Ho Lehlohonolo ba Fumanoang ba Lebeletse!
“Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba falimehile [“lebeletse,” NW]!”—LUKA 12:37.
1. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova kamehla ba ’nile ba ‘mo lebella,’ empa ho ka botsoa potso efe ka likereke tsa Bojakane?
“JEHOVA ke Molimo oa kahlolo. Ho thaba bohle ba lulang ba mo lebelletse.” (Esaia 30:18, NW) Esale Jehova a phatlalatsa ho hlōloa ho tla qetella ho tletse noha le pholoho ka Peō e Tšepisitsoeng, bahlanka ba hae ba khabane ba phetse ba lebelletse ho phethahala ha tšepiso eo. (Genese 3:15) Empa na baruti ba thuto ea bolumeli ba Bojakane ba thusa litho tsa likereke tsa bona ho lula li lebeletse topollo eo ea ho qetela ho Satane le peō ea hae?
2. Ke hobane’ng ha “lichaba” li lokela ho lebella “Shilo”?
2 Boprofeteng ba hae a le liphateng tsa lefu, Jakobo a profeta hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla tla ka leloko la Juda. Ka ho rea Peō lebitso la tšoantšetso la Shilo, Jakobo o boletse hore “le lichaba li be li mo utloe.” Ho ea ka Septuagint Version ea Segerike, “lichaba li ne li tla lebella” Shilo. (Genese 49:10) “Lichaba” kaofela li lokela ho lebella Shilo hobane Jehova o boleletse ntate moholo oa Jakobo Abrahama hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Genese 22:18) Empa Peō eo, Shilo, kapa Messia, e ne e lokela ho tla pele lefatšeng har’a litloholo tsa Abrahama ’me e hlahe lelokong la Juda.
Masala a Lebeletseng a Bajode
3. Luka o bolela eng ka ho lebella ha batho ba Bajode ka 29 C.E., hona na pale e tšehetsa see?
3 Luka, rahistori oa Mojode o bolela hore “ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare [29 C.E.],” “sechaba se ne se lutse ka tebello, bohle ba hakanya ka lipelong tsa bona, ka ho re: Na mohlomong Johanne e ke se be ke eena Kreste [Seheberu Ma·shiʹach, Messia].” (Luka 3:1, 5) Na histori e tloaelehileng e tšehetsa polelo ea Luka? Phetolelo e ncha ea Senyesemane ea Emil Schürer History of the Jewish People in the Age of Jesus Christ e-ea botsa: “Na tšepo ee [tebello ea Messia] e ile ea lula e ntse e phela har’a batho?” Ha e arabela, e-ea bolela: “Makholong a ho qetela a lilemo pele ho Bokreste, ’me haholo-holo lekholong la pele la lilemo A.D., e boetse ea phela hape, joalokaha buka ea Bajode ea boprofeta ba bofelo, mengolo e fumanoeng tikolohong ea Leoatle le Shoeleng, Josephus le Melaetsa li bontša li sa tsila-tsile. . . . Lipono tsa buka ea Daniele . . . li sebelisitse tšusumetso e matla ho theoeng ha khopolo ea messia.”
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Bajode ba ne ba lebelletse Messia ka nako eo, ’me hoo ho tiisoa joang? (b) Bajode ba bangata ba ne ba lebelletse Messia oa mofuta ofe, empa ke mang eo Jehova a mo senoletseng ho tla ha Messia oa ’nete?
4 Ha moithuti e mong a hlalosa Mattheu 2:2, o ngotse: “Ka nako ena, ho ne ho le teng tebello e matla ea hore e mong ea nang le botho bo ikhethang o ne a le haufi le ho hlaha Judea. Bajode ba ne ba lebelletse ka matla ho bona ho tla ha Messia. Ka ho bala nako e boletsoeng ke Daniele (khaolo ix. 25-27), ba ne ba tseba hore nako ea ho hlaha ha Messia e lokela e be e haufi.” Ho ka boetse ha boleloa hore bo-rahistori ba Roma Suetonius le Tacitus, hammoho le bo-rahistori ba Bajode Josephus le Philo, ba bolela boemo bona ba tebello. Manuel Biblique ea Sefora, ea Bacuez le Vigouroux (Moqolo 3, leqephe 191), e tiisa sena, ’me e-ea bolela: “Batho ba ne ba tseba hore libeke tse mashome a supileng tsa lilemo tse beiloeng ke Daniele li haufi le ho fela; ha ho ea kileng a makala ha a utloa Johanne Mokolobetsi a phatlalatsa hore ’muso oa Molimo o se o atametse.”
5 Kahoo, ho na le bopaki ba histori ba hore Bajode ba ne ba lebelletse ho tla ha Messia, kapa Peō e Tšepisitsoeng, le hore tebello ena e ne e le ka ho lebela ha bona ho phethahala ha nako ea boprofeta.a (Daniele 9:24-27) Ke ’nete, Bajode ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba le mekheng ea Bojode e khelohileng e fapaneng ba ne ba tšepile Messia oa lipolotiki eo, joalokaha ho boletsoe ho The Concise Jewish Encyclopedia, “a neng a tla felisa lira tsa Iseraele ’me a hlome mehla e phethahetseng ea khotso le phetheho.” Empa masala a Bajode a khabane a ne a lebeletse ka hloko Messia oa ’nete. Har’a bana e ne e le Zakaria le Elizabetha, batsoali ba Johanne Mokolobetsi, hammoho le Simeone, Anna, Josefa le Maria. (Mattheu 1:18-21; Luka 1:5-17, 30, 31, 46, 54, 55; 2:25, 26, 36-38) Ke ho bana, e seng ho baeta-pele ba bolumeli ba Juda moo Jehova a tiisitseng seo boprofeta ba Daniele ba nako bo entseng hore ba khone ho se lebela, e leng, ho tla ha Peō e Tšepisitsoeng, kapa Messia, ha “nako li phethehile.”—Ba-Galata 4:4.
Ho Lebela ha Bokreste ba Pele
6. Bajode ba bacha ba ne ba hōlisoa joang, ’me hoo ho thusitse ba bang ho ba barutuoa ba Jesu joang?
6 Josefa le Maria ba tsebile hore ngoana Jesu eo ba neng ba mo hōlisa ka nako ea teng e ne e tla ba Messia. Ha e bua ka ho hōlisoa ha hae, The New Encyclopædia Britannica e-ea bolela: “Jesu e ka ’na eaba o hōletse boemong bo tšepahalang bo hlaoletsoeng ka lapeng le ka synagogeng (ho akarelletsa thuto ea Bibele, ho utloa Molao, thapelo, le tebello ea ho tla la ho qetela ha Messia).” Bacha ba bang ba hōlisitsoeng malapeng a masala a khabane a Bajode ba ile ba tšeloa ka tšepo ea Messia, ’me tebello ena e nepahetseng e ile ea etsa hore bonyane ba bang ba potlakele ho mamela pitso ea ho ba barutuoa ba Jesu.—Mareka 1:17-20; Johanne 1:35-37, 43, 49.
7. (a) Na Jesu o rutile hore ’Muso o kahare ho Mokreste ka mong? (b) Bakreste ba ne ba lokela ho lebella eng?
7 Ho ea bofelong ba tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba lule ba lebeletse ho tla ha hae ha kamoso le ho tla ha ’Muso oa hae. Britannica e-ea bolela: “Litšusumetso tsena tsa moetlo ka bofelo ba lefatše, Kahlolo ea ho Qetela, le lefatše le lecha la Molimo li ngata lipolelong tsa Jesu tse bolokiloeng neanong ea Molaetsa. Kahoo, ho hang Jesu ha a ka a fetola ’Muso oa Leholimo hore ke phihlelo ea bolumeli ea moea oa motho ka mong kapa hona ho nea Bajode maikutlo a ho lebella phetoho ea mohlolo maemong a liketsahalo tsa ho qetela tsa lefatše kapa hore ke pakane e fumanehang ka boiteko ba motho. . . . Ha a ka a kopanela kapa hona ho khothaletsa tšepo ea messia oa bosechaba . . . leha e le ho tšehetsa boiteko ba ma-Zealote ba ho potlakisa ho tla ha ’Muso oa Molimo.” Che, o ile a fa Bakreste pontšo e litšobotsi tse ngata eo ka eona ba neng ba ka hlokomela pele ho atamela ha thipitlo ea Jerusalema, ’me, hamorao haholo ba lemohe ‘pontšo ea hore o teng le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.’—Mattheu 24:3, NW, ho ea ho 25:46; Luka 21:20-22.
8. Ke’ng e bontšang hore Jesu ha a ka a lumela hore o ne a tla tla ’Musong oa hae kapele, joale ke keletso efe eo a e fileng balateli ba hae?
8 Batho ba nang le maikutlo a fapaneng ka lithuto tsa bolumeli esita le ba bang ba baruti ba thuto ea bolumeli ba Bojakane ba bolela hore Bakreste ba pele ba ne ba lumela hore parousia, kapa ho ba teng ha Kreste ho ne ho tšoanela ho hlaha mehleng ea bona. Ba bang ba bile ba hlahisa hore Jesu ka boeena o ne a lumela hore o ne a tla tla ’Musong oa hae haufi haholo. Empa litšoantšong tsa hae tsa litalenta le li-mina, Jesu o bontšitse hore e ne e tla ba feela “tšiu tse ngata ha li fetile” a neng a tla khutla ka matla a borena ’me a lokise litaba le bahlanka ba hae bao a ba neileng lintho tsa hae. (Mattheu 25:14, 19; Luka 19:11, 12, 15, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) ’Me boprofeteng ba hae ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea ho fela ha lefatše,’ o lumetse hore ha e le ka “letsatsi leo le hora eo” “esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši” hore na bofelo bo tla tla neng. A phaella: “Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona.”—Mattheu 24:3, 14, 36, 42.
9. Na moapostola Pauluse o fane ka maikutlo a hore o ne a nahana hore ho ba teng ha Kreste ho ne ho le haufi mehleng ea hae? Hlalosa.
9 Ha e le ka tumelo ea Bakreste ba pele ka bohaufi ba ho ba teng ha Kreste, buka ea litšupisob ea litsebi e-ea bolela: “Taba ea ho qeta hore Pauluse o ne a lebelletse parousia kapele ho 1 Ba-Thess. e hōle hampe le taba. Pelenyana ho 1 Ba-Thess. 5:10 Pauluse o lekantse hore a ka ’na a shoa. Taba ea hore o ne a ka shoa e ke ke ea lahloa ka hore ho 1 Ba-Thess. 4:15 le 17 ka ho bua ka ‘rōna’ o ne a ipea sebakeng se le seng le moloko oa ho qetela empa a sa nahane hore ke karolo ea oona.” Lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea, ka ho hlakileng Pauluse o boletse hore o ne a sa lebella ho amohela moputso oa hae ho fihlela “letsatsi lela,” letsatsi la ‘ho hlaha’ ha Kreste ka ’Muso oa hae, nakong eo A tlang ho “ahlola ba phelang le ba shoeleng.”—2 Timothea 4:1, 8.
10. Ho lebela ho nepahetseng ha Bokreste ho ipakile ho pholosa bophelo joang ho Bakreste ba Judea ba lekholong la pele la lilemo?
10 Ha ba ntse ba letetse ho ba teng ha Jesu Kreste le ho tla ha ’Muso oa hae, Bakreste ba ne ba tlameha ho lula ba lebetse. Ho falimeha ho nepahetseng ha Bokreste ho entse hore Bakreste ba Judea ba khone ho hlokomela pontšo eo Jesu a faneng ka eona ka ho atamela ha thipitlo ea Jerusalema. (Luka 21:20-24) Ha Cestius Gallus a futuhela Jerusalema ka 66 C.E., Bakreste ba falimehileng ba sebelisa monyetla oa ho ikhula ha hae ka tšohanyetso le ka ho ke keng ha hlalosoa ho tsoa motseng le libakeng tse potolohileng tsa Judea. Ho ea ka bo-rahistori ba kereke ea pele Hegesippus, Eusebius le Epiphanius, Bakreste ba Judea ba ile ba tšabela mose ho Jordane sebakeng se bitsoang Pella. Ho falimeha ha bona moeeng ha ba pholosa lefung kapa botlamuoeng ha makhotla a Roma a khutla ka 70 C.E. tlas’a Molaoli Tite ’me a timetsa Jerusalema. Bakreste baa ba ne ba thabile hakaakang hore e be ba ile ba lebela!
Tebello ea Bokreste Kamor’a 70 C.E.
11, 12. Boikutlo bo nepahetseng e ne e lokela ho ba bofe ka Bakreste kamor’a thipitlo ea Jerusalema ka 70 C.E., ’me hoo ho ne ho tla ba sireletsa joang?
11 Kaha ho ba teng ha Jesu ho ne ho lokela ho hlaha feela “tšiu tse ngata ha li fetile,” Bakreste ba ne ba lokela ho ba le boikutlo bofe bo nepahetseng kamor’a thipitlo ea Jerusalema ka 70 C.E. le ho theosa ka makholo a lilemo ho tla fihlela nakong ea bofelo? Na tebello ea Bokreste e ne e lokela ho tapisoa, “e hatsetsoe,” joalokaha e ile ea etsoa? Che! Mangolo a mararo a moapostola Johanne le Tšenolo, kapa tšenolo ea boprofeta, kaofela a ngotsoe kamor’a 70 C.E. Lengolong la hae la pele, Johanne o lemosa ka “bo-antikreste,” ’me o bolella Bakreste hore ba lule ba kopane le Kreste ha ba ntse ba letetse “ho tla” ha Hae le ho hlaha ha Hae. (1 Johanne 2:18, 28; 3:2) Kaofela mangolong a mararo, Johanne o lemosa ka bakoenehi. Ha e le ka Tšenolo, ho tloha qalong ho ea qetellong e sekametse ho tleng ha Kreste ka khanya ea ’Muso oa hae, polelo ea eona e tlang pele ho ea ho qetela e re: “Amen! Tlo, Morena Jesu!”—Tšenolo 22:20.
12 Bakreste ba ne ba lokela ho sekamela ho parousia. Ke hore, letsatsi le letsatsi ba tlameha ho phela ba lebelletse ho ‘ba teng’ ha Kreste. Ernst Benz, profesa ea histori ea kereke, o-oa ngola: “Ho ba khabane ba kereke ea pele, ho neng ho potlakile ke ‘tebello ea liketsahalo tsa nako ea ho qetela.’ Tabataba ea tumelo ea bona le tšepo ea bona e ne e le ho tla ha ’Muso oa Molimo.” Esita le haeba ’Muso o sa fihle nakong ea bophelo ba bona, boikutlo bona bo nepahetseng ba tebello bo ne bo tla sireletsa Bakreste ho otsela moeeng le ho itšunya-tšunyeng lefatšeng la Satane.—1 Johanne 2:15-17.
13, 14. Ke lintho life tse peli tse feteletseng tse bileng teng har’a Bakreste ba koenehileng lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E.?
13 Ke ’nete hore ha bokoenehi bo hlaha kamor’a lefu la baapostola, ba bang ba ile ba fumana maikutlo a fosahetseng mabapi le bohaufi ba ho tla ha Kreste ka ’Muso oa hae. Bukeng ea hae The Early Church and the World, C. J. Cadoux o-oa bolela: “Irenæus [oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.] le Hippolytus [oa bofelong ba lekholo la bobeli, le mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E.] ka bobeli ba ne ba nahana hore ba ka khona ho bala nako eo bofelo bo neng bo tla tla ka eona ka tekanyo e itseng e nepahetseng.” Ba bang, ka baka la ho bala nako ka ho fosahetseng, ba nahana hore lilemo tse 6 000 tsa pale ea motho li batla li felile le hore sekete sa bosupa sa puso ea Kreste se haufi. Koana, ba ne ba fositse. Empa bonyane ba ne ba lekile ho lula ba falimehile moeeng.
14 Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bangata ba koenehileng ba ile ba lahla kutloisiso eohle ea ho potlaka le tebello ea ’Muso. Theological Dictionary of the New Testament e-ea re tsebisa: “Ba susumelitsoe ke bohlale ba Plato le melao ea boitšoaro ea Bastoike, Basireletsi ba tumelo ea Bokreste [“bo-ntate” ba kereke ea lekholong la bobeli le mathoasong a lekholo la boraro] ba sebelisa hanyenyane moelelo oa ’Muso oa Molimo. Le hoja ba ne ba lebelletse liketsahalo tsa ho qetela, ho pupelitsoe ke khopolo ea phetheho ea Mokreste ka mong. . . . Maikutlo a Segerike a ho se shoe, bophelo bo sa feleng le tsebo ke tsa bohlokoa haholo ho feta maikutlo a Bibele [a ’muso oa Molimo]. . . . Hoa tšoana ka Origen [oa hoo e ka bang 185—hoo e ka bang ka 254 C.E.], . . . ho batla ho se sebaka ho hang bakeng sa molaetsa oa Bibele oa ’muso oa Molimo.”
15. Ha bokoenehi bo hlaha, likereke tse hlonngoeng li ile tsa ba le boikutlo bofe mabapi le ho ruta ka litebello tsa “Liketsahalo tsa ho Qetela”?
15 Mabakeng a mangata, boikutlo bona bo ne bo atile ka makholo a lilemo har’a likereke tse bitsoang ka hore ke tsa Bokreste. The Encyclopædia Britannica e-ea senola: “Ho tloha nakong ea ’musisi oa Moroma Constantine (ea shoeleng ka 337) ho hlokomela ha Bokreste lipolotiki ho ’nile ha utloisisoa e le tšepo e phethehileng ea ’Muso oa Kreste. Thuto ea bolumeli e amanang le liketsahalo tsa kamoso e tsoetse pele ho ba teng mekheng e khelohileng ea sekhukhu e hatelletsoeng.” “Nakong ea pele ho Phetohelo ea Kereke ea lekholo la bo16 la lilemo, lihlopha tse khelohileng . . . tsa qosa Kereke ea Roma ka ho eka ho atamela ha phethahatso ea tebello ea liketsahalo tsa nako ea ho qetela.”
‘Ho Lehlohonolo ba Fumanoang ba Lebetse’
16. Ho hlahile lihlopha life lekholong la bo19 la lilemo, ’me tse ling tsa tsona li ne li lumela eng?
16 Kaha “likereke tse khōlō tsa Bokreste” li ne li se li sa lebela ho tla ha Kreste le ho amohela ha hae matla a ’Muso, tebello e ne e tlohelletsoe likereke tse neng li talingoa e le “lihlopha tse khelohileng.” Lekholong la bo19 la lilemo, lihlopha tse joalo tse ’maloa tsa hlaha linaheng tseo Bibele le mekhoa ea ho ithuta eona e neng e fumaneha ho batho bohle. Likereke tse khōlō, tse neng li lahlile tebello efe kapa efe ea “Liketsahalo tsa ho Qetela,” tsa soma lihlopha tse joalo ka ho li bitsa “batho ba buang ka ho khutla ha Kreste” kapa “batho ba puso ea Kreste ea lilemo tse sekete,” hobane lihlopha tse joalo li ne li lebetse ho tla la bobeli ha Kreste ’me li lumela hore Kreste ka nako e loketseng o tla busa ka lilemo tse sekete. Bongata ba lihlopha tsena ba lebella Kreste ho khutlela lefatšeng ho tla hloma ’Muso oa hae oa lilemo tse sekete. Tse ling tsa tsona tsa bala ho khutla ha Kreste la bobeli ’me tsa bolela hore ho lokela ho etsahala ka 1835 (balateli ba Irving,” England), ka 1836 (ba Bengel, Jeremane), 1843 (ba Miller, ho la United States) le ka 1889 (sehlopha sa Mennonite, Russia).
17, 18. Likereke tse hlonngoeng tsa Bojakane tsa itšoara joang, empa Jesu o itse o tla talima eng ha a “fihla”?
17 Ka tlhaho, ‘likereke tsena tse khōlō tsa Bokreste’ tsa thaba ha boprofeta bona bo hlaha bo fosahetse. Ka sebele, Likereke tsa K’hatholike, “Orthodox” le tse khōlō tsa Boprostanta ha lia ka tsa etsa liphoso tse joalo. Hobane ho bona, tebello ea “Liketsahalo tsa ho Qetela” e ne ‘e lahluoe.’ Ke khale li khaolitse ho ‘lebela.’—Mareka 13:37.
18 Empa, Jesu o boleletse barutuoa ba hae: “Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba falimehile [“lebeletse,” NW]! . . . Mohlahlobi ke ofe ea khabane, ea bohlale, eo mong a hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae, ho ba nea lijo tsa bona ka nako e tšoanelang? Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlareng ha morena oa hae a e-tla a mo fumane a ntse a etsa joalo.”—Luka 12:37-43.
19, 20. (a) Ke sehlopha sefe se bonahetseng ka bo1870, ’me ke hobane’ng ha se ile sa ikarola lihlopheng tse ling? (b) Ke makasine ofe o bileng kofuto ea molao ea sehlopha see, hona makasine oo o thusitse palo e eketsehang ea Bakreste ba ’nete joang?
19 Har’a lihlopha tse bitsoang ka hore ke tse khelohileng tse lebetseng pontšo ea ho khutla ha Kreste karolong ea boraro ea ho qetela ea lekholo la bo19 la lilemo, e bile sehlopha sa thuto ea Bibele se neng se okameloa ke Charles Russell Pittsburgh, United States. Russell a ngola: “Ho tloha ka 1870 ho ea ho 1875 e ne e le nako ea khōlo e sa khaotseng mohaung le tsebong le leratong la Molimo le Lentsoe la oona. . . . Leha ho le joalo, ka nako eo re ne re mpa re fumana feela moralo o akaretsang oa seo Molimo o se rerileng, le ho lahla liphoso tse ngata tse khomaretsoeng ka nako e telele. . . . Ra ikutloa re hlomoha haholo ka batho ba nang le boikutlo bo fosahetseng ba buang ka ho khutla ha Kreste la Bobeli, ba neng ba lebelletse Kreste ka nama.”
20 Ka pele Russell le metsoalle ea hae ba utloisisa hore ho tla ha Kreste ho ke ke ha bonahala. Ba ikarola lihlopheng tse ling ’me, ka 1879, ba qala ho hatisa lijo tsa moea ho Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Ho phatlalatsoa ha eona ka selemo sa pele, makasine ena ea supa pele, ka ho tšehetsa ka Mangolo a utloahalang, selemong sa 1914 e le nako e tšoailoeng ka ho baloa ha linako ha Bibele. Kahoo, ha Kreste a e-ba teng a sa bonahale ho qala ka 1914, ha thaba Bakreste bana ha ba fumanoe ba lebeletse! Ka lilemo tse fetang lekholo, makasine ena, eo joale e bitsoang Molula-Qhooa—O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova, e thusitse palo e ntseng e eketseha ea Bakreste ba ’nete hore ba ‘iponele’ ’me ba “falimehe.” (Mareka 13:33) Hore na hona ho entsoe joang re tla nahana ka hona sehloohong se latelang.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso e feletseng ea boprofeta bona ba nako, bona “Let Your Kingdom Come,” maqephe 58-66.
b The New International Dictionary of New Testament Theology, Moqolo 2, leqephe 923.
Lipotso tse Seng Kae tsa Tlhahlobo
◻ Ke eng e pakang hore Bajode ba ile ba lebella Messia lekholong la pele la lilemo?
◻ Ho lebella ho thusitse Bakreste ba Judea joang?
◻ Bokoenehi bo bile le phello efe tebellong ea Bokreste?
◻ Kreste o ne a tla batla mohlanka oa mofuta ofe ha nako ea bofelo e ntse e atamela?
◻ Ke sehlopha sefe sa Bakreste se finyelletseng litlhoko tsee, ’me e le ka thuso ea makasine ofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Bahatisi ba makasine ona ba ’nile ba falimeha