Sechaba se Thabileng
SECHABA se thabileng! Na tlhaloso ena e tšoanela sechaba leha e le sefe sa batho kajeno? Na sechaba leha e le sefe se ka bolela ka thabo hore se felisitse pefo, tlōlo ea molao, bofutsana, tšilafalo, mafu a bakang kholofalo, tšenyeho ea lipolotiki, lehloeo la bolumeli? Na ho na le sechaba leha e le sefe se fanang ka tšepo ea sebele ea ho finyella lipakane tse joalo? Le hanyenyane!
Ho thoe’ng ka setšoantšo sa lefatše lohle? Ka la 16 July, mopresidente oa U.S.S.R., Mikhail Gorbachev, o ile a bolela tjena: “Re tloha nakong e ’ngoe ea likamano tsa machaba, ’me re kena ho e ’ngoe, nako eo ke nahanang hore ke ea khotso e matla, e eketsehileng.” Leha ho le joalo, makasine oa Time oa tsatsing lona leo o ile oa tlaleha hore United States e sa ntsane e korotse Moscow ka liqhomane tsa nuclear tse 120, tseo sefe kapa sefe sa tsona se ka timetsang motse oo ka ho felletseng. ’Me ntle ho pelaelo Masoviet a itokiselitse ho arabela ka tsela e tšoanang. Kaha ho na le litho tse ’maloa tsa Machaba a Kopaneng tseo hona joale li nang le tsebo ea ho hlahisa libetsa tsa nuclear, ho nahana ka hore na ke mang ea tla hlasela pele ha ho tlise thabo ho hang.
Sechaba se Thabileng ka Sebele
Ka nako e ’ngoe historing—lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng—ho ne ho e-na le sechaba se thabileng ka sebele. Sechaba seo e ne e le Iseraele ea boholo-holo. Ha Molimo o ne o lopolla sechaba seo khatellong ea Egepeta, se ile sa kopanela le Moshe pineng ea thabo ea tlhōlo, ’me se ile sa tsoela pele ho thaba hafeela se ntse se mamela Molimo le Molopolli oa sona.—Exoda 15:1-21; Deuteronoma 28:1, 2, 15, 47.
Tlas’a puso ea Salomone “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joale ka lehlabathe le lebōpong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.” Eo e ne e le nako ea thabo e khōlō e ileng ea fihla sehlohlolong ha ho hahoa seo mohlomong e neng e le mohaho o khanyang ka ho fetisisa historing eohle, tempele ea borapeli ba Jehova e Jerusalema.—1 Marena 4:20; 6:11-14.
Sechaba se Thabileng sa Kajeno
Iseraele ea boholo-holo e ne e tšoantšetsa sechaba sa kajeno. Ke sechaba sefe? Na ke Iseraele ea bopolotiki e Bochabela bo Hare? Litlaleho tsa litaba li bontša hore sechaba seo se loanang ha sea thaba ho hang. Na se bitsoang Machaba a Kopaneng se tliselitse linaha tseo e leng litho tsa sona thabo ea sebele? Che, ha ho moo thabo ea ’nete e ka fumanoang teng har’a lichaba tsa kajeno tse kenelletseng lipolotiking. Meharo, tšenyeho, le bolotsana li atile, ’me linaheng tse ngata batho feela ba sa thabang ba loanela feela hore ba tsoele pele ho phela.—Liproverbia 28:15; 29:2.
Leha ho le joalo, kajeno ho na le sechaba se le seng se tsotehang se thabileng ka ho fetisisa. Ha sea kenella lipolotiking, hobane Hlooho ea sona, Kreste Jesu, o ile a bolela tjena ka batho ba sona: “Ha le karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19, NW) Le hoja Machaba a Kopaneng e le a kopaneng ka lebitso feela, sechaba se thabileng se bokella litho tsa sona tse ratang khotso ho ‘tsoa lichabeng tsohle, le mefuteng eohle, le merabeng eohle, le lipuong tsohle.’ (Tšenolo 7:4, 9) Hona joale se se se feta limillione tse ’nè ka palo, kahoo batho ba sona ba bangata ho feta lichaba tse ka bang 60 ho tse 159 tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng. Lipuo tsa habo batho bana ba limillione tse ’nè li ka ba 200 ka palo; empa kaofela ha bona ba kopane ho bueng ‘puo e le ’ngoe e hloekileng.’—Sofonia 3:9, NW.
Na ha ho makatse hore e be lichaba tse ngata hakana tse fapaneng li bua puo e le ’ngoe e tsejoang ke bohle? Le hanyenyane, hobane puo ena e le ’ngoe e kopanyang e akarelletsa molaetsa oa ’Muso oa Molimo o tlang oa ho loka. Sechaba sena se thabileng se tsoa “lipheletsong tsa lefatše” ’me se tsejoa e le ‘Lipaki tsa Jehova’ lefatšeng lohle. (Esaia 43:5-7, 10; Zakaria 8:23) Hoo e ka bang kae kapa kae moo u ka eang teng lefatšeng lena, u tla li fumana.
Ho Esaia 2:2-4, moprofeta oa Molimo o hlalosa letšoele le phallang ho tsoa lichabeng tsohle, le re: “Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.” Ka mafolo-folo, batho bana ba mema ba bang ho amohela thuto e tsoang ho Jehova ka Lentsoe la hae, Bibele, e le hore ba tle ba ithute ho etsa thato ea hae. Sechaba sena se le seng se latela tsela ea khotso ea ’nete, batho ba sona ba se ba teile ‘liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a teile lisekele; ha ba sa ithuta ho loana.’ Ka sebele ke sechaba se thabileng!
Le uena u ka kopanela thabong ena. U ka ithuta ka letsatsi le atamelang ka potlako leo ka lona Morena, Kreste Jesu, a tla tlosa batho le mebuso e senyang ’me a khutlisetse Paradeise lefatšeng. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Esita le hona joale, e le sechaba se kopaneng ka sebele, Lipaki tsa Jehova li fumana thabo e khōlō mosebetsing oa tsona oa ho lokisetsa nako eo e khanyang ea khotso ea ’nete, joalokaha maqephe a latelang a tla bontša.