Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 3/15 maq. 3-4
  • Ho Ipolela Libe—Na ho na le ho Hong ho Phoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ipolela Libe—Na ho na le ho Hong ho Phoso?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Tšebeletso Feela ea Bolumeli?
  • Ho Ipolela
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Ipolela Libe—Ka Tsela ea Batho Kapa ea Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na U Lokile Pel’a Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 3/15 maq. 3-4

Ho Ipolela Libe—Na ho na le ho Hong ho Phoso?

“HO IPOLELA libe ke tlhoekiso ea moea, tsela ea ho qala bocha, tsela ea ho hlakola tlaleho e mpe. Ke rata ho ea Ipolela libe, ho bolella moruti libe tsa ka, hore a ntšoarele ’me ke rata le boikutlo bo botle bo latelang ka mor’a moo.” Ke kamoo morapeli e mong ea chesehang oa K’hatholike a boletseng ka teng.—Bless Me, Father, for I Have Sinned.

Ho ea ka New Catholic Encyclopedia, “ke moruti feela eo Kreste a mo fileng kapa a mo abetseng matla a ho tlama le a ho lokolla, a ho tšoarela le a ho balla” batho libe. Mohloli o tšoanang oa boitsebiso o bolela hore ho ipolela libe ka mehla ho bolela “ho khutlisa ho halalela ha bophelo ho sentsoeng ke sebe se tebileng le . . . ho hloekisa letsoalo la motho.” Empa, boemo ba boitšoaro linaheng tse ngata bo bontša hore ho ipolela libe ka mehla ha ho etse hore batho ba bangata ba ho etsang ba “furalle se sebe, ’me ba etse se setle.” (Pesaleme ea 34:14, NW) Kahoo na ho na le ho hong ho phoso?

Na ke Tšebeletso Feela ea Bolumeli?

Ho ipolela libe ho ka ’na ha qala e le tšebeletso feela ea bolumeli. Ireland, ho ipolela libe ho qala ho etsoa nakoana feela pele ho Selallo sa pele. Ka hona, na ke ho makatsang hore ebe ngoanana ea lilemo li supileng o ne a tla nahana haholo ka mose o motle oa lenyalo, o monyenyane oo a tlang ho o apara ho e-na le ho nahana ka ‘ho khutlisa ho halalela ha bophelo ho sentsoeng ke sebe se tebileng’?

Ramona ea qalileng ho etsa maipolelo ha a le lilemo li supileng oa lumela: “Ntle le ho fumana chelete e tsoang ho beng ka ’na, ntho eo ke neng ke e thabetse haholo e ne e le mose.” O tsoela pele ho re: “Har’a banana bohle bao ke neng ke ba tseba, ho ne ho se na boikutlo ba moea. Ha ho lea mong ho rōna ea neng a nahana ka Molimo nakong eo.”

Ha e le hantle, ho tlamella bana ba hao ho ipolela libe ka mehla ho ka lebisa nthong e pheta-phetoang ka hlooho feela. Michael, eo le eena a ileng a qala ho ipolela libe ha a le lilemo li supileng, o re: “Ke ne ke sebelisa mantsoe a tšoanang feela ka linako tsohle.”

Litlhaloso tsa Mak’hatholike a mang tse qotsitsoeng bukeng Bless Me, Father, for I Have Sinned li bontša hore ho ipolela libe ho bile le molemo o fokolang oa moea ho ’ona esita leha a se a hōlile. Motho e mong o ile a lumela: “Ho ipolela libe ho u ruta ho bua leshano, hobane ho na le lintho tse ling tseo u ke keng ua khona ho li bolella moruti.” Ho se lumellane ho teng har’a baruti ho ka ’na ha sebelisoa e le monyetla oa ho fumana kotlo e nyenyane ea libe. Ba bang ba ’nile ba batla moruti ea “molemo” ea mamelang maipolelo e le hore ba fumane keletso eo ba batlang ho e utloa. Moroetsana e mong o itse: “Ka mor’a ho fuputsa hohle ka likhoeli tse tharo, ke ile ka fumana moruti oa ka ea mamelang maipolelo. Ke ’mona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, re talimane mahlong ka kamoreng ea poelano, ’me o molemo haholo.” Mok’hatholike e mong o itse: “Haeba u ne u hlalefile, u ne u fumana moruti ea sa utloeng ka litsebeng ea sa tsebeng Senyesemane haese mantsoe ‘Rapela Maria ka makhetlo a mararo.’”

Ka ho hlakileng, ho na le ho hong ho phoso ka ho ipolela libe kamoo batho ba bang ba ho etsang ka teng. Empa Bibele e bontša hore ho ipolela libe hoa hlokahala, hobane e re: “Ha ho motho ea patang libe tsa hae ea tla atleha, mang le mang ea li bolelang le ho li bakela o tla fumana mohau.”—Liproverbia 28:13, The New Jerusalem Bible.

Na sena se bolela hore Mokreste o lokela ho ipolela libe tsohle tsa hae? Haeba ho joalo, o lokela ho li bolela ho mang? Sehlooho se latelang se tla hlahloba lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela