Ke Hobane’ng ha li Kōpa Tšoarelo?
KHOPOLO ea hore likereke li lokela ho bakela melato ea tsona ’me li fetohe ha e ncha. Religioni e miti (Malumeli le Litšōmo), buka e hlalosang mantsoe a bolumeli, e re botšepehi boo ho neng ho utloisisoa hore kereke ea pele e ne e e-na le bona bo ile ba hapa thahasello ea batho Mehleng e Bohareng ’me ba etsa hore batho ba bangata ba batle hore ho etsoe phetoho.
Ka 1523, ka mor’a hore Martin Luther a khaohane le Roma, Mopapa Adrian VI o ile a leka ho koala lekhalo ka ho romela molaetsa ona ho Lekhotla la Marena la Nuremberg: “Re tseba hantle hore ka lilemo tse ngata, lintho tse tšoanelang ho nenoa li ’nile tsa bokellana Lekhotleng la Mopapa . . . Re tla ba mafolofolo ho fetola haholo-holo Lekhotla la Puso la Kereke ea Roma, moo mohlomong lintho tsena tsohle tse mpe li simolohileng teng.” Leha ho le joalo, ho lumela molato hoo ha hoa ka ha atleha ho felisa ho se utloane, leha e le hona ho tlosa bobolu ka Lekhotleng la mopapa la Puso la Kereke.
Haufinyane tjena, likereke li ’nile tsa nyatsuoa ka ho khutsa ha tsona malebana le Polao e Sehlōhō. Li boetse li qoselitsoe hore ha lia ka tsa khothalletsa litho tsa likereke tsa tsona hore li se kenelle lintoeng. Ka 1941 ha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e kupa, moprista ea bitsoang Primo Mazzolari o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha Roma e sa ka ea lomahanya meno tabeng ea ha ho sa lateloe lithuto tsa K’hatholike joalokaha e ne e etsa pele, ’me e ntse e tloaetse ho etsa joalo malebana le lithuto tse sa reng letho?” Lithuto tse sa reng letho ha li bapisoa le life? Moprista eo o ne a bua ka bochaba bo hlohlelletsang lintoa tseo ka nako eo li neng li senya tsoelo-pele.
Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho fihlela haufinyane tjena, ho lumela molato ha malumeli e ne e le ntho e sa tloaelehang. Ka 1832, Gregory XVI ha a arabela ba bang ba neng ba phehella Kereke e K’hatholike hore ‘e khutlisetsoe boemong bo botle boo e neng e le ho bona pele,’ o ile a re: “Ke ho hloka kelello ho totobetseng le ho senya lebitso [la kereke] ho buella hore e ‘tsosolosoe le ho khutlisetsoa boemong bo botle boo e neng e le ho bona pele’ bakeng sa tšireletseho le khōlo tsa eona, joalokaha eka ke eona e ikarabellang mefokolong ena.” Ho thoe’ng ka mefokolo e neng e totobetse hoo ho neng ho se mokhoa oa ho e latola? Ho ile ha sebelisoa maqheka a sa tšoaneng bakeng sa ho leka ho itokafatsa. Ka mohlala, baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba bile le maikutlo a hore kereke e hloekile ebile e na le sebe. Ho boleloa hore kereke ka boeona e hloekile—Molimo o e sireletsa liphosong. Leha ho le joalo, litho tsa eona li na le libe. Kahoo, ha bokhopo bo etsoa ka lebitso la kereke, ha hoa lokela hore ho nkoe kereke e le eona e ikarabellang, empa ho lokela hore ho nkoe batho ka bomong ba ka hare ho kereke e le bona ba ikarabellang. Na seo sea utloahala? Eseng ho latela moruti oa thuto ea bolumeli oa Roma e K’hatholike, Hans Küng, ea ileng a ngola: “Ha ho na Kereke e nang le litho tse sa phethahalang empa eona e phethahetse.” O hlalositse: “Ha ho na Kereke e se nang libe.”
Tumelo e Kopanetsoeng le Boitšoaro
U ka ’na ua ipotsa hore na ke liketsahalo life tse entseng hore likereke li ikōpele tšoarelo hona joale. Qalong, Maprostanta le Maorthodox a ile a lumela hore aa ikarabella bakeng sa “likarohano tsa nakong e fetileng” tse ileng tsa e-ba teng har’a lihlopha tse fapa-fapaneng tsa bolumeli. A ile a etsa sena sebokeng sa tumelo e kopanetsoeng sa “Tumelo le Taolo,” se neng se tšoaretsoe Lausanne, Switzerland, ka 1927. Qetellong, Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea latela mohlala oo. Ka ho khetheha, haholo-holo ho tloha ka Vatican II,a babishopo ba phahameng, ho kopanyelletsa le bapapa, ba ile ba ’na ba tsoela pele ho kōpa tšoarelo kamehla bakeng sa likarohano tse teng ka har’a Bokreste-’mōtoana. Ka morero ofe? Ho bonahala hore ba batla ho be le bonngoe bo eketsehileng Bokreste-’mōtoaneng. Rahistori oa Mok’hatholike, Nicolino Sarale, o ile a bolela hore ho na le leqheka le entsoeng ka hloko “morerong [oa John Paul II] oa ‘ho lumela molato phatlalatsa,’ e leng la tumelo e kopanetsoeng.”
Leha ho le joalo, ho ameha ho fetang feela tumelo e kopanetsoeng. Kajeno, histori e tummeng hampe ea Bokreste-’mōtoana e tsebahala hohle. Moruti oa thuto ea bolumeli, Hans Urs von Balthasar, o re: “Ho ke ke ha e-ba bonolo hore K’hatholike e iphapanyetse histori ena eohle. Eona Kereke ena eo [mopapa] e leng setho sa eona e ’nile ea etsa, kapa ea lumella hore ho etsoe lintho tseo mehleng ena re ke keng ra li amohela ho hang.” Ka hona, mopapa o khethile moifo o tla “hlalosa tlaleho e mpe ea kereke e le hore . . . ho ka kōptjoa tšoarelo.” Ho feta moo, ho bonahala lebaka le leng le etsang hore kereke e ikemisetse ho inyatsa e le ho lakatsa ha eona ho boela e e-ba le boitšoaro bo hloekileng.
Ka tsela e tšoanang, rahistori Alberto Melloni o ile a ngola tjena ha a hlalosa likōpo tsa kereke tsa hore e tšoareloe: “Bonneteng, ka linako tse ling morero e ee be e le ho liehisa kotlo bakeng sa liqoso tsa ho ikarabella ha eona.” E, ho bonahala Kereke e K’hatholike e leka ho itlhohlolla moroalo oa eona oa libe tsa nakong e fetileng e le hore e ka boela ea tšeptjoa ke batho ka kakaretso. Leha ho le joalo, ka sebele ho ka boleloa hore ho bonahala e amehile haholo ka ho etsa khotso le lefatše ho e-na le ho e etsa le Molimo.
Boitšoaro bo joalo bo re hopotsa Saule, morena oa pele oa Iseraele. (1 Samuele 15:1-12) O ile a etsa phoso e tebileng, ’me ha sena se pepesoa, o ile a qala ka ho leka ho itokafatsa—ho latola molato oa hae—ho Samuele, moprofeta oa Molimo ea tšepahalang. (1 Samuele 15:13-21) Qetellong, morena o ile a tlameha ho lumela ho Samuele: “Ke sitiloe, hobane ke tlōtse molomo oa Jehova.” (1 Samuele 15:24, 25) E, o ile a lumela molato oa hae. Empa mantsoe a latelang a hae ho Samuele a senola seo a neng a amehile ka sona haholo: “Ke sitiloe; leha ho le joalo, ak’u ntlhonephe joale pontšeng ea baholo ba sechaba sa ka le pontšeng ea Iseraele.” (1 Samuele 15:30) Ka ho hlakileng, Saule o ne a amehile haholoanyane ka boemo ba hae ka pel’a Iseraele ho feta ho boelana le Molimo. Boikutlo bona ha boa ka ba etsa hore Molimo a tšoarele Saule. Na u nahana hore boikutlo bo tšoanang bo ka etsa hore Molimo a tšoarele likereke?
Hase Bohle ba Lumelang
Hase bohle ba lumellanang le taba ea hore likereke li lokela ho kōpa tšoarelo phatlalatsa. Ka mohlala, Maroma a mangata a K’hatholike ha a phutholohe ha mopapa oa ’ona a kōpa tšoarelo mabapi le batho ba neng ba etsoa makhoba kapa ho khutlisetsa “bakhelohi” ba kang Hus le Calvin tseleng. Ho latela mehloli ea Vatican, tokomane e ileng ea romeloa ho bak’hadinale e neng e etsa kōpo ea hore ho “hlahlojoe letsoalo” ho theosa le histori ea lilemo tse sekete tse fetileng tsa Bok’hatholike, e ile ea nyatsuoa ke bak’hadinale ba neng ba le teng sebokeng se seholo sa bak’hadinale se neng se tšoeroe ka June 1994. Ha mopapa a tsitlallela ho kenyelletsa moko-taba oa tlhahiso eo lengolong la hae le neng le e-ea ho babishopo bohle ba kereke, mok’hadinale oa Italy, Giacomo Biffi, o ile a fana ka lengolo le eang ho babishopo leo ho lona a neng a hlokomelisa ka tieo: “Kereke ha e na sebe.” Leha ho le joalo, o ile a lumela: “Ho kōpa tšoarelo bakeng sa liphoso tsa bolumeli tse entsoeng lilemong tse makholo tse fetileng . . . ho ka etsa hore re se hanyetsoe hakaalo.”
Motlalehi oa litaba oa Vatican, Luigi Accattoli o re: “Ho ipolela libe ke e ’ngoe ea litaba tse tsosang khang ka ho fetisisa Kerekeng e K’hatholike. Haeba mopapa a lumela liphoso tsa baromuoa, ho na le baromuoa ba hlileng ba khopehang.” Ho feta moo, mongoli oa Roma e K’hatholike o ngotse: “Haeba mopapa o fela a e-na le maikutlo a mabe joalo ka histori ea Kereke, ho thata ho utloisisa hore na ke joang a seng a ka bolela hore eona Kereke eo ke moloaneli oa ‘litokelo tsa batho,’ ‘’mè le mosuoe’ ea ka khonang a le mong feela ho tataisetsa batho seketeng sa boraro sa lilemo tsa katleho.”
Bibele e lemosa khahlanong le ponahalo ea ho baka e susumetsoang feela ke masoabi a ho tšoaroa. Ke seoelo pako ea mofuta oo e etsang hore motho ea bakang a fetohe ka ho feletseng. (Bapisa le 2 Bakorinthe 7:8-11.) Pako eo e leng ea bohlokoa mahlong a Molimo ke e tsamaeang le “litholoana tse tšoanelang pako”—e leng bopaki ba pako ea sebele.—Luka 3:8.
Bibele e re motho ea bakang ’me a ipolela, o lokela ho tlohela liketso tse fosahetseng, a khaotse ho li etsa. (Liproverbia 28:13) Na see se etsahetse? Ha e le hantle, ka mor’a hore Kereke ea Roma e K’hatholike le likereke tse ling li ipolele libe, ho etsahetse’ng lintoeng tsa morao tjee tsa lehae tsa Afrika bohareng le Europe Bochabela, moo baahi ba bangata ba “Bakreste” ba neng ba ameha ho tsona? Na likereke li ile tsa susumelletsa khotso? Na baeta-pele bohle ba tsona ba ile ba khalemela ka sebete liketso tse sehlōhō tseo litho tsa bona li neng li li etsa? Che. Hoa makatsa hore ebe basebeletsi ba bang ba bolumeli ba bile ba kenya letsoho lipolaong tseo!
Kahlolo ea Bomolimo
Ha a ne a bua ka ho lumela molato phatlalatsa hoo mopapa a ho entseng ka makhetlo, Mok’hadinale Biffi o ile a botsa ka tsela e sa tobang: “Bakeng sa libe tse entsoeng nakong e fetileng, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ha kaofela ha rōna re ne re ka emela kahlolo ea bokahohle?” Ha e le hantle, kahlolo ea moloko oohle oa batho e haufi. Jehova Molimo o tseba ka ho feletseng tlaleho eohle e mpe ea histori ea bolumeli. Haufinyane, o tla bitsetsa ba molato kahlolong. (Tšenolo 18:4-8) Khabareng, na ho ka fumaneha mofuta oa borapeli o sa silafatsoang ke molato oa mali, ho hloka mamello ho bolaeang le litlōlo tse ling tsa molao tseo likereke tsa Bokreste-’mōtoana li kōpang tšoarelo bakeng sa tsona? E.
Re ka bo fumana joang? Ka ho sebelisa motheo oo Jesu Kreste a ileng a bua ka oona: “Le tla ba hlokomela ka litholoana tsa bona.” Tlaleho ea histori eo malumeli a mang a ka ratang ha e ka ea lebaloa, e re thusa ho tseba eseng feela bao Jesu a ileng a ba bitsa “baprofeta ba bohata,” empa hape le ba hlahisitseng “litholoana tse ntle.” (Matheu 7:15-20) Baa ke bo-mang? Re u memela hore u iphumanele ka bouena ka ho hlahloba Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hlokomela hore na ke bo-mang kajeno bao ka sebele ba lekang ho latela Lentsoe la Molimo ho e-na le ho batla ho sireletsa boemo ba ho ba le tšusumetso lefatšeng.—Liketso 17:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Seboka sa bo21 sa tumelo e kopanetsoeng, se ileng sa tšoaroa ka makhetlo a mane Roma, ho tloha ka 1962-65.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Likereke li kōpa tšoarelo bakeng sa liketsahalo tse sehlōhō joaloka ena
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck