Bibele ea Sepanishe e Loanela ho ba Teng
LETSATSING le leng ka October 1559, Mak’hatholike a Spain a ka bang 200 000 a ile a phallela toropong e ka leboea ea Valladolid. Se neng se ba hohela teng e ne e le tšebeletso e neng e tla lateloa ke ho ahloloa le ho bolaoa ha ba molato, moo “ba babeli ba molato ba ileng ba chesoa ba ntse ba phela, ba leshome ba khangoa ho fihlela ba e-shoa.” E ne e le “bakhelohi.”
Morena e mocha ea neng a tumme Philip II o ne a okametse ketsahalo eo ka boeena. Ha monna e mong oa ba neng ba ahlotsoe a kōpa hore a bontšoe mohau, morena o ile a arabela: “Haeba mor’a ka e ne e le ntho e se nang thuso joaloka uena tjena, e ne e tla ba ’na ka sebele ea tla thota patsi ea ho mo chesa.” Motho eo ea malimabe o ne a entse tlōlo efe ea molao? Ke hobane feela o ne a ile a bala Bibele.
Ka nako e tšoanang, mokhatlo oa Lekhotla le Otlang Bakhelohi la K’hatholike o ne o tšoarehile toropong ea Andalusian e Seville. Mono, sehlopha sa baitlami sa ntlo ea baitlami ea San Isidro del Campo, se ne se sa tsoa amohela phasele ea lekunutu ea Bibele ea Sepanishe. Ebe limpimpi li ne li tla ba lōma? Ba bang ba ileng ba hlokomela hore ba kotsing e tšabehang ba ile ba baleha naheng eo. Empa ba 40 ho ba ileng ba sala ba ile ba ba malimabe ’me ba chesoa thupeng, ba akarellelitse le eena monna ea ileng a kenya Libibele naheng eo ka lenyele. Spain lekholong la bo16 la lilemo e ne e le sebaka se kotsi bakeng sa babali ba Bibele—ke ba seng bakae ba ileng ba phonyoha liatla tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi.
Har’a bao ba seng bakae ho ne ho e-na le Casiodoro de Reina, eo pele e neng e le moitlami (hoo e ka bang ka 1520-94). O ile a balehela London, empa le teng ha a ka a fumana tšireletseho. Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la tšepisa ho fa ea ka mo tšoarang moputso, ’me lenģosa la Spain Lekhotleng la Engelane le ile la rera ho mo qeka ka mokhoa leha e ka ba ofe hore a boele sebakeng se seng se tlas’a taolo ea Spain. Ka mor’a nakoana, liqoso tsa bohata tsa bofebe le bosodoma li ile tsa mo qobella ho tloha Engelane.
A e-na le chelete e fokolang le lelapa le ntseng le eketseha leo a neng a lokela ho le phelisa, pele o ile a balehela Frankfurt. Hamorao, ho batla ha hae tšireletso ea bolumeli ho ile ha mo isa Fora, Holland, ’me qetellong ha mo isa Switzerland. Leha ho le joalo, nakong ena eohle o ile a ipoloka a tšoarehile. O ile a hlalosa: ‘Ntle le nako eo ke neng ke kula kapa ke le leetong ka eona, . . . ha nka ba ka khaotsa mosebetsi oa ka.’ O qetile lilemo tse ngata a fetolela Bibele ka Sepanishe. Ho hatisoa ha likopi tse 2 600 tsa Bibele ea Reina ho ile ha qetella ho qalisitsoe Switzerland ka 1568 ’me ha qetoa ka 1569. E ’ngoe ea litšobotsi tse ikhethang tsa phetolelo ea Reina ke hore o sebelisitse Iehoua (Jehová) ho e-na le Señor bakeng sa Tetragrammaton, litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la botho la Molimo.
Ho Ngoloa ha Bibele ea Sepanishe
Ka lebaka la ho qaptjoa ha mochini o hatisang, nakong eo Libibele li neng li ata ka mokhoa o sa lebelloang Europe, Spain teng li ne li fumanoa seoelo. Ho ne ho ntse ho se joalo pele. Bibele e ne e le buka e rekoang ka ho fetisisa Spain ka lilemo tse makholo. Likopi tse ngotsoeng ka letsoho li ne li fumaneha ka Selatine hape, ka makholo a seng makae a lilemo, li fumaneha le ka puo ea Segothic. Rahistori e mong o ile a hlalosa hore nakong ea Mehla e Bohareng, “Bibele—joaloka mohloli oa tšusumetso le matla, joaloka tekanyetso ea tumelo le boitšoaro—e ne e tumme haholo Spain ho feta Jeremane kapa Engelane.” Litlaleho tsa histori tse fapaneng tsa Bibele, Psalters (kapa Lipesaleme), lipokello tsa mantsoe le litlhaloso tsa oona, lipale tsa boitšoaro bo botle, le libuka tse kang tseo e ile ea e-ba libuka tse rekoang ka ho fetisisa nakong eo.
Ka mokhoa o hlokolosi bakopitsi ba rupelletsoeng ba ile ba hlahisa libuka tse ipiletsang tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho. Le hoja bangoli ba 20 ba ne ba nka selemo se feletseng ho hlahisa buka e le ’ngoe feela e ngotsoeng ka letsoho ea boemo bo holimo, lekholong la bo15 la lilemo Libibele tse ngata tsa Selatine le litlhaloso tse likete tsa Bibele ea Selatine li ne li tletse hohle Spain.
Ho phaella moo, ha puo ea Sepanishe e qala ho ntlafala, thahasello ea ho ba le Bibele ka puo ea moo e ile ea phahama. Hoo e ka bang mathoasong a lekholo la bo12 la lilemo, Bibele e ile ea qala ho fetoleloa ka Seromance, kapa Sepanishe sa pejana, puo e neng e buuoa ke batho ka kakaretso.
Tsosoloso ea Nakoana
Empa tsosoloso eo e ne e ke ke ea nka nako e telele. Ha Mawaldense, Malollard, le balateli ba Hus ba sebelisa Mangolo ho sireletsa litumelo tsa bona, ho ile ha e-ba le maikutlo a potlakileng le a mabifi khahlanong le hoo. Ba boholong K’hatholike ba ile ba talima ho baloa ha Bibele ka pelaelo, ’me liphetolelo tse neng li sa tsoa qaloa tsa lipuo tse tloaelehileng tsa thibeloa ho hang.
Lekhotla la K’hatholike la Toulouse (Fora), le ileng la kopana ka 1229, le ile la phatlalatsa: “Re thibela motho ofe kapa ofe eo e seng moruti ho ba le libuka tsa Testamente ea Khale kapa e Ncha tse fetoletsoeng ka puo e tloaelehileng. Haeba motho ea itseng oa molumeli a rata, a ka ’na a ba le Psalter kapa Breviary [buka ea lifela le lithapelo] . . . empa haa lokela ho ba le libuka tse boletsoeng ka holimo li fetoletsoe ka Seromance tlas’a boemo leha e le bofe.” Lilemo tse ’nè hamorao, James I oa Aragon (morena ea neng a busa karolo e khōlō ea hloahloa eo) o ile a fa bohle ba neng ba e-na le Bibele ka leleme le tloaelehileng matsatsi a robeli feela hore ba li ise ho Mobishopo bakeng sa ho chesoa. Ho hlōleha ho etsa joalo, ebang motho ke moruti kapa che, ho ne ho etsa hore ea nang le eona a belaeloe ka hore ke mokoenehi.
Ho sa tsotellehe lithibelo tsena—tse neng li sa tsotelloe hakaalo ka linako tsohle—baahi ba bang ba Spain ba ne ba ithorisa ka ho ba le Bibele ea Seromance karolong ea ho qetela ea Mehla e Bohareng. Sena se ile sa khaotsa hang-hang ha ho thehoa Lekhotla la Spain le Otlang Bakhelohi ka 1478 le le tlas’a taolo ea Mofumahali Isabella le Morena Ferdinand. Ka 1492, toropong ea Salamanca feela, ho ile ha chesoa likopi tse 20 tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tsa theko e phahameng. Libuka feela tsa Seromance tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tse ileng tsa pholoha ke tse neng li bolokiloe laebraring ea botho ea morena kapa ho tsa batho ba seng bakae ba matla ba hlomphehang ba neng ba ke ke ba belaeloa ho hang.
Lilemong tse makholo a mabeli tse latelang, Bibele feela ea K’hatholike e ileng ea lokolloa ka molao Spain—ntle le Vulgate ea Selatine—e ne e le Complutensian Polyglott, Bibele ea pele ea ho ngoloa ka lipuo tse ’maloa, e neng e tšehelitsoe ka lichelete ke Mok’hadinale Cisneros. Ka sebele e ne e le buka ea barutehi, eo ho hang e neng e sa rereloa motho feela ea tloaelehileng. Ke likopi tse 600 feela tse ileng tsa hatisoa, ’me ke batho ba ’maloa ba neng ba ka e utloisisa hobane Bibele eo e ne e ngotsoe ka Seheberu, Searame, Segerike, le Selatine—eseng ka Sepanishe. Ho feta moo, theko ea eona e ne e tšosa. E ne e le li-ducat tsa gauda tse tharo (tse lekanang le moputso oa khoeli tse tšeletseng oa mosebeletsi feela ea tloaelehileng).
Bibele ea Sepanishe e Tsamaisoa ka Sekhukhu
Qalong ea lekholo la bo16 la lilemo, ho ile ha e-ba le Lespanishe le kang “Tyndale” le bitsoang Francisco de Enzinas. E ne e le mora oa ranaha ea ruileng oa Spain, ’me o ile a qala ho fetolela Mangolo a Segerike a Bakreste ka Sepanishe e sa ntsane e le mocha a kena sekolo. Hamorao o ile a isa phetolelo eo Netherlands bakeng sa ho hatisoa, ’me ka 1544 o ile a leka ka sebete ho fumana tumello ea borena ea ho e aba Spain. Ka nako eo, moemphera oa Spain, Charles I, o ne a le Brussels, ka hona Enzinas a nka monyetla oo ho kōpela mosebetsi oa hae tumello ea borena.
Puisano e matla pakeng tsa banna bao ba babeli e tlalehiloe ka tsela e latelang: “Ke buka ea mofuta ofe eo?” ho botsa moemphera. Enzinas a araba: “Ke karolo ea Mangolo a Halalelang e bitsoang Testamente e Ncha.” A botsoa: “Mongoli oa buka eo ke mang?” A araba: “Ke moea o halalelang.”
Moemphera o ile a lumela hore e ka hatisoa hafeela moeletsi oa hae oa botho, e leng moitlami oa Lespanishe, le eena a ne a ka fana ka tiiso ea hae ea tumello. Ka bomalimabe, tumello e joalo ha ea ka ea fumaneha, ’me haufinyane Enzinas o ile a iphumana a akhetsoe teronkong ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi. O ile a khona ho thoba ka mor’a lilemo tse peli.
Lilemo tse seng kae hamorao, khatiso e ntlafalitsoeng ea phetolelo eo e ile ea hatisoa Venice, Italy, ’me ke eona khatiso eo ea Mangolo eo Julián Hernández a ileng a e kenya ka sekhukhu Seville, Spain. Empa o ile a tšoaroa, ’me ka mor’a lilemo tse peli tsa ho hlokofatsoa le ho kenngoa teronkong, o ile a bolaoa hammoho le liithuti-’moho tsa Bibele.a
Lekhotleng la Trent (1545-63), Kereke ea K’hatholike e ile ea phatlalatsa e ntse e lomahantse meno thibelo ea eona ea ho fetoleloa ha Bibele ka lipuo tsa moo. E ile ea phatlalatsa letoto la libuka tse thibetsoeng, le neng le akaretsa liphetolelo tsohle tsa Bibele tse ileng tsa hatisoa ntle le tumello ea kereke. Ha e le hantle sena se ne se bolela hore Libibele tsohle tsa Sepanishe li ne li thibetsoe ’me ho ba le e ’ngoe ea tsona ho ne ho ka fella ka ho etsoa ha lengolo la molao le fanang ka tumello ea hore motho eo a bolaoe.
Lilemo tse seng kae ka mor’a ho hatisoa ha phetolelo ea Reina, Cipriano de Valera, e mong eo e neng e le moitlami pele ea ileng a phonyoha bohale ba Lekhotla la Seville le Otlang Bakhelohi, o ile a e ntlafatsa. Phetolelo ena e ile ea hatisoa Amsterdam ka 1602 C.E., ’me likopi tse ling li ile tsa kenngoa ka sekhukhu Spain. Liphetolelong tsa eona tsa mathomo le tse ntlafalitsoeng, Bibele ea Reina-Valera e ntse e le eona phetolelo e sebelisoang ka ho fetisisa har’a Maprostanta a buang Sepanishe.
Lithibelo Lia Felisoa
Qetellong, ka 1782 komiti ea boahloli ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi e ile ea laela hore Bibele e ne e ka phatlalatsoa hafeela e ne e e-na le litlhaloso tsa histori le tumelo. Ka 1790 mobishopo oa K’hatholike oa Segovia, Felipe Scio de San Miguel, a sebelisa Vulgate ea Selatine o ile a fetolela Bibele ka Sepanishe. Ka bomalimabe, theko ea eona e ne e phahame—e le li-real tse 1 300, theko e neng e thibetsoe ka nako eo—hape le mantsoe a eona a sa hlaka, hoo rahistori e mong oa Spain a ileng a e hlalosa ka hore “e malimabe haholo.”
Lilemo tse itseng hamorao, morena Fernando VII oa Spain o ile a laela mobishopo oa Astorga, Félix Torres Amat ho etsa phetolelo e ntlafalitsoeng, eo le eona e thehiloeng ho Vulgate ea Selatine. Phetolelo ena e ile ea lokolloa ka 1823 ’me e ile ea abjoa haholoanyane ho feta phetolelo ea Scio. Leha ho le joalo, kaha e ne e sa thehoa Seheberung le Segerikeng sa mathomo, e ne e e-na le mathata a tloaelehileng a ntho e fetoletsoeng ho tsoa phetolelong e ’ngoe.
Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ena, baeta-pele ba kereke le ba naha ba ne ba ntse ba sa kholiseha hore Mangolo a lokela ho baloa ke batho feela ba tloaelehileng. Ha George Borrow, moemeli oa Brithani le Mokhatlo oa Bibele oa Linaha Lisele, lilemong tsa bo-1830 a kōpa tumello ea ho hatisa Bibele Spain, letona la ’muso Mendizábal le ile la ’molella: “Monghali ea molemo, hase Libibele ntho eo re e batlang, ho fapana le hoo re batla lithunya le mosili oa lithunya, bakeng sa ho bolaea marabele, ’me ho feta tsohle, re batla chelete e le hore re tsebe ho patala masole.” Borrow o ile a tsoela pele ka ho fetolela Kosepele ea Luka ka puo ea Baleleri ba Spain, ’me ka 1837 o ile a akheloa teronkong ka baka la boiteko boo ba hae!
Qetellong, nako ha ea ka ea hlola e senngoa. Ka 1944 kereke ea Spain e ile ea hatisa phetolelo ea eona ea pele ea Mangolo a Halalelang e neng e thehiloe lipuong tsa mathomo—lilemo tse ka bang 375 ka mor’a phetolelo ea Casiodoro de Reina. Ena e ne e le phetolelo ea litsebi tsa K’hatholike Nácar le Colunga. Ka 1947 e ile ea lateloa ke phetolelo ea Bover le Cantera. Ho tloha ka nako ena ho bile le liphetolelo tse ngata tsa Sepanishe tsa Bibele.
Tlhōlo e Tiisitsoe
Le hoja Bibele ea Sepanishe e ile ea loanela ho ba teng ka makholo a lilemo, e ile ea qetella e hapile ntoa eo. Boitelo bo boholo bo entsoeng ke bafetoleli ba sebete ba kang Reina ka sebele ha ea ka ea e-ba ba lefeela. Ke batho ba bakae bao eeng e re ha ba reka Bibele mehleng ee ba eme ba nahane ka nako eo ho ba le Bibele ho neng ho thibetsoe?
Mehleng ena, Bibele ke buka e rekoang haholo ho feta tsohle Spain le linaheng tseo ho tsona ho buuoang Sepanishe, ’me ke liphetolelo tse ngata tse fumanehang. Li akarelletsa Versión Moderna (Modern Version, 1893), eo khafetsa e sebelisang lebitso la Molimo, Jehová; Phetolelo ea Bibele ea Pauline (1964), e sebelisang lebitso Yavé Mangolong a Seheberu; Nueva Biblia Española (New Spanish Bible, 1975), eo ka bomalimabe e sa sebeliseng Jehová kapa Yavé; le Traducción del Nuevo Mundo (New World Translation, 1967), e hatisitsoeng ke Watch Tower Society, e sebelisang Jehová.
Lipaki tsa Jehova li etela malapeng a batho ba limillione ba buang Sepanishe beke le beke ho ba thusa ho ananela molemo oa Bibele e Halalelang—buka e tšoaneloang ke ho shoeloa, buka eo batho ba tšoanetseng ho phela tumellanong le eona. Ha e le hantle, pale ea ho loanela ho ba teng ha Bibele ea Sepanishe e boetse e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore “lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”—Esaia 40:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka nako eo ho ne ho se na buka leha e le efe e neng e ka kenngoa ka har’a naha ho se na laesense e khethehileng, ’me ha ho na ralaebrari ea neng a ka lokolla libuka hore li sebelisoe ka ntle ho tumello ea molao ea Ofisi e Halalelang (Lekhotla le Otlang Bakhelohi).
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Complutensian Polyglott e hlahisoa hape ’me e se e ka hlahlobisisoa. (Bona leqephe 8)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of the Biblioteca Nacional, Madrid, Spain