Ho Bona “Pontšo” ka Kutloisiso
“Eare ha a ntse a lutse Thabeng ea Mehloare, barutuoa ba hae ba tla ho eena bointšing, ba re: ‘Ak’u re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng le pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?’”—MATTHEU 24:3, NW.
1. Ke hobane’ng ha liketsahalo tse sisinyang lefatše ho tloha ka 1914 li sa tla ka tsietsi, hona barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa eng?
LIKETSAHALO tse sisinyang lefatše ho tloha ka Ntoa ea Lefatše ea I ea 1914-18 ha lia tla ka tsietsi. Jesu Kreste o ile a li profeta makholo a 19 a lilemo a fetileng. O ne a boleletse barutuoa ba hae ka lintho tse ngata tse tšosang tse neng li tla tla, ’me ka lebaka leo ba mo botsa; ‘Re bolelle, lintho tsee li tla etsahala neng, hona pontšo ea ho ba teng ha hao e tla ba efe le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho?’—Mattheu 24:3, NW.
2. Ke hobane’ng ha baapostola ba ne ba rata ho tseba ho fetang ho neng ho tla etsahala pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.?
2 Baapostola bao ba ne ba batla ho tseba se fetang se neng se tla etsahala pakeng tsa nako eo le timetso ea Jerusalema. Jesu ha a ka a khutla a bonahala kapa a sa bonahale ketsahalong eo e bohloko. Hape, tsamaiso ea lintho e neng e le teng ho tloha ka Moroallo ha ea ka ea fela timetsong ea Jerusalema ka 70 C.E. Ka sebele, ‘pontšo ea ho ba teng ha [Jesu a sa bonahale] le ea ho fela ha lefatše’ e ne e lokela ho hlaha nako e telele kamorao ho lefu la baapostola ba hae lefatšeng.
3. (a) Ke’ng ho bontšang hore “Evangeli ena ea ’muso” ha ea ka ea boleloa ke malumeli a Bojakane nakong ea bokoenehi ba kamor’a baapostola? (b) Na ’Muso oa Molimo o tla hlōleha ha Machaba a Kopaneng a hlōleha?
3 Ka litšoantšo tsa boprofeta mabapi le ’Muso oa Molimo, Jesu o ne a boleletse baapostola ba hae ka borabele ba bolumeli bo neng bo tla etsahala kamor’a ho khutlela ha hae leholimong le kamor’a lefu la bona. Nakong eo eohle ea bokoenehi, na ho ne ho tla ba le mosebetsi leha e le ofe oa ho bolela “Evangeli ena ea ’muso” lefatšeng ka bophara? (Mattheu 24:14) Mosebetsi oo ha oa ka oa etsoa ke malumeli a Bojakane, kahobane morao-rao ka Tšitoe 1918 Lekhotla le Ipusang la Likereke tsa Kreste Amerika le ile la phahamisa ho beoa ha Selekane sa Lichaba ka nako eo e le “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe thoriso eo ea bolumeli, Selekane sa hlōleha ha ho qhoma Ntoa ea Lefatše ea II ka 1939. Empa, na ka ho hlōleha ha sona ’Muso oa ’nete oa Molimo o ile oa hlōleha? Che! ’Me hape o ke ke oa hlōleha ha mohlahlami oa Selekane, Machaba a Kopaneng, a hlōleha le eena haufinyana. Ho e-na le hoo, ’Muso oo oa Molimo o tla timetsa Machaba a Kopaneng, ho sa tsotellehe hore na ho ka ’na ha hlokahala mangeloi a makae a leholimo ho etsa sena!
4. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e ne e lokela ho ba karolo ea “pontšo”?
4 Tsohle tse fetileng li thusa hore ho be le kutloisiso e chorileng ea ntlha ena ea bohlokoa: Ke ka karabelo kōpong ea “pontšo” moo Jesu a ileng a bolella balateli ba hae: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Hona ho bolela hore ho boleloa ho joalo ha ’muso lefatšeng ka bophara e ne e tla ba karolo ea “pontšo” e nang le likarolo tse ngata tse nyalanang e neng e tla tšoaea “ho fela ha lefatše.” E ne e tla boetse e e-ba bopaki bo bonahalang ba “ho ba teng” ha Jesu Kreste a sa bonahale. Mokhoa oo Jesu a thathamisitseng liketsahalo pele ho boprofeta ba hae ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa hlokomeleha. Karolo e ’ngoe ea mantsoe a hae ke ena:
5. Litšobotsi tse ling tsa “pontšo” tseo Jesu a li boletseng pele a profeta ho bolela ka ’Muso lefatšeng ka bophara ke life?
5 “Le tla utloa lintoa le melumo ea lintoa; le mpe le bone hore le se ke la tšoha; tseo tsohle e ka khona li etsahale, empa le moo ha e e-so ho be bona bofelo. Hobane sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata. . . . ’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo. Empa ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 24:6-13.
6. Ke hobane’ng ha litšobotsi tsa “pontšo” e se letoto le tsoelang pele la lintho tsa pele?
6 Ke ’nete ho ’nile ha e-ba le lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le mafu a akaretsang ho theosa le makholo oohle a lilemo a Mehla e Tloaelehileng ea rōna ho tla fihlela ka 1914. (Luka 21:11) Leha ho le joalo, ha ho letho le ka bapisoang le se etsahetseng ho tloha ha ho fela Mehla ea Lichaba ka selemo seo sa liketsahalo. Ntoa ea machaba e ileng ea susumelletsoa ka ho makatsang lehlabuleng la 1914 ea holela lebotho la sesole moo qetellong lichaba tse 28 li ileng tsa nka karolo. Hammoho le tsieleho eo ha e-ba le litšisinyeho tsa lefatše tsa tlhaho. Ho ne ho le teng khaello ea lijo, kapa tlala, ’me selemong sa ho qetela sa ntoa eo ea lefatše ha hlaha lefu la seoa le kang lesholu le bitsoang mokakallane oa Spain le ileng la bolaea batho ba fetang 20 000 000. Hona hohle e ne e se liketsahalo tseo e leng letoto le ntšetsang pele lintho tse etsahetseng pele. E ne e le qalo ea letoto la liketsahalo tse etsang “pontšo” ea hore tsamaiso ena ea lintho e ‘nakong ea eona ea bofelo’ e profetiloeng. (Daniele 12:4) Buka ea ho qetela ea Bibele—Tšenolo—e tiisa sena.
7. Ke hobane’ng ha buka ea Tšenolo e ngotsoe, hona lintho tse ngata tse ka hare ho eona tse ’hlahisitsoeng . . . ka lipontšo’ li ne li tla bolela’ng?
7 Moapostola Johanne, ea amohetseng Tšenolo, o ile a laeloa ho e ngola fatše ka morero o khethehileng. Morero ofe? Ona: “Ho tsebisa bahlanka ba [Molimo] litaba tse tšoanelehang ho hlaha kapele.” ’Me qetellong ea Tšenolo Morena Jesu Kreste o re: “E, ke tla kapele.” Ho seo, Johanne oa arabela: “Amen! Tlo, Morena Jesu!” Kahoo lintho tse ngata tse ‘hlahisitsoeng . . . ka lipontšo’ joalo, ha li hlaha paleng, li ne li tla bolela hore re phela “nakong ea bofelo” ea tsamaiso ena ea lintho. (Tšenolo 1:1; 22:20) E, li ne li tla re thusa ho bona ka kutloisiso “pontšo” e nang le likarolo tse ngata tse nyalanang.
8. Mopalami oa “pere e tšoeu” ke mang, hona Molimo o ile oa mo fa matla a ho ea loantša lira tsa hae neng?
8 Ho Tšenolo khaolo ea 6 ho hlaha tlaleho ea se ’nileng sa bitsoa hore ke ho palama ha “banna ba bane ba lipere tsa Tšenolo.” Ea hlahang pele ke mopalami oa “pere e tšoeu,” Jesu Kreste ea tlotsitsoeng, a tsoa ho ea loantša lira tsa hae. Molimo o mo laetse ho etsa hona bofelong ba Mehla ea Lichaba, ha lira tsa Jesu leholimong le lefatšeng li ne li lokela e be li ikokobelelitse puso ea hae.—Pesaleme ea 2:1-12.
9. Ke’ng se tšoantšetsoang ke mopalami oa (a) “pere e khunong”? (b) “pere e ntšo”? (c) “pere e tšehla”?
9 Mopalami oa pere ea bobeli e “khunong” o ne a tšoantšetsa ntoa ea machaba, hobane o ne a filoe sebetsa sa sesole, “lerumo le leholo.” Pereng ea boraro, “pere e ntšo,” e ne e le mopalami ea tšoantšetsang tlala. Hoo re ho tseba joang? Hobane o nkile sekala seo a tlang ho lekanya ho abjoa ha lijo tsa bohlokoa ka litheko tse phahamisitsoeng. Mopalami oa bone, a kaletse “pere e tšehla,” e kang e-ea kula, o tšoantšetsa mafu a seoa, hobane tlaleho e re: “’Me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke nģalo ea bafu [lebitla].” Ke ’nete, mopalami enoa oa bone o ne a filoe matla a “ho bolaea batho ka lerumo” la ntoa “le ka tlala . . . le ka libatana tsa naha.” Ka ho hlokomelehang o ne a boetse a filoe matla a ho kenya batho lebitleng (Hades) ka “seoa se bolaeang.”—Tšenolo 6:1-8, NW.
10. Ho ne ho lokela ho hlaha eng kamor’a ho manolloa ha tiiso ea bohlano le ea botšelela, hona baahi ba lefatše ba ne ba tla lokela ho lumela eng?
10 Hoba moapostola Johanne a bone lipono tseno tsa litšobotsi tse neng li tla tšoaea “ho fela ha lefatše,” a bona ho manolloa ha tiiso ea bohlano le ea botšelela tsa boprofeta. Lekhatheng leo, a bona pono ea ntho e tšosang ea tlhaho, ho qala ka “tšisinyeho e kholo ea lefatše.” Qetellong, baahi ba lefatše ba tlameha ho lumela: ‘Letsatsi le leholo la khalefo [ea Jehova Molimo le Jesu Kreste] le chabile.’ Qetello ea letsatsi leo la tšoantšetso la khalefo e ne e tla bolela hore joale bofelo bo tlile holim’a batšehetsi ba lefatše lena.—Tšenolo 6:9-17.
Ho Bokella Ba Tšoanelehang Bakeng sa Pholoho
11. Jesu o ile a sebelisa papiso efe ho bontša bonnete ba seo a se profetileng mabapi le “ho ba teng” ha hae le “ho fela ha lefatše”?
11 Ha Jesu a fana ka “pontšo” ea ho ‘ba teng ha hae le ea ho fela ha lefatše,’ o itse: “Ithuteng ho lekanya litaba ka sefate sa feiga. Lekala la sona ha le se le le bonolo, ’me le se le hlahisa mahlaku, le tseba ka hoo hobane lehlabula le haufi. Le lōna, etlare ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba Mor’a motho o haufi, o monyako. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale. Leholimo le lefatše li tla feta, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa feta.”—Mattheu 24:32-35.
12, 13. (a) Tsietsi ea sechaba sa Bajode ka 70 C.E. ha e-ea ka ea bolela eng? (b) Koluoa eo e ne e le tšoantšetso ea boprofeta ba eng? (c) Kahoo, Jesu o ile a tsoela pele ho profeta eng ka ho tla ha hae?
12 Ha Baroma ba timetsa Jerusalema le tempele ea eona ka 70 C.E., feela joalokaha Jesu a ne a profetile, mahlomola ana a tšabehang holim’a Bajode ha a ka a tšoaea hore o se a tlile la bobeli le hore ho ba teng ha hae a sa bonahale ho se ho qalile. (Mattheu 24:15-21) Kaha Bibele e sebelisa Jerusalema oa boholo-holo e le tšoantšetso, koluoa eno e tšosang ea 70 C.E. ka sebele e ne e le tšoantšetso ea boprofeta. Ka tekanyo e nyenyane e ne e tšoantšetsa se neng se tla etsahala ka tekanyo ea lefatše ha Mehla ea Lichaba e fela ka 1914 le kamor’a hore Jesu Kreste a qale ho ba teng a sa bonahale. Ke ka lebaka leo Jesu a phaelletseng:
13 “Hang-hang kamor’a mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, khoeli e tla hloka leseli, linaleli li tla oa leholimong, ’me tse matla tsa leholimo li tla sisinyeha. Mohlang oo, pontšo ea Mor’a motho e tla hlaha leholimong; ke moo lichaba tsohle tsa lefatše li tla iteta lifuba, ’me li tla bona Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, ka matla a maholo le ka khanya e kholo. O tla roma mangeloi a hae a letsang literompeta tse molumo o moholo, hore a bokelle bakhethoa ba hae meeeng e mene, ho qala pheletsong e ’ngoe ea maholimo ho isa ho e ’ngoe.”—Mattheu 24:29-31.
14. Ke selekane sefe le sehlabelo sefe tseo ho buuoang ka tsona ho Pesaleme ea 50:5?
14 Ho bokelloa ho profetiloeng ha “bakhethoa” bana bofelong ba tsamaiso ena ea lintho ke ka phethahatso ea taelo ea Molimo: “Mpokelleleng baratuoa ba ka, e leng bohle ba entseng selekane le ’na ka sehlabelo.” (Pesaleme ea 50:5) Kaha Jehova o se bitsa “selekane le ’na,” e ne e ke ke ea e-ba boineelo boo motho ka mong a bo etsang ho Molimo ka ho ba Mokreste le boo a neng a ka bo tiisa ka ho iketsa sehlabelo. Che, selekane sena se entsoeng pakeng tsa Jehova le “baratuoa” ke “selekane se secha” seo Molimo o se tšepisitseng ntlo ea Iseraele ea moea. Sehlabelo seo selekane seno se secha se theiloeng ho sona ke sehlabelo sa topollo sa “Mor’a motho,” Jesu Kreste.—Jeremia 31:31-34; Mattheu 24:30.
15. “Baratuoa” ke bo-mang, ’me hona joale ba sebeletsa e le eng lefatšeng?
15 “Baratuoa” ba nketsoeng selekaneng se secha ba etsoa Baiseraele ba moea. (Luka 22:19, 20) Molimo o batla hore ho bokella ho etsahale e le hore o ka hlahloba ba bokelletsoeng, o amohele ba tšepahalang ’me o lahle ba sa pheleleng ho ipolela ha bona ka hore ba selekaneng sa oona, selekane se secha. (Pesaleme ea 50:16) Ho tloha ka Ntoa ea Lefatše ea I, bopaki ke hore Bojakane, bo ipolelang hore bo selekaneng se secha, ha boa ipaka bo amoheleha ho Jehova Molimo. Ho fapana le moo hōle, ho ema masala a fokolang a barutuoa ba inehetseng ka ’nete le ho kolobetsoa ba ’Muelli oa selekane se secha, Jesu Kreste. Ba ipakile e le Baiseraele ba moea. Balateli bana ba tšepahalang selekaneng se secha ke “bakhethoa” bao Mora oa motho a ipokellelang bona ka mangeloi a hae. Ba phetha litlamo tsa selekane se secha, “selekane le ’na,” joalokaha Molimo o se bitsa. Ka baka la mafolo-folo a bona ho tšehetseng ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste, ba fetohile ‘pontšo’ lefatšeng lohle.—Esaia 8:18; Ba-Heberu 2:13, 14.
16. (a) Ho tsoha ha moea ho bile neng bakeng sa masala a “baratuoa”? (b) Setšoantšong sa baroetsana ba leshome, monyali ke mang, ’me ke bomang ba etsang monyaluoa oa hae oa tšoantšetso?
16 Masala ao a “baratuoa,” a ne a tlameha ho tsoha moeeng qalehong ea “ho fela ha lefatše.” Tšobotsi ena ebile e totobetseng ea “pontšo” eo Jesu a faneng ka eona boprofeteng ba hae bo boholo. Ho masala, nako ea ho tsoha hoo e ne e le ea thabo e khōlō, thabo e kang ea baroetsana bane ba bahlano ba bohlale ba ileng ba tsosoa ke mohoo nakong ea bosiu bo boholo: “Bonang, monyali ke eo; tsoang, le mo khahlanyetse.” (Mattheu 25:1-6) Ho tsoha hoo ho thabisang ho etsahetse ka lehlabula selemong sa 1919, ha masala a tlotsitsoeng a qala ho hlaphoheloa liphellong tsa ho hlōrisoa lefatšeng ka bophara le tšitiso eo ba bileng le eona nakong e lefifi ea Ntoa ea Lefatše ea I. Monyali oa setšoantšo sa baroetsana ba leshome ke Jesu Kreste, ’me monyaluoa oa hae oa tšoantšetso ke phutheho e tšepahalang ea hae ea litho tse 144 000 tse lokelang ho ba le eena ’Musong oa leholimo. (Tšenolo 14:1-4) Tekanyo ea nako ea Bibele le lintho tse lumellanang le eona tsa kajeno li bontša hore Monyali oa Morena o tlile tempeleng ea moea ka lehlabula selemong sa 1918. Joale a qala ho tsosa bafung litho tse khabane tsa monyaluoa oa moea le ho li kopanya le eena ’Musong oa leholimo. Joaloka polelo ea masala a monyaluoa, a tšoantšetsoang ke baroetsana ba bohlale, Tšenolo 19:7 e-ea bolela: “A re thabeng, re nyakalle, ’me re ise khanya ho oona; hobane lenyalo la Konyana le hlahile, ’me mosali oa eona o itokisitse.”
17. (a) Ke hobane’ng ha sehlopha sa ‘baroetsana ba bohlale’ se ka thaba? (b) Baroetsana ba bohlale ba ile ba tla le eng, ’me kahoo ba ne ba ka etsa eng?
17 E, nako ea ho tsoha ha moea ea sehlopha sa ‘baroetsana ba bohlale’ le ho utloisisa ha bona se boleloang ke “pontšo” e qalileng ho hlaha ka 1914 e ne e le nako ea ho thaba ho hoholo. Joale mantsoe a neng a sebetsa ho bona ke ana: “Ho lehlohonolo ba bilelitsoeng mokete oa lenyalo la Konyana!” (Tšenolo 19:9) Setšoantšong sa Jesu, baroetsana ba bahlano ba bohlale ba ile ba tla le oli e eketsehileng e le hore ba bonese mabone a bona le ho kopanela mokolokong o thabileng oa lenyalo ka mabone a bonesitsoeng. Ha Monyali a fihla, “ba itokisitseng ba kena le eena bohaling, ’me ha koaloa monyako.”—Mattheu 25:1-10.
18. (a) Kamor’a Ntoa ea Lefatše ea I, masala a tlotsitsoeng a ne a ntse a e-na le leseli le lekaneng la Lentsoe la Molimo le moea o halalelang oa Molimo ka hare ho oona tse neng li ba thusa ho etsa eng? (b) Ho ile ha phatlalatsoa eng kopanong ea oona ea pele kamor’a ntoa?
18 Ke ’nete ho ea ka setšoantšo sa baroetsana ba bahlano ba bohlale, masala a tlotsitsoeng a ile a tsoela pele ho fana ka kamohelo e khanyang le e mofuthu ho Monyali oa leholimo, eo nako ea lenyalo la hae phuthehong e kang monyaluoa e neng e fihlile. Kamor’a liphihlelo tsa oona tse neng li ferekanya moeeng nakong ea Ntoa ea Lefatše ea I, a ne a ntse a e-na le leseli le lekaneng la Lentsoe la Molimo le moea oa oona o halalelang oa Molimo ka har’a oona e le ‘lipitsa tsa letsopa’ ho ba thusa ho phelisa mosebetsi oa oona oa ho khantšetsa batho mabapi le ’Muso oa Molimo ka Morena oa oona oa Monyali. (2 Ba-Korinthe 4:7) Ka baka leo, ka la 1-8 Loetse, 1919, sehlopha sa ‘baroetsana ba bohlale’ sa tšoara kopano ea sona ea pele ea machaba Cedar Point, Ohio. Moo ha boleloa ka morero oa ho hatisa makasine e ncha ntle ho Molula-Qhooa. Koranta ena e ncha e ne e tla bitsoa The Golden Age, lebitso le hlalosang mofuta oa mehla e tsosolositsoeng eo motho a tlang ho e thabela nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Monyali Jesu Kreste. Makasine eo e ntse e hatisoa, hona joale tlas’a lebitso Tsoha!
19. (a) Sehlopha sa ‘baroetsana ba bohlale’ e bile tšobotsi e totobetseng joang ea “pontšo” ea “ho ba teng” ha Jesu? (b) Hona joale ke bo-mang ba thabileng holim’a lefatše?
19 Hang kamor’a kopano eo, makasine oa pele oa The Golden Age—oa October 1, 1919—oa lokolloa. Ka koranta eo le libuka tse ling tsa Watch Tower Bible and Tract Society, ‘sehlopha sa baroetsana’ se tšepahalang sa qalisa ka mofuthu o mocha thōmong ea sona ea ho khanyetsa lefatše. Sa qala mosebetsi oa kamor’a ntoa oa ‘ho bolela Evangeli ena ea ’muso e tle e be bopaki ho lichaba tsohle’ pele bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo e-tla. (Mattheu 24:14) Ka tsela ena masala a tlotsitsoeng, sehlopha sa ‘baroetsana ba bohlale,’ e bile tšobotsi e totobetseng ea “pontšo” e nang le likarolo tse ngata tse nyalanang e tšoaeang “ho ba teng” ha Jesu a sa bonahale e le Morena ea filoeng matla le ea “ho fela ha lefatše.” Mosebetsi oo o beang leseling ke bopaki bo bong bo matla ba hore ‘nako ea bofelo’ e qalile qetellong ea Mehla ea Lichaba ka 1914. Ho thabile bohle bao ka kutloisiso ba bonang tšobotsi ena e profetiloeng ea “pontšo” ka bohlokoa bohle ba eona!
U ne U tla Arabela Joang?
◻ Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ke tšobotsi ea eng?
◻ Ke bo-mang kapa ke eng e tšoantšetsoang ke bapalami ba pere e tšoeu; e khunong; e ntšo le e tšehla?
◻ Tsietsi ea sechaba sa Bajode ea 70 C.E. e ne e le tšoantšetso ea boprofeta ea eng?
◻ Ke bo-mang ba etsang sehlopha sa ‘baroetsana ba bohlale,’ hona ke hobane’ng ha se ka thaba?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
‘Re bolelle, pontšo ea ho ba teng ha hao e tla ba efe?’