Qetello e Tlang ea “Buka ea Lintoa Tsa Jehova”
“Ho boletsoe ka hare ho buka ea Lintoa tsa Jehova.”—NUMERE 21:14, “NW.”
1, 2. Ke ketsahalong efe ea boholo-holo moo Jehova a ileng a bontša Baegepeta hore ke Molimo oa mohlabani, hona o ile a ho etsa joang?
BATHO ba mehleng ea kajeno ha ba ananele hakaalo hore Molimo oa Bibele, Jehova, ke mohlabani, mohale oa ntoa. ’Nete ena e ile ea tšoantšisoa ha o lopolla batho ba oona ba mehleng ea boholo-holo khatellong Egepeta. Faro o ne a ile a hlohlelletsoa ke sera se sa bonahaleng sa batho bao, Satane Diabolose, hore a leke ho ba sebelisa ka thata ho fihlela ba e-shoa. Joale, ha a hlokomela seo a lahleheloang ke sona ka ho tlohella Baiseraele hore ba ikele ka bolokolohi, Faro le mabotho a hae a ntoa ba ile ba ba jahella.
2 Leha ho le joalo, Faro o ne a sa lemohe hore Molimo oa Baiseraele e ne e ka ba Molimo oa mohlabani bakeng sa ho lopolla batho ba Oona. Ha mabotho ao a Baegepeta a tšela sekoti se omileng sa Leoatle le Lefubelu a ba jahelletse ka moea oa boiphetetso, Molimo oa Baiseraele ba kotsing o ile oa nka khato ’me oa etsa hore bakalli ba makoloi le ba lipere ba khangoe ke metsi, oa tlohella metsi a entseng qubu hore a theohele tselaneng eo ea pholoho e neng e buletsoe Baiseraele ka mohlolo.—Exoda 14:14, 24-28.
3. Pineng ea bona ea tlhōlo, Baiseraele ba ile ba khetholla Jehova e le Molimo oa mofuta ofe, empa ke ’nete efe eo lichaba tsa kajeno li iphapanyetsang eona?
3 Ba le lebōpong le ka bochabela la Leoatle le Lefubelu ba sireletsehile, Baiseraele ba nyakalletseng ba ile ba bina pina ea tlhōlo, ba tlotlisa Molopolli oa bona oa leholimo: “Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli oa eona o li lihetse leoatleng. Matla a ka le thoko ea ka ke Jehova, e bile eena ho pholoha ha ka: ke eena Molimo oa ka, ke tla mo rorisa; ke Molimo oa ntate, ke tla mo tlotlisa. Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae. Makoloi a Faro le lekhotla la hae o a lihetse leoatleng, linatla tsa hae tse khethehileng li noetse Leoatleng le Lefubelu.” (Exoda 15:1-4) Moo Leoatleng le Lefubelu, Jehova o ile a iponahatsa e le mohlabani ea ka etsang liketso tse hlollang. Lichaba tsa lefatše li iphapanyelitse ’nete ena.
4, 5. Meloko eo e 12 ea Iseraele e nyakalletseng e ne e hlahile ho ntate-moholo ofe a le mong, ’me enoa o ile a fetoha motsoalle oa mang hona e le ka baka la tšobotsi efe?
4 Moprofeta Moshe, ea neng a etelletse pele ho binoeng ha pina eo e bululetsoeng, o ile a bua ka Jehova e le “Molimo oa ntate.” Abrahama oa Moheberu e ne e le ntate-moholo ea hlahelletseng oa sechaba sa Iseraele. Ho eena, le Isaaka le Jakobo le bara ba 12 ba Jakobo, ho ile ha hlaha meloko e 12 ea Iseraele. Abrahama o ile a ipaka e le morapeli ea behang mohlala oa Jehova Molimo. E ne e le monna ea nang le tumelo e matla hoo ha Jehova a ’mitsa hore a tlohe ha habo Ure ea Bakalde, a ileng a kena leetong a sa tsila-tsile ho ea naheng eo Jehova a neng a tla ’montša eona, a kholisehile hore Molimo o ne o tla phethahatsa tšepiso ea Oona ea ho mo fa eona hammoho le bana ba hae.
5 Ka baka la tumelo e tsotehang ea Abrahama, Jehova o ile a tšepisa ho fa Abrahama “peō,” kapa ngoana, eo malapa ’ohle a lefatše, ho akarelletsa malapa a mehleng ea kajeno, a neng a tla itlhohonolofatsa ka eona. (Genese 12:2, 3; 22:17, 18, NW) Abrahama o ile a kenngoa kamanong e haufi le Molimo oa hae hoo a neng a tsejoa e le “motsoalle oa Jehova,” Molimo ka booona o bile oa bitsa mopatriareka eo ea tšepahalang “motsoalle oa ka.”—Jakobo 2:23, NW; Esaia 41:8, NW.
6. Le hoja e ne e le moleleri ea phelang ka khotso Lefatšeng la Pallo, Abrahama o ile a ipaka e le mohlabani ea tšepileng Jehova joang?
6 Le hoja a ne a tsamaea e le osele Lefatšeng la Pallo, Abrahama o ile a paka hore o ne a ka nka khato joaloka mohlabani. Ka lekhetlo le leng marena a mane a hlahang ka thōko a ile a futuhela Lefatše la Pallo ’me a hapa Lota ngoan’a ngoan’abo Abrahama le lelapa la Lota. Abrahama, a susumetsoa ke kamano e matla ea lelapa, o ile a fa bahlanka ba hae ba batona ba 318 lihlomo, ’me a e-na le ba mo phalletseng ba tsoang ho bathusi ba bararo ba selekaneng le eena tikolohong eo, Anere, Eshkole, le Mamre, o ile a lelekisa bahapi bao. Ka ho ba tsometsa ka ho ba hlasela e le bosiu, Abrahama le lebotho la hae ba ile ba hlōla bafutuhi bao, esita le hoja e ne e le lebotho le leholo ho feta la bona hōle. “Polao ea marena” e ile ea e-ba teng. (Ba-Heberu 7:1, NW; Genese 14:13-17) Abrahama o ile a pholosa Lota le lelapa la hae ’me a khutlisa tsohle tse neng li utsoitsoe.
7-9. (a) Abrahama o ile a etela moprista ofe, ’me o ile a fumana tlhohonolofatso efe? (b) Abrahama o ile a bontša joang hore o ne a batla ho ruisoa ke Molimo o Holimo-limo feela? (c) Joalokaha Melkisedeke a ile a ho tiisa, ke mang ea ileng a fa Abrahama tlhōlo ntoeng?
7 Abrahama o ile a hlokomela hore tlhōlo ea hae ntoeng e ne e ipakile e le e atlehileng feela ka thuso ea Jehova Molimo, ’me leetong la hae ha a khutlela hae ka tlhōlo, o ile a khona ho lumela ’nete eo phatlalatsa. O ne a tseba hore moprista ea amohelehang oa Molimo oa hae o ne a ka fumanoa motseng oa Saleme. Kahoo o ile a leba motseng oo le ba tsamaeang le eena. Karolo e qetellang ea khaolo ea 14 ho Genese e re tsebisa seo joale se ileng sa etsahala:
8 “Melkisedeke, morena oa Saleme, a tlisa bohobe le veine. E ne e le eena moprista oa Molimo o holimo-limo. A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatsoe Abrame ke Molimo o holimo-limo, mong a maholimo le lefatše! Ho rokoe Molimo o holimo-limo, o neetseng lira tsa hao matsohong a hao! Eaba Abrame o mo abela karolo ea leshome ea ntho tsohle. Morena oa Sodoma a re ho Abrame: ’Nee batho, u inkele maruo. Empa Abrame a fetola morena oa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Molimo o holimo-limo, mong a maholimo le lefatše, hore, leha e le tšoele, leha e le leqhoele la seeta, nke ke ka nka letho la hao, u tle u se ke ua re: Ke fumisitse Abrame. Ha e se feela see bahlanka ba se jeleng, le kabelo ea banna ba ileng le ’na, bo-Anere, le Eshkole, le Mamre, bona ba ke ba nke kabelo ea bona.”—Genese 14:18-24.
9 Joalokaha litemana tsena li bontša, Melkisedeke, morena oa moprista oa motse oa Saleme, o ile a tiisa kholiseho ea Abrahama ea hore ke Molimo o Holimo-limo o neng o mo loanetse hammoho le mabotho a hae a ntoa oa ba oa mo fa tlhōlo. Morena Melkisedeke oa Moprista ha aa ka a tlosa tlhokomelo karolong eo Jehova a ileng a e phetha tabeng eo.
Buka ea Lintoa Tsa Jehova
10. Ntoa ea pele e boletsoeng ka Bibeleng ke efe, ’me ke hobane’ng ha e ne e le qalo feela ea lintoa tsa tlhōlo tsa Jehova?
10 Tlhaloso e ho Genese 14 ea ho futuheloa ha Lefatše la Pallo le ho hlōla ha Abrahama bafutuhi bao ba hlometseng ke eona ntoa ea pele e boletsoeng ka Mangolong a Halalelang. Ka hona, nako e fetang lilemo tse makholo a mane pele ho tlhōlo ea hae Leoatleng le Lefubelu, Jehova o ile a iponahatsa e le mohlabani, ‘mohale oa ntoa.’ Leha ho le joalo, hoo e ne e le qalo feela. Litlhōlo tse khōlō le tse tummeng ho feta eo li ne li tla latela, ho akarelletsa tlhōlo ea ho qetela ‘qetellong ena ea tsamaiso ea lintho.’—Mattheu 24:3, NW.
11. “Buka ea Lintoa tsa Jehova” ke eng, empa ke hokae hape moo ho nang le litlaleho tse ngata tsa litlhōlo tsa hae ntoeng?
11 Ho latela se boletsoeng ho Numere 21:14 (NW), ho ile ha ngoloa “buka ea Lintoa tsa Jehova.” Tlaleho ena e tšepahalang, kapa histori, ea lintoa tsa Molimo molemong oa batho ba oona, mohlomong e ile ea qala ka ntoa ena e ileng ea loanoa molemong oa Abrahama ea tšepahalang. Moshe o ne a tseba ka buka ena empa ha a re fe lintlha tse eketsehileng tse qaqileng mabapi le eona. Kahoo, ha re bolelloe litsela tsohle tseo Jehova a ileng a ipontša e le mohlabani ka tsona nakong e akaretsoang ke buka eo ea Lintoa tsa Jehova. Leha ho le joalo, ho tloha ha ho buuoa ka buka eo, karolo e khōlō ea Bibele e Halalelang e ile ea ngoloa, ’me e re fa litlaleho tse ngata tsa litlhōlo tsa Jehova ntoeng.
Melkisedeke e Moholoanyane—Mohlabani
12. Melkisedeke o ne a tšoantšetsa Ofisiri efe e kholoanyane ea Molimo o Holimo-limo, ’me ke pesaleme efe e ngotsoeng ke Davida e lebisitsoeng ho enoa joaloka moprista le mohlabani?
12 Ka mor’a hore Abrahama a hlōle Kedorlaomere le marena a neng a le selekaneng le eena, Melkisedeke o ile a mo hlohonolofatsa. Morena Melkisedeke oa Moprista ka boprofeta o ne a tšoantšetsa Eo e neng e tla ba Moprista e Moholo oa Molimo o Holimo-limo eo hape e neng e tla ba mohlabani ea matla ea tšehelitsoeng ke Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa. Pesaleme ea 110, e ngotsoeng tlas’a pululelo ke morena Davida oa mohlabani, e lebisitsoe ho Enoa e moholoanyane ho Melkisedeke oa Saleme ha e re: “Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao. Jehova o hlapantse, a ke ke a koeneha; o itse: U moprista ka ho sa eeng kae, ka mokhoa oa Melkisedeke. Morena, ea leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae.”—Pesaleme ea 110:2, 4, 5.
13. Ho Ba-Heberu likhaolo 7 le 8, E moholoanyane ho Melkisedeke oa boholo-holo o tsebahatsoa e le mang, ’me Enoa o ile a kena sebakeng sefe se phahameng hona e le ka sehlabelo sa mofuta ofe?
13 Sengoli se bululetsoeng sa buka ea Ba-Heberu se ile sa senola hore na ke mang Eo mantsoe ao a neng a hlile a lebisitsoe ho eena ha se re: “Moo Jesu a keneng ka baka la rōna, e le moetelli oa rōna, ha a beoa moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Ba-Heberu 6:20) Khaolong e latelang ea Ba-Heberu, ho hlalosoa boholo ba Melkisedeke oa boholo-holo. Empa ho ntse ho le joalo, boholo ba hae ba boprista bo fetoa ke Eo a neng a mo tšoantšetsa, Jesu Kreste ea tsositsoeng, ea tlotlisitsoeng, ea keneng pel’a boleng bo halalelang ba Jehova Molimo ka boeena ka molemo oa sehlabelo se seholo ho feta eng kapa eng eo Morena Melkisedeke oa Moprista oa Saleme a neng a ka e nyehela.—Ba-Heberu 7:1–8:2.
14. Na Melkisedeke e Moholoanyane o lumelletse baruti ba Bokreste-’mōtoana ho kenella likotsing tsa ntoa ea ho bitsoang lichaba tsa Bokreste?
14 Moprista Melkisedeke oa morena o ile a hlohonolofatsa mohlabani, Abrahama ea hlōtseng. Empa ho thoe’ng ka Melkisedeke e Moholoanyane, Mothei oa Bokreste ba ’nete? Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba bolela hore ba emela Jesu Kreste ka ho hlohonolofatsa mabotho a ho bitsoang lichaba tsa Bokreste le ho a rapella. Empa na Moprista e Moholo oa Jehova leholimong o tšehelitse baruti ba Bokreste-’mōtoana ho see? Ka hona, na o amohetse boikarabelo bakeng sa tšollo eohle ea mali e ’nileng ea tsoela pele nakong ea ho bitsoang Mehla ea Bokreste, ho akarelletsa mali a ileng a tšolloa Lintoeng tsa I le II tsa Lefatše? Le hanyenyane! Le ka mohla ha a e-s’o ka a lumella barutuoa ba hae ba ’nete ho iketsa karolo ea lefatše lena le ho kenella ho phahamiseng ntoa ha lona ho tlisang tšollo ea mali.
Molimo oa Mohlabani o Iketsetsa Lebitso le Letle
15, 16. Jehova o ile a iketsetsa’ng ha a loanela batho ba hae ho ba lopolla Egepeta?
15 Nehemia 9:10 (NW) e bua ka ho lopolla ha Jehova meloko e 12 ea Iseraele Egepeta, e re: “Joale u ile ua fana ka lipontšo le mehlolo khahlanong le Faro le bahlanka ba hae kaofela le batho kaofela ba naha ea hae, hobane u ne u tseba hore ba entse ka boikhohomoso khahlanong le bona [Baiseraele]; ’me u ile ua tsoela pele ho iketsetsa lebitso joaloka kajeno.”—Bapisa le Exoda 14:18.
16 Moprofeta Esaia o bua ka tšobotsi ea lebitso lena ha a bua ka Jehova e le “ea neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le khanyang la hae, a arola metsi pel’a bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng.” ’Me ha a bua le Jehova, o re: “Ke ka mokhoa oo u tsamaisitseng sechaba sa hao, hore u [iketsetse] lebitso le khanyang.” (Esaia 63:12-14) Ha a ipiletsa ho Jehova hore a boele a nke khato lebitsong la batho ba hae, Daniele o ile a bua le eena e le “uena ea ntšitseng sechaba sa hao naheng ea Egepeta ka letsoho le matla, ea iketselitseng lebitso le tumileng le kajeno.”—Daniele 9:15; Jeremia 32:20.
17. Jehova o tla romela mang ho tla loana ka lebitso la hae, ’me ka ho etsa joalo o tla bontša lichaba tsohle tsa kajeno eng?
17 Ka nako e loketseng, Jehova Molimo o tla romela Jesu Kreste, Melkisedeke e Moholoanyane, e le mohlabani ea matla. Ka eena, Jehova o tla iketsetsa lebitso le leholo ho feta eng kapa eng ea nakong e fetileng e hlalositsoeng ka bukeng ea Lintoa tsa Jehova kapa ka Mangolong a Seheberu a Bibele e Halalelang. Khaolong ea ho qetela ea buka e etellang ea ho qetela pele ka Mangolong a Seheberu, tlhaselo ea machaba khahlanong le Jerusalema e boletsoe esale pele. Joale, ho latela Zakaria 14:3, “Jehova o tla hlaha, a loantše lichaba tseo, joale ka mohla a loanang tsatsing la polao.” Ka tsela ena Molimo oa Bibele o tla bontša lichaba tsohle tsa kajeno hore e sa ntsane e le Molimo oa mohlabani joalokaha e ne e le oona mehleng ea Iseraele ea boholo-holo.
18, 19. Ke Jerusalema efe e tla oeloa ke tlhaselo e matla haholo ea lichaba?
18 Ena ke tebello e sa ntsaneng e larile ka pel’a rōna. Empa ke Jerusalema efe e tla oeloa ke tlhaselo e matla haholo joalo? Boprofeta boo ha boa ka ba phethahatsoa holim’a Jerusalema ea mehleng ea Zakaria. Motse oo o ile oa timetsoa ke makhotla a Roma ka 70 C.E. Leha ho le joalo, Jerusalema e ile ea tsosolosoa ’me kajeno Bokreste-’mōtoana hammoho le sechaba sa Iseraele ea nama li e talima e halalela. Ntoeng ea matsatsi a tšeletseng ea 1967, Iseraele ea nama e ile ea hapa Jerusalema eohle ea lefatšeng e tsosolositsoeng. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki leha e le bo bonyenyane feela ba hore Jehova Molimo o ile a nka karolo efe kapa efe ntoeng ka nako eo. Morena oa Hae ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste, ha a buse Jerusalema ea lefatšeng, ’me ha e sa le “motse oa morena e moholo,” ke hore, oa Jehova.—Mattheu 5:35.
19 Che, motse ona oo e leng motse-moholo oa molao oa naha ea Bajode eo e leng setho sa Machaba a Kopaneng hase eona Jerusalema e boletsoeng boprofeteng ba Zakaria. Ho fapana le hoo, Zakaria o bua ka Jerusalema eo re balang ka eona bukeng ea Ba-Heberu. Moo, Pauluse o bua le Bakreste ba tlotsitsoeng ’me o re: “Le tlile thabeng ea Sione, motseng oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo, liketeng tsa likete tsa mangeloi.” (Ba-Heberu 12:22) Jerusalema ena ea leholimo hase ho hong haese ’Muso oa Bomessia oa Molimo, oo lefatšeng kajeno o emeloang ke sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba thabelang tšepo ea ho ba babusi hammoho le Jesu Kreste ’Musong oo. Bana ke bona ba tla oeloa ke tlhaselo e profetiloeng.
20. Morena Ezekiase o ile a bolella batho ba hae ba neng ba sokeloa mantsoe afe ho ba khothatsa, ’me Lipaki tsa Jehova kajeno li ikhothatsa ka mantsoe a Morena ofe e moholoanyane ho Ezekiase?
20 Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore bana kapa bongata bo boholo ba Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng ba tsoileng lichabeng tsohle ho tla ikopanya le bona borapeling bo hloekileng ba tšohe phello ea tlhaselo ena. Ha makhotla a tšosang a Sankeribe, morena oa Assyria, a futuhela Jerusalema nakong ea puso ea Morena Ezekiase, Baiseraele ba neng ba le kotsing ba ile ba fuoa pono e khothatsang ea boemo boo ha Morena Ezekiase a re ho bona: “Ho eena ho na le letsoho la nama, ho rōna ho na le Jehova, Molimo oa rōna, ho re tlatsa le ho loana lintoa tsa rōna.” Phello e ile ea ba hore ‘sechaba se ile sa itšepisa ka mantsoe a Ezekiase, morena oa Juda.’ (2 Likronike 32:8) Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, ha li sokeloa ke mabotho a lichaba tsa tsamaiso ena ea lefatše, li ka ikhothatsa ka mantsoe a tšoanang a morena e moholoanyane ho Ezekiase, Jesu Kreste.
21. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a Jahaziele a tla hopoloa nakong ea tlhaselo e tlang holim’a Jerusalema ea leholimo? (b) Phello ea ntoa e tla loanoa e tla ba efe?
21 Ka nako eo, mantsoe a susumetsang tumelo a Jahaziele Molevi a tla hopoloa: “Le ke ke la tšoanela ho loana ntoeng ena; le mpe le hlahe, ’me le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ea Jehova ea nang le lōna. Oho, lōna ba-Juda le ba Jerusalema, se tšabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tsoele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lōna.” (2 Likronike 20:17) E, ho pholletsa le nako eo e kotsi, Jehova o tla ba le batho ba hae. Tšireletseho le polokeho ea bona e tla itšetleha ka ho ba loanela ha hae. ’Me o tla fela a loane, ka Morena oa hae oa mohlabani, Jesu Kreste! Phello? Thipitlo e felletseng ea mokhatlo o bonahalang oa Diabolose lefatšeng.—Tšenolo 19:11-22.
22. (a) Qetello ea tlhōlo ea buka ea Lintoa tsa Jehova e tla ba efe, ’me ka tsela eo Jehova o tla iketsetsa’ng? (b) Tlhōlo ea Jehova e tla susumelletsa ba ratang lebitso la hae ho etsa’ng?
22 Molimo o tla iketsetsa lebitso le letle hakaakang ka tlhōlo ea oona e hlollang ‘ntoeng ena ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone! (Tšenolo 16:14, 16) Kamoo ho ka boleloang ka teng, ho tla eketsoa khaolo e ncha bukeng ea Lintoa tsa Jehova. E tla ba qetello ea tlhōlo, qetello e hlollang mabapi le tsamaiso ena ea lintho. Buka eo kaofela e tla bontša hore ha ho mohla Molimo o Matla ’Ohle o kileng oa hlōloa ntoeng. Ka mor’a moo, ba ratang lebitso la Jehova ba tla mo boka ka nyakallo hakaakang! Joale, ka sebele temana ea ho qetela ea buka ea Lipesaleme e tla phethahatsoa ka ho hlollang: “Tse phefumolohang kaofela a li ke li rorise Jehova! Bokang Jehova!”—Pesaleme ea 150:6.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Ke eng eo kajeno batho ba sa e ananeleng hakaalo mabapi le Molimo oa Bibele, Jehova?
◻ Abrahama o ile a loana ntoa efe, ’me ke mang ea ileng a mo fa tlhōlo?
◻ “Buka ea Lintoa tsa Jehova” ke eng?
◻ Qetello ea “buka ea Lintoa tsa Jehova” e tla ba efe, ’me e tla tlisa phello efe?