Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/15 maq. 24-26
  • Sephiri sa Liheke

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sephiri sa Liheke
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Megiddo—Lebala la Ntoa la Boholo-holo le Nang le Tlhaloso ea Boprofeta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lichaba li Phuthehela Megiddo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/15 maq. 24-26

Sephiri sa Liheke

BATHO ba bangata ba hlolloa ke sephiri—pale e nang le malepa, e nang le lintho tse fanang ka leseli le isang ho fumaneng taba e ka hlalosoang ka litsela tse sa tšoaneng, le e fellang ka mohlolo, mohlomong oa ho fumana ntho ea bohlokoa. Haeba u joalo, u tla thabela ‘Sephiri sa Liheke.’

Sephiri sena se qalile ho hlahella Megiddo, motse o botleng bakeng sa ntoa o neng o laola litsela tsa khoebo le tsa ntoa Bochabela bo Hare ba boholo-holo. Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba sibolla mesaletsa ea heke e khōlō ea tšireletso, eo bopaki bo ba kholisitseng hore ke ea mehleng ea Morena Salomone. E ne e le joang? Lintho tse fanang ka leseli la ho e fumana li ile tsa qala.

Sheba ka letsohong le letona la setšoantšo sa Megiddo ea boholo-holo, haholo-holo sebakeng sa heke. Motsamai oa boholo-holo kapa lebotho le hlaselang ea neng a nyoloha ka tsela e eang motseng oa qhobosheane o ne a fihla pele hekeng ea pele. Kahare ho eona e ne e le lebala. Ka ho lona bahlaseli leha e le bafe ba ne ba pepeseha ha ba atamela ’me ba retelehela ka letsohong le letšehali ho ea fihla hekeng e khōlō ea tšireletso, eo e leng eona e khubung ea sephiri sa rōna.

Litora tse hahiloeng ka thata li ne li le ka mahlakoreng a ka pele a heke ena. Heke eohle e ne e sa hahuoa ka majoe feela kapa ka litene, empa ka majoe a betliloeng ka hloko a tšoanang hantle le a mehleng ea Salomone. Empa ho ne ho na le mokhoa o khethehileng kahare ho heke. Ka mahlakoreng a phachese e telele ho ne ho e-na le lipilara tse khōlō haholo, kapa litšiea tsa majoe, tse neng li etsa likamore tse tšeletseng moo ho neng ho ka ema balebeli. (Bapisa Ezekiele 40:6, 10, 20, 21, 28, 29.) Ka linako tseo ho seng khathatso, koloi ea lipere kapa sehlopha sa bahoebi li ne li ka feta habonolo, empa e ne e ka ba taba e fapaneng bakeng sa bahlaseli ba neng ba ka khona ho pshatla menyako e meholo e boima. Litšiea tsa majoe li ne li tla qobella bahlaseli hore ba kene ka phacheseng e tšesaane, ho kena pakeng tsa mela ea bahlabani ba hlometseng, ba mokhethoa oa lebotho la Megiddo, ba ka likamoreng tse ka letsohong le letona le le letšehali.

Joale sephiri se leba ka leboea ho Leoatle la Galilea ho ea leralleng la Hatsore ea boholo-holo, moo Moprofesa John Garstang a ileng a cheka teng ka 1928. Moepolli oa lintho tsa khale oa Moiseraele Yigael Yadin o ile a retelehela ka thahasello leralleng lena le leholo ka 1955. Kelellong ea hae o ne a hopotse polelo ea Bibele e balehang tjena: “Ke tsena taba tsa ba hloailoeng, ba kileng ba memuoa ke morena Salomone ho haha ntlo ea Jehova, le . . . lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Megiddo, le Gesere.” (1 Marena 9:15) Ho bonahetse e le ho utloahalang hore litsebi tsa mehaho tsa Salomone li ne li ka latela polane e le ’ngoe ea sehlooho bakeng sa liqhobosheane tse tšoanang metseng e meng eo li ileng tsa e tsosolosa. Na liheke tse joalo tsa mehleng ea Salomone li ne li le teng Hatsore?

Ha basebetsi ba Yadin ba ntse ba tsoela pele ho chekeng ha bona, ba fumana lerako le hahiloeng ka thata, marako a mabeli a nang le likamore lipakeng. Joale ha qala ho hlaha mohaho o moholo o khomathiselitsoeng lerakong. Yadin o re: “Kapele ra hlokomela hore re sibolotse heke . . . Ho feta moo, kapele ha hlaka hore polane ea heke—e nang le likamore tse tšeletseng le litora tse peli—hammoho le litekanyo tsa eona li ne li tšoana le tsa heke e sibolotsoeng [lilemong tse ngata] pejana Megiddo . . . Thabo ea hōla kampong ea rōna . . . Ra kopiletsa fatše polane ea heke ea Megiddo, re e tšoaea ka lithakhisa ho bontša likhutlo le marako, eaba joale re laela basebetsi ba rōna hore ba cheke ho latela matšoao, re tšepisa: ‘mona le tla fumana lerako,’ kapa ‘mane le tla fumana kamore.’ Ha ‘boprofeta’ ba rōna bo ipaka hore bo nepahetse, tlhompheho ea rōna ea hōla haholo . . . Eare ha re [ba] balla temana ea Bibele e buang ka mesebetsi ea Salomone Hatsore, Megiddo le Gesere, tlhompheho ea rōna ea kokobela, empa ea Bibele ea phahamela holimo marung!”—Hazor: The Rediscovery of a Great Citadel of the Bible.

Ho ile ha bonahala hore sephiri sa liheke se ne se rarolloa hantle joalokaha ho ne ho lebelletsoe ho latela leseli le fumanoeng ka Bibeleng. Empa, ho thoe’ng ka Gesere, e ka boroa? Yadin o ne a tseba hore moepolli oa lintho tsa khale oa Ireland R. A. S. Macalister, ea ileng a cheka moo pakeng tsa 1902 le 1909, ha aa ka a fumana letho le ileng la amahanngoa le Salomone. Na e be ho ne ho ile ha hlokomolohuoa lintho tsa bohlokoa tse neng li ka senola taba ho seo Yadin a ileng a se bitsa “Sephiri sa Gesere”?

Oa pheta: “Ho sibolla ho entsoeng Hatsore le serapa se tsebisahalang se ho 1 Marena li ile tsa nketsa hore ke hlahlobe bocha tlaleho ea Macalister ka tšepo ea ho fumana heke. Motho a ka inahanela ho makala ha ka le thabo e se nang moeli ha . . . ke fumana polane . . . e neng e bitsoa ‘Polane ea Qhobosheane ea Maccabees ea Gesere.’” Macalister o ne a beile nako ea masalla a “qhobosheane” eo e le a nakong ea bofetoheli ba Bajode ba Maccabees (lekholong la lilemo la bobeli B.C.E.). Empa Yadin a nahana hore setšoantšong sena sa khale o bona ‘lerako le hahiloeng ka thata, ntlo e ka ntle e hekeng, ’me habohlokoa haholoanyane ho neng ho shebahala joaloka halofo ea heke ea motse, e tšoanang hantle le tse neng li fumanoe Megiddo le Hatsore.’ Yadin a phatlalatsa sehlooho se buang ka lintho tsena tse fanang ka leseli. Hamorao, Dr. William G. Dever o ile a cheka Gesere. Phello? Dever ka thabo a ngola: “Ka sebele Salomone o ile a tsosolosa Gesere!” Kapa joalokaha Yadin a bolela: “Kannete, sehlopha sa Dever ha sea ka sa fumana halofo e ’ngoe ea heke feela, empa karolo ea letlapa eo liepolloa li fumanoeng ho eona le lintho tsa letsopa li bontša ka ho ke keng ha latoloa hore mehaho eo e ne e hahiloe mehleng ea Salomone.”

Kahoo sephiri sa rarolloa. Yadin o hlokometse ho The Biblical Archaeologist (Moqolo XXXIII, 1970, 3): “Ka thuso ea serapa se sekhutšoanyane sa Bibele se tsoang ho Marena, liqhobosheane tsa Salomone, tse tšoanang ka polane metseng e meraro, li ile tsa fumanoa tsa ba tsa beheloa nako.” “Ka sebele, ho bonahala eka ha ho mohlala historing ea liepolloa moo serapa se ngotsoeng se ileng sa thusa haholo hakana ho tsebahatseng le ho beheleng mehaho nako ho a mangata a maralla a bohlokoa ka ho fetisisa . . . joaloka 1 Marena 9:15.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Ba itšetlehile ka 1 Marena 9:15, baepolli ba lintho tsa khale ba fumane heke Hatsore e tšoanang ka boholo le ka sebopeho le e Megiddo

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Setšoantšo se nkuoeng moeeng sa heke ea Gesere e shebeloa tlaase ho tloha holimo. Setšoantšo se bontša se ileng sa sibolloa pele (se tiileng) le se ileng sa fumanoa lilemo tse ka bang 60 hamorao (se tšoailoeng ka matheba)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela