Botšepehi ba Jobo—Ke Hobane’ng ha Bo Tsoteha Hakaale?
“Ke tla tiea [“tšepahala,” NW], ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shoe.”—JOBO 27:5.
1. Jobo e ne e le mang, hona re tseba joang hore e ne e le motho oa sebele?
JOBO e ne e le monna ea ikhethang historing. Hase hore o ne a e-na le maruo a lintho tse ngata tse bonahalang feela, empa o ne a hlomphuoa e le moahloli le moetapele ea nang le kutloelo bohloko. Bibele e re “o ne a fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo.” (Jobo 1:3; 29:12-25) Hammoho le Noe le Daniele, o nkoa e ne e le monna ea lokileng haholo. (Ezekiele 14:14, 20) Bibele e boetse e hlahisa Jobo e le mohlala oo Bakreste ba ka o latelang, kahoo ho bontša hore e ne e hlile e le motho oa sebele historing.—Jakobo 5:11.
2. Re ka fumana joang hore na Jobo o fetile neng tlas’a liteko tse etsoang ke Satane?
2 Jobo o phetse naheng ea Utse, eo e leng Arabia hona joale. Le hoja e ne e se Moiseraele, Jobo e ne e le morapeli oa Jehova, e leng ntho eo Jehova a ileng a e hlokomelisa Satane. Polelo ea Molimo ea hore “ha ho motho ea joale ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane,” e senola hore ho ne ho se mohlanka e mong ea ikhethang oa Molimo ea neng a phela mehleng eo. (Jobo 1:8) Kahoo, ho lekoa hoa Jobo ke Satane ho tlameha e be ho etsahetse ha bo-motsoal’a Jobo, Baiseraele, ba ne ba le bokhobeng Egepeta—ka nako e ’ngoe nakong ea lilemo tse latelang ho shoa hoa ’moloki oa botšepehi ea ikhethang Josefa ka 1657 B.C.E. le pele Moshe a kena tseleng ea hae ea botšepehi.
3. Ke mang ea ngotseng buka ea Jobo, ’me ke hobane’ng ha a ile a khona ho fumana boitsebiso?
3 Ho totobetse hore ke Moshe ea ngotseng buka ea Jobo. Empa o ithutile ka teko ea Jobo joang? Hoba Moshe a qobelloe ho tloha Egepeta ka 1553 B.C.E. o ile a haha Midiane, haufi le naha ea Utse. (Exoda 2:15-25; Liketso 7:23-30) Ka nako eo, Jobo o ne a phela lilemo tsa ho qetela tse 140 tsa bophelo ba hae boo Jehova a mo hlohonolofalitseng ka bona. (Jobo 42:16) Hamorao, ha Baiseraele ba ne ba le haufi le Utse ho ea bofelong ba leeto la bona la lefeelleng, Moshe e ka ’na eaba o ile a utloa ka lilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo le tsa lefu la hae.
Tsebo ea Jobo e Lekanyelitsoeng
4. (a) Ka ho totobetseng mohloli oa tsebo ea Jobo ka Jehova e ne e le ofe, ’me ke hobane’ng ha ho se pelaelo hore o ne a ntse a buisana le litloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka? (b) Jobo e ile ea e-ba motho oa botšepehi bo ikhethang joang?
4 Ha Jobo a ne a lekoa, tsebo ea hae ka Molimo le merero ea oona e ne e lekanyelitsoe, kaha ho ne ho se karolo ea Bibele e seng e ngotsoe. Leha ho le joalo, Jobo o ne a tseba ho hong ka litšebelisano tsa Jehova le Abrahama, Isaaka, Jakobo, le Josefa. Hona ho joalo hobane Jobo ho totobetse hore e ne e le setloholo sa ngoan’abo Abrahama Nakore, ka mora oa letsibolo oa Nakore Utse. Ho feta moo, ngoan’abo Utse e ne e le Bethuele, Ntate oa mosali oa Isaaka Rebeka le ntat’a moholo-holo oa Josefa. (Genese 22:20-23) Ha ho pelaelo hore Jobo o ile a ipolokela joaloka letlotlo tsebo leha e le efe eo a bileng le eona ka lipuisano tsa Jehova le Abrahama le litloholo tsa hae, ’me o ne a labalabela ho khahlisa Jehova. Ke kahoo Jobo e ileng ea e-ba monna oa botšepehi bo ikhethang, monna ea hlokang sekoli le ea inehetseng ka ho feletseng ho Jehova.
5. Ke eng ka ho khetheha, ho etsang botšepehi ba Jobo bo ikhethang hakaale?
5 Nakoana hoba Josefa a shoe Egepeta, botšepehi ba Jobo ea e-ba sehlooho sa khang pakeng tsa Jehova Molimo le Satane maholimong a sa bonahaleng. Empa Jobo o ne a sa tsebe ka khang ena e neng e likoloha botšepehing ba hae. ’Me haholo-holo ke ho hloka tsebo hoa hae mabapi le hore na ke hobane’ng ha a ne a utloa bohloko ho etsang hore botšepehi ba hae bo tiileng e be bo ikhethang hakana. Leha ho le joalo, molemong oa bahlanka bohle ba Molimo kamorao ho moo, Jehova a etsa hore Moshe a tlalehe boitsebiso ba khang ena mabapi le botšepehi ba Jobo.
Tseko ea Botšepehi ba Jobo
6. (a) Kopano e bileng leholimong e ile ea senola joang hore ho na le tseko pakeng tsa Molimo le Satane? (b) Tseko ee e qalile neng, ’me e ne e akarelletsa eng?
6 Buka ea Jobo e phetla lesira ’me re fuoa pono ea seboka sa mangeloi se ileng sa tšoaroa ka pel’a Jehova Molimo leholimong. Mono Jehova o hopotsa Satane, eo le eena a leng teng, hore “ha ho motho ea joale ka eena [Jobo] lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” (Jobo 1:8) Ka ho hlakileng, ho teng tseko e amang botšepehi ba Jobo. Empa hase e ncha. Tseko ena e ile ea hlahisoa ha Satane a etsa hore Adama le Eva ba furalle Molimo ’me, ha e le hantle, a re: ‘Ak’u mphe monyetla feela ’me nka furallisa e mong le e mong hore a se ke a u sebeletsa.’—Genese 3:1-6.
7. Satane o ile a tlameha ho fana ka litlhahiso life e le tsona tse ikarabellang bakeng sa botšepehi ba Jobo, hona Diabolose o ile a phephetsa Molimo joang?
7 Joale, nakong ea seboka sena se hlomphehang leholimong, Satane o qobelloa ho fana ka litlhahiso tsa hae mabapi le motheo oa botšepehi ba Jobo. O-oa botsa: “Na ke feela ha Jobo a tšaba Molimo na? Na ha ua ka ua mo sireletsa, eena le ntlo ea hae, le tsohle tsa hae, ka ’nģa tsohle na?” Satane o-oa phephetsa, “U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame tseo a nang le tsona kaofela, ’me u tla bona hore na a ke ke a u rohaka pontšeng.”—Jobo 1:9-11.
8. (a) Jehova o ile a arabela phephetso ea Satane joang? (b) Satane o ile a lihela likotlo life tse tšabehang ho Jobo?
8 Jehova o amohela phephetso ea Satane. O tšepa botšepehi ba Jobo ka ho feletseng, o arabela Satane: “Bona, tsee a nang le tsona kaofela li letsohong la hao; feela, u se ke ua bea letsoho la hao ho eena.” (Jobo 1:12) Satane o otla Jobo ka potlako. Basabea ba futuhileng ba hapa lipholo tsa Jobo tse 1 000 le liesele tse tšehali tse 500, ’me ba bolaea balisa bohle ba tsona ntle ho a le mong. Hape, Satane o romela mollo o tsoang leholimong ho bolaea linku tsa Jobo tse 7 000 hammoho le balisa ba tsona, a siea a le mong oa banna bana. Hape Satane a etsa hore makhotla a mararo a Bakalde a hape likamele tsa Jobo tse 3 000, ba bolaea balisa bohle ntle ho a le mong. Qetellong, Satane o romela sefefo se matla ho re se otle ntlo eo bana ba leshome ba Jobo ba neng ba keteka ho eona, ba shoa kaofela. Kamorao ho moo, ba latellana ka pele, baphonyohi ba likoluoa tsena ba tlalehela Jobo litaba tse bohloko.—Jobo 1:13-19.
9. Ke eng ka ho khethehileng ho neng ho etsa hore litsietsi tsa Jobo ho be thata ho li mamella, empa leha ho le joalo Jobo o ile a li arabela joang?
9 Ke sehlōhō se sekaakang! Esita le haeba Jobo a ne a utloisisa hore na li bakiloe ke mang, ho ne ho tla ba thata ho li mamella. Empa ha a ka a utloisisa! O ne a sa tsebe hore e ne e le mohloli oa khang leholimong le hore Jehova o ne a mo sebelisa ho bontša hore ho na le batho ba tla tšoarella botšepehing ba bona ho sa tsotellehe ho hlomoha hohle ho sa lokang hoo Satane a neng a ka ’na a ba tlisetsa hona. Empa, a le masoabing a bile a nahana hore ka tsela e ’ngoe Molimo o-oa ikarabella bakeng sa ho lahleheloa hoa hae, Jobo o re: “Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho rorisoe lebitso la Jehova.” E, “ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, ’me ha a ka a bea molato ho Molimo.”—Jobo 1:20-23
10. (a) Satane o ile a kōpa tumello efe e tsoelang pele mabapi le Jobo, ’me ke hobane’ng ha Jehova a ne a utloisisa ho fana ka eena? (b) Ke liphello life tse bileng teng ho Jobo ka lebaka la boemo boo a theoletsoeng ho bona ba masisa-pelo?
10 E bile ho tlontlollang Satane hakaakang, sebokeng se seng sa mangeloi, ha a hopotsoa ke Jehova mabapi le Jobo: “U sa tiiselitse tokeng [“botšepehing,” NW] ea hae”! Empa Satane ha a tele. Joale o phephetsa ka hore haeba a ka fuoa monyetla oa ho otla Jobo nameng, Jobo o tla rohaka Molimo sefahla-mahlo. Ka ho tšepa botšepehi ba Jobo le ho tla fihlela mothating ona, Jehova o fana ka tumello, feela a lemosa Satane hore a se ke a nka bophelo ba Jobo. Kahoo Satane “a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa har’a hlooho.” (Jobo 2:1-8) Jobo o theoleloa boemong boo ba masisa-pelo hoo beng ka eena le metsoalle ea hae ba mo balehelang, le bao e kileng ea e-ba metsoalle baa mo soma.—Jobo 12:4; 17:6; 19:13-19; 30:1, 10-12.
11. Jobo o ile a lokela ho mamella kotlo efe e tsoelang pele, ’me ke’ng ho entseng hore ho boloka hoa hae botšepehi ka pel’a likhathatso tsa hae tsohle e be ho tsotehang hakaale?
11 Hape ho sa na le tlhaselo e ’ngoe! Tumelo ea mosali oa Jobo e-ea fokola. O re ho eena: “Na u sa tiiselitse tokeng [“botšepehing,” NW] ea hao na? Rohaka Molimo, ’me o shoe!” Empa Jobo o re ho eena: “U bua joale ka leoatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na?” Joalokaha tlaleho e bolela, “tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo oa hae.” (Jobo 2:9, 10) ’Me ha u hopola hore lebaka la mahlomola a hae le ne le patetsoe Jobo, ka ’nete botšepehi ba hae ke bo tsotehang hakaakang!
Mokhoa o Mong oa Tlhaselo
12. (a) Banna ba ileng ba tla ho tla tšelisa Jobo e ne e le bo-mang? (b) Satane o ile a sebelisa banna baa ho tsoela pele ho leka Jobo joang?
12 Empa Satane ha a e-so ho qete. O hlahisa banna ba bararo bao ho thoe’ng ba bohlale bao mohlomong ba neng ba tseba Jobo ka seqo kapa ba ileng ba utloa ka botumo ba hae, e le ea ‘fetisang bana kaofela ba Bochabela ka boholo.’ Ho totobetse hore ba baholo ho Jobo. (Jobo 1:3; 15:10; 32:6) Ba babeli ho bona ke beng ka eena. Elifaze Mothemane ke setloholo sa Abrahama ka Themane, setloholo sa Esau, ’me Bildade oa Moshuah, ke setloholo sa mor’a Abrahama Shuah. (Jobo 2:11; Genese 36:15; 25:2) Leloko la Tsofare ha le tsebahale hantle. Ka ho totobetseng bana ba bararo ba tl’o tšelisa Jobo, empa ha e le hantle Satane o ba sebelisa ka boiteko ba ho fokolisa botšepehi ba Jobo. Feela joalokaha babotsi ba lipolotiki ba iketsang eka ke metsoalle ba ’nile ba fokolisa botšepehi ba batšoaruoa ’me ba ba etsa hore ba fetohele mebuso ea bona, Satane o ne a tšepile hore “batšelisi” ba hae ba ne ba tla etsa hore Jobo a furalle Molimo oa hae.—Jobo 16:2, 3.
13. (a) Baeti ba Jobo ba ile ba etsa eng ha ba fihla? (b) Ha puo e qala e ile ea nka tsela efe?
13 Ha ba fihla, baeti ba bararo ba qeta matsatsi a supileng le masiu a supileng ba thotse ba shebelletse bohloko bo otlang pelo ba Jobo le ho tlontloleha hoa hae ho feteletseng. (Jobo 2:12, 13) Elifaze, eo ho bonahalang e ne e le eena e moholo, o bula khoro ka ho bua, a hlohlelletsa boikutlo le sehlooho se akaretsang hore se fetohe khang ea batho ba bararo. Puo ea Elifaze, hammoho le ea metsoalle ea hae e latelang, boholo ba eona ke liqoso. Kamor’a hore e mong le e mong oa banģosi ba hae a bue, Jobo oa ikarabella, a hanyetsana le liqoso tsa bona. Tsofare ha a kenelle khang ena ea boraro, mohlomong a ikutloa hore ha ho hlokahale hore a ka ekeletsa. Ka hona Tsofare o bua habeli feela, ha Elifaze le Bildade e mong le e mong a bua hararo.
14. Ke likhang tsa mofuta ofe tseo ba bararo baa ba neng ba li sebelisa khahlanong le Jobo, ’me Satane o ile a sebelisa masene a tšoanang joang ho Jesu?
14 Lipuo tsa Elifaze li telele, ’me puo ea hae e batla e le bonolo. Puo ea Bildade ke e hlabang haholoanyane, ’me ea Tsofare ke e hlabang ho feta. Ka mano likhang tsa bona li reretsoe ho finyella morero oa Satane oa ho roba botšepehi ba Jobo. Hangata ba bolela linnete tsa sebele, empa ba li bea le ho li sebelisa ka mokhoa o fosahetseng. Satane o ile a sebelisa oona masene a joalo khahlanong le Jesu. Ha a qotsa lengolo le reng lengeloi la Molimo le ne le tla sireletsa mohlanka oa oona kotsing, Satane a mema Jesu ho paka hore ke mora oa Molimo ka ho itihela tempeleng. (Mattheu 4:5-7; Pesaleme ea 91:11, 12) Jobo, ka nako e telele, o ile a tobana le ho bea mabaka ho joalo hoa bosatane.
15. Elifaze o ne a re mohloli oa likhathatso tsa Jobo ke ofe?
15 Puong ea hae e qalang, Elifaze o phea khang hore likhathatso tsa Jobo ke kotlo ea Molimo bakeng sa libe tsa hae. O-oa botsa: “Motho ke ofe ea timetseng, ha a se na molato?” “Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokhopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona.” (Jobo 4:7, 8) Ha a tsoela pele, Elifaze o bolela hore Molimo ha o tšepe bahlanka ba oona. Elifaze o re: “Le bahlanka ba oona ha o ba tšepe; o bona koli le ho mangeloi a oona; ho joalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa.”—Jobo 4:18, 19.
16. Bildade o ile a latela thohako ea Elifaze joang, ’me o ile a sebelisa papiso efe e sa lokelang?
16 Bildade o latela ka mahlapa. O re: “Ha u hloekile, u lokile, ka ’nete o [Molimo] tla u ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ea hao e lokileng.” Bildade o hlokomelisa hore lehlaka le loli lia omella ’me lia shoa ha li se na metsi, ’me ka tieo o etsa qeto ea hore “ea lebalang Molimo” o tla ba joalo. Empa o fositse hakaakang ho sebelisa papiso ee ho Jobo, le ho phaella, “tebello ea ea se nang borapeli e ea fela”!—Jobo 8:6, 11-13.
17. Tsofare o ile a etsa litlhaloso life tse hlabang?
17 Lipuo tsa Tsofare ke tse batlang li le matla haholoanyane. Ha e le hantle, o re: ’hola Molimo o ne o ka bua le uena ho u bolella hore na o nahana’ng! Molimo o tseba seo u se entseng. O u ahlola hanyenyane haholo ho feta kamoo o lokelang ho u ahlola kateng. Tlosa libe tsa hao ’me u hlohlorele hole bobe bohle ba hao, ’me joale u tla ba le tšireletseho le metsoalle e mengata.’—Jobo 11:4-6, 14-20.
18. Karolong ea bobeli ea khang ena, baa ba bararo ba ile ba tsoela pele ho rohaka Jobo joang?
18 Lekhetlong la bobeli la khang ena, Elifaze o tsoela pele ho rohaka botšepehi ba Jobo. ‘Molimo ha o tšepe le mangeloi a oona, ho thoe’ng ka motho ea kang uena! Motho ea khopo o khathatsong kamehla.’ (Jobo 15:14-16, 20) Ha e le hantle, Bildade, a halefisitsoe ke ho ema hoa Jobo a tiile likhanng tsa bona, o re: ‘Leseli la hao le tla tingoa. Ho hopoloa hohle hoa ho ba teng hoa hao ho tla fela. Seo ke se etsahallang ba lebalang Molimo.’ (Jobo 18:5, 12, 13, 17-21) Tsofare, ha a bua ka mokhoa o sa tobang ka monono oa pele oa Jobo, o-oa botsa: ‘Na ha u tsebe hoba thabo ea molotsana e fela kapele, le ho nyakalla hoa ea khopo e le ha motsotso o le mong feela? Leholimo le senola liphoso tsa ea khopo.’—Jobo 20:4, 5, 26-29.
19. (a) Ho latela Elifaze, ke bohlokoa bofe boo Molimo o bo beang botšepehing ba motho? (b) Bildade o ile a qetella ho rohaka Jobo joang?
19 Ha a bula karolo ea boraro ea khang eno, Elifaze o-oa botsa: ‘Na ho ka ba le motho ea molemo ho Molimo? Esita le haeba u ne u hloka sekoli, na Molimo o ne o tla rua molemo ka hona? Khutlela ho Molimo,’ o rialo, ‘’me u otlolle litaba tsa hao. Joale u tla tsosolosoa.’ (Jobo 22:2, 3, 21-23) Bildade o qetella litlhapa tsa hae. O-oa botsa, ‘Ke mang lefatšeng ea ka ithorisang ka hore o hloekile? Molimo o khanya hoo likhoeli le linaleli li sa reng letho ho eena. Hakaakang ka motho, eo e mpang e le sebōkō feela mahlong a oona!’—Jobo 25:2-6.
Tšireletso le Khalemelo tsa Jobo
20. (a) Jobo o ile a arabela khang ea hore mahlomola ke kotlo e tsoang ho Molimo bakeng sa libe joang? (b) Boikemisetso ba Jobo e ne e le bofe, hona re tseba joang hore botšepehi ba hae bo ne bo hlile bo tsotelleha ho Molimo?
20 Ho sa tsotellehe mahlomola a hae a tšabehang, le ka motsotso ha ho mohla Jobo a ileng a inehela likhanng tse thetsang tsa bahlorisi ba hae. Haeba ho hlomoha ke kotlo e tsoang ho Molimo bakeng sa libe, o-oa botsa: “Ba bolotsana ba phela ke eng? Ba tsofala, ba ateloa ke menono joang?” (Jobo 21:7-13) ’Me ho fapana le seo banģosi ba Jobo ba se buang, Jehova o nka baboloki ba botšepehi e le ba bohlokoa bao kahoo ba fanang ka karabelo qosong ea Satane ea hore a ka furallisa e mong le e mong ho sebeletseng Molimo. (Liproverbia 27:11; Pesaleme ea 41:12) Jobo o kholisehile ka botšepehi ba hae, o re: “Ke tla tiea [“tšepahala,” NW], ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shoe.” (Jobo 27:5) Che, ha a ka a etsa letho le neng le lokeloa ke se mo oetseng.
21. Elihu o ile a re’ng ho batšelisi ba bohata ba Jobo, ’me ke khalemelo efe e hlokahalang eo a ileng a e fa Jobo?
21 Mohlanka Elihu o mametse ka hloko lentsoe le leng le le leng la khang ena e telele. Joale o-oa bua, a bolella batšelisi ba bohata ba Jobo hore ha ho letho leo ba le buileng le pakileng hore Jobo ke moetsalibe. (Jobo 32:11, 12) Ka hona, ha a retelehela ho Jobo, Elihu o re: “Ke utloile molumo oa mantsoe a hao, ua re: Ke hloekile, ha ho sebe ho ’na; ha ke na molato, ha ho bokhopo ho ’na; bonang, Molimo o batla sebaka sa ho nqala, o ntalimile joale ka hoja ke le sera ho oona; . . . U fositse tabeng tseo.” (Jobo 33:8-13; 6:29; 13:24, 27; 19:6-8) E, Jobo o bontšitse kameho e khōlō ka ho itumisa. Empa, ka nako e tšoanang, ha a ka a nyatsa Molimo le ka mohla kapa a lahleheloa ke tšepo hore Molimo o ne o tla etsa se nepahetseng.
22. (a) Hoba a mamele Jehova, Jobo o ile a arabela joang? (b) Molimo o ile a hloka hore batšelisi ba bohata ba Jobo ba etse eng, ’me phello ea ho qetela ho Jobo e bile efe?
22 Sefefo sa qala ho tsoha ha Elihu a phetha puo ea hae, ’me Jehova ka boeena o bua a le sefefong seo: “Ea fifatsang morero oa ka ka lipolelo tse se nang kelello ke mang? Joale, u itlame letheka . . . ke tle ke u botse, ’me u nthute.” Hoba a mamele Jehova, Jobo o-oa lumela hore o ile a potlakela ho bua, ntle ho tsebo e feletseng, ’me a inyatsa “lerōleng le moloreng.” Joale Jehova o nyatsa Elifaze le metsoalle ea hae e ’meli, a laela Jobo hore e be mokena lipakeng pakeng tsa bona. Kamor’a moo Jobo oa tsosolosoa, ’me o hlohonolofatsoa ka bara ba supileng le barali ba batle ba bararo ’me mohlape oa hae oa atisoa habeli ho feta pele. A phela lilemo tse 140 ho feta moo, Jobo a shoa “a tsofetse, a atetsoe ke matsatsi.”—Jobo 38:1-4; 42:1-17.
23. Botšepehi ba Jobo bo lokela ho re ama joang?
23 Ruri, Jobo e ne e le motho ea tsotehang oa botšepehi! Ho ne ho se kamoo a neng a ka tseba ka teng hore ke ea shebiloeng bakeng sa phephetso e khopo ea Satane. Hona ho tiisa botšepehi ba hae ho feta moo hobane le hoja a ne a lumela hore mahlomola oohle a hae a tsoa ho Molimo, o ne a ntse a sa latole Molimo kapa ho mo rohaka. Ke thuto e kaakang ho rōna, kaha re tseba mohloli oa liteko tsa botšepehi ba rōna! Ka sebele re lokela ho susumelletseha ho etsisa mohlala oa Jobo ’me re tsoele pele mosebetsing oa Jehova ho sa tsotellehe ntho leha e le efe eo Sera sa Molimo se ka re tlisetsang eona.
Na U ka Arabela?
◻ Ke lintlha life tse etsang hore botšepehi ba Jobo e be bo tsotehang hakaale?
◻ Ke bo-mang ba ileng ba chakela Jobo, ’me Satane o ne a tšepile hore ba tla finyella eng?
◻ Ba bararo baa ba ile ba nģosa Jobo ka eng?
◻ Jobo o ile a itšireletsa joang, empa o ile a khalemeloa joang?
◻ Phello ebile efe, ’me re lokela ho ameha joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Satane o romela “batšelisi” ba bararo ho etsa hore Jobo a furalle Molimo