Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 3/1 maq. 5-7
  • Ho Pepesa Sephiri sa Kimbilikiti

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Pepesa Sephiri sa Kimbilikiti
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsoa ha Sephiri
  • Koma ea Litšebeletso tsa Lebollo
  • Ba Hlorisetsoa ho Bua ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Babolai Baa Ahloloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • ’Nete le Tumelo Lia Hlōla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ba Bolaetsoe Tumelo ea Bona!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 3/1 maq. 5-7

Ho Pepesa Sephiri sa Kimbilikiti

KIMBILIKITI ke bolumeli ba balimo ba morabe oa Rega seterekeng sa Kivu, se Zaire ka bochabela bo hare. Banna ba Rega ba tsoma merung e teteaneng, basali ba tšoasa lihlapi linōkeng, ’me malapa a lema masimo. Empa ka ho feletseng bophelo ba bona bohle bo busoa ke Kimbilikiti, moea o moholo oa morabe oo ba tlamehang ho o utloa ka ho feletseng. ’Me ba tlameha ho boulela makunutu oohle a amanang le ho inehela ho oona, hobane kahlolo e potlakileng ea ho pepesa le leng la makunutu ana ke lefu. Ha e le hantle, ho ipelaetsa hofe kapa hofe ka lefu la setho sa lelapa matsohong a Kimbilikiti ho fella ka ho bolaoa ha kapele.

Bolumeli boo bo matla bo qalile joang? Ho fumana karabelo, re tlameha ho sheba morao.

Ho Etsoa ha Sephiri

Ho ea ka litšomo, morao haholo paleng ea morabe ona, monna e mong o ne a e-na le bara ba bararo. Katima Rega, e ne e le letsibolo, a le mokhutšoaane a le mobe, hoo a ileng a hlōleha ho nyala. Leha ho le joalo, kelellong o ne a elile haholo ’me a e-na le khopolo e hloahloa haholo. E ne e le monyollo. Hore a je a sa sebetse, a iqapela liletsa tsa leqala tse kang liphala tse telele tse llang melumo ea mehlolo. A boela a betla thupa e kang seketsoana se nang le khole e tlamiloeng ntlheng e ’ngoe. Ha ntho ena e bilikisoa kapele kaholim’a hlooho ea motho, e ne e etsa lerata, le molumo o hlabang oa mohlolo.

Moqapi enoa oa tšomong a qala ka ho leka malepa ana a hae ho bana ba babeli ba baena ba hae, a ba kholisa hore melumo ena e tsoa ho meea ’me kahoo a ba tšosa hore ba mo utsoetse lijo le koae ho bana babo ba babeli. Ho etsa qeto ea ho atolosa tšebeletso ea hae, a ipata likhoeng ’me a emela basali hore ba eo tšoasa lihlapi ’me ba li tšele ka lirotong. Joale e be o letsa liletsa tsa hae, a etsa hore basali ba khutlele hae motseng ba tšohile, ba siea seo ba se tšoasitseng.

Qalong, litlaleho tsa basali ba tlang ba tšohile li ne li sa kholoe. Empa ha boemo bo tšoanang bo ntse bo hlaha ’me baahi ba motse ba se ba sa hlole ba fumana hlapi eo ba e jang, ka masene banna ba etsetsa ‘phoofolo ena ea bodemona’ theko, ba makala ha ba fumana hore ke Katima Rega. Ba bang ba batla ho ’molaela hona moo, empa ba bang ba qeta ka hore seo a se rerileng se ne se le bohlale haholo ’me ba voutela ho inkela “lentsoe” lena e le moea oa morabe oa bona. Lentsoe lena le ne le tla nkoa e le koma ’me le ne le tla fetoha sephiri ho bohle ba sa bollang. Setho se seng le se seng sa morabe se ne se tla lokela ho utloa litsamaiso, litaelo, le melao eohle e tsoang ‘lentsoeng lena,’ moea oa moru. Empa o ne o tla reoa lebitso lefe? Bohle ba lumellana ha hlooho-putsoa ea bohlale a re o bitsoe “Kimbilikiti.”

Ba tsoaloa joalo bolumeli ba morabe oa Rega. Sebopeho sohle sa melao, meetlo, le litumela-khoela tsa hahuoa holim’a qalo e joalo e bonolo. Ha nako e ntse e ja babeli, “meea” e meng e meraro e sa bonahaleng ea ekeletsoa e le metsoalle ea Kimbilikiti. Kabile, eo ka nako e ’ngoe a neng a nkoa e le khaitseli ea Kimbilikiti ’me ka nako e ’ngoe e le mosali oa hae, e ne e le mosali ea motle haholo le ea sa tloaelehang. Bahlankana bohle ho ne ho nkoa hore ba bolotsoa ka mohlolo ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena! Twamba, moena oa Kimbilikiti, ho boleloa a e-na le matla hoo a ka tsosang lifefo, a heletsa matlo, joalo-joalo. “Lentsoe” la hae le utluoa ka ho bilikisoa kapele ha thupa e betliloeng joaloka seketsoana! Moea oa boraro ke Sabikangwa, kapa Mukungambulu. Ke moena e mong oa Kimbilikiti ’me o hlaha e le lenģosa la hae.

Koma ea Litšebeletso tsa Lebollo

Sebakeng se bonahalang, Kimbilikiti o emeloa ke phutheho ea baprista ba phahameng (Bami ea bohlale). E mong oa bona, ea bitsoang Mukuli, o okamela litšebeletso tsa lebollo. Kitumpu, moprista e mong ea phahameng, o sebetsa joaloka ngaka ’me ke eena ea hlileng a bolotsang bahlankana. Oa boraro, Kilezi, o hlokomela bashemane ba sa tsoa bolotsoa. Manģosa pakeng tsa ba mophatong le batho ba motse feela ke Bikundi, sehlopha sa ba seng ba bololitsoe.

Litšebeletso tsa lebollo (tse bitsoang Lutende) li tšoareloa har’a moru, moo ho nahanoang hore ho lula Kimbilikiti. Koma e thata e sireletsa litšebeletso tsena, ’me e bang ke (phoofolo kapa motho) e motšehali ea ntseng a potapota haufi le sebaka seo o khangoa ka potlako! Ka letsatsi la lebollo, mekete e meholo e tšoareloa metseng e fapaneng, ka lipapali tse sa khaotseng le metjeko ho tloha ka meso. Hona ho reretsoe ho leka ho bona hore na bashemane ba tlang ho bolotsoa ba tla tiisetsa. Kamor’a moo, ba mamela pale ea Kimbilikiti, e feletse ka litšomo tsohle tse hahiloeng ka lilemo. Bashemane ba etsoa hore ba lumele hore Kimbilikiti le Kabile khaitseli le mosali oa hae ke batho ba sebele. Bahlankana bana ba bolelloa hore ba itokisetse ho loana le Kabile, eo kamorao ba tlang ho ba le likamano tsa botona le botšehali le eena ’me ba bolotsoe ka mohlolo. Haeba leha e le ofe oa bona a hlōleha litekong tsena tse peli, Kabile ea koatileng o tla ipelaetsa ho Kimbilikiti, ea tlang ho bolaea ea sitiloeng!

Leha ho le joalo, hang ha ba le morung, bashemane ha ba bone letho la lintho tseo ba li boleletsoeng. Ho e-na le hoo, baprista ba bararo ba phahameng (Mukuli, Kitumpu, le Kilezi) ba tšoara e mong le e mong ’me ba mo bolotse. Hoo ba re ke ho loana le Kabile! Haeba moshemane a e-so ho fole hantle pele ho nako e beiloeng bakeng sa hore a khutlele hae, o-oa khangoa ’me oa tlosoa, hobane boemo bo joalo bo ne bo tla felisa tšomo ea lebollo la mohlolo kamor’a likamano le Kabile ea motle, ea phahametseng tlhaho.

Ho sa tsotellehe ho hlomphuoa ho phahameng joalo ha Kabile, nakong ea litšebeletso tsa lebollo bashemane ba rutoa mekhoa e litšila ea likamano tsa botona le botšehali e ka etsoang le basali, ho akarelletsa bo-’m’a bona le likhaitseli. Ha makoloane a khutlela ha habo oona, basali ba qobelloa ho hlaha ba batla ba tsotse ’me ba tsamaea ka mangole le ho tjeka ka pel’a bona le ho rohakuoa ke makoloane.

Nakong ea ha ba sa le mophatong, Bikundi (ba seng ba bolotse) ba ea ka motse le motse ba batla lijo kapa liphahlo ka litšoso. Malapa a qobelloa ho fana ka ntho efe le efe e batleloang Kimbilikiti le ba mophatong. Le litsela lia koaloa ’me ba fetang ba tlamelloa ho fana ka seo bahlanka ba Kimbilikiti ba se batlang. Ka tsela ena ho ntšetsoa pele sepheo sa qalong sa “lentsoe”—ho fumana lijo ntle ho ho li sebeletsa.

Joale, ha ho tluoa litabeng, Kimbilikiti ke eng? Leqheka le qapiloeng ka likoto tsa leqala. Leha ho le joalo, hore e tsoele pele, ho qapiloe tsamaiso ea tšoso e theiloeng tšabong ea lefu. (Ba-Heberu 2:14, 15) Likofuto tse ling ke tumelakhoela, meharo le puo e lihlong. ’Me tsena tsohle li hlokomeloa ke phutheho ea baprista ba phahameng. Empa hoo ho ne ho ka amana le ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova joang?

[Litšoantšo leqepheng la 6]

“Liphala” tsa Kimbilikiti

[Setšoantšo leqepheng la 7]

Lipaki tse bolokileng botšepehi sebakeng sa Pangi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela