Bakreste le Lefatše la Moloko oa Batho
“Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle.”—BAKOLOSE 4:5.
1. Jesu o itse’ng mabapi le balateli ba hae le lefatše?
JESU ha a bua ka balateli ba hae thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo, o itse: “Lefatše le ba hloile, hobane hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” Eaba oa eketsa: “Kea u kōpa, eseng hore u ba ntše lefatšeng, empa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo.” (Johanne 17:14, 15) Bakreste ba ne ba sa tl’o aroloa lefatšeng—ka mohlala, ka ho lula ba le bang matlong a baitlami. Ho e-na le hoo, Kreste o “ba rometse lefatšeng” hore e be lipaki tsa hae “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Johanne 17:18; Liketso 1:8) Ho ntse ho le joalo, o ile a kōpa Molimo hore a ba lebele kahobane Satane, “’musi oa lefatše lena,” o ne a tla hlohlelletsa lehloeo khahlanong le bona ka lebaka la lebitso la Kreste.—Johanne 12:31; Matheu 24:9.
2. (a) Bibele e sebelisa lentsoe “lefatše” joang? (b) Jehova o bontša boikutlo bofe bo leka-lekaneng ka lefatše?
2 Ka Bibeleng lentsoe “lefatše” (ka Segerike, koʹsmos) hangata le bolela mokhatlo oa batho ba sa lokang o ‘rapaletseng matleng a ea khopo.’ (1 Johanne 5:19) Kaha Bakreste ba boloka litekanyetso tsa Jehova ’me ba boetse ba ela hloko taelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng, ka linako tse ling ho ’nile ha e-ba thata hore ba be le kamano e ntle le lefatše. (2 Timothea 3:12; 1 Johanne 3:1, 13) Leha ho le joalo, koʹsmos ka Mangolong e boetse e sebelisoa ha ho buuoa ka lelapa la motho ka kakaretso. Ha a bua ka lefatše ka kutloisiso ena, Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng. Etsoe Molimo o rometse Mora oa hae lefatšeng, eseng hore a ahlole lefatše, empa hore lefatše le pholosoe ka eena.” (Johanne 3:16, 17; 2 Bakorinthe 5:19; 1 Johanne 4:14) Ka hona, le hoja Jehova a hloile lintho tse khethollang tsamaiso e khopo ea Satane, Jehova o bontšitse lerato la hae bakeng sa moloko oa batho ka ho romela Mora oa hae lefatšeng e le hore a ka pholosa bohle ba neng ba tla ‘fihla pakong.’ (2 Petrose 3:9; Liproverbia 6:16-19) Boikutlo ba Jehova bo leka-lekaneng mabapi le lefatše bo lokela ho tataisa barapeli ba hae.
Mohlala oa Jesu
3, 4. (a) Jesu o ile a ikhethela ho ba boemong bofe mabapi le bobusi? (b) Jesu o ile a talima lefatše la moloko oa batho joang?
3 Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a bolella Ponse Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Tumellanong le mantsoe ana, pejana Jesu o ne a ile a hana tlhahiso ea Satane ea ho mo fa matla holim’a mebuso ea lefatše, ’me o ne a hanne ho lumella Bajuda ho mo etsa morena. (Luka 4:5-8; Johanne 6:14, 15) Empa, Jesu o bontšitse lerato le leholo bakeng sa lefatše la moloko oa batho. Mohlala oa sena o ile oa tlalehoa ke moapostola Matheu: “Ha a bona bongata a utloa a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” Ka lebaka la lerato, o ile a bolela ho batho metseng le metsaneng ea bona. O ile a ba ruta le ho folisa maloetse a bona. (Matheu 9:36) O ne a boetse a nahanela litlhoko tsa nama tsa ba neng ba tlil’o ithuta ho eena. Rea bala: “Jesu a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena ’me a re: ‘Ke ikutloa ke hauhela bongata bona, hobane e se e le matsatsi a mararo bo lutse le ’na ’me ha bo na letho leo bo le jang; ’me ha ke batle hore bo tsamaee bo lapile. Ho ka etsahala hore bo felloe ke matla tseleng.’” (Matheu 15:32) Ke kameho e lerato hakaakang!
4 Bajuda ba ne ba khetholla Basamaria ka ho feteletseng, empa Jesu o ile a buisana le mosali oa Mosamaria ka nako e telele ’me a qeta matsatsi a mabeli a fana ka bopaki bo tsoileng matsoho motseng oa Basamaria. (Johanne 4:5-42) Le hoja Molimo a ne a mo rometse ho “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele,” ka linako tse ling Jesu o ne a arabela ha batho ba bang bao e seng Bajuda ba bonahatsa tumelo. (Matheu 8:5-13; 15:21-28) E, Jesu o ile a bontša hore hoa khoneha hore motho e ‘se be karolo ea lefatše’ ha ka nako e tšoanang a bontša lerato lefatšeng la moloko oa batho, ho batho. Na ka ho tšoanang re qenehela batho moo re lulang teng, moo re sebetsang teng, kapa moo re rekang teng? Na re ameha ka boiketlo ba bona—eseng feela litlhokong tsa bona tsa moea empa le litlhokong tse ling haeba ho le matleng a rōna ho ba thusa? Jesu o ile a etsa seo, ’me ka ho etsa joalo, o ile a bula tsela ea ho ruta batho ka ’Muso. Ka sebele, re ke ke ra etsa mehlolo ea sebele joalokaha Jesu a e entse. Empa ka puo ea tšoantšetso ketso e mosa hangata e etsa mehlolo ho tloseng mekoallo ea leeme.
Boikutlo ba Pauluse Mabapi le Batho “ba ka Ntle”
5, 6. Moapostola Pauluse o ile a sebetsana joang le Bajuda bao e neng e le “ba ka ntle”?
5 Mangolong a hae a mangata, moapostola Pauluse o bua ka batho “ba ka ntle,” e leng bao e seng Bakreste, ebang ke Bajuda kapa Balichaba. (1 Bakorinthe 5:12; 1 Bathesalonika 4:12; 1 Timothea 3:7) O ile a sebetsana joang le ba joalo? O ile a ‘fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka mekhoa eohle a ka pholosa ba bang.’ (1 Bakorinthe 9:20-22) Ha a fihla motseng, o ne a qala ka ho bolela ho Bajuda ba neng ba lula ho oona. O ne a atamela batho joang? Ka masene le ka tlhompho o ne a fana ka bopaki bo kholisang ba Bibele ba hore Mesia o tlile, a shoa lefu la sehlabelo, ’me o tsohile.—Liketso 13:5, 14-16, 43; 17:1-3, 10.
6 Ka tsela ena Pauluse o ile a eketsa tsebo ea Bajuda ea Molao le baprofeta e le hore a ka ba ruta ka Mesia le ka ’Muso oa Molimo. ’Me o ile a atleha ho kholisa ba bang. (Liketso 14:1; 17:4) Ho sa tsotellehe khanyetso ea baeta-pele ba Bajuda, Pauluse o ile a bontša boikutlo bo mofuthu ho Bajuda ba habo ha a ne a ngola: “Barab’eso, khahleho ea pelo ea ka le thapeli ea ka ho Molimo bakeng sa bona [Bajuda] li bakeng sa poloko ea bona. Etsoe kea ba pakela hore ba na le cheseho bakeng sa Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.”—Baroma 10:1, 2.
Ho Thusa Balumeli Bao e Seng Bajuda
7. Basokolohi ba bangata ba ile ba arabela joang litabeng tse molemo tseo Pauluse a neng a li bolela?
7 Basokolohi e ne e le Balichaba ba neng ba fetohile litho tse bolotseng tsa Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Ka sebele, ho ne ho e-na le basokolohi ba Bajuda Roma, Antioke ea Syria, Ethiopia le Antioke e Pisidia—ka sebele, ho pholletsa le Libaka tsa Bajuda tse ka Ntle ho Palestina. (Liketso 2:8-10; 6:5; 8:27; 13:14, 43; bapisa le Matheu 23:15.) Ho fapana le babusi ba bangata ba Bajuda, ho ka etsahala hore ebe basokolohi ba ne ba sa ikakase, ’me ba ne ba ke ke ba ithorisa ka boikakaso ka hore ba tsoa lelokong la Abrahama. (Matheu 3:9; Johanne 8:33) Ho e-na le hoo, ba ne ba furaletse melimo ea bohetene ’me ka boikokobetso ba ne ba retelehetse ho Jehova, ba fumana tsebo e itseng ka eena le melao ea hae. ’Me ba ne ba kopanela tšepong ea Bajuda ea Mesia ea tlang. Kaha ba ne ba se ba ikemiselitse ho fetoha ha ba ntse ba batla ’nete, ba bangata ho bona ba ne ba itokiselitse ho etsa liphetoho tse eketsehileng le ho arabela boboleling ba moapostola Pauluse. (Liketso 13:42, 43) Ha mosokolohi ea kileng a rapela melimo ea bohetene a ne a sokolohela Bokresteng, o ne a hlomelloa ka ho khethehileng bakeng sa ho pakela Balichaba ba bang ba neng ba ntse ba rapela melimo eo.
8, 9. (a) Ntle ho basokolohi, ke sehlopha sefe se seng sa Balichaba se ileng sa khahloa ke bolumeli ba Bajuda? (b) Maqai a mangata a neng a tšaba Molimo a ile a arabela joang litabeng tse molemo?
8 Ntle ho basokolohi ba bolotseng, ba bang bao e seng Bajuda ba ne ba khahliloe ke bolumeli ba Bajuda. Oa pele ho bana ea ileng a fetoha Mokreste ke Korneliase eo, le hoja e ne e se mosokolohi, e neng e le “monna ea inehetseng le ea tšabang Molimo.” (Liketso 10:2) Tlhalosong ea hae ea Liketso, Moprofesa F. F. Bruce o ile a ngola: “Ka tloaelo Balichaba ba joalo ho thoe ke ‘ba tšabang Molimo’; kaha polelo ena hase e nang le tlhaloso e rarahaneng, ho molemo ho e sebelisa. Balichaba ba bangata ba mehleng eo, le hoja ba ne ba sa itokisetsa ho ba basokolohi ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda (tlhokahalo ea lebollo e le eona tšitiso e khethehileng bakeng sa banna), ba ile ba khahloa ke tumelo ea borapeli ba synagoge ea Sejuda ea hore Molimo o mong feela le ke litekanyetso tsa boitšoaro tsa tsela ea bophelo ea Bajuda. Ba bang ba bona ba ne ba e-ba teng synagogeng ’me ba ile ba e-ba le tsebo e itseng ea lithapelo le lithuto tsa mangolo, tseo ba neng ba utloa ha li baloa phetolelong ea Segerike.”
9 Moapostola Pauluse o ile a kopana le ba bangata ba tšabang Molimo ha a bolela ka lisynagogeng tsa Asia Minor le Greece. Ha a le Antioke e Pisidia o ile a bua le ba neng ba bokane ka synagogeng a ba bitsa “banna, Baiseraele le lōna ba bang ba tšabang Molimo.” (Liketso 13:16, 26) Ha Luka a ngola o bolela hore ka mor’a hore Pauluse a bolele ka Lisabatha tse tharo ka synagogeng e Thesalonika, “ba bang ba bona [Bajuda] ea e-ba balumeli [Bakreste] ’me ba ikopanya le Pauluse le Silase, le letšoele le leholo la Bagerike ba neng ba rapela Molimo le ba bangata ba basali ba ka sehloohong ba etsa joalo.” (Liketso 17:4) Ho ka etsahala hore ebe Bagerike ba bang e ne e le maqai a tšabang Molimo. Ho na le bopaki ba hore Balichaba ba joalo ba bangata ba ile ba ikopanya le lichaba tsa Bajuda.
Ho Bolela Har’a “ba sa Lumelang”
10. Pauluse o ile a bolela joang ho Balichaba ba neng ba sa tsebe Mangolo, ’me e le ka phello efe?
10 Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, polelo “ba sa lumelang” e ka bolela batho ka kakaretso ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Hangata e bolela bahetene. (Baroma 15:31; 1 Bakorinthe 14:22, 23; 2 Bakorinthe 4:4; 6:14) Athene ba bangata ba sa lumelang ba ne ba rutiloe filosofi ea Bagerike, ba sa tsebe Mangolo ho hang. Na see se ile sa nyahamisa Pauluse hore a se ke a ba pakela? Che. Leha ho le joalo, o ile a feto-fetola katamelo ea hae. O ile a nehelana ka likhopolo tsa Bibele ka masene a sa qotse ka ho toba Mangolong a Seheberu, ao Baathene ba neng ba sa a tsebe. Ka bohlale o ile a bontša ho tšoana lipakeng tsa ’nete ea Bibele le likhopolo tse itseng tse boletsoeng ke liroki tsa Bastoike tsa boholo-holo. ’Me o ile a bua ka khopolo ea Molimo a le mong oa ’nete bakeng sa moloko oa batho kaofela, Molimo ea tla ahlola ka ho loka ka monna ea ileng a shoa a ba a tsoha. Kahoo, ka masene Pauluse o ile a bolela ka Kreste ho Baathene. Phello e bile efe? Le hoja bongata bo ne bo mo soma ka ho toba kapa bo e-na le pelaelo, “banna ba bang ba ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli, bao har’a bona hape ho neng ho e-na le Dionysiase, moahloli oa lekhotla la Areopago, le mosali ea bitsoang Damarise, le ba bang ntle ho bona.”—Liketso 17:18, 21-34.
11. Korinthe e ne e le motse oa mofuta ofe, ’me mosebetsi oa boboleli oa Pauluse o bile le phello efe moo?
11 Korinthe ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata, ka hona Pauluse o ile a qala tšebeletso ea hae sebakeng seo ka ho bolela ka synagogeng. Empa ha ho totobala hore Bajuda baa hanyetsa, Pauluse o ile a ea ho baahi ba Balichaba. (Liketso 18:1-6) ’Me e ne e le baahi ba tsotehang hakaakang! Korinthe e ne e le motse oa khoebo o phetheselang, oo baahi ba oona ba tsoang linaheng tse ngata tsa lefatše, o tummeng hampe ka boitšoaro bo bobe ho pholletsa le lefatše la Bagerike le la Baroma. Ha e le hantle, “ho itšoara Sekorinthe” ho ne ho bolela ho itšoara hampe. Empa, e bile ka mor’a hore Bajuda ba hane boboleli ba Pauluse moo Kreste a ileng a hlaha ho eena ’me a re: “U se ke ua ba le tšabo, empa u ’ne u tsoele pele ho bua . . . , etsoe ke na le batho ba bangata motseng ona.” (Liketso 18:9, 10) Joalokaha ho boletsoe, Pauluse o ile a theha phutheho Korinthe, le hoja litho tse ling tsa eona li ne li kile tsa phela bophelo ba “Bokorinthe.”—1 Bakorinthe 6:9-11.
Ho Leka ho Pholosa “Mefuta Eohle ea Batho” Kajeno
12, 13. (a) Tšimo ea rōna kajeno e tšoana joang le ea mehleng ea Pauluse? (b) Re bontša boikutlo bofe masimong ao ho ’ona e seng e le khale malumeli a Bokreste-’mōtoana a thehiloe kapa moo ba bangata ba feletsoeng ke tšepo bolumeling bo hlophisitsoeng?
12 Kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo, ‘mosa o sa tšoanelang oa Molimo o tlisa poloko ho mefuta eohle ea batho.’ (Tite 2:11) Tšimo eo litaba tse molemo li boleloang ho eona e atolohile ho akarelletsa lik’honthinente tsohle le lihlekehleke tsa leoatle tse ngata. ’Me, joaloka mehleng ea Pauluse, ka sebele ho kopanoe le “mefuta eohle ea batho.” Ka mohlala, ba bang ba rōna ba bolela linaheng tseo ho tsona e seng e le lilemo tse makholo a mangata likereke tsa Bokreste-’mōtoana li thehiloe. Joaloka Bajuda ba lekholong la pele la lilemo, e ka ’na eaba litho tsa tsona li tšoarehile haholo lineanong tsa bolumeli. Ho ntse ho le joalo, re thabela ho batla bao boemo ba lipelo tsa bona bo leng botle ’me re eketse tsebo leha e le efe ea Bibele eo ba nang le eona. Ha re ba nyelise kapa hona ho ba khesa esita le haeba baeta-pele ba bona ba bolumeli ka linako tse ling ba re hanyetsa le ho re hlorisa. Ho e-na le hoo, re hlokomela hore ba bang har’a bona ba ka ’na ba ba le “cheseho bakeng sa Molimo” le hoja ba se na tsebo e nepahetseng. Joaloka Jesu le Pauluse, re bontša lerato la sebele bakeng sa batho, ’me re na le takatso e matla ea hore ba pholohe.—Baroma 10:2.
13 Ha re ntse re bolela, ba bangata ho rōna ba kopana le batho ba feletsoeng ke tšepo bolumeling bo hlophisitsoeng. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ba ntse ba tšaba Molimo, ba lumela ho Molimo ho isa bohōleng bo itseng ’me ba leka ho phela bophelo bo molemo. Molokong ona o sothehileng le o ntseng o eketsa ho se tšabe Molimo, na ha rea lokela ho thabela ho kopana le batho ba nang le tumelo e itseng ho Molimo? ’Me na ha re labalabele ho ba lebisa mofuteng oa borapeli o sa tsebahaleng ka boikaketsi le bohata?—Bafilippi 2:15.
14, 15. Tšimo e khōlō bakeng sa ho bolela litaba tse molemo e bile teng joang?
14 Papisong ea hae ea letlooa, Jesu o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le tšimo e khōlō ea mosebetsi oa ho bolela. (Matheu 13:47-49) Ha o hlalosa papiso ena, Molula-Qhooa oa June 15, 1992, leqepheng la 20 o ile oa re: “Ho theosa le makholo a lilemo, litho tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa phetha karolo e khōlō ka ho fetolela Lentsoe la Molimo, ho le kopitsa, le ho le aba. Hamorao, likereke li ile tsa theha mekhatlo ea Bibele kapa tsa e tšehetsa, e leng mekhatlo e ileng ea fetolela Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng tsa libaka tse hōle. Li ile tsa boela tsa romela baromuoa ba lingaka le baruti ba ileng ba etsa Bakreste ba sokolotsoeng ka lithuso. Sena se ile sa bokella litlhapi tse ngata-ngata tse sa tšoaneleheng, tse neng li sa amoheloe ke Molimo. Empa bonyane se ile sa etsa hore batho ba bangata bao e seng Bakreste ba retelehele Bibeleng le Bokresteng ba mofuta o itseng, le hoja bo ne bo silafetse.”
15 Ho sokolla ha Bokreste-’mōtoana ho ’nile ha atleha ka ho khethehileng Amerika Boroa, Afrika le lihlekehlekeng tse ling tsa leoatle. Mehleng ea rōna, ho ’nile ha fumanoa ba bangata ba bonolo libakeng tsena, ’me re ka tsoela pele ho etsa molemo o moholo haeba re e-na le boikutlo bo nepahetseng, bo lerato ka batho ba joalo ba ikokobelitseng, joalokaha Pauluse a ne a e-na le boikutlo bo joalo ka basokolohi ba Bajuda. Har’a ba batlang thuso ea rōna, ho boetse ho na le batho ba limilione bao ho ka ’nang ha thoe ke “batšehetsi” ba Lipaki tsa Jehova. Kamehla ba thabela ho re bona re ba etela. Ba bang ba ithutile Bibele le rōna ’me ba bile teng libokeng tsa rōna, haholo-holo Sehopotsong sa selemo le selemo sa lefu la Kreste. Na ba joalo ha ba emele tšimo e khōlō ea boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso?
16, 17. (a) Re atamela batho ba mofuta ofe ka litaba tse molemo? (b) Re etsisa Pauluse joang ha re bolela mefuteng e sa tšoaneng ea batho?
16 Ho feta moo, ho thoe’ng ka bao mekhoa ea bona ea bophelo e seng ea linaha tsa Bokreste-’mōtoana—ebang re kopana le bona linaheng tsa habo bona kapa ke bajaki linaheng tse ka Bophirimela? ’Me ho thoe’ng ka ba limilione tse ngata ba furaletseng bolumeli ka ho feletseng, ba seng ba latola boteng ba Molimo kapa ba bo belaellang? Ho feta moo, ho thoe’ng ka bao ka ho batlang e le cheseho ea bolumeli, ba elang hloko filosofi ea kajeno kapa mokhoa oa bophelo o tloaelehileng o phatlalalitsoeng libukeng tse ngata tse fanang ka thuso ea botho, tse fumanoang mabenkeleng a libuka? Na leha e le ofe oa batho ba joalo o lokela ho hlokomolohuoa, a nkoe e se e le ea ke keng a lopolloa? Eseng haeba re etsisa moapostola Pauluse.
17 Ha a bolela Athene, Pauluse ha aa ka a oela lerabeng la ho pheha khang ka filosofi le bamameli ba hae. Leha ho le joalo, o ile a lumellanya mabaka a hae le batho bao a neng a sebetsana le bona, a fana ka linnete tsa Bibele ka tsela e hlakileng, e utloahalang. Ka ho tšoanang, ha rea tlameha ho ba litsebi bolumeling ba batho bao re bolelang ho bona kapa lifilosofing tsa bona. Leha ho le joalo, re feto-fetola katamelo ea rōna ho etsa hore re atlehe ha re paka, kahoo re fetoha “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakorinthe 9:22) Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Kolose, o ile a re: “Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle, le ithekela nako e loketseng. Seo le se buang ka mehla a e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakolose 4:5, 6.
18. Re na le boikarabelo bofe, ’me re lokela hore re se ke ra lebala eng le ka mohla?
18 Joaloka Jesu le moapostola Pauluse, a re rateng batho ba mefuta eohle. Ka ho khethehileng, a re ikitlaelletseng ho abela ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka lehlakoreng le leng, le ka mohla re se lebale hore Jesu o itse ka barutuoa ba hae: “Hase karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Se boleloang ke sena bakeng sa rōna se tla hlahlojoa ka ho eketsehileng sehloohong se latelang.
Tlhahlobo
◻ Hlalosa boikutlo ba Jesu bo leka-lekaneng mabapi le lefatše.
◻ Moapostola Pauluse o ile a bolela joang ho Bajuda le ho basokolohi?
◻ Pauluse o ile a atamela ba tšabang Molimo le ba sa lumelang joang?
◻ Re ka ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle” joang mosebetsing oa rōna oa boboleli?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ka ho etsa liketso tse mosa ho baahisani ba bona, hangata Bakreste ba ka felisa leeme