Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
“Jesu a re ho Simone: Se tšabe; ho tloha joale, u tla ba motšoasi oa batho [ba ntseng ba phela].”—LUKA 5:10.
1, 2. (a) Ho tšoasa litlhapi ho phethile karolo efe historing ea batho? (b) Ke mosebetsi ofe o mocha oa ho tšoasa o ileng oa thehoa lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng?
KA LILEMO tse likete-kete, batho ba ’nile ba batla lijo maoatleng, matšeng, le linōkeng tsa lefatše. Egepeta ea boholo-holo, litlhapi tse tsoang nōkeng ea Nile e ne e le karolo e khōlō ea lijo. Ha nōka ea Nile e fetoloa mali mehleng ea Moshe, Baegepeta ba ile ba ba mahlomoleng e seng feela ka baka la khaello ea metsi empa hobane hape litlhapi li ile tsa e-shoa, e leng ho ileng ha ama tlhahiso ea lijo. Hamorao, ha Jehova a fa Iseraele Molao thabeng ea Sinai, o ile a ba bolella hore ba ne ba ka ja litlhapi tse itseng empa a ba bolella hore tse ling ha lia hloeka, ha lia lokela ho jeoa. Sena se ne se bontša hore Baiseraele ba tla ja litlhapi ha ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng, kahoo ba bang ba bona e ne e tla ba batšoasi ba litlhapi.—Exoda 7:20, 21; Levitike 11:9-12.
2 Leha ho le joalo, lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, batho ba ile ba rutoa mofuta o mong oa ho tšoasa litlhapi. E ne e le mosebetsi oa moea oa ho tšoasa o neng o tla ruisa batšoasi ba litlhapi molemo hammoho le litlhapi! Mosebetsi ona oa ho tšoasa o ntse o etsoa kajeno, ’me o tsoela batho ba limillione melemo e meholo lefatšeng ka bophara.
‘Ho Tšoasa Batho ba Ntse ba Phela’
3, 4. Ke batšoasi bafe ba litlhapi ba babeli ba ileng ba bontša thahasello e khōlō ho Jesu Kreste?
3 Ka selemo sa 29 C.E., Jesu, Ea neng a tla theha mosebetsi oa mofuta ona o mocha oa ho tšoasa, o ile a kolobetsoa ke Johanne Mokolobetsi nōkeng ea Jordane. Libeke tse seng kae hamorao, Johanne o ile a supisa barutuoa ba hae ba babeli Jesu ’me a re: “Bonang Konyana ea Molimo.” Kapele-pele e mong oa barutuoa bana, eo lebitso la hae e leng Andrease, o ile a bolella ngoan’abo Simone Petrose: “Re fumane Mesia”! Ka ho thahasellisang, Andrease le Simone ba ne ba etsa mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi.—Johanne 1:35, 36, 40, 41, BPN; Mattheu 4:18.
4 Nako e teletsana ka mor’a moo, Jesu o ne a ruta matšoele mathōkong a Leoatle la Galilea, haufi le moo Petrose le Andrease ba neng ba lula teng. O ne a bolella batho: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:13, 17) Re ka inahanela hore na Petrose le Andrease ba ne ba chesehela hakaakang ho utloa molaetsa oa hae. Leha ho le joalo, mohlomong ba ne ba sa hlokomele hore Jesu o tla tloha a ba bolella ho hong ho neng ho tla fetola bophelo ba bona ka ho sa feleng. Ho feta moo, seo Jesu a neng a tla se bua le ho se etsa moo ba leng teng se bolela ho hoholo ho rōna kajeno.
5. Motšoasi oa litlhapi Petrose o ile a khona joang ho sebeletsa Jesu?
5 Rea bala: “Ka tsatsi le leng, bongata bo ne bo mo hatella ho utloa lentsoe la Molimo; o na a eme lebopong la letša la Genezarethe. A bona likepana tse peli tse emeng haufi le lebopo, batšoasi ba tsoile ho tsona, ba hlatsoa matlooa a bona.” (Luka 5:1, 2) Morao koo, hangata batšoasi ba litlhapi ba litsebi ba ne ba sebetsa bosiu, ’me banna bana ba ne ba hlatsoa matlooa a bona ka mor’a mosebetsi oa bona oa ho tšoasa litlhapi bosiu. Jesu o ile a etsa qeto ea ho sebelisa se seng sa liketsoana tsa bona hore a rute matšoele ka katleho e khōloanyane. “A kena ho se seng, e leng sa Simone, ’me a mo rapela hore a se suthise hanyenyane lebopong. Eaba o lula sekepaneng, a ruta matšoele.”—Luka 5:3.
6, 7. Jesu o ile a etsa mohlolo ofe o amanang le ho tšoasa litlhapi, ’me o ile oa lebisa polelong efe e buang ka ho tšoasa litlhapi?
6 Hlokomela hore Jesu o ne a hopotse ho hong ho eketsehileng ho feta ho ruta matšoele: “Ha a qetile ho bua, a re ho Simone: Sesisetsa koetseng, ’me le akhele matlooa a lōna, le tšoase.” Hopola, batšoasi bana ba litlhapi ba ne ba se ba sebelitse bosiu bohle. Ha ho makatse ha Petrose a arabela: “Monghali, re hlotse bosiu bohle re sebetsa, ’me ha rea ka ra tšoasa letho; leha ho le joalo, ka polelo ea hao ke tla akhela letlooa.” Ho ile ha etsahala’ng ha ba le akhetse? “Ba tšoasa bongata bo boholo ba lihlapi, letlooa la ba la khaoha. Ba hoehla balekane ba bona ba sekepaneng se seng hore ba tle ho ba thusa. Eaba ba tla, ba tlatsa likepana tse peli tseo, tsa batla li teba.”—Luka 5:4-7.
7 Jesu o ne a entse mohlolo. Sebaka seo se seholo sa leoatle se ne se se na letho bosiu bohle; joale se ne se se se na le litlhapi tse ngata. Mohlolo ona o ile oa ba le phello e matla ho Petrose. “Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna oa moetsalibe. A rialo kahobane tšoaso eo ea lihlapi e ne e mo makalitse, le bohle ba nang le eena. Ha e-ba joalo le ho bara ba Zebedea, Jakobo le Johanne, balekane ba Simone.” Jesu o ile a khutsisa Petrose eaba o bua mantsoe a neng a tla fetola bophelo ba Petrose. “Se tšabe; ho tloha joale, u tla ba motšoasi oa batho [ba ntseng ba phela].”—Luka 5:8-10.
Batšoasi ba Batho
8. Batšoasi ba litlhapi ba bane ba litsebi ba ile ba arabela joang memong ea ho ‘tšoasa batho ba ntse ba phela’?
8 Ka hona Jesu o ile a tšoantša batho le litlhapi, ’me o ile a mema motšoasi enoa oa litlhapi ea ikokobelitseng hore a tele mosebetsi oa hae oa boipheliso ’me a khethe mosebetsi oa ho tšoasa o phahameng haholo—ho tšoasa batho ba ntse ba phela. Petrose, hammoho le ngoan’abo Andrease, ba ile ba amohela memo eo. “Eaba ba phakisa ba tlohela matlooa a bona, ba mo latela.” (Mattheu 4:18-20) Joale Jesu o ile a bitsa Jakobo le Johanne, ba neng ba le ka seketsoaneng sa bona ba ntse ba lokisa matlooa a bona. O ile a ba mema hore le bona ba fetohe batšoasi ba batho. Ba ile ba arabela joang? “Hang ba tlohela sekepana le ntat’a bona, ba latela Jesu.” (Mattheu 4:21, 22) Jesu o ile a bontša hore ke setsebi sa ho tšoasa liphefumolohi. Lekhetlong lena, o ile a tšoasa banna ba bane ba ntse ba phela.
9, 10. Petrose le metsoalle ea hae ba ile ba bontša tumelo ea mofuta ofe, ’me ba ile ba koetlisoa joang mosebetsing oa moea oa ho tšoasa?
9 Motšoasi oa litlhapi oa setsebi o iphelisa ka ho rekisa litlhapi tseo a li tšoasitseng, empa motšoasi oa litlhapi oa moea a ke ke a etsa joalo. Ka hona, barutuoa bana ba ile ba bontša tumelo e khōlō ha ba lahla lintho tsohle hore ba latele Jesu. Leha ho le joalo, ba ne ba se na pelaelo ea hore mosebetsi oa bona oa moea oa ho tšoasa o tla atleha. Jesu o ne a entse hore metsi a sa hlahiseng letho a be le litlhapi tsa sebele tse ngata. Ka ho tšoanang, ha barutuoa ba akhela matlooa a bona a moea metsing a sechaba sa Iseraele, ba ne ba ka kholiseha hore, ka thuso ea Molimo, ba ne ba tla tšoasa batho ba ntse ba phela. Mosebetsi oa moea oa ho tšoasa o ileng oa qala ka nako eo o ntse o tsoela pele, ’me Jehova o ntse a fana ka kotulo e enneng.
10 Ka lilemo tse fetang tse peli, Jesu o ile a koetlisa barutuoa bao hore ba tšoase batho. Nako le nako o ile a ba fa litaelo tse hlokolosi ’me a ba roma hore ba mo etelle pele boboleling. (Mattheu 10:1-7; Luka 10:1-11) Ha Jesu a ekoa a ba a bolaoa, barutuoa ba ne ba tsielehile. Empa na lefu la Jesu le ne le bolela hore ha ho sa tla tšoasoa batho? Kapele-pele liketsahalo li ile tsa fana ka karabelo.
Ho Tšoasa Leoatleng la Batho
11, 12. Ka mor’a hore Jesu a tsohe o ile a etsa mohlolo ofe o amanang le ho tšoasa litlhapi?
11 Nakoana ka mor’a lefu la Jesu ka thōko ho Jerusalema le tsoho ea hae, barutuoa ba ile ba khutlela Galilea. Ka lekhetlo le leng, ba supileng ho bona ba ne ba le ’moho haufi le Leoatle la Galilea. Petrose o ile a re o il’o tšoasa litlhapi, ’me ba bang ba ile ba tsamaea le eena. Joaloka mehleng, e ne e le bosiu ha ba il’o tšoasa. Ha e le hantle, ba ile ba boela ba akhela matlooa a bona ka leoatleng bosiu bohle ba sa tšoase letho. Joale, ha mafube a hlaha, motho e mong ea emeng lebōpong o ile a ba hoeletsa a le ka mose oane ho metsi: “Bana, na ha le na se ka jeoang na?” Barutuoa ba ile ba arabela: “Che.” Kahoo ea emeng lebōpong o ile a ba bolella a re: “Akhelang letlooa pel’a lehlakore le letona la sekepana, ’me le tla li bona. Eaba ba le akhela, ’me ba sitoa ho le hula ka baka la bongata ba lihlapi.”—Johanne 21:5, 6.
12 E ne e le phihlelo e tsotehang hakaakang! Ntle ho pelaelo, barutuoa ba ile ba hopola mohlolo oa pele o amanang le ho tšoasa litlhapi, ’me bonyane e mong ho bona o ile a hlokomela hore na motho eo ea lebōpong ke mang. “Morutuoa ea ratoang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Eare ha Simone Petrose a utloa hoba ke Morena, a apara kojoana ea hae, hobane o na a hlobotse, ’me a itihela leoatleng. Barutuoa ba bang ba tla le sekepana, ba ntse ba hula letlooa le lihlapi: hobane ba ne ba se hole le lefatše, litsoe li ne li ka ba makholo a mabeli.”—Johanne 21:7, 8.
13. Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, ho ile ha qalisoa mosebetsi ofe oa ho tšoasa lichabeng tsohle?
13 Mohlolo oo o ne o bontša eng? O ne o bontša hore mosebetsi oa ho tšoasa batho ha o e-s’o fele. Sena se ile sa hatisoa ha Jesu a tsoela pele ho bolella Petrose ka makhetlo a mararo—’me a bolella barutuoa ba bang a sebelisa eena—hore a fepe linku tsa Jesu. (Johanne 21:15-17) E, lenaneo la lijo tsa moea le ne le larile ka pele. Pele ho lefu la hae, o ne a ile a profeta: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle.” (Mattheu 24:14, NW) Joale e ne e le nako ea hore boprofeta boo bo qale ho phethahala lekholong la pele la lilemo. Barutuoa ba hae ba ne ba le lekhatheng la ho akhela matlooa a bona leoatleng la batho, ’me matlooa ao a ne a ke ke a nyoloha a se na letho.—Mattheu 28:19, 20.
14. Mosebetsi oa balateli ba Jesu oa ho tšoasa o ile oa hlohonolofatsoa joang lilemong tse etelletseng pele ho timetsoa ha Jerusalema?
14 Pele Jesu a nyolohela teroneng ea Ntate oa hae leholimong, o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla fumana matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea eohle le Samaria le ho isa karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše.” (Liketso 1:8, NW) Ha moea o halalelang o tšolleloa holim’a barutuoa ka Pentekonta 33 C.E., mosebetsi o moholo oa moea oa ho tšoasa o ile oa qaleha lichabeng tsohle. Letsatsing la Pentekonta feela, liphefumolohi tse likete li tharo li ile tsa tšoasoa li ntse li phela, ’me kapele ka mor’a moo “ea batla e e-ba banna ba kete tse hlano.” (Liketso 2:41; 4:4) Keketseho e ile ea tsoela pele. Tlaleho ea re bolella: “Bongata joa ba lumetseng ho Morena bo ne bo ntse bo ekeletsoa ka banna le ka basali.” (Liketso 5:14) Kapele, Basamaria ba ile ba arabela litabeng tse molemo, ’me nakoana ka mor’a moo le Balichaba ba sa bollang ba ile ba arabela. (Liketso 8:4-8; 10:24, 44-48) Lilemo tse ka bang 27 ka mor’a Pentekonta, moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Kolosse ’me a re litaba tse molemo li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Ba-Kolosse 1:23, NW) Ka ho hlakileng, barutuoa ba Jesu ba ne ba tšoasitse hōle le metsi a Galilea. Ba ne ba akhetse matlooa a bona har’a Bajode ba qhalakaneng ’Musong oa Roma, hammoho le maoatleng ao ho neng ho bonahala a sa fane ka tšepo a lichaba tseo e seng Bajode. ’Me matlooa a bona a ile a nyoloha a tletse. Boprofeta ba Jesu bo ho Mattheu 24:14 bo ile ba phethahala pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E. molemong oa litlhoko tsa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo.
Ho Tšoasa Batho “ka Letsatsi la Morena”
15. Bukeng ea Tšenolo, ho profetiloe mosebetsi ofe o eketsehileng oa ho tšoasa, ’me o ne o lokela ho ntšetsoa pele neng?
15 Leha ho le joalo, ho ne ho sa ntsane ho e-na le ho hongata ho larileng ka pele. Ho ea bofelong ba lekholo la pele la lilemo, Jehova o ile a lumella moapostola oa ho qetela ea setseng, e leng Johanne, hore a bone tšenolo ea lintho tse neng li tla etsahala “ka letsatsi la Morena.” (Tšenolo 1:1, 10) Tšobotsi e ’ngoe e ikhethang e ne e tla ba ho bolela litaba tse molemo lefatšeng ka bophara. Rea bala: “Ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a leholimo, le tšoere Evangeli ea ka mehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatšeng, le lichaba tsohle, le mefuta eohle, le lipuo tsohle, le merabe eohle.” (Tšenolo 14:6) Tlas’a tataiso ea mangeloi, bahlanka ba Molimo ba ne ba tla bolela litaba tse molemo ka tsela ea sebele lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona, eseng ho pholletsa le ’Muso oa Roma feela. Mosebetsi oa lefatše ka bophara oa ho tšoasa liphefumolohi o ne o lokela ho ntšetsoa pele, ’me mehleng ea rōna re bone ho phethahala ha pono eo.
16, 17. Mosebetsi oa moea oa ho tšoasa oa mehla ea qetello o qalile neng, ’me Jehova o o hlohonolofalitse joang?
16 Mosebetsi oa ho tšoasa o ’nile oa tsoella joang lekholong lee la bo20 la lilemo? Qalong, batšoasi ba ne ba batla ba fokola. Ka mor’a hore Ntoa ea I ea Lefatše e lale, ho ne ho e-na le baboleli ba mafolo-folo ba litaba tse molemo ba ka bang likete tse ’nè feela, banna le basali ba chesehang bao boholo e neng e le batlotsuoa. Ba ile ba akhela matlooa a bona kae le kae moo Jehova a ileng a bula tsela, ’me ho ile ha tšoasoa liphefumolohi tse ngata li ntse li phela. Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, Jehova o ile a bula metsi a macha bakeng sa ho tšoasa. Baromuoa ba bileng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ba ile ba etella mosebetsi pele linaheng tse ngata. Linaha tse kang Japane, Italy, le Spain, tseo mohlomong qalong ho neng ho bonahala li se na letho, qetellong li ile tsa hlahisa kotulo e enneng ea liphefumolohi. Morao tjena, re ithutile kamoo mosebetsi oa ho tšoasa o ’nileng oa atleha ka teng Europe Bochabela.
17 Kajeno, linaheng tse ngata matlooa a se a batla ho taboha. Kotulo e khōlō ea liphefumolohi e entse hore ho hlokahale hore ho hlophisoe liphutheho le lipotoloho tse ncha. Nako le nako ho ntse ho ahoa Liholo tsa ’Muso le Liholo tsa Likopano hore li li lekane. Ho hlokahala baholo le bahlanka ba sebeletsang ba eketsehileng hore ba hlokomele keketseho ena. Mosebetsi o moholo o ile oa qalisoa ke bao ba tšepahalang morao koo ka 1919. Esaia 60:22 e phethahetse ka tsela ea sebele. ‘E monyenyane o fetohile sekete,’ kaha batšoasi bao ba likete tse ’nè ba se ba feta limillione tse ’nè kajeno. Empa bofelo bo ntse bo e-s’o tle.
18. Re ka etsisa mohlala oa batšoasi ba moea ba batho ba lekholong la pele la lilemo joang?
18 See sohle se bolela eng ho rōna ka bomong? Ha Petrose, Andrease, Jakobo, le Johanne ba mengoa hore e be batšoasi ba batho, lengolo le re, ‘ba tlohela tsohle, ba latela Jesu.’ (Luka 5:11) Oo ke mohlala o motle hakaakang oa tumelo le boinehelo! Na re ka hlaolela moea o tšoanang oa boitelo, ho ikemisetsa ho tšoanang ho nka khato ea ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na re hlaheloa ke eng? Ba limillione ba arabetse ka hore ho joalo. Lekholong la pele la lilemo, barutuoa ba ne ba tšoasa batho hohle moo Jehova a neng a ba lumella. Ba ne ba tšoasa ba sa itšiele letho ho sa tsotellehe hore na ke har’a Bajode kapa har’a Balichaba. Le rōna a re pakeleng bohle ntle ho tšitiso kapa leeme leha e le lefe.
19. Re lokela ho etsa joang haeba ho bonahala eka metsi ao re tšoasang ho ’ona ha a hlahise litholoana?
19 Empa, ho thoe’ng haeba hona joale tšimo ea heno e bonahala e sa hlahise litholoana? U se ke ua nyahama. Hopola, Jesu o ile a etsa hore matlooa a barutuoa a tlale ka mor’a hore ba tšoase bosiu bohle ba sa fumane letho. Ho ka etsahala se tšoanang ka tsela ea moea. Ka mohlala, Ireland, Lipaki tse tšepahalang li ile tsa sebetsa ka thata ka lilemo-lemo ka liphello tse batlang li fokola. Leha ho le joalo, morao tjena lintho li fetohile. 1991 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e tlaleha hore bofelong ba selemo sa 1990 sa tšebeletso, Ireland e ne e bile le litlhōrō tse 29 tse latellanang! Mohlomong ka letsatsi le leng tšimo ea heno e tla hlahisa litholoana tse tšoanang. Hafeela Jehova a sa u lumelletse, tsoela pele ho tšoasa!
20. Re lokela ho qalisa ho tšoasa batho neng?
20 Iseraeleng, batšoasi ba litlhapi ba ne ba li tšoasa bosiu, ha e mong le e mong a futhumetse ’me a robetse hamonate. Ba ne ba sa tsoe nakong ea ha ba ikutloa hore ho loketse ho tsoa, empa ba ne ba tsoa nakong eo ba neng ba ka tšoasa litlhapi tse ngata. Le rōna re lokela ho ithuta tšimo ea rōna e le hore re ka tsoa ho ea tšoasa ha batho ba bangata ba le malapeng ebile ba bulehetse ho amohela seo re ba bolellang sona. Re ka etsa sena mantsiboea, bofelong ba beke, kapa ka nako leha e le efe. Ho sa tsotellehe hore na ke neng, a re etseng sohle seo re ka se khonang ho fumana batho ba lipelo li ntle.
21. Re lokela ho hopola eng haeba tšimo ea rōna e sebetsoa khafetsa?
21 Ho thoe’ng haeba tšimo ea rōna e sebetsoa khafetsa? Hangata batšoasi ba litlhapi ba litsebi lefatšeng ba tletleba ka hore libaka tseo ba tšoasang ho tsona li sebelisoa ho fihlela li se na letho. Empa na libaka tsa moea tseo re tšoasang ho tsona li ka sebelisoa ho fihlela li se na letho? Le hanyenyane! Masimo a mangata a hlahisa keketseho esita leha a sebetsoa khafetsa. A mang a hlahisa keketseho e molemonyana ka baka la ho sebetsoa hantle. Leha ho le joalo, ha u etela malapa a itseng khafetsa, kholiseha ka ho felletseng hore u tšoaea ba sa beng teng hae ’me u khutlele ho bona hamorao. Ithute lihlooho tse sa tšoaneng tsa puisano. Hopola hore haufinyane e mong o tla etela moo, kahoo ha u amohetsoe u se ke ua lula nako e tlōlisang kapa oa etsa hore mong’a ntlo a hanyetse u sa hlokomela. Hōlisa tsebo ea hao mosebetsing oa seterata le bopaking bo sa reroang. Akhelang matlooa a lōna a moea ka linako tsohle le ka litsela tsohle tse ka khonehang.
22. Re thabela tokelo efe e khōlō nakong ee?
22 Hopola, mosebetsing ona ke batšoasi ba litlhapi le litlhapi ba ruang molemo. Haeba batho bao re ba tšoasang ba tiisetsa, ba ka phela ka ho sa feleng. Pauluse o ile a khothatsa Timothea: “Khomarela lintho tsena, hobane ka ho etsa joalo u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16, NW) Ke Jesu ea ileng a qalisa ho koetlisa barutuoa ba hae mosebetsing oa moea oa ho tšoasa, ’me mosebetsi ona o sa ntse o etsoa tlas’a tataiso ea hae. (Bapisa le Tšenolo 14:14-16.) Re na le tokelo e khōlō hakaakang ea ho o phethahatsa re sebetsa tlas’a hae! A re tsoeleng pele ho akhela matlooa a rōna hafeela Jehova a sa ntsane a re lumelletse. Ke mosebetsi ofe o teng oo mohlomong o leng moholo ho feta oa ho tšoasa liphefumolohi li ntse li phela?
Na U ka Hopola?
◻ Jesu o ile a koetlisetsa balateli ba hae ho etsa mosebetsi ofe?
◻ Jesu o bontšitse joang hore mosebetsi oa moea oa ho tšoasa ha oa ka oa khaotsoa ke lefu la hae?
◻ Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa moea oa ho tšoasa ka tsela efe lekholong la pele la lilemo?
◻ Ho ’nile ha tšoasoa litlhapi tse ngata hakae “ka letsatsi la Morena”?
◻ Rōna ka bomong re ka ba batšoasi ba atlehileng joang ba batho?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ka mor’a tsoho ea Jesu, baapostola ba hae ba ile ba atolosa mosebetsi oa bomolimo oa ho tšoasa batho