Na Malumeli ’Ohle a Khahlisa Molimo?
Na u nahana hore malumeli ’ohle a khahlisa Molimo? Mohlomong mofuta leha e le ofe oa borapeli oo u o tsebang o khothalletsa boitšoaro bo botle, bonyane ho isa bohōleng bo itseng. Empa na hoo ho lekane bakeng sa ho khahlisa Molimo?
BA BANG ba re, ‘Tšepahalla feela borapeli ba hao, ’me Molimo o tla khahloa. Malumeli ’ohle a lokile.’ Ka mohlala, Tumelo ea Bahai e amohetse pono ena hoo e sebelisang litumelo tsa malumeli a mang a robong a ka sehloohong a lefatše. Sehlopha sena sa bolumeli se lumela hore malumeli ana ’ohle a na le tšimoloho ea bomolimo ’me ke litšobotsi tsa ’nete e le ’ngoe. Ke joang see se ka khonehang?
Ho feta moo, u ka ’na ua ipotsa hore na ke joang bolumeli bo ka khahlisang Molimo ha bo laela litho tsa bona ho tsetela liqhomane tsa khase libakeng tsa sechaba, tse ka ’nang tsa bolaea batho ba bangata. Qoso ena e kile ea tobisoa ho sehlopha se seng sa bolumeli Japane. Kapa na Molimo o khahlisoa ke bolumeli bo etsang hore litho tsa bona li ipolaee? Lilemong tse seng kae tse fetileng, sena se ile sa etsahala ho balateli ba moeta-pele e mong oa bolumeli Jim Jones.
Ha re talima morao mehleng ea pejana, mohlomong re ka ’na ra botsa, Na bolumeli bo ka khahlisa Molimo ha bo hlohlelletsa ntoa, joaloka tabeng ea Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo, e ileng ea loanoa ho tloha ka 1618 ho fihlela ka 1648? Ho ea ka The Universal History of the World, ntoa eo ea bolumeli pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta e bile “e ’ngoe ea lintoa tse mpe ka ho fetisisa historing ea Europe.”
Lintoa tsa Bolumeli tsa ho tloha lekholong la bo11 la lilemo ho fihlela ho la bo13 le tsona li feletse ka tšollo ea mali e tšabehang. Ka mohlala, Ntoeng ea pele ea Bolumeli, ba bitsoang ka hore ke masole a bolumeli a Bokreste ba ile ba bolaea ka sehlōhō Mamosleme le Bajuda ba ahileng Jerusalema.
Hape, nahana ka se ileng sa etsahala nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi, le ileng la qala lekholong la bo13 la lilemo ’me la tšoarella ka lilemo tse ka bang 600. Ba likete ba ile ba hlokofatsoa ’me ba chesoa ho fihlela ba e-shoa e le ka taelo ea baeta-pele ba bolumeli. Bukeng ea hae Vicars of Christ—The Dark Side of the Papacy, Peter De Rosa oa bolela: “Lebitsong la mopapa, [ba otlang bakhelohi] ba ne ba ikarabella bakeng sa tlhaselo e mabifi ka ho fetisisa le e sa khaotseng e neng e theola batho seriti paleng ea moloko [oa batho].” Tabeng ea Modominike Torquemada oa Spain, ea neng a otla bakhelohi, De Rosa o re: “O ile a khethoa ka 1483, ’me a busa ka bompoli ka lilemo tse leshome le metso e mehlano. Bahlaseluoa ba hae ba ile ba e-ba ka holimo ho 114 000 ka palo bao ho bona ho ileng ha chesoa ba 10 220.”
Ka sebele, hase malumeli a Bokreste-’motōana feela a nang le molato oa mali. Bukeng ea hae Pensées, rafilosofi oa Lefora Blaise Pascal o ile a hlokomela: “Ha ho mohla batho ba kileng ba etsa bobe ka ho feletseng le ka khothalo joalokaha ba bo etsa ka lebaka la kholiseho ea bolumeli.”
Ba Hlokomeloa ka Litholoana Tsa Bona
Ponong ea Molimo, ho amoheleha ha bolumeli ha hoa itšetleha ka tšobotsi e le ’ngoe feela. Hore bolumeli bo amohelehe ho eena, lithuto tsa bona le mesebetsi ea bona li lokela ho lumellana le Lentsoe la hae le ngotsoeng la ’nete, Bibele. (Pesaleme ea 119:160; Johanne 17:17) Litholoana tsa borapeli bo amoheloang ke Molimo li lokela ho lumellana le litekanyetso tsa Jehova Molimo.
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu Kreste o ile a bontša hore ho ne ho tla ba le baprofeta bao ka bohata ba neng ba tla ipolela hore ba emela Molimo. Jesu o ile a re: “Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lōna ka seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang. Le tla ba hlokomela ka litholoana tsa bona. Le ka mohla batho ha ba bokelle morara ho tsoa meutloeng kapa lifeiga ho tsoa hlaba-hlabaneng, na baa ho etsa? Ka ho tšoanang sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse se nang thuso, leha e le hore sefate se bolileng se ka hlahisa litholoana tse ntle. Sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle sea rengoa ’me se lahleloa mollong. Joale, ka sebele, le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.” (Matheu 7:15-20) Mantsoe ana a bontša hore re tlameha ho itebela moeeng. Re ka ’na ra nahana hore moeta-pele kapa sehlopha se itseng sa bolumeli sea amoheleha ho Molimo le Kreste empa e ka ’na eaba re fositse.
Tlhokahalo ea ho ba Seli
Le haeba bolumeli bo ipolela hore bo amoheloa ke Molimo le baruti ba bona ba bala litemana tse tsoang Bibeleng, seo ha se bolele hore ke mofuta oa borapeli o khahlisang Molimo. Mohlomong baeta-pele ba bona ba ka ba ba etsa lintho tse tsotehang tse etsang hore ho bonahale eka Molimo oa ba sebelisa. Leha ho le joalo, bolumeli boo e ntse e ka ba ba bohata, bo sa hlahiseng litholoana tse amohelehang ho Molimo. Baprista ba sebelisang boselamose ba Baegepeta ba mehleng ea Moshe ba ile ba khona ho etsa lintho tse tsotehang empa ka sebele Molimo ha aa ka a ba amohela.—Exoda 7:8-22.
Kajeno ho tšoana le nakong e fetileng, malumeli a mangata a hōlisa likhopolo le lifilosofi tsa batho ho e-na le ho khomarela seo Molimo a se phatlalatsang e le ’nete. Joale, temoso ena ea Bibele ke e loketseng ka ho khetheha: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”—Bakolose 2:8.
Ka mor’a ho bua ka litholoana tse ntle le tse mpe, Jesu o ile a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ea etsang thato ea Ntate ea leng maholimong o tla kena. Ba bangata ba tla re ho ’na letsatsing leo, ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ ’Me leha ho le joalo ka nako eo ka sebele ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna basebetsi ba ho se ee ka molao.”—Matheu 7:21-23.
Hlahloba Litholoana
Ka ho hlakileng, joale, ke habohlokoa ho talima litholoana tsa bolumeli pele u etsa qeto ea hore boa amoheleha ho Molimo. Ka mohlala, na bolumeli boo bo itšunya-tšunya lipolotiking? Joale hlokomela mantsoe ana, a tlalehiloeng ho Jakobo 4:4: “Mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” Ho feta moo, Jesu o ile a re ka balateli ba hae ba ’nete: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Bolumeli bo lokileng mahlong a Molimo ha bo itšunya-tšunye lipolotiking tsa lefatše lena, ‘le rapaletseng matleng a ea khopo,’ sebōpuoa sa moea se sa bonahaleng Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ho e-na le hoo, bolumeli boo Molimo a bo amohelang, ka botšepehi bo sa sekisetseng bo buella ’Muso oa hae tlas’a Jesu Kreste ’me bo phatlalatsa litaba tse molemo mabapi le puso eo ea leholimo.—Mareka 13:10.
Na bolumeli boa amoheleha ho Molimo haeba bo buella ho se mamele mebuso? Karabo e hlakile haeba re ela hloko keletso ea moapostola Pauluse: “Tsoela pele ho ba hopotsa ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le ba nang le matla a ho laela e le babusi, ho lokela mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (Tite 3:1) Ha e le hantle, Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ba ne ba lokela ho ‘lefa lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.’—Mareka 12:17.
A re nke hore bolumeli bo khothalletsa ho nka karolo lintoeng tsa lichaba. Petrose oa Pele 3:11 e re phehella ho ‘etsa se molemo’ le ho ‘batla khotso ’me re e phehelle.’ Ke joang bolumeli bo ka khahlisang Molimo haeba litho tsa bona li ikemiselitse ho bolaea barapeli-’moho le tsona naheng e ’ngoe nakong ea ntoa? Litho tsa bolumeli bo amoheloang ke Molimo li bonahatsa tšobotsi ea hae e ka sehloohong—lerato. Le Jesu o ile a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato leo ha ho moo le kopanang teng le lehloeo le mabifi le khothalletsoang lintoeng tsa lichaba.
Bolumeli ba ’nete bo fetola batho ba ratang ntoa hore e be barati ba khotso. Sena se ile sa boleloa esale pele ka mantsoe ana: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Ho e-na le ho phasoloha ka mantsoe a lehloeo, ba sebelisang borapeli ba ’nete ba mamela taelo ena: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—Matheu 22:39.
Ba sebelisang bolumeli ba ’nete ba loanela ka matla ho phela ka litekanyetso tse phahameng tsa Jehova Molimo, ba hana ho sebelisa mekhoa ea boitšoaro bo litšila bophelong. Lentsoe la Molimo lea bolela: “Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ha ba na ho rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ha ba na ho rua ’muso oa Molimo. ’Me leha ho le joalo ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa le boletsoe le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 6:9-11.
Ke Nako ea ho Nka Khato e Tiileng
Ke habohlokoa ho khetholla phapang pakeng tsa borapeli ba bohata le bolumeli ba ’nete. Bukeng ea Bibele ea Tšenolo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tsebahatsoa e le “Babylona e Moholo,” seotsoa sa tšoantšetso “seo marena a lefatše a ileng a etsa bohlola le sona.” O molato oa mali ’me o tšoere senoelo sa khauta ‘se tletseng lintho tse nyonyehang le lintho tse sa hloekang tsa bohlola ba hae.’ (Tšenolo 17:1-6) Ha ho letho le amohelehang ho Molimo ka eena.
Ena ke nako ea ho nka khato e tiileng. Ho batho ba tšepahalang ba ntseng ba le ho Babylona e Moholo, ’Mōpi oa rōna ea lerato o hlaba mokhosi ona: “Tsoang ho eena, batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.”—Tšenolo 18:4.
Haeba u batla ho sebelisa bolumeli bo khahlisang Molimo, ke hobane’ng ha u sa tloaelane hamolemo le Lipaki tsa Jehova? Chate e kenyelelitsoeng e thathamisa tse ling tsa litumelo tsa tsona, hammoho le mabaka a Mangolo a li tšehetsang. Hlahloba Bibele ea hao hore u bone haeba litumelo tsa Lipaki li lumellana le Lentsoe la Molimo. Batlisisa hore u fumane haeba bolumeli ba tsona bo hlahisa mofuta oa litholoana oo u neng u tla o lebella borapeling ba ’nete. Haeba u fumana hore ho joalo, u tla be u fumane bolumeli bo khahlisang Molimo.
[Lebokose le leqepheng la 5]
SEO Lipaki Tsa Jehova Li Se Lumelang
SEO LI SE LUMELANG MOTHEO OA BIBELE
Lebitso la Molimo ke Jehova Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18
Bibele ke Lentsoe la Molimo Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17
Jesu Kreste ke Mor’a Molimo Matheu 3:16, 17; Johanne 14:28
Moloko oa batho ha oa iketsa Genese 1:27; 2:7
empa o bōpiloe
Batho ba shoa ka lebaka la Baroma 5:12
sebe sa motho oa pele
Moea oa shoa lefung Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4
Lihele ke lebitla le Jobo 14:13; Tšenolo 20:13,
tloaelehileng la batho King James Version
Tsoho ea bafu ke eona tšepo Johanne 5:28, 29; 11:25;
bakeng sa ba shoeleng Liketso 24:15
Kreste o fane ka bophelo ba Matheu 20:28; 1 Petrose 2:24;
hae ba lefatšeng e le 1 Johanne 2:1, 2
thekollo bakeng sa batho
ba mamelang
Lithapelo li lokela ho Matheu 6:9; Johanne 14:6, 13, 14
lebisoa ho Jehova feela ka
Kreste
Melao ea Bibele mabapi le 1 Bakorinthe 6:9, 10
litekanyetso tsa boitšoaro
e lokela ho mameloa
Litšoantšo ha lia lokela ho Exoda 20:4-6; 1 Bakorinthe 10:14
sebelisoa borapeling
Tšebelisano le meea e lokela Deuteronoma 18:10-12;
ho qojoa Bagalata 5:19-21
Mali ha aa lokela ho kenngoa Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29
’meleng oa motho
Balateli ba ’nete ba Jesu ba Johanne 15:19; 17:16;
lula ba arohile lefatšeng Jakobo 1:27; 4:4
Bakreste baa paka, ba Esaia 43:10-12;
phatlalatsa litaba tse Matheu 24:14; 28:19, 20
molemo
Kolobetso ea ho qoelisoa ka Mareka 1:9, 10; Johanne 3:22;
ho feletseng metsing e Liketso 19:4, 5
tšoantšetsa ho inehela ho
Molimo
Litlotla tsa bolumeli hase Jobo 32:21, 22; Matheu 23:8-12
tsa Mangolo
Re phela “nakong ea bofelo” Daniele 12:4; Matheu 24:3-14;
Ho ba teng ha Kreste ha ho Matheu 24:3; Johanne 14:19;
bonahale 1 Petrose 3:18
Satane ke ’musi ea sa Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19
bonahaleng oa lefatše lena
Molimo o tla felisa tsamaiso Daniele 2:44;
ena ea hona joale e khopo Tšenolo 16:14, 16; 18:1-8
ea lintho
’Muso oa Molimo tlas’a Esaia 9:6, 7; Daniele 7:13, 14;
Kreste o tla busa lefatše Matheu 6:10
ka ho loka
“Mohlape o monyenyane” o tla Luka 12:32; Tšenolo 14:1-4; 20:4
busa leholimong le Kreste
Ba bang bao Molimo a ba Luka 23:43; Johanne 3:16;
amohelang ba fumana Tšenolo 21:1-4
bophelo bo sa feleng
lefatšeng la paradeise
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ba likete-kete ba ile ba bolaoa nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lintoa tsa Bolumeli li ile tsa fella ka tšollo ea mali e tšabehang
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bolumeli ba ’nete bo tsejoa ka litholoana tsa bona tse ntle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Garo Nalbandian