Ho Khantša Leseli Har’a Lefifi la Lefatše
“Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba; empa Jehova o tla o chabela, khanya ya hae e bonahale holim’a hao.”—ESAIA 60:2
1. Ho ka fanoa ka karabelo efe e nepahetseng lipotsong tse phahamisitsoeng mona?
KA SEBELE ana ke matsatsi a khanyang ho phela ho oona! ‘Matsatsi a khanyang?’ motho e mong a ka ’na a botsa. ‘U ka bua joalo joang, ha lefatše lohle le qoetse karohanong ea lipolotiki, moruo, le bolumeli, har’a lefifi le letšo la mehla ea “nuclear” le aparetseng lefatše?’ Empa ana ke matsatsi a khanya—ka baka la litaba tse molemo tse boleloang lefatšeng lohle hona joale, ho bea batho ba lapetseng ’nete leseling mabapi le se boleloang ke mehla ea rōna le tebello e thabileng ea matsatsi a khanyang haholoanyane ao ba ka ’nang ba phelela ho a bona!
2. (a) Jehova o fana ka mantsoe afe a khothatsang ho Esaia likhaolo 45 le 60? (b) “Mosali” oa Molimo ke mang?
2 Mohloli oa tšepo ea rōna e babatsehang ha se e mong ntle ho Morena ’Musi Jehova, ’Mōpi e moholo oa leholimo le lefatše. (Esaia 45:12, 18) Ke eena ea fanang ka taelo e tlalehiloeng ho ‘Esaia khaolo ea 60, temana ea 1, ho ea ka New World Translation: “Tsoha, mosali, u bonese leseli, hobane leseli la hao le hlahile ’me holim’a hao khanya ea Jehova e u chabetse.” “Mosali” eo ke mang? Ha se Seemahale sa Tokoloho se se nang bophelo; leha e le hore ke motho ofe kapa ofe e motšehali oa nama ea buellang tokoloho ea basali. Ho e-na le hoo, ke phutheho ea leholimo ea Jehova Molimo, e matla le e tsoelang pele, molekane oa hae eo e leng mothusi ea inehetseng ea entsoeng ka likete-kete tsa mangeloi a tšepahalang ’me hona joale e akarelletsa “bahalaleli” ba tsositsoeng—ba ipakileng ba tšepahala ho isa lefung e le Bakreste ba tlotsitsoeng mona lefatšeng.—Tšenolo 11:18; 2:10.
3. Mosali oa Molimo (a) o ‘tsohile’ joang, hona (b) o ‘bonesitse’ joang?
3 Jehova o-oa laela, “Tsoha, mosali.” Ka kutlo, phutheho ea Molimo ea leholimo e tsohile boemong ba bonyopa, ba ho ba lesupi ka makholo a lilemo ho tsohela boemong ba ho bea litholoana. Ka 1914 “mosali” a tsoala ’Muso oa Messia. (Tšenolo 12:1-5) Ho tloha ka 1919 o tlisitse masala a bara ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ‘naheng’ ena, kapa boemong ba nala bo khanyang ba moea. (Esaia 66:8) Ho fetafeta moo, phutheho ea Molimo ea leholimo e ‘bonesitse leseli’ boprofeteng bo babatsehang ba ’Muso. Bara ba hae ba bangata ba “rutoa ke Morena.”—Esaia 54:1, 13.
Leseli Har’a Lefifi le Letšo-letšo
4. Jehova o bolela ka phapang efe pakeng tsa batho ba Molimo le lichaba tsa lefatše?
4 Jehova o re, “Leseli la hao le hlahile.” Ka sebele, ‘khanya ea Jehova e chabetse’ phutheho ea hae ea leholimo, ’me hona ho bontšitsoe ka tsela e babatsehang ke batho ba tsosolositsoeng ba Jehova lefatšeng. Leha ho le joalo, Jehova o boetse o fana ka phapang ena: “Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba.” (Esaia 60:2) Na hoo ha ho hlalose hantle maemo a lefatše ho tloha ka 1914?
5. Ke hobane’ng ha bolumeli ba bohata bo ke ke ba fumana tharollo mathateng a mehla ea “nuclear”?
5 Bojakane ke bona haholo-holo bo hanneng ‘pontšo ea ho ba teng ha Jesu’ ea boprofeta le “ea ho fela ha lefatše.” Kahoo, bo ntse bo kholokhotheha lefifing le ntseng le ntšofala la moea. Malumeli a Bojakane a fetohile karolo e ka sehloohong ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo—a hōle-hōle le leseli la ’nete. (Mattheu 24:3-14; Tšenolo 17:3-6) Bolumeli ba lefatše ha boa fana ka tharollo mathateng a mehla ena ea “nuclear,” hape bo hlōlehile ho tlosa lefifi le letšo-letšo, ho hloka tšepo ho kulisang, tse aparetseng batho. Ho itšunyatšunya ha bolumeli ba bohata litabeng tsa lichaba tsa bopolotiki qetellong ho tla isa ho felisoeng ha bona.—Tšenolo 17:16, 17.
6, 7. (a) Khanya ea Jehova e ile ea ‘chaba’ joang nakong ea lilemo 1919-31? (b) Hoo ho ile ha fihlela tlhoro efe ka 1931?
6 Ha ho bapisoa, Jehova o tsoela pele ho bua tjena ka phutheho ea hae ea leholimo: “Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao.” (Esaia 60:2) Khanya ena e bontšitsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng mona lefatšeng, e le hore le bona ‘leseli la bona le tle le khanyetse batho.’ (Mattheu 5:16) Ho tloha ka 1919 ho ea ho 1931 e bile lilemo tse khanyang tsa leseli la ’Muso, ka hore batho ba Molimo ba lokolohe ka ho feletseng mahlaahleleng a setseng a tumelo, monahano, le meetlo tsa Babylona. Lilemong tseo, masala a fokolang a Bakreste ba ’nete a qala ho fana ka karabelo e nepahetseng potsong e reng “KE MANG EA TLA HLOMPHA JEHOVA?”—sena e bile sehlooho se ithutoang tokollong ea The Watch Tower ea January 1, 1926.
7 Joale, ka 1931, khanya ea Jehova ea hla ea bonahala ka botlalo holim’a “mohlanka” oa hae, ha ba amohela lebitso leo eena ka boeena a ba fileng lona—LIPAKI TSA JEHOVA. (Esaia 43:10, 12) Ka lilemo tse 12 ho fihlela ka 1931, baboleli ba ’Muso ba eketseha ho tloha sehlotšoaneng ho ea ho Lipaki tse chesehang tse mashome a likete ka baka la mosebetsi o beang litholoana le o mafolo-folo o ileng oa etsoa.
‘Ho Chaba’ ho Tsoelang Pele
8, 9. (a) Ka 1931, The Watch Tower e ile ea hlokomelisa ka sehlopha sefe? (b) Ho ea ka Mangolo, baa ba ‘tšoauoa’ joang?
8 Leha ho le joalo, na Jehova o tla “chabela” feela batlotsuoa ba ‘mohlatsoana oa majalefa a ’Muso’? (Luka 12:32) Che, hobane lilemo tsa ho tloha ka 1931 ho ea ho 1938 li ipakile e le nako e khōlō ea ho atolosa leseli, joalokaha The Watch Tower e ile ea qala ho lebisa tlhokomelo ka ho hlakileng ho sehlopha se seng. Sehlooho se ithutoang tokollong ea eona ea September 1, 1931, se ne se re ‘MONNA EA NANG LE LENAKA LA MONGOLI,’ sena se theiloe ho Ezekiele 9:1-11. Hoba e khetholle “mongoli” e le masala a tlotsitsoeng, The Watch Tower e hlalositse tjena:
9 “Taelo ea ‘ho tšoaea liphatla tsa batho ba feheloang, ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang’ Bojakaneng, e tsoile. . . . Morena o bolela ka sehlopha sa batho bao a tlang ho ba ‘lopolla nakong ea khathatso ’me a ba phelise le ho ba hlohonolofatsa lefatšeng.’ (Pes. 41:1, 2) Sena e tlameha e be e le sehlopha sa batho bao hangata ba hlalosoang e le ‘limillione tse phelang hona joale tse ke keng tsa hlola li e-shoa.’” Kajeno, ha e le hantle ke ho hlollang ho bona limillione tsa bana ba tšoaetsoeng pholoho, ba ntse ba apara botho ba ’nete ba Bokreste, ka kamano e inehetseng ho Jehova ka Kreste Jesu.—Genese 22:15-18; Sofonia 2:1-3; Ba-Efese 4:24.
10, 11. (a) Jehu o ile a tšoantšetsa Jesu joang? (b) Hlalosa “Jonadabe” oa kajeno.
10 Habohlokoa haholo e bile lihlooho tse ithutoang litokollong tsa Watchtower tsa July 1 ho fihlela ho August 1, 1932. Ha li bua ka Marena a Bobeli khaolo ea 9 le 10, tsena li bontšitse kamoo Morena Jehu a neng a tšoantšetsa Moahloli oa Jehova, Morena Jesu Kreste, ea emeloang lefatšeng ke masala a tlotsitsoeng, a lemosang ba bang ka ho tla ha kahlolo ea Jehova. Empa ke mang ea neng a tšoantšetsoa ke motsoalle oa Jehu, Jonadabe? Watchtower ea arabela:
11 “Jonadabe o ne a emela kapa a tšoantšetsa sehlopha sa batho seo hona joale se leng lefatšeng nakong eo mosebetsi oa Jehu o tsoelang pele seo, . . . ka ho se lumellane le phutheho ea Satane, se emang se tiile ka lehlakoreng la toka, ’me ke sona seo Morena a tla se pholosa nakong ea Harmagedone, a se fetise khathatso eo, ’me a se fe bophelo bo sa feleng lefatšeng.” The Watchtower joale ea bontša bana e le ba “hlohonolofalitsoeng ke Ntate” setšoantšong sa Jesu sa ‘linku le lipōli.’ (Mattheu 25:31-46) Ea re: “Bana ba etsa sehlopha sa ‘linku’ se ratang batho ba Molimo ba tlotsitsoeng, hobane baa tseba hore ba tlotsitsoeng ba Morena ba etsa mosebetsi oa Morena.”
12. Ke tšenolo efe e hlollang ea ’nete ea Molimo e entsoeng ka 1935?
12 Mahlaseli ana a leseli la boprofeta a rala motheo bakeng sa puo ea bohlokoa e neng e bua ka “Bongata bo boholo,” e fanoeng ka la 31 Motšeanong, 1935, ke mookameli oa Watch Tower J. F. Rutherford, kopanong ea Lipaki tsa Jehova Washington, D.C. E bile tšenolo e kaakang ea ’nete ea Molimo! Ka nako eo ha fanoa ka bopaki bo khethollang “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9 le “linku tse ling” tsa Morena tsa Johanne 10:16, le sehlopha sa Jonadabe, le ba tšoailoeng liphatleng bakeng sa pholoho, le limillione tse phelang hona joale tse ke keng tsa hlola li e-shoa, le “linku” tse khethoang ho “lipōli” le tse tlang ho rua bophelo bo sa feleng sebakeng sa lefatše sa ’Muso oa Molimo. Tsena tsohle li ile tsa akaretsoa ho Watchtower ea August 1 le 15, 1935.
13. Ho ile ha etsoa tlhahiso efe e tsoelang pele ka 1938?
13 Lilemong tse latelang, phutheho ea Molimo ea tsoela pele ho ela hloko “bongata bo boholo” le tšepo ea bona e khōlō ea ho pholohela Paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng. Ka la 9-11 Loetse, 1938, Lipaki tsa Jehova tsa kopana kopanong ea London, Engelane ’me lipuo tse peli tse khōlō tsa fetisoa ka ho toba ka mehala e hokahantsoeng le likopano tse ling ho pota lefatše. Motheong oa litaelo tseo batho ba li filoeng pele, e ’ngoe ea lipuo tsena e reng “Tlatsang Lefatše,” ea hlahisa hore “Majonadabe” a pholohang mahlomola a maholo, bonyane ka nakoana, a ka ’na a nyala ’me a tsoala bana Tsamaisong e Ncha kamor’a Harmagedone.—Genese 1:28; 9:1, 7; bona The Watchtower, ea October 15 le November 1, 1938.
14. Jehova o ile a atlehisa batho ba hae joang lilemong tseo?
14 Ka lilemo tseno, Morena Jesu Kreste a tsoela pele ho bokella le ho romela basebetsi ba eketsehileng. Kahoo tšimong bahoeletsi ba nyolohela ho ba ba ka bang 50 000 ka 1938.—Mattheu 9:37, 38.
“Marena” le “Lichaba”
15, 16. “Marena” a ile a kopanela joang phethahatsong ea Esaia 60:3-10 (a) mehleng ea boholoholo, le (b) mehleng ea kajeno? (c) Hona joale “basele” ba sebeletsa le “marena” joang?
15 Mosebetsi ona oa ho bokella o hlalositsoe ka makhethe ho Esaia khaolo ea 60, litemana 3 ho ea ho 10. Mono Jehova o bua ka “marena” a hlahang mabapi le ho ‘khanya’ ha Sione ’me a sebeletsa phutheho eo e kang mosali. Ha batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo ba khutla botlamuoeng Babylona, Morena Dariuse Momede le Morena Cyruse oa Persia ba etella pele ho etsa tokisetso ea ho tsosolosoa ha borapeli ba Jehova Jerusalema. (Daniele 5:30, 31; 9:1; Esdrase 1:1-3) Ho sena, ba tšoantšetsa ka ho loketseng Morena ea Matla ’ohle, Jehova, le Motsoalle oa hae oa Morena, Jesu, ba tsamaisitseng ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete har’a batho ba Jehova ba mehleng ea kajeno. (Tšenolo 11:15, 17) Ho feta moo, masala a tlotsitsoeng a barapeli ba ’nete—“marena” a kamoso, “majalefa hammoho le Kreste”—a ’nile a etella pele mosebetsi oa bopaki oa kajeno. Ba sebeletsang le bona ke “basele”—bao e seng ba Iseraele ea moea, empa bao e tlang ho ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso le ba kopanelang ho haheng tšebeletso ea puso ea leholimo hona joale lefatšeng ka bophara.—Ba-Roma 8:17; bapisa Esaia 61:5, 6.
16 Jehova ka boeena o-oa re mema: “Tsamaisa mahlo kahohle, ’me u talime!” Hona joale “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle” bo ikopantse le majalefa a ’Muso a bokelletsoeng! (Tšenolo 7:9; Zakaria 8:23; Esaia 2:2, 3) ‘Ba phatlalatsa lithoriso tsa Jehova,’ tšebeletsong e chesehang. Ba boetse ba itšebelisa mererong e kang ea ho haha Liholo tsa ’Muso bakeng sa borapeli—tse ling tsa tsena li ema ka matsatsi a mabeli feela. Ba ‘sebeletsa,’ le ho tšehetsa ka pelo eohle ho atoloha ha lithahasello tsa ’Muso lefatšeng.—Esaia 60:4-7.
17, 18. (a) Ka thabo, ke ‘ho fofa’ hofe ho etsahalang hona joale? (b) Ke joang ketsahalo ea linako tsa selemo e bontšang ka ho loketseng ‘ho fofa’ hona Palestina?
17 Jehova o boetse o botsa potso ena e tobileng: “Bao ba fofang joale ka maru le joale ka maeba a rurelang matlung a ’ona, ke bomang?” Ba pele ba ho tla phuthehong ea Molimo ke ‘bara ba hae ba neng ba le hōle,’ ba ikarola ka ho feletseng bolumeling bohle ba Babylona. Batlotsuoa bana ba tlisa lintho tsa bohlokoa, ba nehela tsohle tsa bona bakeng sa “lebitso la Jehova,” Molimo oa bona. E le “Mohalaleli oa Iseraele,” o beile lebitso la hae holim’a bona ’me a ba ntlafatsa ka tokelo ea ho mo sebeletsa e le lipaki tsa hae. Ba etella pele ho phahamiseng lebitso la Morena ’Musi oa bona, Jehova, e le lebitso le leholohali, le tummeng haholo le le khanyang haholo bokahohleng bohle.—Esaia 60:8, 9.
18 Ka thabo, masala a tlotsitsoeng ha a mang ho sena. Ho ne ho ka ba thata hampe haeba ba ne ba le bang! Sehlopha sena se tsofetseng se ntse se fokotseha, ha ka bomong ba qeta tsela ea bona ea lefatšeng ka botšepehi. Hona joale ho setse ba ka bang 9 000. Empa ba bang, ba baloang ka limillione, ba ntse ba bokellana joaloka maeba a rurelang “matlung a ’ona,” ’me ba fumana tšireletso phuthehong ea Molimo. Ba joaloka sehlopha sa maeba a bonoang Palestina ka linako tse itseng tsa selemo—a fofa joaloka leru, a le mangata hoo a hlileng a thibang leholimo.
‘Menyako e Butsoeng’
19. Ke hobane’ng ha “menyako” ea phutheho ea Jehova e lula e butsoe, hona “marena” le “basele” ba arabela joang?
19 Ka mohau, Jehova o butse menyako ea phutheho ea hae, eo hona joale a buang le eona ka mantsoe ana: “Menyako ea hao e tla lula e butsoe ka mehla; e ke ke ea koaloa nyene leha e le bosiu, ho tle ho tlisoe ho uena maruo a lichaba.” Lintho li ka tsela ena ha “bongata bo boholo” bo ratang khotso bo ntse bo eketseha ka palo. Ka thabo, “basele” bana ba tlatsetsa ka nako, matla, le maruo a bona bakeng sa ‘tšebeletso e halalelang nyene le bosiu.’ Ba iketsa ba fumanehang bakeng sa “monyako o moholo oa tšebeletso” ’me ba kopanela le marena a kamoso ho roriseng lebitso la Jehova ka ho tlotlehang.—Esaia 60:10, 11; Tšenolo 7:4, 9, 15; 1 Ba-Korinthe 16:9.
20. (a) Ke bo-mang ba “tla senyeha hampe”? (b) Ke phapang efe e thabisang eo re e hlokomelang mona?
20 Hape, Jehova o bua le phutheho ea hae, a re: “Lichaba le mebuso e tlang ho hana ho u sebeletsa, e tla fela; lichaba tseo li tla senyeha hampe.” Lichaba tsohle tse ikhohomosang tsa lefatše le bahanyetsi ba bang ba tla kokobetsoa ka Harmagedone. Ha ho bapisoa, Jehova o ntlafatsa sehalalelo sa hae sa borapeli. ‘Nģalo ea maoto a hae,’ mabala a lefatšeng a tempele ea hae e khōlō ea moea ea borapeli, o e etsa e khanyang, ha a bokella ho eona lipallo tse sa khaotseng tsa bongata bo boholo. Ka moprofeta e mong, Jehova oa bolela: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya.” (Haggai 2:7) Empa bahlorisi, bakoenehi, le bahanyetsi ba bang ba sa hlompheng ba tla qobelloa ho “inama”—ba lumela ka ho soaba hore Lipaki tsa Jehova li fela li emela phutheho ea Molimo—“motse oa Jehova, Sione oa Mohalaleli oa Iseraele.”—Esaia 60:12-14.
21, 22. (a) Moo Jehova o boela a fana ka tiiso efe? (b) Ke joang, ka tšoantšetso, batho ba hae ba ‘anyang lebese la lichaba’? (c) Ke thuto efe e hlollang e tsoelang pele e re emetseng?
21 Ha ho mohla Jehova a tla lahla mothusi oa hae ea kang mosali leha bahanyetsi ba nyefola ‘bara le barali’ ba hae haholo mona lefatšeng. Ho e-na le hoo, o bolella phutheho ea hae e tšepahalang: “Ke tla u etsa motse o khanyang ka ho sa eeng kae, ke u bee ea thabeloang mefuteng le mefuteng. U tla anya lebese la lichaba.” Ka tsela ea tšoantšetso baemeli ba lefatšeng ba phutheho ea Molimo ba sebelisa maruo ’ohle a teng bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Ba sebelisa thepa ea kajeno ea ho buisana, ho tsamaea, le ho hatisa hore litaba tse molemo li boleloe. Tlhokomelo le tataiso ea Jehova li ’nile tsa e-ba le Lipaki tsa Jehova mosebetsing ona. Bana, le bona, ba sebeletsa molemong oa phutheho ea Jehova ea leholimo, ba thabela phethahatso ea tšepiso ea hae: “U tla tseba hobane ’na Jehova, ke ’Moloki le Molopolli oa hao, Ea matla oa Jakobo.”—Esaia 60:15, 16.
22 Ke khothatso efe e tsoelang pele eo Jehova a re fang eona ho Esaia 60:17-22? Seo e tla ba sehlooho se hlollang sa thuto ea rōna e hlahlamang.
Lipotso tse Akaretsang
◻ Ke phapang efe e bonahalang pakeng tsa leseli le lefifi kajeno?
◻ Ke ho ‘chaba’ hofe ho tsoelang pele ho neng ho le teng nakong ea 1919-38?
◻ Mehleng ea kajeno Esaia 60:8 e phethahalitsoe joang?
◻ “Marena” le “basele” ba kena ‘menyakong e bulehileng’ joang?
[Lebokose le leqepheng la 12]
“Libetsa tsa tšenyo e sisimosang li bokellana ka keketseho ea lebelo le tšosang. . . . Kajeno tlhōlisano ea lihlomo e atolohela maoatleng a lefatše le sepakapakeng. Ha e le hantle ke ho tšosang hore e be ho bokellana ha lihlomo ke o mong oa mesebetsi e meholo e hōlang nakong ea khatello ea moruo le lefifi le letšo.”—Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Monghali Javier Perez de Cuellar
“Mono, tlas’a lemati lapeng ka letsatsi le leng, e ne e le molaetsa o mong o tloaelehileng ka sebopeho sa pampitšana ea bolumeli. ‘Na re atamela Harmagedone?’ Potso ena ea sehlooho e ne e ngotsoe ka holimo ho setšoantšo sa maru a bonahalang a phethesela hape a na le lehalima le benyang hampe. Molaetsa oa potso eo o kile oa utloahala e le taba feela e qabolang eo ho seng mohla e tla etsahala. Empa ka tšohanyetso ha o sa bonahala e le molaetsa o qabolang feela.”—Haynes Johnson, The Washington Post