Ho Rarolla Tseko ea Bokahohleng ka ho sa Feleng
“Jehova ka boeena ka letsohong la hao le letona ka sebele o tla robakanya marena likoto ka letsatsi la khalefo ea hae.”—PESALEME EA 110:5, “NW.”
1, 2. Ka selemo sa 70 C.E., ke ketsahalo efe eo e ka ’nang eaba e ile ea hlahisa pelaelo ka ho pharalla ha bobusi ba Jehova Molimo bokahohleng bohle, empa ka nako eo mohau oa hae o ne o retellelitsoe ho bo-mang?
BOBUSI ba bokahohleng ba ’Mōpi oa leholimo le lefatše ke tseko e ka sehloohong e ka pel’a batho le mangeloi. Haufinyane tseko ena e tla rarolleloa ruri, empa ka makholo a mangata a lilemo lira tsa Jehova li ’nile tsa phephetsa bobusi ba hae. Ka sebele, e ka ’na eaba timetso ea motse oa Jerusalema ka 70 C.E. hammoho le tempele ea oona e neng e nehetsoe ho Jehova e ile ea hlahisa pelaelo ka ho pharalla ha bobusi ba ’Mōpi bokahohleng bohle. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le lebaka le utloahalang leo ka lona Jehova a sa kang a khetha ho ba Molimo oa mohlabani molemong oa Iseraele ea nama ka nako eo.
2 Lebaka leo e ne e le lefe? Ka nako eo Jehova Molimo o ne a retellelitse mohau oa hae ho sechaba se secha, Iseraele ea moea, “Iseraele oa Molimo,” kamoo moapostola Pauluse a bitsang phutheho ea Jesu Kreste ka teng. (Ba-Galata 6:16) Empa, ho tla fihlela joale, nakong eohle ea ho bitsoang Mehla ea Bokreste, Jehova ha a e-s’o ka a loanela Iseraele ea moea e le Molimo oa mohlabani ka tsela e tšoanang le eo a neng a loanela Iseraele ea tlhaho ka eona tlas’a selekane sa Molao oa Moshe. O bile a lumella masole a Roma, ka tlhohlelletso ea Bajode, ho bolaea Jesu Kreste thupeng ea tlhokofatso Golgotha. Hoo ho etsahetse lilemo tse 37 pele ho timetso ea bobeli ea Jerusalema matsohong a Baroma, ka 70 C.E.
3, 4. Ho tloha mehleng ea Moshe ho theosa ho ea ho Morena Ezekiase, Molimo o ne o iponahalitse e le mohlabani joang, empa ntlheng ea Baiseraele ba moea, ke eng eo e bileng ’nete mabapi le ho loana ha oona le ho loana ha bona?
3 Ho tloha mehleng ea moprofeta Moshe ho theosa ho tla fihla pusong ea Morena Ezekiase oa Jerusalema, Jehova Molimo o ’nile a loanela sechaba sa Iseraele ka mohlolo, ’me Baiseraele ba ne ba loana ka libetsa tse bolaeang tlas’a hae. (Deuteronoma 1:30; 3:22; 20:3, 4; Joshua 10:42) Empa tabeng ea Iseraele ea moea ha ho joalo! Ho tloha ha Jesu Kreste a shoela ka thōko ho Jerusalema ho theosa le Mehla ea rōna e Tloaelehileng, Molimo ona oa mohlabani ha oa ka oa khetha ho loana ntoeng e bonahalang bakeng sa Iseraele ea Molimo. Ka ho tšoanang, ha oa lumella Baiseraele ba moea ba bōpang phutheho ea Bokreste ho loana ka libetsa tse bonahalang tsa ntoa. Bakreste ba na le ntoa ea mofuta o mong eo ba lokelang ho e loana.
4 Tumellanong le sena, e mong oa baloaneli ba ka pele-pele ba tumelo ea Bokreste o ile a ngolla Bakreste ba habo Korinthe, Greece: “Libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li le matla ka Molimo ho liha liqhobosheane. Re liha ka tsona merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo, ’me re hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste. ’Me re itokiselitse ho khalemela ho se utloe hohle, mohla kutlo ea lōna e phethehang.” (2 Ba-Korinthe 10:4-6) Pejana lengolong lona leo, Pauluse o ile a bua ka “lihlomo tsa ho loka tse tšoaroang ka letsoho le letona le ka le letšehali.”—2 Ba-Korinthe 6:7; bona le Ba-Efese 6:11-18.
Jehova o Tla Loana Harmagedone
5. Tšimong ea Gethsemane, Jesu o ile a nka boemo bofe mabapi le ho sebelisoa ha libetsa tse bonahalang bakeng sa ho itšireletsa, ’me barutuoa ba hae ba itšoara ka tsela efe?
5 Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, ha ho mohla a kileng a retelehela libetseng tse bolaeang bakeng sa ho itšireletsa. Bosiung boo a ekiloeng ka bona tšimong ea Gethsemane, morutuoa oa hae ea inehetseng Simone Petrose o ile a tsomola sabole ’me a hlatha tsebe ea mohlanka oa moprista e moholo oa Bajode. Empa ka mohlolo Jesu o ile a khutlisetsa tsebe eo malulong a eona eaba o re: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole. Kapa na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang? Empa ha nka etsa joalo, Mangolo a ka phethahala joang, a boletseng hore e ka khona ho be joalo?” (Mattheu 26:52-54) Ha ba talimane le sena sohle, baetsisi ba ’nete ba Mora oa Molimo ea neng a itetse ba boloka ho se nke lehlakore ha bona, ka tsela e tobileng le e sa tobang, ha ho tluoa toantšanong ea lefatše.—Johanne 17:16; 18:36.
6. Nakong ea ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle Harmagedone, Lipaki tsa Jehova li tla nka boemo bofe?
6 Joale, lichaba a li ke li lemosoe hore nakong ea “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” e tla ba “thoteng e bitsoang Harmagedone, ka seheberu,” Lipaki tsa Jehova ha li na ho kenella ntoeng. Li tla siea hoo ho Molimo oa mohlabani, “Jehova oa makhotla,” hammoho le lilegione tsa oona tsa mangeloi a tlas’a bolaoli ba Jesu Kreste.—Tšenolo 16:14-16; 19:11-22; Pesaleme ea 84:12.
Jehova o Lekhatheng la ho Tsosolosa Mesebetsi ea Hae ea Ntoa
7. Joaloka Molimo oa mohlabani, Jehova o ile a qala ho bitsoa ka tlotla efe, hona na o sa ntsane a le boemong boo?
7 Molimo oa Iseraele ea boholo-holo o ne o tsejoa o bile o bitsoa Jehova tseva·ʼohthʹ, kapa Jehova oa makhotla. (1 Samuele 1:3, 11) Ho Ba-Roma 9:29 (King James Version) moapostola oa Mokreste Pauluse o supa Esaia 1:9 ’me oa ngola: “Hoja Morena oa Sabaothe a se ke a re siela peō, re ne re le joaloka Sodoma, ’me re ne re entsoe hore re tšoane le Gomorrha.” Hape, morutuoa oa Mokreste Jakobo oa ngola: “Lillo tsa ba kotutseng li kenngoa litsebeng tsa Morena oa sabaothe.” (Jakobo 5:4, KJ; American Standard Version) Kahoo Pauluse le Jakobo ba ile ba khetholla Molimo e le Jehova oa makhotla lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Makholong a 18 a latelang a lilemo, Molimo ha oa ka oa kenella toantšanong ea batho ba nama molemong oa Iseraele ea moea, Iseraele ea Molimo, ka tsela eo o ileng oa kenella ka eona bakeng sa Iseraele ea boholo-holo, empa e sa ntsane e le Jehova oa makhotla.
8-10. (a) Ke mang ea ileng a fana ka tumello ea ntoa leholimong, ’me ke hobane’ng ha Mikaele e ne e le eena ea tšoanelehang ka ho fetisisa bakeng sa ho loana? (b) Phello ea ntoa ea leholimong e ile ea e-ba efe, ’me ho se ho setse nako e kae pele ho ntoa ea letsatsi le leholo la Jehova?
8 Ha ’Muso oa Bomessia o tsoaloa ka 1914 qetellong ea “linako tsa Balichaba,” ntoa e ile ea qhoma sebakeng sa leholimo se busoang ke Jehova Molimo. (Luka 21:24, KJ) Ke mang ea ileng a fana ka tumello bakeng sa ntoa eo? Jehova Molimo ka boeena. O ile a romela Mora oa hae ea behiloeng teroneng lebaleng la ntoa tlas’a lebitso Mikaele kahobane Enoa ke eena ea tšoanelehang ka ho fetisisa ho arabela potso e akarelletsoang lebitsong la hae, ke hore, “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” Ka potlako Mikaele o ile a kena tšebetsong e le moemeli ea loanelang Jehova oa makhotla.
9 Tumellanong le hoo, ho Tšenolo 12:7-10 rea bala: “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele le mangeloi a hae a loantša drakone. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona; empa ha ba ka ba hlōla, ’me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong. ’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona. Joale ka utloa lentsoe le leholo leholimong, le re: Joale, ho hlahile poloko, le matla, le ’muso oa Molimo oa rōna, le matla a Kreste oa oona; hobane monģosi oa banab’abo rōna . . . o lihetsoe.”
10 Hona joale, nako e fetang lilemo tse 70 ka mor’a ntoa eo ea maholimong, ho se ho setse ‘nako e seng kae’ feela pele ntoa ea letsatsi le leholo la Jehova e qhoma ’me Molimo o iponahatsa ka ho hlakileng e le Jehova oa makhotla ho moloko o teng oa batho.—Tšenolo 12:12; Zakaria 14:3.
Moloaneli oa ho Tlosoa ha Qoso ho Jehova
11. Ke nako efe e khethiloeng eo masala a mohlatsoana le bongata bo boholo ba batho ba e letetseng, ’me ke eng eo ba tla e etsetsa litlatse ka nyakallo ka nako eo?
11 Tlas’a pululelo, Morena Salomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o ile a ngola: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi: . . . nako e teng ea ntoa, e teng nako le ea khotso.” (Moeklesia 3:1-8) Lefatšeng barutuoa ba Morena ea busang “ea fetang Solomone” ba lebelletse nako le ketsahalo tsa hore A etelle pele mangeloi a leholimo ka tlhōlo ho ea kenella ntoeng Harmagedone. (Mattheu 12:42, TLP; Tšenolo 19:11-16) Moo o tla “alosa [lichaba] ka lere la tšepe,” a li thumakanye ka “molamu oa tšepe.” (Tšenolo 19:15; Pesaleme ea 2:9) Barutuoa ba hae ba bolokang khotso, ba sirelelitsoeng ba tla etsa litlatse hakaakang ka baka la ho ba lopolla ha hae ho hlollang! Sena se tla akarelletsa masala a “mohlatsoana” oa majalefa hammoho le eena ’Musong oa hae le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa hae tse nang le tšepo ea ho ja lefa la lefatše la Paradeise tlas’a puso ea hae ea khotso ea lilemo tse sekete. (Luka 12:32; Tšenolo 7:9-17; Johanne 10:16) Ka nyakallo, “tlas’a oona moriti oa Ea Matla ’Ohle,” ba tla etsa litlatse ka baka la tlhōlo e tummeng ea Morena oa Molisa, Jesu Kreste, ho tlotlisa bobusi ba bokahohleng ba Jehova Molimo.—Pesaleme ea 91:1, NW.
12. Ntoa e larileng ka pel’a lichaba e hlaha hokae, hona e tla ba le phello efe ho latela Pesaleme ea 68:1, 2?
12 Ho sa fetelletsoe litaba, hona joale ho ka boleloa hore ntoa e hlahang hōle haholo le sebaka se busoang ke motho e bileng e akarelletsang ho sebelisoa ha libetsa tse korotsoeng ka nepo ho feta liqhomane tsa hae tsa nuclear hōle e larile ka pel’a lichaba tsohle tsa lefatše, e-bang li kene mokhatlong oa Machaba a Kopaneng kapa ha lia kena. Mamela: “Molimo a o ke o tsohe, lira tsa oona li ke li qhalane, le ba o hloeang ba ke ba balehe pel’a oona! U ba fiele joale ka mosi o fieloang ke moea; joale ka sehlotla sa linotši se qhibilihang pel’a mollo, ba bolotsana ba timele joalo pel’a Molimo.”—Pesaleme ea 68:1, 2.
13. Ha litokisetso tsa ntoa li ntse li tsoela pele, mantsoe a Pesaleme ea 45:1-6 a lebisitsoe ho mang ka tsela e nakong ka ho fetisisa hona joale?
13 Litokisetso bakeng sa ntoa ea lintoa tsohle li se li ntse li tsoela pele hona joale. E le Mohlabani ea ka sehloohong oa Molimo, Moloaneli oa ho tlosoa ha qoso ho Jehova o bolelloa mantsoe a latelang a ngotsoeng tlas’a pululelo ke setho sa sechaba sa Iseraele: “Ka botle u fetisa bana ba batho, mosa o tšoloha melomong ea hao; ka baka leo Molimo o u hlohonolofalitse ka ho sa feleng. O mohale! u itlamelle sabole ea hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ea hao le khanya ea hao! Khanyeng ea hao u hloelle koloing ea hao ea hlōlo, u loanele ’nete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le u rute liketso tse makatsang! Metsu ea hao e nchocho; lichaba li tla oela pel’a maoto a hao; u tla hlaba pelo tsa bao e leng lira ho morena. Terone ea hao ke terone ea Molimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka!”—Pesaleme ea 45:1-6.
Lichaba li Bōkana Hammoho Khahlanong le Jehova
14, 15. Ka mor’a ho lokolloa litlamong, ke mantsoe afe a hlahang Pesalemeng ea 2 ao baapostola ba ileng ba a qotsa ha a phethahatsoa, ’me ba ile ba etsa kōpo efe ho Molimo?
14 Nakoana ka mor’a ho theoa ha phutheho ea Bokreste letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E., Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba lemoha tšebeliso ea Pesaleme ea 2:1, 2. Lengolo lena le baleha tjena: “Na lichaba li luma-lumela’ng, ’me batho ba rerela’ng tsa lefeela? Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bōkanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa oa hae matla?” Ka mor’a hore baapostola ba Motlotsuoa oa Jehova ba tšoaroe ka lekhetlo la pele ba be ba hlekefetsoe ke Bajode bao e neng e le lira tsa bona, ba ile ba kopana hape le Bakreste ba habo bona eaba ba qotsa mantsoe ana a Pesaleme ea 2 a ngotsoeng ke Morena Davida. Liketso 4:23-30 e tlaleha taba, e re:
15 “Eitse hobane ba lokolloe, ba khutlela ho bahabo, ba ba tsebisa tsohle tseo ba li boleletsoeng ke baprista ba baholo, le ke baholo. Bao, ha ba utloa tseo, ba phahamisetsa mantsoe a bona ho Molimo ka pelo e le ’ngoe, ba re: Oho, Morena, ke uena Molimo o entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le tsohle tse ho ’ona. U boletse ka molomo oa Davida, mohlanka oa hao, ua re: Na ba-lichaba ba luma-lumela’ng, ’me lichaba li rerela’ng litaba tsa lefeela? Marena a lefatše a phuthehile, le baholo ba kopane hammoho ho loantša Morena le Motlotsuoa oa hae. Hobane efela Heroda, le Ponse Pilato, le ba-lichaba, le meloko ea Iseraele e kopane hammoho ho loantša Jesu, mohlanka oa hao ea halalelang, eo u mo tlotsitseng; le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ea hao e li laetseng pele hore li etsahale. Joale, Morena, bona litšokelo tsa bona, ’me u nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentsoe la hao, ba sa tšabe letho. ’Me u otlolle letsoho la hao ho folisa batho, le ho etsa meeka le mehlolo ka lebitso la Jesu, mohlanka oa hao ea halalelang.”
16, 17. (a) Historing eohle ea batho, na ho na le eng kapa eng e kileng ea etsahala e ka bapisoang le se qalileng ho etsahala ka 1914? Hlalosa. (b) Lichaba li tsoela pele ho itšoara ka tsela efe, ka ho etsa joalo li tlama Jehova Molimo ho ngola eng, mabapi le ‘buka ea lintoa tsa hae’?
16 Leha ho le joalo, ha ho tluoa lichabeng tse luma-lumang, marena a emang hammoho joalokaha eka ke morena a le mong, baeta-pele ba lipolotiki ba bōkanang hammoho khahlanong le Jehova le Motlotsuoa oa hae, Jesu Kreste, historing eohle ea batho ke eng e ka bapisoang le se qalehileng lilemong tse 76 tse fetileng ka 1914? Seo e ne e se feela selemo seo ntoa ea lefatše ea pele nakong eohle ea ho ba teng ha motho e qhommeng ka sona empa ka ho khethehileng e ne e le selemo seo linako tsa Balichaba, “linako tse khethiloeng tsa lichaba,” li felileng ka sona! (Luka 21:24, NW) Ka ho hlakileng Pesaleme ea 2 e ile ea ba le phethahatso ea eona e kholoanyane ho tloha selemong seo.
17 Bofelong ba linako tsa Balichaba ka 1914, ha ho le se seng sa lichaba—esita le lichaba tsa ho bitsoang ’Muso oa Bokreste, tseo baahi ba tsona ba bangata ba italimang e le Baiseraele ba moea bolumeling—se neng se e-na le tšekamelo ea ho amohela Motlotsuoa oa Jehova, Jesu Kreste, teroneng ea bobusi holim’a lefatše. ’Me hona joale, lilemo tse 71 ka mor’a hore “evangeli ena ea ’muso” e qale ho “boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle,” ho tloha ka 1919 ho ea pele, lichaba tse ka hare le tse ka ntle ho Bokreste-’mōtoana ka sebele ha li na ho amohela Morena oa Jehova eo e leng khale a phatlalalitsoe le ho ikanela ho tšepahala ho eena ha li lahla bobusi ba tsona holim’a lefatše. (Mattheu 24:14) Ho fapana le hoo, qetellong li fihlile nakong le boemong tseo ho tsona li tlamang Jehova ho ngola qetello e khōlō ea “buka ea Lintoa tsa Jehova,” kamoo re ka bolelang ka teng.—Numere 21:14, NW.
Tlhōlo e Khanyang ea Molimo oa Mohlabani
18. Re tšehetsa khato efe ka lehlakoreng la Jehova, ’me ke bo-mang ba tla ba ka lehlakoreng la hae, bakeng sa phethahatso ea Pesaleme ea 110?
18 Ka hona, hatela pele ho kena ntoeng, Jehova oa makhotla, u e-na le Mora oa hao oa morena, Jesu Kreste, lehlakoreng la hao! Mantsoe ana a boprofeta a lebisitsoe ho eena: “Hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao. Morena [“Jehova,” NW], ea leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae. O tla ahlola har’a lichaba; hohle ho tla tlala litopo, o tla thumakanya lihloho linaheng tse ngata.”—Pesaleme ea 110:2, 5, 6.
19. Mabapi le ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle e larileng ka pele, ke thapelo efe eo re e lebisang ho eena molemong oa bongata bo boholo ba linku tse ling?
19 Jehova oa makhotla, bahlanka ba hao ba tšepahalang lefatšeng a e ke e be lipaki tse nyakalletseng tsa tlhōlo ea hao eo ho seng e lekanang le eona ka Morena oa hao oa mohlabani, Jesu Kreste, ketsahalong ea ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle sebakeng se bitsoang Harmagedone ka Seheberu! (Tšenolo 16:14) Lehlakoreng la masala a Baiseraele ba ’nete ba moea, batho ba bongata bo boholo ba kang linku ba seng ba “hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana” ka nyakallo ‘ba tsoa mahlomoleng a maholo’ ho tla ba lipaki tsa hao tsa lefatšeng ka ho sa feleng! (Tšenolo 7:14) Tlas’a tlhokomelo ea hao e lerato, a ba ke ba pholohe ba sa ka ba shoa ho kena sebakeng se se nang ntoa se busoang ke Mora oa hao ea hlōtseng, ea tla busa holim’a lefatše le hloekisitsoeng le tla fetoloa paradeise e ntle, tumellanong le morero oa hao oa tšimolohong. A ba ke ba fetohe bopaki bo bonahalang ho bafu bohle ba tsositsoeng ho tlotlisa bobusi boo e leng ba hao ka tšoanelo holim’a bokahohle bohle! Rea u leboha ka hore ka nako eo u tla be u rarollotse tseko ea bokahohleng ka ho sa feleng, e, ka ho sa eeng kae!
Na u sa Hopola?
◻ Tseko e ka sehloohong e ka pel’a batho le mangeloi ke efe?
◻ Ho na le phapang efe pakeng tsa ha Jehova a loanela Iseraele ea boholo-holo le ha a loanela Iseraele ea moea?
◻ Nakong ea Harmagedone, Lipaki tsa Jehova li tla nka boemo bofe, hona hobane’ng?
◻ Pesaleme ea 2:1, 2 e phethahalitsoe ka tsela eo ho e-s’o be le e tšoanang le eona neng?
◻ Tseko ea bokahohleng e tla rarolloa ka ho sa feleng neng?
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
“Bongata bo boholo ba batho” bo tla etsetsa Morena oa Molisa ea hlōtseng oa Molimo litlatse