Bokreste bo Fihla Asia Minor
LEKHOLONG la pele la lilemo C.E., liphutheho tse ngata tsa Bokreste li ile tsa hōla Asia Minor (sebaka seo boholo ba sona e leng Turkey kajeno). Bajuda le Balichaba ba ile ba amohela molaetsa oa Bokreste ka bongata bo boholo. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re: “Ntle le Syria-Palestina, mona Asia Minor ke moo Bokreste bo ileng ba qala ho nama haholo.”
Re ka utloisisa ka botlalo ho nama ha Bokreste sebakeng sena ka ho bokella boitsebiso bo tsoang mehloling e sa tšoaneng. A re boneng kamoo re ka ruang molemo kateng ka ho hlahloba boitsebiso bo fumanehang.
Bakreste ba Pele ba Asia Minor
Ntho ea pele ea bohlokoa e amanang le ho nama ha Bokreste Asia Minor e etsahetse ka Pentekonta ea 33 C.E. ha bongata ba batho ba buang lipuo tse ngata tse sa tšoaneng ba akarelletsang Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Palestina le basokolohi ba Bajuda ba ne ba bokane Jerusalema. Baapostola ba Jesu ba ile ba bolella baeti bana litaba tse molemo. Tlaleho ea histori e bolela hore ka ho fapana ha bona ba ne ba e-tsoa Kapadosia, Pontase, seterekeng sa Asia,a Frigia le Pamfilia—e leng libaka tseo e neng e le karolo e khōlō ea Asia Minor. Batho ba ka bang 3 000 ba ile ba amohela molaetsa oa Bokreste ’me ba kolobetsoa. Ba ile ba khutlela hae ba se ba e-na le tumelo e ncha.—Liketso 2:5-11, 41.
Re fumana boitsebiso bo latelang tlalehong ea Bibele ea maeto a boromuoa a moapostola Pauluse ha a le Asia Minor. Leetong la hae la pele, la hoo e ka bang ka 47/48 C.E., Pauluse o ile a tsamaea ka sekepe le metsoalle ea hae ba tloha Cyprase ba e-ea Asia Minor, ’me ba emisa Perga e Pamfilia. Motseng o hōle le lebōpo oa Antioke e Pisidia, Bajuda ba ile ba e-ba mōna ’me ba ba hanyetsa ka lebaka la ho atleha ha mosebetsi oa bona oa boboleli. Ha Pauluse a e-ea ka boroa-bochabela ho Ikoniamo, Bajuda ba bang ba ile ba rera ho tšoara baromuoa bana hampe. Qalong batho ba nkehileng maikutlo ba Lystra e haufi ba ile ba re Pauluse ke molimo. Empa ka mor’a hore Bajuda ba bahanyetsi ba tsoang Antioke le Ikoniamo ba fihle, baahi ba bangata ba sebaka seo ba ile ba tlepetsa Pauluse ka majoe ’me ba mo siea ba nahana hore o shoele! Ka mor’a ketsahalo eo, Pauluse le Barnabase ba ile ba fetela Derbe profinseng ea Roma ea Galatia, moo batho ba teng ba neng ba bua Selykaonia. Ho ile ha hlophisoa liphutheho, ’me ha khethoa baholo. Kahoo u ka bona hore lilemo tse ka bang 15 ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Bokreste bo ne bo se bo metse ka metso Asia Minor.—Liketso 13:13–14:26.
Leetong la hae la bobeli la hoo e ka bang ka 49 ho ea ho 52 C.E., sehlopha seo Pauluse a neng a tsamaea le sona se ile sa haola le naha se qala ka ho ea Lystra, mohlomong se feta sebakeng sa habo sa Tarsase e Silisia. Ka mor’a hore Pauluse a etele barab’abo rōna ba Lystra hape, ’me a ee ka leboea, o ile a leka ho “bolela lentsoe” profinseng ea Bithynia le ea Asia. Leha ho le joalo, moea o halalelang ha oa ka oa mo lumella ho etsa joalo. Evangeli e ne e tla boleloa hamorao libakeng tseo. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a lebisa Pauluse likarolong tsa Asia Minor tse ka leboea-bophirimela ho ea fihla Troase e lebōpong la leoatle. Ka mor’a moo, ponong Pauluse a bontšoa hore o lokela ho ea bolela litaba tse molemo Europe.—Liketso 16:1-12; 22:3.
Leetong la boraro la boromuoa la Pauluse la hoo e ka bang ka 52 ho ea ho 56 C.E., o ile a boela a pholletsa le Asia Minor, ho ea fihla Efese, e leng motse oa bohlokoa oa Asia o koung ea leoatle. O ne a se a kile a fapohela moo ha a ne a khutla leetong la hae la bobeli. Sehlopha sa Bakreste se ne se le mafolofolo motseng oo, eaba Pauluse le metsoalle ea hae ba sebetsa le sona ka lilemo tse ka bang tharo. Ho ile ha hlaha maemo a mangata a thata le a kotsi nakong eo, bo bong ba ’ona e le morusu o ileng oa etsoa ke litei tsa silevera tsa Efese tse neng li sireletsa khoebo ea tsona e li ruisang ea lintho tse sebelisoang bolumeling.—Liketso 18:19-26; 19:1, 8-41; 20:31.
Ho hlakile hore mosebetsi oa boromuoa o neng o etsoa Efese o ile oa e-ba le liphello tse matla. Liketso 19:10 e re: “Bohle ba ahileng seterekeng sa Asia ba [ile] ba utloa lentsoe la Morena, Bajuda le Bagerike.”
Liketsahalo Tsa Asia Minor
Ho elella qetellong ea nako eo a e lutseng Efese, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Liphutheho tsa Asia li le romela litumeliso.” (1 Bakorinthe 16:19) Pauluse o ne a nahanne ka liphutheho life? Mohlomong li ne li akarelletsa tse neng li le Kolose, Laodisia le Hierapolise. (Bakolose 4:12-16) Buka ea Paul—His Story e re: “Ho bonahala e le ntho e utloahalang ho bolela hore liphutheho tsa Smyrna, Pergame, Sarda le Filadelfia li bile teng ka lebaka la mosebetsi oa boromuoa o neng o etsoa Efese. . . . Bohōle ba tsona kaofela bo ne ba sa fete lik’hilomithara tse 192 ho tloha Efese ’me li ne li kopanngoa ke litsela tse ntle.”
Kahoo, lilemo tse ka bang 20 ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ho ne ho e-na le liphutheho tsa Bokreste tse ngata ka boroa le ka bophirimela ho Asia Minor. Ho thoe’ng ka likarolo tse ling tsa sebaka see?
Ba Amohetseng Mangolo a Petrose
Ka mor’a lilemo tse itseng, hoo e ka bang ka 62 ho isa ho 64 C.E., moapostola Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng. O ne a ngolla Bakreste ba Pontase, Galatia, Kapadosia, Asia le Bithynia. Lengolo la Petrose le bontša hore mohlomong ho ne ho e-na le liphutheho tsa Bokreste libakeng tsena, ’me baholo ba tsona ba ile ba khothalletsoa hore ba ‘lise mohlape.’ Liphutheho tsee li ile tsa thehoa neng?—1 Petrose 1:1; 5:1-3.
Pauluse o ne a boletse evangeli libakeng tse ling, tse kang Asia le Galatia, moo ho neng ho lula batho ba ileng ba fumana mangolo a Petrose. Leha ho le joalo, o ne a sa ka a bolela evangeli Kapadosia kapa Bithynia. Bibele ha e re bolelle hore na Bokreste bo ile ba namela joang libakeng tsena, empa ho ka etsahala hore ha Bajuda kapa basokolohi ba neng ba le Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E. ba khutlela hae hamorao, ba ile ba etsa hore bo namele libakeng tsena. Leha ho le joalo, kamoo setsebi se seng se bolelang kateng, lilemo tse ka bang 30 ka mor’a Pentekonta, ha Petrose a ne a ngola mangolo a hae, ho bonahala eka ho ne ho e-na le liphutheho “tse qhalakaneng ho pholletsa le Asia Minor.”
Liphutheho Tse Supileng Tsa Tšenolo
Phetohelo ea Bajuda khahlanong le Baroma e ile ea etsa hore Jerusalema e timetsoe ka 70 C.E. Ho ka etsahala hore ebe Bakreste ba bang ba Judea ba ile ba qetella ba le Asia Minor.b
Ho elella qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Jesu Kreste o ile a ngolla liphutheho tse supileng tsa Asia Minor a sebelisa moapostola Johanne. Mangolo ana a eang phuthehong ea Efese, ea Smyrna, ea Pergame, ea Thyatire, ea Sarda, ea Filadelfia le ea Laodisia, a bontša hore ka nako eo, Bakreste ba neng ba le karolong ena ea Asia Minor ba ne ba talimane le likotsi tse sa tšoaneng, tse kang boitšoaro bo bobe, lihlopha tsa bokhelohi le bokoenehi.—Tšenolo 1:9, 11; 2:14, 15, 20.
Tšebeletso e Etsoang ka Boinyenyefatso le ka Moea ’Ohle
Ho hlakile hore ho nama ha Bokreste lekholong la pele la lilemo ho ne ho akarelletsa lintho tse ngata ho feta tseo re balang ka tsona bukeng ea Liketso Tsa Baapostola. Baapostola ba tsebahalang haholo, e leng Petrose le Pauluse, ba ile ba e-ba le seabo liketsahalong tse hlalositsoeng ho Liketso, empa ba bang bao palo ea bona e sa tsejoeng ba ne ba bolela libakeng tse ling. Se neng se etsahala Asia Minor se tiisa hore Bakreste ba pele ba ile ba nka taelo ena ea Jesu ka ho teba: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Matheu 28:19, 20.
Ka ho tšoanang kajeno, ke liketso tse seng kae feela tsa botšepehi ba Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle tse tsejoang ke mokhatlo ’ohle oa machaba oa barab’abo rōna. Joaloka tabeng ea baboleli ba evangeli ba bangata ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo ba Asia Minor, bongata ba baboleli ba litaba tse molemo ba kajeno hase batho ba tsebahalang. Empa, le bona ba phela bophelo bo maphatha-phathe le bo putsang ebile ba na le khotsofalo e khōlō kaha baa tseba hore ka boikokobetso ba iteletse ho pholosa ba bang.—1 Timothea 2:3-6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Mangolong a Segerike a Bakreste le sehloohong sena, “Asia” e bolela Profinse ea Roma e neng e le karolong e ka bophirimela ea Asia Minor, eseng k’honthinente ea Asia.
b Rahistori Eusebius (260-340 C.E.) o re neng-neng pele ho 66 C.E., “baapostola, ba neng ba lula ba le kotsing ea merero e mebe ea babolai, ba ile ba lelekoa Judea. Empa e le hore ba bolele molaetsa oa bona ba ile ba ea naheng e ’ngoe le e ’ngoe ka matla a Kreste.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
BOKRESTE BA PELE BITHYNIA LE PONTASE
Profinse e kopaneng ea Bithynia le Pontase e ne e le Lebōpong la Leoatle le Letšo la Asia Minor. Mantsoe ao Pliny e Monyenyane, eo e neng e le e mong oa ba boholong profinseng eo, a ileng a a ngolla Trajan, eo e neng e le Moemphera oa Roma, a fana ka boitsebiso bo bongata mabapi le bophelo ba letsatsi le letsatsi bo neng bo pheloa profinseng ena.
Lilemo tse ka bang 50 ka mor’a hore mangolo a Petrose a ee liphuthehong tsa sebaka sena, Pliny o ile a kōpa keletso ho Trajan mabapi le kamoo a ka sebetsanang le Bakreste kateng. Pliny o ile a ngola a re: “Ha ke e-s’o be teng ha Bakreste ba hlongoa lipotso. Ka lebaka leo, ha ke tsebe hore na ba atisa ho ahloloa joang. Batho ba bangata ba lilemo tsohle le ba maemo ’ohle, banna le basali, baa qosoa, ’me ho ka etsahala hore sena se tsoele pele. Lequloana lena le eisehang le khelositse batho ba ikamahanyang le lona litoropong, metsaneng le libakeng tsa mahaeng.”
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MAETO A PAULUSE
Leeto La Pele La Boromuoa
CYPRASE
PAMFILIA
Perga
Antioke (ea Pisidia)
Ikoniamo
Lystra
Derbe
Leeto La Bobeli La Boromuoa
SILISIA
Tarsase
Derbe
Lystra
Ikoniamo
Antioke (ea Pisidia)
FRIGIA
GALATIA
Troase
Leeto La Boraro La Boromuoa
SILISIA
Tarsase
Derbe
Lystra
Ikoniamo
Antioke (ea Pisidia)
Efese
ASIA
Troase
[Seven congregations]
Pergame
Thyatire
Sarda
Smyrna
Efese
Filadelfia
Laodisia
[Other locations]
Hierapolise
Kolose
LYCIA
BITHYNIA
PONTASE
KAPADOSIA
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Antioke
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Troase
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 2003 BiblePlaces.com
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lebala la liketsahalo Efese.—Liketso 19:29
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Motheo oa aletare ea Zeuse Pergame. Bakreste ba motse oo ba ne ba lula “moo terone ea Satane” e neng e le teng.—Tšenolo 2:13
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.