Na ke “Testamente ea Khale” Kapa “Mangolo a Seheberu”?
KAJENO ke mokhoa o tloaelehileng Bokreste-mōtoaneng ho sebelisa lipolelo “Testamente ea Khale” le “Testamente e Ncha” ho hlalosa likarolo tsa Bibele tsa lipuo tsa Seheberu/Searame le Segerike. Empa na ho na le motheo leha e le ofe oa Bibele bakeng sa ho sebelisa lipolelo tsee? ’Me ke ka mabaka afe ha ka kakaretso Lipaki tsa Jehova li qoba ho li sebelisa likhatisong tsa tsona?
Ke ’nete hore 2 Ba-Korinthe 3:14, ho latela King James Version hammoho le liphetolelo tse ling tsa khalenyana, tse kang Septembertestament ea Sejeremane, phetolelo ea pele ea Martin Luther (1522), li ka ’na tsa bonahala li tšehetsa mokhoa ona. Ho King James Version, temana ena e baleha tjena: “Empa likelello tsa bona li ne li foufetse: hobane ho fihlela le kajeno ho ntse ho setse lesira le tšoanang le sa tlosoang ’malong oa testamente ea khale; e leng lesira le tlosoang ka Kreste.”
Leha ho le joalo, na moo moapostola o bua ka libuka tse 39 tseo ka tloaelo li bitsoang “Testamente ea Khale”? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “testamente” ke di·a·theʹke. Encyclopedia ea thuto ea bolumeli ea Jeremane e tsebahalang haholo Theologische Realenzyklopädie, ha e hlalosa 2 Ba-Korinthe 3:14, e bolela hore ‘ho baloa ha di·a·theʹke ea khale’ temaneng eo ho tšoana le ho ‘bala mangolo a Moshe’ temaneng e latelang. Kahoo, e re ‘di·a·theʹke ea khale’ e emela Molao oa Moshe haholo-holo Libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele. Ka sebele ha e emele sehlopha sa Mangolo ’ohle a bululetsoeng a pele ho Bokreste.
Moapostola o bua ka karolo e itseng feela ea Mangolo a Seheberu, selekane sa khale sa Molao, se ileng sa tlalehoa ke Moshe Libukeng tse hlano tse qalang tsa Bibele; ha a bue ka Mangolo a Seheberu le Searame kaofela ha ’ona. Ho feta moo, ha a bolele hore mangolo a bululetsoeng a Bokreste a lekholong la pele la lilemo C.E. a bōpa “testamente e ncha,” kaha polelo eo ha e eo ka Bibeleng.
Ho lokela ho hlokomeloe hape hore lentsoe la Segerike di·a·theʹke leo Pauluse a le sebelisitseng mona ha e le hantle le bolela “selekane.” (Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona New World Translation of the Holy Scriptures—With References, Sehlomathiso 7E, leqephe la 1585, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1984.) Ka hona liphetolelo tse ngata tsa kajeno ka nepo li baleha ka ho re “selekane sa khale” ho e-na le “testamente ea khale.”
Mabapi le taba ena, “National Catholic Reporter,” e hlalositse: “Ka ho ke keng ha qojoa, polelo ‘Testamente ea Khale’ e susumetsa boikutlo ba ho nyenyefatsa le ba ho siuoa ke nako.” Empa ka sebele Bibele ke buka e le ’ngoe, ’me ha ho karolo e siiloeng ke nako, kapa “ea khale.” Molaetsa oa eona ke o lumellanang ho tloha bukeng ea pele karolong ea Seheberu ho ea bukeng ea ho qetela karolong ea Segerike. (Ba-Roma 15:4; 2 Timothea 3:16, 17) Kahoo re na le mabaka a utloahalang a ho qoba lipolelo tsena tse thehiloeng likhopolong tse fosahetseng, ’me re khetha ho sebelisa lipolelo tse nepahetseng haholoanyane “Mangolo a Seheberu” le “Mangolo a Segerike a Bakreste.”