Lipotso Tse Tsoang ho Babali
“King James Version,” ho 1 Petrose 2:9 e bitsa Bakreste ba tlotsitsoeng “moloko o khethiloeng.” Na see se lokela ho ama kutloisiso ea rōna ea tšebeliso ea Jesu ea “moloko” e tlalehiloeng ho Mattheu 24:34?
Liphetolelong tse itseng lentsoe “moloko” le hlaha ha ho fetoleloa lipolelo tsena ka bobeli. Ho latela King James Version, moapostola Petrose o ile a ngola: “Empa le moloko o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, batho ba khethehileng; le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” ’Me Jesu o ile a bolela esale pele: “Ka ’nete ke re ho lōna, Moloko ona o ke ke oa feta, ho fihlela ha tsena tsohle li phethahetse.”—1 Petrose 2:9; Mattheu 24:34, KJ.
Polelong ea pele, moapostola Petrose o sebelisitse lentsoe la Segerike geʹnos, athe mantsoeng a polelo ea Jesu, re fumana ge·ne·aʹ. Mantsoe ana a mabeli a Segerike ho ka bohanala eka aa tšoana, ’me a hokahantsoe motsong o tšoanang; empa, ke mantsoe a fapaneng, ’me a na le litlhaloso tse fapaneng. New World Translation of the Holy Scriptures—With References mongolong o botlaaseng ba leqephe mabapi le 1 Petrose 2:9 e re: “‘Race [morabe].’ Seger., geʹnos; e fapane le ge·ne·aʹ, ‘generation [moloko],’ joaloka ho Mt 24:34.” Mongolo o botlaaseng ba leqephe o lumellanang le ona mabapi le Mattheu 24:34, o-oa fumaneha.
Joalokaha mengolo eo e botlaaseng ba maqephe e bontša, geʹnos e fetoletsoe ka ho nepahetseng lentsoeng la Senyesemane “race [morabe],” joalokaha ka ho tloaelehileng le fumaneha liphetolelong tsa Senyesemane. Ho 1 Petrose 2:9, Petrose o ile a sebelisa boprofeta bo fumanoang ho Esaia 61:6 ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le tšepo ea leholimo. Bana ba tsoa lichabeng tse ngata le meloko, empa limelo tsa bona tsa tlhaho ha li sa bolela letho ha ba fetoha karolo ea sechaba sa Iseraele oa moea. (Ba-Roma 10:12; Ba-Galata 3:28, 29; 6:16; Tšenolo 5:9, 10) Petrose o ba khetholla e le ba fetohang sehlopha se ikhethang ka kutloisiso ea moea—“morabe o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, sehlopha sa batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.”
Empa mantsoeng a Segerike a polelo ea Jesu a fumanoang ho Mattheu 24:34, re fumana lentsoe ge·ne·aʹ. Ke ho hlokomelehang haholo hore Jesu o ne a sa bue ka “morabe” leha e le ofe oa batho, empa o ne a bua ka batho ba phelang nakong e itseng.
Hoo e ka bang lilemo tse lekholo tse fetileng, Charles T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a hlakisa sena ka ho ngola: “Le hoja ho ka boleloa hore mantsoe ‘moloko’ le ‘morabe’ a tsoa motsong o le mong kapa mohloling o le mong, leha ho le joalo ha a tšoane; ’me tšebelisong ea Mangolo mantsoe ana a mabeli a arohane haholo. . . . Litlalehong tse tharo tse fapaneng tsa boprofeta bona, Morena oa rōna o talingoa e le eena oa pele ea ileng a sebelisa lentsoe la Segerike le fapaneng ka ho feletseng (genea) le sa boleleng morabe, empa le e-na le moelelo o tšoanang le oa lentsoe la Senyesemane generation [moloko]. Litsela tse ling tseo lentsoe la Segerike (genea) le sebelisitsoeng ka tsona li paka hore ha lea sebelisoa ka moelelo oa morabe, empa le sebelisitsoe ha ho buuoa ka batho ba phelang ka nako e le ’ngoe.”—The Day of Vengeance, maqephe 602-3.
Morao tjena, A Handbook on the Gospel of Matthew (1988), e ngoletsoeng bafetoleli ba Bibele, e itse: “[New International Version] e fetolela moloko ona ka ho toba empa e phaella ka mongolo botlaaseng ba leqephe, o reng ‘Kapa morabe.’ Le setsebi se seng sa Testamente e Ncha se lumela hore ‘Mattheu ha a bolele feela moloko oa pele ka mor’a Jesu empa o bolela meloko eohle ea tsamaiso ea bolumeli ea Sejode e ileng ea mo hana.’ Leha ho le joalo, ha ho bopaki ba tsebo ea lipuo bo netefatsang qeto leha e le efe ho tsena, ’me li lokela ho qheleloa ka thōko e le boiteko ba ho qoba tlhaloso e totobetseng. Boemong ba eona ba pele tšupiso eo ka ho khetheha e ne e lebisitsoe ho batho ba mehleng ea Jesu.”
Joalokaha ho tšohluoe taba maqepheng a 10 ho ea ho 15, Jesu o ile a nyatsa moloko oa Bajode oa mehleng ea hae, batho ba mehleng ea hae ba ileng ba mo hana. (Luka 9:41; 11:32; 17:25) Hangata ha a ne a hlalosa moloko oo, o ne a sebelisa lihlakisi tse kang “o lonya, o mofebi,” “o sa lumeleng, o khopo,” le “o mofebi, o moetsalibe.” (Mattheu 12:39; 17:17; Mareka 8:38) Ha Jesu a sebelisa lentsoe “moloko” ka lekhetlo la ho qetela, o ne a e-na le baapostola ba hae ba bane Thabeng ea Mehloaare. (Mareka 13:3) Banna bao, bao ka nako eo ba neng ba e-s’o tlotsoe ka moea kapa hona ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste, ho hang e ne e se karolo ea “moloko” o itseng kapa morabe oa batho. Leha ho le joalo, ba ne ba tloaelane haholo le tšebeliso ea Jesu ea lentsoe “moloko” ha a ne a bua ka batho ba mehleng ea hae. Kahoo, ka ho utloahalang ba ne ba tla utloisisa seo a neng a se nahanne ha a bua ka “moloko ona” ka lekhetlo la ho qetela.a Moapostola Petrose, ea neng a le teng moo, hamorao o ile a phehella Bajode: “Ipholoseng molokong ona o khopo.”—Liketso 2:40, BPN.
Ka makhetlo a mangata re ’nile ra hatisa bopaki ba hore lintho tse ngata tseo Jesu a ileng a li bolela esale pele puong eona ena (tse kang lintoa, litšisinyeho tsa lefatše le litlala tsa boja-likata) li ile tsa phethahala ho tloha lipakeng tsa nako ea ha a ne a bua ka boprofeta boo le ea ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Bongata ba tsona li ile tsa phethahala, empa e seng kaofela. Ka mohlala, ha ho na bopaki ba hore ka mor’a hore Baroma ba hlasele Jerusalema (66-70 C.E.) “pontšo ea Mor’a motho” e ile ea hlaha, ’me ea etsa hore “lichaba tsohle tsa lefatše” li ikotle. (Mattheu 24:30) Kahoo, phethahatso eo e bileng pakeng tsa 33 C.E. le 70 C.E. e tlameha ebe e bile qalo feela, e ne e se phethahatso e feletseng kapa e etsahalang ka tekanyo e khōlō eo Jesu a ileng a boela a lebisa tlhokomelo ho eona.
Kenyelletsong ea phetolelo ea hae ea buka ea Josephus, The Jewish War, G. A. Williamson o-oa ngola: “Mattheu o re bolella hore barutuoa ba ne ba ile ba botsa [Jesu] potso e habeli—e mabapi le ho ripitloa ha Tempele le ho tla ha Hae ka lekhetlo la ho qetela—’me O ile a ba fa karabo e habeli, karolo ea pele ea eona e le eo ka ho hlakileng e ileng ea bolela esale pele liketsahalo tseo ho lokiselitsoeng hore Josephus a li hlalose ka botlalo.”
E, phethahatsong ea pele, ho hlakile hore “moloko ona” o ne o bolela se tšoanang le seo o neng o se bolela ka linako tse ling—e leng moloko oa Bajode ba neng ba sa lumela ba neng ba phela ka nako e le ’ngoe. “Moloko” oo o ne o ke ke oa fela o e-s’o ka o latsoa seo Jesu a neng a ile a se bolela esale pele. Joalokaha Williamson a hlalositse, sena se ile sa ipaka e le ’nete lilemong tse mashome tse neng li lebisa thipitlong ea Jerusalema, joalokaha rahistori Josephus, paki e boneng ka mahlo, a ile a bolela.
Phethahatsong ea bobeli kapa e khōloanyane, “moloko ona” ka ho utloahalang e ne e tla ’ne e be batho ba phelang ka nako e le ’ngoe. Joalokaha sehlooho se qalang leqepheng la 16 se tiisa, ha ho hlokahale hore re etse qeto ea hore Jesu o ne a bua ka palo ea lilemo tse itseng tse tobileng tse etsang “moloko.”
Ho fapana le hoo, ho ka buuoa ka lintho tse peli tsa sehlooho mabapi le nako leha e le efe e boleloang ke “moloko.” (1) Moloko oa batho o ke ke oa talingoa e le nako ea lilemo tse itseng tse tobileng, joalokaha ho le joalo ka nako e behiloeng e leng palo e tobileng ea lilemo (lilemo tse leshome kapa lekholo la lilemo). (2) Batho ba moloko o itseng ba phela nako e batlang e le khutšoanyane.
Ka lebaka leo, ha baapostola ba utloa Jesu a bua ka “moloko ona,” ba ne ba tla nahana ka eng? Le hoja rōna, bao hamorao re fumaneng molemo oa ho utloisisa tlaleho ea se etsahetseng, re tseba hore thipitlo ea Jerusalema ‘mahlomoleng a maholo’ e ile ea e-ba teng lilemong tse 37 hamorao, baapostola ba neng ba mametse Jesu ba ne ba ke ke ba tseba seo. Ho e-na le hoo, ho bua ha hae ka “moloko” ho ka be ho ile ha fetisetsa ho bona, e seng maikutlo a nako e telele, empa a batho ba phelang nakong e itseng e batlang e lekanyelitsoe. Se tšoanang ke ’nete tabeng ea rōna. Kahoo, mantsoe a latelang a Jesu ke a loketseng hakaakang: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši. . . . Le lōna, itokiseng ke hona; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”—Mattheu 24:36, 44.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelong e reng “moloko ona,” sebōpeho sa seemeli-tšupo houʹtos se lumellana hantle le lentsoe la Senyesemane “this [ona].” Se ka supa ntho e teng kapa e ka pel’a sebui. Empa se ka boetse sa e-ba le meelelo e meng. Exegetical Dictionary of the New Testament (1991) e re: “Lentsoe [houʹtos] le qolla ntho e etsahalang hona hoo. Kahoo [aion houʹtos] ke ‘lefatše le leng teng hona joale’ . . . ’me [geneaʹ haute] ke ‘moloko o phelang hona joale’ (mohlala, Matt 12:41f., 45; 24:34).” Dr. George B. Winer o-oa ngola: “Ka linako tse ling seemeli [houʹtos] ha se supe lereo le leng haufinyane sebakeng sona seo, empa ho le leng hōle haholoanyane, e leng leo joaloka taba ea sehlooho, ho neng ho nahannoe ka lona kelellong, le neng le le teng ka ho fetisisa mohopolong oa mongoli.”—A Grammar of the Idiom of the New Testament, khatiso ea bo7, 1897.