,” ha a ‘e-tla’ ho tla liha kahlolo ea Jehova.—Mattheu 24:30.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
C. T. Russell le metsoalle ea hae ba lula ba lebetse