Botšepehi ba Jobo—Ke Mang ea ka bo Etsisang?
“Molimo o tla mpekha sekaleng se nepahetseng ’me o tla tseba botšepehi ba ka.”—JOBO 31:6, NW.
1. Ke hobane’ng ha ho le hotle ho nahana ka mohlala oa Jobo, ’me ho botsoa lipotso life?
JOBO o ne a kholisehile ka botšepehi ba hae, kahoo a amohela ho hlahlobjoa ke Molimo. Mohlala oa hae e ka ba khothatso e khōlō ho rōna kajeno, haholo-holo ha Satane Diabolose a leka ka matsapa ’ohle ho roba botšepehi ba bohle ba sebeletsang Molimo. (1 Petrose 5:8) Ka ho hlokomela sena, morutuoa Jakobo o itse “nkang mohlala oa mahlomola le oa sebete ho baprofeta,” haholo-holo Jobo. (Jakobo 5:10, 11) Empa ke mang ea ka etsisang botšepehi ba Jobo? Na re ka ho etsa? Ke ka litsela life Jobo a re beetseng mohlala oa ho boloka botšepehi?
2. (a) Lebitso Jobo le bolela eng? (b) Ke eng se finyelletsoeng ke tsela ea Jobo ea ho boloka botšepehi?
2 Lebitso Jobo le bolela “’Mutl’a Lintjeng,” e leng sona seo a hlileng a ba sona. Empa ha Jehova a lumela kōpo ea Satane ’me a tlosa tšireletso ho Jobo, ho ne ho se letho leo Satane a neng a ka le etsa ho roba botšepehi ba Jobo ho Molimo. (Jobo 1:1-2:10) Kahoo Jobo a fana ka karabelo thohakong ea Satane ea hore a ka furallisa e mong le e mong hore a se ke a sebeletsa Molimo. (Liproverbia 27:11) Ha e le hantle, ka tsela ea hae ea ho boloka botšepehi, Jobo o ne a bolella bokahohleng bohle hore, ‘Satane, u raleshano ea lokelang ho nyatsuoa, hobane Jehova ke Molimo oa ka, ’me ke tla tšepahala ho eena ho sa tsotellehe hore na ho tla eng!’—Jobo 27:5.
Ba Tšoanang le Jobo
3. Ke mang ea neng a sirelelitsoe leholimong, ’me ke lipotso life tse ileng tsa botsoa mabapi le eena?
3 Hoa bohlokoahali, tseko e pakeng tsa Jehova le Satane e ne e le e akaretsang, e ama sebaka sa moea. Mane leholimong, ho ne ho e-na le “peo” e tšepisitsoeng e neng e sirelelitsoe ka tlhokomelo ea Molimo eo ka eona, Molimo o neng o rerile ho phethahatsa merero ea Oona e meholo. (Genese 3:15) Empa, na ha ho tlosoa ‘tšireletseho,’ na eo o ne a tla hle a etsise botšepehi ba Jobo? Na o ne a tla bontša hore motho ea phethahetseng, joalokaha Adama a ne a phethahetse, o ne a ka boloka botšepehi bo phethahetseng ho Molimo? (1 Ba-Korinthe 15:45) Satane o ile a etsa litokisetso tsa ho bea “peo” ena tekong e tšabehang neng le neng ha e ne E ka iponahatsa lefatšeng.
4. (a) Ke mang eo e bileng ea ka sehloohong eo Satane a mo befetseng, hona re tseba joang hore Molimo o ile oa tlosa tlhokomelo ea oona ho eena? (b) Jesu o ile a fa Jehova eng?
4 Jesu Kreste o ipakile e le “peo” e rometsoeng ho tsoa leholimong. Kahoo ea e-ba eo Satane a mo shebileng haholo, e, eena ea ka sehloohong eo Satane a mo befelang. E le bopaki ba hore Jehova o tlositse tšireletseho ea hae, Kreste o ile a bokolla ha a ne a le thupeng ea tlhokofatso: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” (Mattheu 27:46; Pesaleme ea 22:1) Le hoja a ne a ikutloa ka matla hore Molimo o hutse tšireletso ea oona, Jesu, joaloka Jobo, “ha a ka a etsa sebe, ’me ha a ka a bea molato ho Molimo.” (Jobo 1:22) O ile a etsisa Jobo, a boloka botšepehi bo phethahetseng ho Molimo, ’me kahoo a paka hore “ha ho motho ea joale ka eena lefatšeng.” (Jobo 1:8) Ka hona, ho Jesu, Jehova Molimo o na le karabelo e feletseng le e sa feleng liqosong tsa bohata tsa Satane tsa hore Molimo o ke ke oa bea motho lefatšeng ea tla lula a tšepahala ho oona tlas’a liteko tse khōlōhali.
5. (a) Satane o ntse a tsoela pele ho etsa eng? (b) Satane o ile a etsa eng ha a tlosoa leholimong?
5 Empa leha ho le joalo a ntse a batla karabelo e eketsehileng, Satane o ntse a nģosa baena ba Jesu ba moea, bao, hammoho le Jesu, ba etsang “peo” ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o kang mosali. Ha e hlalosa ho hlongoa hoa ’Muso leholimong, Bibele e re ka Satane: “Monģosi oa banab’abo rōna, ea neng a ba nģosa pel’a sefahleho sa Molimo motšehare le bosiu, o lihetsoe.” Leha ho le joalo, Satane o etsa ho fetang feela ho nģosa, o hlophisa tlhaselo e mabifi! Bibele e hlalosa hore hoba a liheloe ho tsoa leholimong, “Drakone [Satane] ea halefela mosali, ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”—Tšenolo 12:7-12, 17.
6. (a) Ke bo-mang kajeno ba etellang mosebetsi oa ho bolela pele, ’me ke bo-mang ba ikopantseng le bona? (b) Satane o leka ho etsa eng ho bona kaofela?
6 “Masala a leloko la hae [la mosali]” ke lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova tse setseng lefatšeng kajeno. Ba etella pele ‘mosebetsi oa ho bea bopaki ba Jesu Kreste,’ phatlalatsa ba bolela lefatšeng ka bophara hore hona joale ke Morena ea beiloeng teroneng ’me haufinyane o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. (Mattheu 24:14; Daniele 2:44) Empa ho hang ha ba bang! Hona joale letšoele le leholo la batho ba fetang limillione tse tharo ba ikopantse le bona ho etsa mokhatlo o hlophisitsoeng o kopaneng, oa lefatše ka bophara, oa baboloki ba botšepehi. Baboloki bana bohle ba botšepehi, le bona, ba fetohile bao Satane a ba hlorisang a sa khaotse, ’me Ntat’a bona oa leholimo Jehova o thabela botšepehi ba bona.—2 Timothea 3:12; Liproverbia 27:11.
7. Ke hobane’ng ha re ka ba le kholiseho ha re tobane le litlhaselo tsa Satane?
7 Ka sebele, hoa khatholla ho hlokomela hore, joalokaha tlhokomelo ea Satane e fosahetseng e ne e tobisitsoe ho Jobo, ka mokhoa o tšoanang e lebile ho rōna ba lekang ho boloka botšepehi ho Molimo. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re ferekane maikutlo. Hobane’ng? Hobane “Morena [Jehova] o tletse mohau le lereko” ’me “a ke ke a u tlohela, a ke ke a u lahla.” (Jakobo 5:11; Deuteronoma 31:6) E, Jehova o tla re tšehetsa. Bibele e re: “Ke thebe ho ba tsamaeang ka [botšepehi].” (Liproverbia 2:7) Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore Jehova a ke ke a lumella hore re lekoe. O tla ho lumella, joalokaha a entse ka Jobo. Moapostola Pauluse o hlokometse: “Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.”—1 Ba-Korinthe 10:13.
Ha Re le Tlas’a Teko
8. Mohlala oa Jobo o ka re tsoela molemo joang kajeno?
8 Mohlala oa Jobo oa botšepehi ka ho khethehileng o ka ba molemo ho rōna ha re tobane le liteko tse matla. Jobo o ile a utloa bohloko hoo a ileng a lakatsa ho shoa ’me a patoe Sheol, lebitla le tloaelehileng la batho. (Jobo 14:13) Ba bang kajeno ba ’nile ba ikutloa ka ho tšoanang, ba re ba ne ba tšoana le Jobo ha a ne a utloa bohloko bo boholo. Mohlomong ka lekhetlo le leng le uena u kile ua ikutloa joalo. Ka sebele ho bala ka mahlomola a hae ho ka tšoana le ho amohela khothatso e tsoang ho motsoalle ea fetileng tlas’a teko e matla le ho feta ea rōna. Ho tseba hore e mong o kile a mamella, ’me a utloisisa, ka sebele le rōna ho re thusa ho mamella.
9. Re rua molemo joang ha ba bang ba boloka botšepehi?
9 Ka ho hlokomela seo re se hlokang, Jehova o ile a etsa hore buka ea Jobo e tlalehoe e le ho re thusa ho boloka botšepehi joaloka Jobo. (Ba-Roma 15:4; Jakobo 5:10, 11) Molimo o-oa tseba hore joalokaha setho se seng sa ’mele se itšetlehile ka tse ling, ho joalo le ka bahlanka ba oona ba tšepahalang le bona ba hlokana. (1 Ba-Korinthe 20:20, 26) Hopola likopano tsa “Baboloki ba Botšepehi” tsa haufinyane tjena tseo babali ba limillione ba makasine ona ba bileng ho tsona. Ba bileng moo ba tla hopola kamoo ho bileng molemo kateng ho ba har’a ba bangata hakalo bao sepheo sa bona se seholo bophelong e leng ho boloka botšepehi ho Molimo. E bile khothatso e kaakang ea ho boloka botšepehi ho ba bileng teng ho tseba hore ba likete tse ngata ba ba potolohileng—ha ba le libakeng tseo ba sebetsang ho tsona kapa ba le sekolong metseng ea ha habo bona—le bona ba ne ba boloka botšepehi tlas’a liteko tse lekang!—1 Petrose 5:9.
10. (a) Motho a ka ’na a hloleha ho boloka pono e nepahetseng joang? (b) Jobo o ile a qala ho belaella eng?
10 Empa hase kamehla re ka ’nang ra boloka pono e nepahetseng, feela joalokaha Jobo a ile a hloleha ho etsa joalo. Motho ea mahlomoleng haholo, ’me a le boemong bo tepeletsang ba kelello, a ka ’na a re, ‘Oho, ke hobane’ng ha Molimo o etsa see ho ’na? Ke hobane’ng ha o lumella see hore se etsahale?’ Motho a ka ba a ’na a ea boholeng ba ho botsa, ‘Molemo oa ho sebeletsa Molimo ke ofe?’ A sa hlokomele mohloli oa mahlomola a hae, Jobo o ile a belaella molemo oa hona joale oa ho ba ea lokileng, kaha ho ne ho bonahala ea lokileng a utloa bohloko ka ho tšoanang, haeba e se ho feta ba babe. (Jobo 9:22) Ho latela Elihu, Jobo o itse: “Ho ntsoela molemo oa eng? Ke rua eng ho feta haeba ke ne ke entse sebe?” (Jobo 35:3, An American Translation) Empa re ke ke ra itumella hore re amehe haholo ka likhathatso tsa rōna hoo re lahleheloang ke pono e nepahetseng ’me re belaelle molemo oa ho sebeletsa Molimo.
11. Ke khalemelo efe e molemo eo Elihu a ileng a e fa Jobo?
11 Elihu o ile a fa Jobo khalemelo e hlokahalang, a lokisa litaba ponong e nepahetseng ka ho totobatsa hore Jehova o phahametse Jobo. (Jobo 35:4, 5) Elihu o ile a bontša hore, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, le kamohla ha rea lokela ho etsa qeto ea hore Molimo ha o tsotelle kapa mohlomong re bee lebaka la hore re ka Mo soetsa bakeng sa seo ho nahanoang hore ke leeme ka lehlakoreng la Oona. Elihu a botsa Jobo: “Haeba u etsa sebe, ke eng seo u se finyellang khahlanong le oona? Hape haeba melato ea hao e eketseha, u etsa’ng ho oona?” (Jobo 35:6, NW) E, haeba u leka ho soetsa Molimo ka ho lahla litsela tsa oona kapa tšebeletso ea oona, u mpa u intša kotsi feela, e seng Molimo.
12. Ho boloka ha rōna botšepehi ho ama Molimo joang?
12 Ka lehlakoreng le leng, Elihu o ile a bontša hore Jehova ha a rue molemo oa letho haeba re etsa se nepahetseng. Ha e le hantle, Molimo oa thaba haeba re boloka botšepehi, empa, ka nako e tšoanang, ha o-oa itšetleha ho hang ka borapeli ba rōna, joalokaha ho bontšitsoe ke seo Elihu a se botsitseng Jobo: “Ha u lokile, u o thusitse ka’ng? O ruile eng ka mosebetsi oa hao?” (Jobo 35:7) Molimo o re file bophelo, ’me ka baka la oona rea phela, rea phefumoloha le ho tsamaea. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke ea oona! (Liketso 17:25; 1 Likronike 29:14) Kahoo bokhopo ba rōna kapa ho loka hoa rōna li ke ke tsa ama Molimo ka seqo.—Jobo 35:8.
Ha Re Khalemeloa
13. (a) Jobo o ile a itšoara joang ha a khalemeloa? (b) Bohle re na le bothata bofe?
13 Jobo o ile a itšoara joang ha a khalemeloa, pele ke Elihu e ntoo ba Jehova ka seqo? O ile a e amohela, a inyatsa “lerōleng le moloreng.” (Jobo 42:6) E, Jobo a ikokobetsa, a lumela phoso ea hae. ’Me na ha re khahloe ke boikokobetso bo joalo? Empa ho thoe’ng ka rōna? Le hoja re ka ’na ra ba baboloki ba botšepehi ba matla joaloka Jobo, bohle re sekametse ho etseng liphoso ’me re fetoha ba sa tsitsang ka tsela ena kapa eane. (Jakobo 3:2; Ba-Galata 2:11-14) Re tla etsa joang ha re hlokomelisoa ka liphoso tsa rōna kapa ho se phethahale hoa rōna, leha ho etsoa ke ea monyenyane joaloka Elihu?—Jobo 32:4.
14. (a) Tšekamelo e tloaelehileng ke efe ha motho a khalemeloa? (b) Ke eng ho ka tlatsetsang liphosong kapa likahlolong tse fosahetseng, ’me ke mohlala ofe oo Jobo a ileng a o bea ha a khalemeloa?
14 Kamehla ha ho bonolo ho amohela taeo. (Ba-Heberu 12:11; Liproverbia 3:11, 12) Tšekamelo ke ho leka ho itokafatsa. Joaloka Jobo, e ka ’na eaba ha rea bua letho kapa ra etsa letho le fosahetseng ka morero. Sepheo sa rōna e ka ’na eaba se ne se le setle. Empa e ka ’na eaba re ile ra bua ntle ho tsebo e tletseng, ka ho haelloa ke kutloisiso kapa ka kelello e sa fellang. Mohlomong litlhaloso tsa rōna li bontšitse moea oa boholo ba morabe kapa boholo ba bochaba, kapa lithibelo tse sa tšehetsoeng ke Mangolo holim’a taba e itseng. Re ka ’na ra hlokomelisoa hore seo re se buileng se bontša haholoanyane boikutlo ba rōna ba botho le hore ho utloisitse ba bang bohloko ho ea boholeng ba ho bea bomoea ba bona kotsing. Na joaloka Jobo, ha re khalemeloa re tla lumela hore ‘re buile re se na kutloisiso’ ’me re tla “inyatsa”?—Jobo 42:3, 6.
Ho Tšepa Molimo, E Seng Maruo
15. Re tseba joang hore tšepo ea Jobo e ne e se maruong a hae?
15 Bildade o ile a belaella taba ea ho tšepahala hoa Jobo, a phatlalatsa hore Jobo o lebetse Molimo le hore tšepo ea hae e beiloe nģa e ’ngoe. (Jobo 8:13, 14) Empa le hoja Jobo a ne a hlohonolofalitsoe ka lintho tse bonahalang tse ngata, tšepo ea hae e ne e se linthong tsena. Botšepehi ba hae ha boa ka ba sisinyeha le hanyenyane ha a lahleheloa ke maruo ’ohle a hae. (Jobo 1:21) Boitšireletsong ba hae ba ho qetela, Jobo o itse: “Ha ekaba ke entse gauda tšepo ea ka, ka ba ka re ho gauda e hloekileng: Tšepo ea ka e ho uena; ha ekaba ke nyakalletse boholo ba maruo a ka le tse ngata tse bokeletsoeng ke matsoho a ka . . . le teng e be e tla ba sebe se tšoanetseng ho otloa ke baahloli, hobane ho etsa joalo ke ho latola Molimo o phahameng.”—Jobo 31:24-28.
16. (a) Re lokela ho itlhahloba eng? (b) Ke eng seo Molimo o se tšepisang ba mo tšepang?
16 Ho thoe’ng ka rōna? Re bea tšepo ea rōna hokae—ho Jehova kapa maruong a lintho tse bonahalang? Haeba re bekhoa sekaleng se nepahetseng, joalokaha Jobo a ile a lakatsa joalo, na Molimo o ne o tla tseba botšepehi ba rōna tabeng ee? Na e hlile kameho ea rōna e khōlō bophelong ke ho fa Jehova tsela ea ho boloka botšepehi eo ka eona a ka arabelang lithohako tsa Satane? Kapa na re amehile haholo-holo ka ho khotsofatsa litakatso tsa rōna bakeng sa boithabiso le maruo? Ekaba ho hotle hakaakang haeba re tšoana le Jobo ’me re thabisa pelo ea Jehova ka ho Mo tšepa, ’me re sa inke re le ba bohlokoahali kapa hona ho nka lintho tse bonahalang tse fumanehang e le tsa bohlokoahali! Haeba re tšepa Jehova, re bea lithahasello tsa hae pele, o re tšepisa hore a ke ke a re lahla le ka mohla.—Mattheu 6:31-33; Ba-Heberu 13:5, 6.
Boitšoaro ba Botona le Botšehali
17. Batšelisi ba Jobo ba ile ba fana ka litlhahiso life tse mano, empa Jobo o ile a re’ng ka boitšoaro ba hae bo botle?
17 Batšelisi ba bohata ba Jobo ha ba ka ba mo qosa ka ho toba ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, empa nako le nako ba ne ba fana ka maikutlo a hore o molato oa phoso e ’ngoe ea lekunutu eo Molimo o mo otlelang eona. Ka sebele, joaloka motho ea neng a e-na le hona, ea neng a “fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo,” Jobo ka sebele o ne a e-na le menyetla ea likamano tsa botona le botšehali ka nģane ho lenyalo. (Jobo 1:3; 24:15) Bahlanka ba bang ba Molimo, ba bileng teng pele le kamorao ho mehla ea Jobo, ba ile ba oela litekong tsa likamano tsa botona le botšehali. (Genese 38:15-23; 2 Samuele 11:1-5) Leha ho le joalo, Jobo o ile a itšireletsa khahlanong le liqoso leha e le life tsa phoso e joalo, a re: “Ke ne ke hlabe selekane le mahlo a ka, sa hore nke ke ka talima moroetsana! Ha ekaba pelo ea ka e kile ea thetsoa ke mosali, kapa ha nkile ka lalla monyako oa eo ke ahisaneng le eena, . . . hoo ke sebe se tšabehang, ke bokhopo bo tšoanetseng ho otloa ke baahloli.”—Jobo 31:1, 9-11.
18. Ke hobane’ng ha ho le thata ho laola boitšoaro ba botona le botšehali, empa ke hobane’ng ha re tla thaba haeba re bo boloka?
18 Mohlomong ha ho mekhoa e meng eo Satane a atlehileng hakana ho fokolisa botšepehi ba bahlanka ba Molimo joaloka ho ba khelosa hore ba etse bohlola. (Numere, khaolo 25) Na u ka etsisa botšepehi ba Jobo ka ho hana likhohelo tsohle tsa boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali? Ka sebele ke phephetso, haholo-holo lefatšeng lena le hlanyang ke likamano tsa botona le botšehali moo boitšoaro bo bobe bo atileng hakana. Empa nahana hore na ho molemo hakaakang ha u bitsoa hore u ikarabelle, u khona ho bua ka kholiseho joaloka Jobo: “Molimo . . . o tla tseba botšepehi ba ka!—Jobo 31:6, NW.
Se ka Re Thusang
19. Ke eng ea bohlokoa e tla re thusa ho boloka botšepehi?
19 Ha ho bonolo ho etsisa botšepehi ba Jobo, kaha kajeno Satane o leka ka matla ho roba botšepehi ba rōna joalokaha a ile a leka ho roba ba Jobo. Ka hona, ke hoa bohlokoa hore re apare lihlomo tse feletseng tse tsoang ho Molimo. (Ba-Efese 6:10-18) Hona ho akarelletsa ho ipapisa le Molimo, joaloka Jobo, ho ba seli kamehla ho mo khahlisa ho eng le eng eo re e etsang kapa eo malapa a rōna a e etsang. (Jobo 1:5) Kahoo, ho ithuta Bibele, ho kopana kamehla le balumeli ba bang, le ho bolela phatlalatsa tumelo ea rōna ke hoa bohlokoa.—2 Timothea 2:15; Ba-Heberu 10:25; Ba-Roma 10:10.
20. (a) Ke tšepo efe e ka re tšehetsang nakong ea liteko? (b) Ke moputso ofe oo re ka o fumanang bakeng sa ho boloka botšepehi o boletsoeng ke mopesaleme?
20 Empa se ka re tšehetsang haholo-holo nakong ea liteko ke se ileng sa tšehetsa Jobo—tšepo ea hae ea hore bophelo bona hase bona phetho bo teng. Jobo o ile a botsa, “[Na] motho ea shoang a ka boela a phela”? ’Me ha a arabela o re: “U no u tla bitsa, ke ne ke tla araba.” (Jobo 14:13-15) Ho ba le tšepo e feletseng joalo ea hore Jehova o tla tsosa bahlanka ba hae ba tšepahalang ho ka boetse hoa re thusa ho tobana le teko leha e le efe eo Satane a ka ’nang a e tlisa. (Ba-Heberu 6:10) Ke khale mopesaleme oa Bibele a ngotse: “U mpolokile tokeng [“botšepehing ba,” NW] ea ka, ’me u tla mpea pe’la hao ka ho sa eeng kae.” (Pesaleme ea 41:12) E se eka hoo e ka ba bokamoso bo thabisang ba e mong le e mong oa rōna—hore Jehova a re tšehetse le ho re boloka ka ho sa feleng ka lebaka la ho ba bahlanka ba hae ba bolokang botšepehi!
Na U Ka Arabela?
◻ Ke bo-mang ba ipakileng ba tšoana le Jobo, hona ho ka etsoa lipapiso life pakeng tsa bona le Jobo?
◻ Re ka ithuta eng ka tsela eo Jobo a itšoereng ka eona litekong tsa hae?
◻ Jobo o ile a itšoara joang ha a khalemeloa, ’me re ka ithuta eng ho see?
◻ Ke mohlala ofe o motle oo Jobo a o beileng mabapi le lintho tse bonahalang le boitšoaro ba botona le botšehali?
◻ Ke eng e ka re thusang ho boloka botšepehi joalokaha Jobo a entse?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Joaloka Jobo, na u kile ua belaela molemo oa bo boloka botšepehi hona joale?