Ho Tšehetsoa ke Tšepo, ho Susumetsoa ke Lerato
“Ho sala tumelo, tšepo, lerato; tsena tse tharo; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.”—1 BAKORINTHE 13:13.
1. Moapostola Pauluse o fana ke temoso efe?
MOAPOSTOLA PAULUSE o re lemosa hore joaloka sekepe, tumelo ea rōna e ka soahlamana. O bua ka ho ba “le tumelo le letsoalo le letle, tseo ba bang ba li qheletseng ka thōko eaba ba senyeheloa ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng.” (1 Timothea 1:19) Lekholong la pele la lilemo C.E., likepe li ne li hahuoa ka lehong. Ho tšoaneleha ha tsona ho ba leoatleng ho ne ho itšetlehile ka hore na ke lehong la mofuta ofe le sebelisoang le ka tsebo eo sekepe se ahuoang ka eona.
2. Ke hobane’ng ha sekepe sa tumelo ea rōna se lokela ho ahoa hantle, ’me see se re hloka eng?
2 Se ka bitsoang sekepe sa tumelo ea rōna se lokela ho lula se phaphametse leoatleng le mabifi la batho. (Esaia 57:20; Tšenolo 17:15) Ka hona, se lokela se be se hahiloe hantle, ’me sena se itšetlehile ka rōna. Ha “leoatle” la mafatše a Bajuda le a Baroma le ne le e-ba mabifi ka ho khethehileng bakeng sa Bakreste ba pele, Jude o ile a ngola: “Baratuoa, ka ho ikaha tumelong ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, le ho rapela ka moea o halalelang, le ipoloke leratong la Molimo, ha le ntse le letetse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka tebello ea bophelo bo sa feleng.” (Jude 20, 21) Kaha Jude o ne a boetse a ile a bua ka ho loanela ‘tumelo eo ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli,’ polelo ‘tumelo e halalelang ka ho fetisisa’ e ka ’na ea bolela lithuto tsohle tsa Bokreste, ho kopanyelletsa le litaba tse molemo tsa poloko. (Jude 3) Kreste ke motheo oa tumelo eo. Ho hlokahala tumelo e matla hore re tle re tšoarelle tumelong ea ’nete ea Bokreste.
Ho Phunyelletsa Sefefong sa “Tšabo ea Sehlotšoana sa Bokhelohi”
3. Ba bang ba sebelisa “tšabo ea sehlotšoana sa bokhelohi” joang?
3 Lilemong tsa morao tjena, ho bile le liketsahalo tse tšosang tsa ho ipolaea ha batho ba bangata, lipolao le ho hlasela ha likhukhuni, tse amanang le lihlotšoana tsa bokhelohi tsa batho ba itseng. Ka ho utloahalang, batho ba bangata, ho kopanyelletsa le baeta-pele ba tšepahalang ba lipolotiki, ba ’nile ba bontša ho ameha ka ho sireletsa batho ba se nang molato, haholo-holo bacha lihlotšoaneng tse kotsi joalo tsa bokhelohi. Ka lebaka lena, “Molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” eo ho seng potang hore ke eena ea hlohlelletsang litlōlo tsena tsa molao tse nyonyehang, o qapile seo ba bang ba se bitsang tšabo ea sehlotšoana sa bokhelohi, ’me o sebelisa tšabo ena khahlanong le batho ba Jehova. (2 Bakorinthe 4:4; Tšenolo 12:12) Ba bang ba ’nile ba sebelisa boemo bona hampe ho tsosa khanyetso mosebetsing oa rōna. Linaheng tse ling, ba hlophisitse letšolo leo ka ho hlakileng le reretsoeng ho sireletsa batho “lihlotšoaneng tse kotsi tsa bokhelohi,” empa ka phoso ba bitsa Lipaki tsa Jehova joalo ’me ka lebaka leo, re qosoa ka ho nanarela ka bolotsana. Sena se entse hore mosebetsi oa ntlo le ntlo o be boima linaheng tse ling tsa Europe ’me se entse hore batho ba bang ba neng ba ithuta Bibele le rōna ba khaotse thuto ea bona. Ka lehlakoreng le leng, sena se bile le phello e nyahamisang ho bara ba bang babo rōna.
4. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahamisoa ke khanyetso?
4 Leha ho le joalo, ho e-na le hore re nyahame, khanyetso e lokela ho matlafatsa kholiseho eo re nang le eona ea hore re sebelisa Bokreste ba ’nete. (Matheu 5:11, 12) Bakreste ba pele ba ne ba qosoa ka hore ke sehlotšoana se hlohlelletsang bofetoheli, ’me hohle ho ne ho “buuoa khahlanong” le bona. (Liketso 24:5; 28:22) Empa moapostola Petrose o ile a tiisetsa balumeli-’moho le eena, a ngola: “Baratuoa, le se ke la makatsoa ke ho cha ho har’a lōna, ho le etsahallang hore e be teko, joalokaha eka le hlaheloa ke ntho e sa tloaelehang. Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho thaba kahobane le le ba nang le karolo litlhokofatsong tsa Kreste, e le hore le ka thaba ’me la nyakalla le nakong ea tšenolo ea khanya ea hae.” (1 Petrose 4:12, 13) Ka tsela e tšoanang, setho sa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ile sa ngola: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello. Empa mamello mosebetsi oa eona a e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke ntho leha e le efe.” (Jakobo 1:2-4) Feela joalokaha meea ea lifefo e fokang ka matla e leka sekepe hore na se tšoaneleha hakae leoatleng, sefefo sa khanyetso se tla senola bofokoli leha e le bofe sekepeng sa tumelo ea rōna.
Matšoenyeho a Hlahisa Mamello
5. Re ka kholiseha joang hore tumelo ea rōna e tiile tlas’a matšoenyeho?
5 Bakreste ba ka kholiseha feela ka mor’a sefefo se matla sa matšoenyeho hore ba hlile ba na le mamello le hore tumelo ea bona e tsitsitse. Mamello ea rōna e tla ba ‘mosebetsi o feletseng’ leoatleng le nang le sefefo haeba feela re le ‘ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, re sa haelloe ke ntho leha e le efe,’ ho kopanyelletsa le tumelo e matla. Pauluse o ngotse: “Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ipuella re le basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella ho hongata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata.”—2 Bakorinthe 6:4.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘thaba ka ho fetisisa ha re le matšoenyehong,’ ’me see se matlafatsa tšepo ea rōna joang?
6 Meea e fokang ka matla ea matšoenyeho eo ka linako tse ling re ka thulanang le eona, e lokela ho nkoa e le monyetla oa ho paka hore sekepe sa rōna sa tumelo se matla ’me se tsitsitse. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma: “A re thabeng ka ho fetisisa ha re ntse re le matšoenyehong, kaha rea tseba hore matšoenyeho a hlahisa mamello; mamello, eona, boemo bo amohelehang; boemo bo amohelehang, bona, tšepo, ’me tšepo ha e ise ho soetseheng.” (Baroma 5:3-5) Ho tiea tlas’a liteko ho etsa hore re fumane kamohelo ea Jehova. Ka lehlakoreng le leng, sena se matlafatsa tšepo ea rōna.
Lebaka Leo ka Lona ba Bang ba Soahlamaneloang ke Sekepe
7. (a) Joalokaha mantsoe a Pauluse a bontša, ba bang ba ile ba soahlamaneloa ke sekepe joang? (b) Ba bang kajeno ba khelohile joang ’neteng?
7 Ha Pauluse a ne a lemosa ka ho ‘soahlamaneloa ke sekepe,’ o ne a nahanne ka ba bang ba neng ba ‘qheletse thōko’ letsoalo la bona le letle ’me ba lahlehetsoe ke tumelo. (1 Timothea 1:19) Har’a bona e ne e le Hymenease le Alexandere ba ileng ba oela bokoenehing, ba kheloha ’neteng ’me ba bua ka tsela e senyang. (1 Timothea 1:20, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; 2 Timothea 2:17, 18) Kajeno, bakoenehi ba khelohileng ’neteng ba otla “lekhoba le tšepahalang le le masene” ka mantsoe, ha e le hantle ba loma letsoho le neng le ba fepa moeeng. Ba bang ba tšoana le ‘lekhoba le lebe,’ ka ho hlakileng ba re, “Mong’a ka oa lieha.” (Matheu 24:44-49; 2 Timothea 4:14, 15) Ba hana hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo haufi ’me ba nyatsa ho falimeha moeeng ha sehlopha sa lekhoba ka ho boloka boikutlo ba ho potlaka har’a batho ba Jehova. (Esaia 1:3) Bakoenehi ba joalo ba atleha ho “senya tumelo ea ba bang,” ba etse hore sekepe sa bona se soahlamane.—2 Timothea 2:18.
8. Ke eng e entseng hore ba bang ba soahlamanye kapa ba tebise sekepe sa tumelo ea bona?
8 Bakreste ba bang ba soahlamantse sekepe sa tumelo ea bona ka ho qhelela thōko matsoalo a bona ’me ba inehela ho phehelleng menyaka ea lefatše lena e sa laoleheng hammoho le boitšoaro ba lona bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. (2 Petrose 2:20-22) Ho sa le joalo, ba bang ba tebisa sekepe sa tumelo ea bona hobane ponong ea bona, kou ea tsamaiso e ncha ea lintho ha e bonahale e le haufi. Ba sa khone ho bala linako mabapi le ho phethahala ha boprofeta bo itseng, ’me ba ntša “letsatsi la Jehova” ka likelellong tsa bona, ba lahla borapeli ba ’nete. (2 Petrose 3:10-13; 1 Petrose 1:9) Ka potlako ba iphumana ba khutletse metsing a moholi, a befileng a tsamaiso ena ea joale ea lintho. (Esaia 17:12, 13; 57:20) Ba bang ba khaolitseng ho kopanela le phutheho ea Bokreste ba ntse ba lumela hore e na le bolumeli ba ’nete. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng ha ba na mamello le tiisetso tse hlokahalang bakeng sa ho letela lefatše le lecha leo Jehova Molimo a le tšepisitseng. Bophelo Paradeiseng ha boa tla kapele ka ho lekaneng ho bona.
9. Bakreste ba seng bakae ba inehetseng ba etsa eng, ’me lintlha tsee li lokela ho re susumelletsa ho hlahloba eng?
9 Bakreste ba seng bakae ba inehetseng ba likarolong tse ling tsa lefatše ho bonahala ba theola likarolo tse ling tsa liseile tsa sekepe sa tumelo ea bona. Sekepe se ntse se phaphametse metsing, empa ho e-na le hore ba phunyeletse ba ee pele ka tumelo e feletseng, ba qalile ho sesisa butle. Ba khahliloe ke tšepo ea “Paradeise haufinyane,” ba bang ba ne ba ikemiselitse ho ikitlaetsa ka matla hore ba e fumane—ba le mafolofolo mosebetsing oa boboleli ’me ba e-ba teng kamehla libokeng tsohle, likopanong tse nyenyane le ho tse khōlō. Joale ka ho nahana hore ho phethahala ha tšepo ea bona ho sa le hōle ho feta kamoo ba neng ba lebeletse, ba khoehlisitse boikemisetsong boo ba neng ba e-na le bona ba ho ikitlaetsa. Sena se bonahala ka mosebetsi o fokotsehileng oa ho bolela, ho se be teng kamehla libokeng le ho ikemisetsa ho fetoa ke likarolo tse ling tsa mananeo a likopano tse nyenyane kapa tse khōlō. Ba bang ba nehetse nako ea bona e ngata boikhathollong le ho fumaneng mabothobotho a lintho tse bonahalang. Sena se etsa hore re hlahlobe hore na ebe ke matla afe a susumetsang bophelo ba rōna mabapi le boinehelo ba rōna ho Jehova. Na cheseho ea rōna tšebeletsong ea hae e lokela ho itšetleha ka tšepo ea “Paradeise haufinyane”?
Tšepo ha e Bapisoa le Ankora
10, 11. Pauluse o ile a tšoantša tumelo ea rōna le eng, hona ke hobane’ng ha papiso ee e le e tšoanelehang?
10 Pauluse o ile a totobatsa hore Jehova o ne a entse tšepiso ea litlhohonolofatso tse tla tla ka Abrahama. Joale moapostola o ile a hlalosa: “Molimo . . . o ile a kenella ka kano, e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng [lentsoe la hae le kano ea hae] tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano, rōna ba balehetseng setšabelong re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong e behiloeng ka pel’a rōna. Tšepo ena re na le eona e le ankora bakeng sa soule, ka bobeli e le ea ’nete le e tiileng.” (Baheberu 6:17-19; Genese 22:16-18) Tšepo e behiloeng ka pel’a Bakreste ba tlotsitsoeng ke ea bophelo ba ho se shoe leholimong. Kajeno, boholo ba bahlanka ba Jehova bo na le tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43) Ntle le tšepo e joalo, motho a ke ke a ba le tumelo.
11 Ankora ke sesebelisoa se matla se sireletsang, ke sa bohlokoahali bakeng sa ho tsitsisa sekepe le ho etsa hore se se ke sa hoholeha. Ha ho na mosesisi oa sekepe ea neng a ka tloha boema-kepe a se na ankora. Kaha Pauluse o ne a ile a soahlamaneloa ke sekepe ka makhetlo, o ne a tseba ka phihlelo eo a bileng le eona hore bophelo ba basesisi hangata bo itšetlehile ka liankora tsa sekepe sa bona. (Liketso 27:29, 39, 40; 2 Bakorinthe 11:25) Lekholong la pele la lilemo, sekepe se ne se se na enjene bakeng sa ho nolofalletsa motsamaisi hore a se tsamaise ka mokhoa oo a ratang. Ntle ho likepe tsa ntoa tse neng li sesisoa ka masokoana, likepe li ne li itšetlehile ka ho feletseng ka moea bakeng sa ho tsamaea. Haeba sekepe sa hae se ne se e-ba kotsing ea ho sutuletsoa mafikeng, thuso feela eo motsamaisi a neng a ka fana ka eona e ne e le ho theolela ankora tlaase bakeng sa ho pholoha sefefong, a tšepile hore ankora eo e ne e ke ke ea fothoha moo e tseparetseng teng fatše ka leoatleng. Ka hona, Pauluse o ile a bapisa tšepo ea Bokreste le “ankora bakeng sa soule, ka bobeli e le ea ’nete le e tiileng.” (Baheberu 6:19) Ha re hlaseloa ke sefefo sa khanyetso kapa re e-ba le liteko tse ling, joaloka meea e phelang, tšepo ea rōna e babatsehang e ba joaloka ankora e re tsitsisang e le hore sekepe sa tumelo ea rōna se se ke sa hoholehela lehlabatheng la lipelaelo kapa mafikeng a kotsi a bokoenehi.—Baheberu 2:1; Jude 8-13.
12. Re ka qoba ho suthela hōle le Jehova joang?
12 Pauluse o lemositse Bakreste ba Baheberu: “Hlokomelang, ba rab’eso, esere le ka mohla ho ka hōla ho mang kapa mang oa lōna pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang.” (Baheberu 3:12) Temaneng ea Segerike, “ho suthela hōle” ka ho toba ho bolela “ho ba ka thōko,” ke hore, ho koeneha. Empa re ka qoba ho soahlamana hoo ho feletseng ha sekepe. Tumelo le tšepo li tla re nolofalletsa ho khomarela Jehova esita le tlas’a sefefo se matla ka ho fetisisa sa liteko. (Deuteronoma 4:4; 30:19, 20) Tumelo ea rōna e ke ke ea tšoana le sekepe se tsokotsoang ke lifefo tsa lithuto tsa bokoenehi. (Baefese 4:13, 14) ’Me ha tšepo e le ankora ea rōna, re tla khona ho tiisetsa lifefo tsa bophelo joaloka bahlanka ba Jehova.
Ho Susumetsoa ke Lerato le ke Moea o Halalelang
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha ankora ea tšepo ea rōna ka boeona e sa lekana? (b) Matla a susumetsang a ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang e lokela ho ba afe, hona hobane’ng?
13 Mokreste a ke ke a hatela pele ho ea tsamaisong e ncha haeba sepheo sa hae sa ho sebeletsa Jehova e le feela tšepo ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Le hoja a bolokile ankora ea hae ea tšepo e le eona e mo tsitsisang bophelong, o lokela ho eketsa ho eona le tumelong ea hae matla a susumetsang a lerato. Pauluse o ile a hatella ntlha ena ha a ngola: “Ho sala tumelo, tšepo, lerato, tsena tse tharo; empa e khōlō ka ho fetisisa ho tsena ke lerato.”—1 Bakorinthe 13:13.
14 Matla a re susumetsang hore re fane ka tšebeletso e halalelang e lokela ho ba lerato leo re ratang Jehova ka lona, e le ha re arabela leratong la hae le ke keng la lekanngoa bakeng sa rōna. Moapostola Johanne o ngotse: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato. Ka sena lerato la Molimo le ile la bonahatsoa tabeng ea rōna, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Ha e le rōna, rea rata, hobane o ile a re rata pele.” (1 Johanne 4:8, 9, 19) E le ho leboha Jehova, kameho ea rōna e khōlō ha ea lokela ho ba ho pholoha, empa e lokela ho ba ho paka khalalelo ea lebitso la hae le halalelang le ho tlosa qoso bobusing ba hae bo lokileng.
15. Lerato la rōna ho Jehova le amana joang le taba ea bobusi ba hae?
15 Jehova o batla hore re mo sebeletse hobane re mo rata, eseng feela ka lebaka la Paradeise. Encyclopedia ea Bibele, Insight on the Scripturesa e re: “Jehova o khanya ka tsela ea hore bobusi ba hae le tšehetso ea bona ka libōpuoa tsa hae bo thehiloe ka ho khetheha leratong. O rata feela ba ratang bobusi ba hae ka lebaka la litšoaneleho tsa hae tse ntle le kahobane bo lokile, ba khethang bobusi ba hae ho e-na le ntho leha e le efe e ’ngoe. (1Ko 2:9) Ba khetha ho sebetsa tlas’a bobusi ba hae ho e-na le ho leka ho ipusa—sena ba se etsa ka lebaka la tsebo eo ba nang le eona ka eena le ka lerato la hae, toka le bohlale tseo ba lemohang hore e feta ea bona hōle. (Pes 84:10, 11)”—Moqolo 2, leqepheng la 275.
16. Lerato la Jesu ke matla a susumetsang bophelo ba rōna joang?
16 Joaloka Bakreste, re boetse re bontša lerato bakeng sa Jesu e le ho arabela leratong leo a re ratileng ka lona. Pauluse o fane ka lebaka: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle; kahoo, joale, bohle ba ne ba shoele; ’me o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Kreste ke motheo oo ho oona ho hahiloeng bophelo ba rōna ba moea, tumelo ea rōna le tšepo ea rōna. Lerato la rōna ho Kreste Jesu le tšehetsa tšepo ea rōna le ho matlafatsa tumelo ea rōna, haholo-holo nakong ea sefefo sa liteko.—1 Bakorinthe 3:11; Bakolose 1:23; 2:6, 7.
17. Jehova o re fa matla afe a maholo, ’me bohlokoa ba ’ona bo bontšitsoe joang ho Liketso 1:8 le ho Baefese 3:16?
17 Le hoja lerato la rōna ho Molimo le ho Mora oa hae e le ’ona matla a ka sehloohong a susumetsang bophelo ba rōna re le Bakreste, Jehova o fana ka ho hong hape ho re susumetsang, ho re matlafatsang le ho re fang matla a ho tsoela pele tšebeletsong ea hae. Ke matla a hae a sebetsang, kapa moea o halalelang. Mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “moea” ha e le hantle a bolela ho tsamaea ho matla ha moea, joaloka sefefo. Likepe tse tsamaeang tse kang tseo Pauluse a neng a li palama li ne li itšetlehile ka matla a sa bonahaleng a moea hore li fihle moo li eang teng. Ka ho tšoanang, re hloka lerato le ketso ea matla a sa bonahaleng a Molimo haeba sekepe sa tumelo ea rōna se tla re susumelletsa tšebeletsong ea Jehova.—Liketso 1:8; Baefese 3:16.
Ho Tsoela-pele ho Fihlela Moo re Habileng Teng!
18. Ke eng e tla re nolofalletsa ho mamella liteko leha e le life tsa tumelo ea rōna tse ka hlahang nakong e tlang?
18 Tumelo ea rōna le lerato li ka ’na tsa lekoa haboima pele re fihla tsamaisong e ncha ea lintho. Empa Jehova o re file ankora “ka bobeli e le ea ’nete le e tiileng,”—tšepo ea rōna e babatsehang. (Baheberu 6:19; Baroma 15:4, 13) Ha re hlaseloa ke khanyetso kapa liteko tse ling, re ka mamella haeba re itlamelletse ka ho sireletsehileng ankoreng ka tšepo eo re nang le eona. Ka mor’a hore sefefo se seng se kokobele, pele se seng se ka tsoha, a re ikemisetseng ho sireletsa tšepo ea rōna le ho matlafatsa tumelo ea rōna.
19. Re ka boloka sekepe sa tumelo ea rōna se le tseleng joang ’me se fihle koung ea lefatše le lecha la Molimo?
19 Pele a bua ka “ankora bakeng sa soule,” Pauluse o ile a re: “Re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolo-folo a tšoanang [ho “potlaka,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe] e le hore a be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong, e le hore le se ke la ba ba noabolohang, empa le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheberu 6:11, 12) Re susumetsoa ke lerato leo re ratang Jehova le Mora oa hae ka lona, ’me re matlafalitsoe ke moea o halalelang, a re bolokeng sekepe sa tumelo ea rōna leoatleng ho fihlela re fihla koung ea lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Bakeng sa Tlhahlobo
◻ Pauluse o re fa temoso efe mabapi le tumelo ea rōna?
◻ Ba bang sekepe sa bona sa moea se soahlamane joang, ’me ke joang ba bang ba khoehlisang?
◻ Ke litšoaneleho life tsa bomolimo tse lokelang ho tsamaisana le tumelo ea rōna?
◻ Ke eng e tla re nolofalletsa ho fihla koung ea lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Sekepe sa tumelo ea rōna se lokela ho ahoa hantle e le hore se ka mamella lifefo tsa bophelo
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Tumelo ea rōna e ka soahlamana joaloka sekepe
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Tšepo ke ankora ea bophelo ba rōna re le Bakreste