Ba Bolaetsoe Tumelo ea Bona!
ENE E le mesong ea Sontaha. Mokhopi oa batho ba ka bang 500 oa kopela ntlo hare motseng oa Pangi, seterekeng sa Kivu, Zaire. Bakreste ba ithobaletseng ka khotso lapeng ba tsosoa hampe ke lerata la batho le ho otloa ho hoholo ha lemati. Phello? Banna ba supileng ba Bakreste ba huleloa kantle, ba otloa ntle ho mohau ’me ba qobelloa ho macha lik’hilomithara tse supileng ho ea motseng oa Kilungulungu har’a moru.
Mono banna bana ba Bakreste ba ratang khotso ba khaoloa liqoqotho ’me e mong a khabeloa. Litopo tsa bona tsa patoa har’a nōka kamor’a hore e thijoe ho etsoe letamo bakeng sa ketsahalo ena. Hamorao letamo la buleloa, ’me nōka ea phalla holim’a lebitla la bona, ho se mohlala o salang oa ketsahalo ena e tšabehang!
Ke Hobane’ng ha ho Bolaoa Batho ba se Nang Molato ka Sehlōhō Tjee?
Polao ena e sehlōhō ea Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang e ne e le tlhoro ea leqhubu la mahloriso a qalileng ka 1978 karolong eohle ea sebaka sa Kivu se busoang ke morabe oa Rega. Ke hobane’ng ha ho ile ha etsahala polao e sehlōhō tjee? Hobane Lipaki tsa Jehova li hana ho sebelisana le “Kimbilikiti.” Baeta-pele ba bolumeli bona ba ho rapela balimo ba Waregas ba lumela hore Lipaki li kotsi haholo bakeng sa boleng ba morabe oa bona kaofela ’me kahoo li tlameha ho felisoa.
Ho tloha ka 1978 ho ea ho 1983, Liholo tsa ’Muso tse ’maloa tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa chesoa ke litho tse chesehang ka ho feteletseng tsa borapeli bona. Tsa tšosa Lipaki tse ngata, tsa li leleka malapeng a tsona, ’me tsa inkela thepa ea tsona. Hangata ho ne ho etsoa boiteko ba ho felisa Lipaki ka mekhoa ea boloi le ho betsoa. Kaha ha ho le e ’ngoe ea liteko tsena e ileng ea atleha, bahlorisi ba retelehela polaong ea bongata ka sehlōhō.—Bapisa Numere 23:23.
Ketsahalo e Sisimosang
Leha ho le joalo, a re ke re nyakureleng liketsahalo tsena tse tšabehang tsa Sontaha sa la 14 Phato, 1983. Ha re sheba 1983 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, temana le tlhaloso ea letsatsi leo li ne li loketse hakaakang! Letsatsi pele ho bolaoa banna ba tšepahalang ba supileng ba Bakreste, boholo ba litho tsa phutheho e nyenyane ea Lipaki tsa Jehova Pangi bo ne bo tlile sebokeng sa tsona sa kamehla sa Moqebelo bo e-tsoa metseng e potolohileng. Kaofela tsa robaletsa e le hore li ka ba haufi bakeng sa seboka sa tsona sa borapeli ka Sontaha hoseng. Batho ba supileng ba robaletsa ha Kalumba Malumalu, mosebeletsi oa nako e tletseng e bile e le molebeli ea okamelang oa phutheho. Kaofela ba e-ba 11, ho akarelletsa Moena Malumalu, mosali oa hae, le bana ba bona ba babeli ba banyenyane. Ba bang ba bahlano ba robaletsa ha Moena Kikuni Mutege.
Kamor’a seboka sa Moqebelo, Lipaki tsa natefeloa ke mantsiboea li orile mollo, li bina lipina tsa ’Muso le ho bolellana liphihlelo. Tsa hlokomela lihlotšoana tsa batho tse ntseng li feta ka mokhoa o sa tloaelehang, kaofela li leba ka tsela ea motse o bohōle ba lik’hilomithara tse peli ho tloha Pangi. Lipaki li ne li tla tseba joang hore ho bokellana ha lira tsa tsona ho ne ho tla bolela eng?
Ho e ka bang ka hora ea bohlano hoseng ka le hlahlamang ntlo ea molebeli ea okamelang ea likaliketsoa ke bongata bo etelletsoeng pele ke Morena oa Sehlopha Mulamba Musembe. Ba re Baena Kampema Amuri le Waseka Tabu, ba ba felehetse ho ea ho morena oa sechaba (Katunda Banangozi) e le hore ba ka etsa “Salongo” (mosebetsi o tlamang oa sebaka oa ho lokisoa ha litsela, marokho, le tse joalo). Ka bonolo Moena Kampema a hlalosa hore tokisetso e se e entsoe le Morena Katunda ea ho etsa mosebetsi ka letsatsi le hlahlamang. Empa Morena oa Sehlopha a ikhethela ho talima karabelo ena e le tlontlollo ’me a laela hore Moena Kampema a shapuoe. Hona ha lateloa ke taelo ea hore ho shapuoe le baena ba bang.
Lekhatheng leo mokhopi oa hlokomela hore “moruti” Kalumba Malumalu (molebeli oa okamelang) o khutletse ka tlung ea hae. Kahoo kaofela ba suthumetsa ntlo ho fihlela ba heletsa lebota le leng. Ha hoo ho etsahala, ba bang ba potlakela kahare ho ea batla Moena Malumalu. Leheshe-hesheng leo, bo-khaitseli ba khahlapetsoa, empa bona le bana ba bona ba khona ho balehela ho mookameli oa sepolesa oa sebaka seo bakeng sa tšireletso.
Ka nako eo, baena ba babeli ba fihletseng ntlong e ’ngoe ba khona ho pholoha. E mong oa bona (Hemedi Mwingilu) a ipata ka lerakong la ntlo e-s’o fele ’me a bona ketsahalo ena. Moena e mong (Lulima Kazalwa) a balehela morung.
Qetellong, baena ba supileng ba tšoaroa, ba otloa, ’me ba khannoa ba tlamiloe matsoho. Ba ne ba rohakuoa le ho otloa ke ba ba tšoereng ha ba le leetong le eang morung o haufi le Kilungulungu, o bohōle ba lik’hilomethara tse hlano. Le hoja baena ba ne ba se ba sa hlaphoheloa kelellong ha ba fihla moo, ba ne ba ikemiselitse ho se sekisetse tumelong ea bona—leha ka ho totobetseng ba ne ba tjametsoe ke lefu. Ba shoa ka sebete le ka hlompho, joalokaha ho entse Bakreste ba bang ba bangata ba tšepahalang ba mehleng ea boholo-holo le mehleng ea kajeno.—Mattheu 24:9; Tšenolo 2:10.
Moena e mong, Amisi Milende, o ile a bolaoa nakoana kamor’a moo. O ne a le leetong ho ea Kama, empa banna ba neng ba rometsoe moo ba mo tšoara ’me ba mo tlisa Binyangi a tlamiloe (lik’hilomethara tse 15 ho tloha Pangi) ho ea hlaha ka pel’a Kibonge Kimpili, morena e mong oa Sehlopha. Ha Paki ena e chesehang e ntse e emetse ho fihla ha Morena, ea khothatsa motsoala eona moeeng ’me ea bolella bahlorisi ba eona hore le hoja e le haufi le ho shoa, e tla emela feela hore Jehova Molimo a e tsosetse lefatšeng lena leo e tlang ho ba paradeise. Mohlankana enoa ea tšepahalang a bolaoa ke banna ba ’maloa. Rangoane oa hae o ne a kenelletse ho sena; o ne a khopehile haholo-holo hobane bara ba hae ba babeli e bile Lipaki tsa Jehova ka thuso ea Moena Milende. Ha e le hantle, bara bana ba babeli, Malala Ramazani le Akilimali Walugaba, ba ne ba le har’a Lipaki tse ling tse supileng tse bolailoeng!
Ho Thoe’ng ka Baphonyohi?
Liketsahalo tsena tse tšabaheng tsa fella ka ho bolaoa ha banna ba robeli ba siileng bahlolohali le likhutsana. Baphonyohi le Lipaki tse ling tsa moo le batho ba khahlehang ba hla ba hlouoa ho feta. Kahoo qetellong ba balehela Kindu, toropong e khōlō e haufi, ’me ba hlokomeloa ke litho tsa liphutheho tse tharo tsa Lipaki tsa Jehova moo. Ofisi ea lekala ea Watch Tower Society e Kinshasa le eona ea thusa ba bang ba shoetsoeng ka ho ba romela liphahlo, likobo le chelete. Thuso ena e lerato e ile ea ananeloa haholo ’me ea fella ka bopaki bo botle ho litho tsa malapa tse sa lumelang le ho bashebelli ba bang. (Johanne 13:34, 35; Jakobo 1:27) Ba boholong ’musong le bona ba kena lipakeng. Bahlohlelletsi ba tšoaroa ’me ba qosoa.
Liketsahalo tsena tse tšosang li phahamisa lipotso tse ngata. Kimbilikiti ke bolumeli ba mofuta ofe? Ke litumelo le mekhoa ea mofuta ofe tse ka hlahisang tlhōriso ea mofuta o tjee? Hona ke hobane’ng ha e le Lipaki tsa Jehova feela e seng bolumeli bo bong tse hloiloeng hakaale?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Motse oa Pangi
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Tsela e eang setšeng sa polao