Na U Phehella Bokhabane?
“Bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—BAFILIPPI 4:8.
1. Bobe ke eng, hona ke hobane’ng ha bo sa senya borapeli ba Jehova?
BOBE ke boitšoaro bo litšila kapa tšenyeho. Bo tletse hohle lefatšeng leo re phelang ho lona. (Baefese 2:1-3) Leha ho le joalo, Jehova Molimo a ke ke a lumella hore borapeli ba hae bo hloekileng bo silafatsoe. Lingoliloeng tsa Bokreste, liboka, likopano tse khōlō le tse nyenyane li re fa litemoso tse nakong khahlanong le boitšoaro bo sa lokang. Re fumana thuso e utloahalang ea Mangolo ea ho ‘khomarela se molemo’ mahlong a Molimo. (Baroma 12:9) Ka lebaka leo, joaloka mokhatlo o hlophisitsoeng, Lipaki tsa Jehova li leka ka matla hore li hloeke, li be khabane. Empa ho thoe’ng ka rōna re le batho ka bomong? Ka sebele, na u phehella bokhabane?
2. Bokhabane ke eng, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala boiteko hore re lule re le khabane?
2 Bokhabane ke boitšoaro bo botle, molemo, liketso tse nepahetseng le menahano e nepahetseng. Hase tšoaneleho e sa reng letho empa ke e susumelletsang ketsong. Bokhabane bo akarelletsa ho fetang ho qoba sebe; bo bolela ho phehella se molemo. (1 Timothea 6:11) Moapostola Petrose o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena: “Le eketse tumelong ea lōna bokhabane.” Joang? Ka ho “tlatsetsa ha lōna ha le arabela [litšepisong tsa Molimo tsa bohlokoa] ka boiteko bohle bo tiileng.” (2 Petrose 1:5) Ka lebaka la botho ba rōna ba boetsalibe, ho hlokahala boiteko ba sebele hore re lule re le khabane. Empa batho ba tšabang Molimo ba nakong e fetileng ba ho entse, esita leha ba talimane le litšitiso tse khōlōhali.
O Ile a Phehella Bokhabane
3. Morena Akaze o ne a le molato oa liketso life tse khopo?
3 Mangolo a na le litlaleho tse ngata tsa ba ileng ba phehella bokhabane. Ka mohlala, nahana ka Ezekiase ea khabane. Ntate oa hae, Morena Akaze oa Juda, ho totobetse hore o ne a rapela Moloke. ‘Akaze o na a le lilemo tse mashome a mabeli, ha a qala ho busa; a busa ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng Jerusalema. Empa ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, Molimo oa hae, joalo ka Davida ntat’ae. Le eena a ea ka mehlala ea marena a Iseraele, hape a [fetisa mor’a oa hae mollong, NW] ka mokhoa oa manyala a lichaba, tsee Jehova a neng a li leleke pel’a bana ba Iseraele; a ’na a hlaba mahlabelo, a chesa libano nģalong tse liphahameng, le maralleng, le tlas’a lifate tsohle tse tala.’ (2 Marena 16:2-4) Ba bang ba bolela hore ‘ho fetisa mollong’ ho ne ho sa bolele sehlabelo sa motho empa ho ne ho bolela mofuta o itseng oa neano ea tlhoekiso. Leha ho le joalo, buka ea Molech—A God of Human Sacrifice in the Old Testament, ea John Day, e re: “Ho na le bopaki bo tsoang ho lingoliloeng tsa khale tsa Bagerike le Baroma le tsa Mapunic [batho ba Carthage], esita le bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale, ba hore ho ne ho e-na le mahlabelo a batho . . . lefatšeng la Bakanana, ka hona ha ho na lebaka la ho belaella lipolelo tsa Testamente ea Khale [mabapi le mahlabelo a batho].” Ho feta moo, 2 Likronike 28:3 e bolela ka ho toba hore Akaze o ile “a chesa bara ba hae mollong.” (Bapisa le Deuteronoma 12:31; Pesaleme ea 106:37, 38.) Ke liketso tse bontšang bokhopo bo bokaakang!
4. Ezekiase o ile a itšoara joang tikolohong e tletseng bobe?
4 Ezekiase o ile a tsoella joang tikolohong ee e tletseng bobe? Pesaleme ea 119 ea thahasellisa, hobane ba bang ba lumela hore Ezekiase o ile a e qapa, a etsa sena ha e sa ntse e le khosana. (Pesaleme ea 119:46, 99, 100) Ka hona e ka ’na eaba maemo a hae a bontšoa ke mantsoe ana: “Esita le [mahosana, NW] a lutse ho rera morero oa ho ntoantša; mohlanka oa hao o nahana likomelo tsa hao. Moea oa ka o llisoa ke ho hlomoha.” (Pesaleme ea 119:23, 28) A pota-potiloe ke ba kopanelang borapeling ba bohata, e ka ’na eaba Ezekiase o ile a songoa har’a litho tsa lekhotla la borena, hoo ho neng ho le thata hore a robale. Empa, o ile a phehella bokhabane, ha nako e ntse e feta e ile ea e-ba morena, ’me “a etsa ho leng hotle mahlong a Jehova . . . A itšepela Jehova, Molimo oa Iseraele.”—2 Marena 18:1-5.
Ba Ile ba Lula ba le Khabane
5. Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ile ba thulana le liteko life?
5 Hape ba ileng ba beha mohlala oa bokhabane e bile Daniele le metsoalle ea hae ea Baheberu e meraro, e leng Hanania, Mishaele le Azaria. Ba ile ba qobelloa ho tloha naheng ea habo bona ’me ba isoa botlamuoeng Babylona. Bacha bana ba bane ba ile ba rehoa mabitso a Babylona—Beltsatsare, Shadrake, Meshake le Abede-Nego. Ba ile ba fuoa “lijo tse hlabosang tsa morena,” ho akarelletsa le lijo tse hanetsoeng ke Molao oa Molimo. Ho feta moo, ba ile ba qobelloa koetliso ea lilemo tse tharo e amanang le “puo le mangolo a ba-Kalde.” Sena se ne se akarelletsa ho fetang feela ho ithuta puo e ’ngoe, hobane e ka ’na eaba lentsoe “ba-Kalde” mona le bolela sehlopha sa ba rutehileng. Kahoo, bacha bana ba Baheberu ba ne ba rutoa lithuto tsa Babylona tse khopamisitsoeng.—Daniele 1:1-7.
6. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Daniele o ile a phehella bokhabane?
6 Ho sa tsotellehe likhatello tse matla haholo tse reretsoeng ho etsa hore ba lumellane le boemo bona, Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ile ba khetha bokhabane ho e-na le bobe. Daniele 1:21 e re: “Daniele a ’na a lula joalo ho isa selemong se qalang puso ea morena Siruse.” E, Daniele o ile “a ’na a lula” e le mohlanka ea khabane oa Jehova ka lilemo tse ka holimo ho 80—ho pholletsa le nako ea ho phahama le ho oa ha marena a mangata a matla. O ile a lula a tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe merero ea bolotsana le maraba a bahlanka ba ’muso ba senyehileng le boitšoaro bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali bo tletseng hohle bolumeling ba Babylona. Daniele o ile a tsoela pele ho phehella bokhabane.
7. Ho ka ithutoa eng tseleng eo Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ileng ba e latela?
7 Re ka ithuta ho hongata ho Daniele ea tšabang Molimo le metsoalle ea hae. Ba ile ba phehella bokhabane ’me ba hana ho amohela mokhoa oa bophelo oa Babylona. Le hoja ba fuoe mabitso a Babylona, le ka mohla ha baa ka ba hlōleha ho bontša botho bo ba khethollang e le bahlanka ba Jehova. Ka sebele, lilemo tse ka bang 70 hamorao, morena oa Babylona o ile a bitsa Daniele ka lebitso la hae la Seheberu! (Daniele 5:13) Bophelong bohle ba hae bo bolelele, Daniele o ile a hana ho sekisetsa esita le linthong tse nyenyane. Ha a sa le mocha, o ne a ile “a rera pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka lijo tse hlabosang tsa morena.” (Daniele 1:8) Ha ho pelaelo hore boemo bona bo bontšang ho se sekisetse boo Daniele le metsoalle ea hae e meraro ba ileng ba bo nka bo ile ba ba matlafalletsa ho hlōla liteko tsa lefu le bophelo tseo ba ileng ba talimana le tsona hamorao.—Daniele, khaolo ea 3 le ea 6.
Ho Phehella Bokhabane Kajeno
8. Bacha ba Bakreste ba ka hana ho kenella lefatšeng la Satane joang?
8 Joaloka Daniele le metsoalle ea hae e meraro, batho ba Molimo kajeno ba hana ho ba karolo ea lefatše la Satane le khopo. (1 Johanne 5:19) Haeba u mocha oa Mokreste, e ka ’na eaba u feta khatellong e matla e tsoang ho lithaka ea hore u etsise mekhoa ea tsona e feteletseng ea ho apara, ho itlhopha le ho bina. Leha ho le joalo, ho e-na le ho latela feshene e ’ngoe le e ’ngoe kapa setaele se fetohang se tloaelehileng, ema u tiile, ’me u se ke ua itumella ho ba “ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Baroma 12:2) “Hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše . . . phela ka ho hlaphoheloa kelellong le ho loka le boinehelo ba bomolimo.” (Tite 2:11, 12) Ntho ea bohlokoa ke kamohelo ea Jehova eseng ea lithaka tsa hao.—Liproverbia 12:2.
9. Bakreste ba leng lefatšeng la khoebo ba ka ’na ba talimana le likhatello life, hona ba lokela ho itšoara joang?
9 Batho ba baholo bao e leng Bakreste le bona ba talimana le likhatello ’me ba tlameha ho ba khabane. Bakreste bao e leng bo-rakhoebo ba ka ’na ba hoheleha hore ba sebelise mekhoa e belaetsang kapa ba hlokomoloha litaelo tsa ’muso le melao ea lekhetho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na bao re hlōlisanang le bona khoebong kapa basebetsi-’moho le rōna ba itšoara joang, “re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Mangolo a re hloka hore re tšepahale ’me re hloke leeme ha re sebelisana le bahiri, bahiruoa, bareki le mebuso ea lefatše. (Deuteronoma 25:13-16; Matheu 5:37; Baroma 13:1; 1 Timothea 5:18; Tite 2:9, 10) Le rōna a re lekeng ka matla ho ba ba hlophisehileng litabeng tsa rōna tsa khoebo. Ka ho boloka litlaleho tse nepahetseng le ho ngola litumellano, hangata re ka thibela liqabang.
Lula U Falimehile!
10. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ‘itebele’ ha re khetha ’mino?
10 Pesaleme ea 119:9 e totobatsa karolo e ’ngoe tabeng ea hore motho a lule a le khabane mahlong a Molimo. Mopesaleme o ile a bina: “Mohlankana o tla hloekisa metsamao ea hae joang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentsoe la hao.” Sebetsa se seng sa Satane se atlehang ka ho fetisisa ke ’mino o nang le matla a ho susumetsa maikutlo. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba hlōlehile ho ‘lula ba falimehile’ tabeng ea ’mino, ’me ba iphumana ba tšoasitsoe ke mefuta e feteletseng ea oona, e kang rap le ’mino oa rock o morethetho o boima. Ba bang ba ka ’na ba pheha khang ea hore ’mino o joalo ha o ba ntše kotsi kapa hore ha ba mamele mantsoe a oona. Ba bang ba re ba mpa feela ba thabela morethetho o matla kapa molumo oa likatara tse lerata. Leha ho le joalo, ho Bakreste, taba hase hore na ntho e itseng ea thabisa. Ba amehile ka hore na ea ‘amoheleha ho Morena.’ (Baefese 5:10) Ka kakaretso ’mino oa rock o morethetho o boima le oa rap e khothalletsa lintho tse mpe tse kang litšila, bohlola esita le Bosatane—lintho tseo ka sebele li sa amoheleheng har’a batho ba Molimo.a (Baefese 5:3) Ba bacha kapa ba hōlileng, e ne e tla ba hantle ha e mong le e mong oa rōna a ne a ka nahana ka potso ena, Na ka khetho ea ka ea ’mino, ke phehella bokhabane kapa bobe?
11. Mokreste a ka lula a itebetse joang mabapi le mananeo a thelevishene, livideo le libaesekopo?
11 Mananeo a thelevishene a mangata, livideo le libaesekopo li khothalletsa bobe. Ho latela setsebi se seng sa bophelo bo botle ba kelello, ‘ho phelela menyaka, likamano tsa botona le botšehali, pefo, meharo le boithati’ li atile libaesekopong tse ngata tse etsoang kajeno. Ka lebaka leo, ho lula re itebetse ho akarelletsa ho khetha seo re se shebellang. Mopesaleme o ile a rapela: “U furallise mahlo a ka talimong ea lefeela.” (Pesaleme ea 119:37) Mocha oa Mokreste ea bitsoang Joseph o ile a sebelisa molao-motheo ona. Ha baesekopo e itseng e ne e qala ho bontša litšoantšo tsa likamano tsa botona le botšehali le pefo, o ile a tloha holong ea libaesekopo. Na o ile a soabisoa ke ho etsa see? Joseph o re: “Che, le hanyenyane. Ke ile ka nahana ka Jehova pele le ka ho mo thabisa.”
Karolo ea ho Ithuta le ho Thuisa
12. Ke hobane’ng ha thuto ea botho le ho nahanisisa li hlokahala bakeng sa ho phehella bokhabane?
12 Ha hoa lekana ho qoba lintho tse mpe. Ho phehella bokhabane ho boetse ho akarelletsa ho ithuta le ho nahanisisa ka lintho tse molemo tse tlalehiloeng ka Lentsoeng la Molimo e le hore melao-motheo ea lona e lokileng e ka sebelisoa bophelong. Mopesaleme o ile a hooa: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Na thuto ea botho ea Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste ke karolo ea kemiso ea hao ea beke le beke? Ka sebele, ho ipha nako bakeng sa ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mafolofolo le ho nahanisisa ka lona ka tieo e ka ba phephetso. Empa hangata ho reka nako mesebetsing e meng ho ka khoneha. (Baefese 5:15, 16) Mohlomong lihora tsa hoseng-seng e ka ba nako e molemo bakeng sa hore u rapele, u ithute le ho nahanisisa.—Bapisa le Pesaleme ea 119:147.
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha ho nahanisisa e le habohlokoa? (b) Re ka thusoa ho nyonya boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ka ho nahanisisa ka mangolo afe?
13 Ho nahanisisa ke habohlokoa, hobane ho re thusa ho boloka seo re ithutang sona. Habohlokoa le ho feta, ho ka re thusa ho hōlisa maikutlo a bomolimo. Ka mohlala: Ho tseba hore Molimo o hanela bohlola ke ntho e ’ngoe empa ke ntho e ’ngoe e fapaneng haholo ho ‘nyonya se khopo, le ho khomarela se molemo.’ (Baroma 12:9) Ha e le hantle re ka ikutloa ka tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ka ho nahanisisa ka mangolo a sehlooho a Bibele a kang Bakolose 3:5, e phehellang: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse leng lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” Ipotse: ‘Ke lokela ho bolaea mofuta ofe oa takatso ea likamano tsa botona le botšehali? Ke lokela ho qoba eng e ka ’nang ea tsosa takatso e litšila? Na ho na le liphetoho tseo ke lokelang ho li etsa tseleng eo ka eona ke tšoarang batho ba bong bo fapaneng?’—Bapisa le 1 Timothea 5:1, 2.
14 Pauluse o phehella Bakreste ho tela bohlola le ho ba le boitšoaro e le hore “ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo.” (1 Bathesalonika 4:3-7) Ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ho etsa bohlola ho le kotsi? Ke kotsi efe eo nka intšang eona kapa ka e ntša motho e mong haeba ke etsa sebe tabeng ee? Ke ne ke tla ameha joang moeeng, maikutlong le ’meleng? Ho thoe’ng ka batho ka phuthehong ba tlōtseng molao oa Molimo eaba ha ba bake? Ba feletse joang?’ Ho ela hloko seo Mangolo a se buang ka boitšoaro bo joalo ho ka tebisa lehloeo la rōna la se sebe mahlong a Molimo. (Exoda 20:14; 1 Bakorinthe 5:11-13; 6:9, 10; Bagalata 5:19-21; Tšenolo 21:8) Pauluse o bolela hore sehlola se “hlokomoloha, eseng motho, empa Molimo.” (1 Bathesalonika 4:8) Ke Mokreste ofe oa ’nete ea neng a ka hlokomoloha Ntate oa hae oa leholimo?
Bokhabane le Botsoalle
15. Botsoalle bo phetha karolo efe ho phehelleng ha rōna bokhabane?
15 Thuso e ’ngoe ea hore motho a lule a le khabane ke botsoalle bo molemo. Mopesaleme o ile a bina: “Ke tloaelane le bohle ba u tšabang [Jehova], le ba bolokang litemoso tsa hao.” (Pesaleme ea 119:63) Re hloka botsoalle bo molemo bo lokiselitsoeng libokeng tsa Bokreste. (Baheberu 10:24, 25) Haeba re ikarola, re ka ’na ra bontša boikhabi monahanong oa rōna, ’me bobe bo ka re tsometsa habonolo. (Liproverbia 18:1) Leha ho le joalo, botsoalle bo mofuthu ba Bokreste bo ka matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re le khabane. Ka sebele, re boetse re tlameha ho itebela khahlanong le litloaelano tse mpe. Re ka amohela ka mofuthu le ka botsoalle baahisani, basebetsi-’moho le liithuti-’moho le rōna. Empa haeba re hlile re tsamaea ka bohlale, re tla qoba ho tloaelana haholo le ba sa phehelleng bokhabane ba Bokreste.—Bapisa le Bakolose 4:5.
16. Ho sebelisa 1 Bakorinthe 15:33 ho ka re thusa joang ho phehella bokhabane kajeno?
16 Pauluse o ile a ngola: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” Ka polelo ena, o ne a lemosa balumeli hore ba ne ba ka felloa ke tumelo ka ho tloaelana le ba ipolelang hore ke Bakreste empa ba hana lithuto tsa Mangolo mabapi le tsoho. Molao-motheo o tšehetsang temoso ea Pauluse o sebetsa litloaelanong tsa rōna ka ntle le ka hare ho phutheho. (1 Bakorinthe 15:12, 33) Ka tlhaho, ha re batle ho qoba bara le barali babo rōna ba moea hobane ho bonahala hore ha ba lumellane le maikutlo a rōna ao ha e le hantle e leng a botho. (Matheu 7:4, 5; Baroma 14:1-12) Leha ho le joalo, ho hlokahala temoho haeba ba bang ka har’a phutheho ba kopanela boitšoarong bo belaetsang kapa ba bontša moea oa ho ba mabifi kapa oa ho belaela. (2 Timothea 2:20-22) Ke ho bohlale ho lula haufi le bao re ka thabelang “phapanyetsano ea khothatso” le bona. (Baroma 1:11, 12) Sena se tla re thusa ho phehella tsela e khabane ’me re lule ‘tseleng ea bophelo.’—Pesaleme ea 16:11.
Tsoela Pele ho Phehella Bokhabane
17. Ho latela Numere khaolo ea 25, ke tlokotsi efe e ileng ea oela Baiseraele, ’me see se re ruta eng?
17 Kapele ka mor’a hore Baiseraele ba rue Naha e Tšepisitsoeng, ba likete ho bona ba ile ba khetha ho phehella bobe—’me ba oeloa ke tlokotsi. (Numere khaolo ea 25) Kajeno, batho ba Jehova ba eme lintšing tsa lefatše le lecha la ho loka. Ho kena ho lona e tla ba tokelo e hlollang ho ba tsoelang pele ho furalla bobe ba lefatše lena. Re le batho ba sa phethahalang, e ka ’na eaba re na le litšekamelo tse fosahetseng, empa Molimo a ka re thusa ho latela tataiso ea moea oa hae o halalelang. (Bagalata 5:16; 1 Bathesalonika 4:3, 4) Ka lebaka leo a re eleng hloko khothatso ea Joshua ho Baiseraele: “Tšabang Jehova joale, le mo sebeletse ka sebele le ka ’nete.” (Joshua 24:14) Tšabo ea ho halefisa Jehova e bontšang tlhompho e tla re thusa ho phehella tsela ea bokhabane.
18. Mabapi le bobe le bokhabane, Bakreste bohle ba lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
18 Haeba pelo ea hao e lakatsa ho thabisa Molimo, ikemisetse ho ela hloko khothatso ea Pauluse: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” Haeba u etsa sena, phello e tla ba efe? Pauluse o itse: “Le tloaele ho etsa tsena; ’me Molimo oa khotso o tla ba le lōna.” (Bafilippi 4:8, 9) E, ka thuso ea Jehova u ka hana bobe ’me ua phehella bokhabane.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa April 15, 1993, leqepheng la 19-24, le letoto la lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” ho Tsoha! ea February 8, March 8 le April 8, 1993, le December 8, 1996.
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Ho hlokahala eng bakeng sa ho phehella bokhabane?
◻ Ezekiase, Daniele le Baheberu ba bararo ba ile ba lula ba le khabane tlas’a maemo afe?
◻ Re ka tšoana le Daniele joang tabeng ea ho hanela maqheka a Satane?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho lula ba itebetse tabeng ea boithabiso?
◻ Ho ithuta, ho nahanisisa le botsoalle li phetha karolo efe ho phehelleng bokhabane?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ezekiase e mocha o ile a phehella bokhabane le hoja a ne a pota-potiloe ke barapeli ba Moloke
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Bakreste ba tlameha ho lula ba itebetse tabeng ea boithabiso