Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Obadia, ea Jonase le ea Mikea
“PONO ea Obadia.” (Obadia 1) Mantsoe ana ke a bulang buka ea Bibele ea Obadia. Moprofeta enoa ha a bolele letho le amanang le eena haese feela hore o bolela lebitso la hae le hlahang bukeng ena e ngotsoeng ke eena ka 607 B.C.E. Bukeng e phethiloeng lilemo tse makholo a mabeli pele ho moo, moprofeta Jonase o bolela ka ho hlaka liketsahalo tseo a ileng a thulana le tsona mabapi le mosebetsi oa boromuoa oo a neng a o abetsoe. Lilemo tse 60 tseo Mikea e neng e le moprofeta ka tsona li lipakeng tsa lilemo tseo Obadia le Jonase e neng e le baprofeta ka tsona, li qala ka 777 B.C.E. ho ea ho 717 B.C.E. Mikea o re bolella feela hore ke “oa [motseng oa] Moreshethe” le hore lentsoe la Jehova le ile la hlaha ho eena “matsatsing a Jothame, Akaze, Ezekiase, marena a Juda.” (Mikea 1:1) Lipapiso tseo moprofeta enoa a li sebelisang ho hatisa molaetsa oa hae li bontša hore o ne a tseba bophelo ba libaka tsa mahaeng.
EDOMO E TLA “FELISOA HO ISA NAKONG E SA LEKANYETSOANG”
Obadia o bua sena mabapi le Edomo: “Ka lebaka la pefo ho mor’eno Jakobo, lihlong li tla u koahela, ’me u tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Moprofeta enoa o hopola hantle liketso tsa pefo tseo Baedomo ba sa tsoa li etsetsa bara ba Jakobo, e leng Baiseraele. Ka 607 B.C.E. ha Bababylona ba ne ba timetsa Jerusalema, Baedomo ba ile ba ‘ema ka thōko’ eaba ba etsa selekane le “basele” ba neng ba hlasela Jerusalema.—Obadia 10, 11.
Ho fapana le seo, ntlo ea Jakobo e tla tsosolosoa. Boprofeta ba Obadia bo re: “Thabeng ea Sione ke moo ba phonyohang ba tla ba teng, e tla ba ntho e halalelang.”—Obadia 17.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
5-8—Ho bapisa ho senngoa ha Edomo le ho tla ha batlatlapi bosiu le ho tla ha ba khang morara ho bolela’ng? Haeba masholu a ne a kene Edomo, a ne a tla nka feela seo a se hlokang. Hoja bakotuli ba ne ba kene ho eona, ba ka be ba ile ba siea lijalo tse ka khoahlapisoang. Leha ho le joalo, ha Edomo e oa, matlotlo a eona a tla batlisisoa ’me e tla tlatlapuoa ka ho feletseng ke “banna ba leng selekaneng le [eona]”—e leng Bababylona.—Jeremia 49:9, 10.
10—Edomo e ile ea “felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang” joang? Joalokaha ho boletsoe esale pele, sechaba sa Edomo, se neng se e-na le ’muso le batho karolong e itseng ea lefatše, se ile sa nyamela ka ho feletseng. Morena Nabonidase oa Babylona o ile a hapa Edomo hoo e ka bang bohareng ba lekholo la botšelela la lilemo B.C.E. Hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo B.C.E., naha ea Edomo e ile ea luloa ke Manatabaea, ’me Baedomo ba ile ba tlameha ho ea lula karolong e ka boroa ea Judea, e leng sebaka se haufi le Negebe seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Idumea. Ka mor’a hore Baroma ba timetse Jerusalema ka 70 C.E., Baedomo ha baa ka ba hlola ba e-ba teng.
Seo re Ithutang Sona:
3, 4. Kaha Baedomo ba ne ba lula sebakeng sa matsaranka a lithaba tse phahameng le se likhohlo seo ho neng ho se bonolo hore lira li ka kena ho sona ho ea ba loantša, ka boikakaso ba ne ba ka ’na ba ithetsa ka ho nahana hore ba sireletsehile ebile ha ho letho le ka ba hlahelang. Empa likahlolo tsa Jehova li ke ke tsa qojoa.
8, 9, 15. ‘Letsatsing la Jehova’ bohlale ba batho le matla ha li sireletse.—Jeremia 49:7, 22.
12-14. Baedomo ke mohlala o lemosang ho ba thabelang mathata a ka ’nang a hlahela bahlanka ba Molimo. Jehova ha a nke taba ea ho hlorisoa ha bahlanka ba hae habobebe.
17-20. Boprofeta bona ba tsosoloso bo buang ka bara ba Jakobo bo ile ba qala ho phethahala ha masala a tloha Babylona ’me a khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E. Lentsoe la Jehova e ba ’nete kamehla. Re ka ba le kholiseho e feletseng litšepisong tsa hae.
“NINIVE E TLA LIHUOA”
Ho e-na le hore Jonase a mamele taelo ea Molimo ’me a “ee Ninive motseng o moholo, ’me [a] phatlalatse” molaetsa oa kahlolo “khahlanong le eona,” o balehela hosele. Jehova o fokisa “moea o moholo leoatleng” ’me o sebelisa “tlhapi e khōlō” e le hore a khutlise Jonase ’me a mo rome ka lekhetlo la bobeli motse-moholo oa Assyria.—Jonase 1:2, 4, 17; 3:1, 2.
Jonase o kena Ninive ’me o phatlalatsa molaetsa o hlakileng o reng: “Ho setse matsatsi a mashome a mane feela, ’me Ninive e tla lihuoa.” (Jonase 3:4) Phello e sa lebelloang ea mosebetsi oa hae oa ho bolela e etsa hore Jonase a ‘tuke ke bohale.’ Jehova o sebelisa “semela sa mohope” hore a rute Jonase mohau.—Jonase 4:1, 6.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
3:3—Na Ninive e ne e hlile e le “sebaka se ka tsamauoang matsatsi a mararo,” ke hore, lik’hilomithara tse ka bang 42? Hantle haholo. Ho bonahala eka mehleng ea boholo-holo, Ninive e ne e akarelletsa metsana e meng ho tloha Khorsabad ka leboea ho ea fihla Nimrud ka boroa. Metsana ena kaofela e neng e nkoa e le ea Ninive e ne e ikentse selikalikoe se nang le likhutlo tse ’nè se lik’hilomithara tse 100 ho pota-pota.
3:4—Na ho ile ha hlokahala hore Jonase a ithute puo ea Seassyria e le hore a bolelle Baninive molaetsa? Ho ka etsahala hore ebe Jonase o ne a se a ntse a tseba puo ea Seassyria, kapa ho ka etsahala hore ebe o ne a ile a fuoa tsebo ea mohlolo ea hore a e bue. Ntho e ’ngoe e ka ’nang eaba e etsahetse ke hore o ne a ka fana ka molaetsa oa hae o sa hlatheng koana le koana ka Seheberu a tolokeloa ke motho e mong. Haeba o ne o tolokoa, mantsoe a hae a ne a ka etsa hore molaetsa oa hae o tsose tjantjello e khōlō.
Seo re Ithutang Sona:
1:1-3. Haeba ka morero motho a ikhethela ho etsa mesebetsi e meng e le hore a qobe ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa o bontša hore ha a na sepheo se setle. Ka mantsoe a mang, motho ea etsang joalo o baleha mosebetsi oo Molimo a mo fileng oona.
1:1, 2; 3:10. Mohau oa Jehova ha oa lekanyetsoa sechabeng se le seng kapa morabeng o le mong kapa sehlopheng se itseng sa batho ba khethehileng. “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e holim’a mesebetsi eohle ea hae.”—Pesaleme ea 145:9.
1:17; 2:10. Matsatsi a mararo le masiu a mararo ao Jonase a ileng a a qeta ka hare ho tlhapi e khōlō ke boprofeta bo tšoantšetsang lefu la Jesu le tsoho ea hae.—Matheu 12:39, 40; 16:21.
1:17; 2:10; 4:6. Jehova o ile a lopolla Jonase leoatleng le befileng. Molimo o ile a boela a “lokisetsa hore semela sa mohope se okamele Jonase, e le hore se ka etsa moriti holim’a hlooho ea hae, ho mo lopolla boemong ba hae bo bakang tlokotsi.” Barapeli ba Jehova ba kajeno ba ka tšepa Molimo oa bona, ba tšepa le mosa oa hae o lerato hore o tla ba sireletsa le ho ba lopolla.—Pesaleme ea 13:5; 40:11.
2:1, 2, 9, 10. Jehova o utloa lithapelo tsa bahlanka ba hae ebile o ela hloko likōpo tsa bona tse tiileng.—Pesaleme ea 120:1; 130:1, 2.
3:8, 10. Molimo oa ’nete o ile “a ikutloa a soabile,” kapa o ile a fetola maikutlo a hae ka tlokotsi eo a neng a buile ka eona, ’me “ha aa ka a e baka.” Hobane’ng? Hobane Baninive “ba ne ba khutlile litseleng tsa bona tse mpe.” Ka tsela e tšoanang kajeno, moetsalibe a ka qoba kahlolo e bohloko ea Molimo haeba a bontša hore o bakile e le kannete.
4:1-4. Ha ho motho ea ka behelang Molimo moeli oa hore na a sebelise mohau oa Hae joang. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra nyatsa litsela tse mohau tsa Jehova.
4:11. Jehova o mameletse hore molaetsa oa ’Muso o boleloe lefatšeng ka bophara hobane—joalokaha a ile a mamella molemong oa batho ba Ninive ba 120 000—o qenehela “ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali.” Le rōna re lokela ho ba le qenehelo ho batho ba tšimong ea rōna ’me re etse mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa ka mafolofolo.—2 Petrose 3:9.
‘LEFATLA LA BONA LE TLA ATOLOSOA’
Mikea o pepesa libe tsa Iseraele le Juda, o bolela esale pele ka hore motse-moholo oa sebaka ka seng o tla etsoa lesupi, ’me o tšepisa hore e tla tsosolosoa. Samaria e tla ba “qubu ea lithako tsa naha.” Baiseraele le Bajudea ba lokeloa ke ho ba “lefatla,” kapa ba tlotlolohe ka lebaka la borapeli ba bona ba litšoantšo. Ka hore ba isoe botlamuoeng, lefatla la bona le tla atolosoa “joaloka la ntsu”—mohlomong la mofuta oa lenong le nang le masiba a seng makae feela a bonolo hloohong. Jehova oa tšepisa: “Ka sebele ke tla bokella Jakobo.” (Mikea 1:6, 16; 2:12) Ka lebaka la baeta-pele ba bolileng le baprofeta ba tlōlang molao, Jerusalema le eona “e tla fetoha qubu feela ea lithako.” Empa Jehova o tla “phutha” batho ba hae. “Bethlehema Efratha” ho tla tsoa “eo e tlang ho ba ’musi oa Iseraele.”—Mikea 3:12; 4:12; 5:2.
Na Jehova o tšoere Baiseraele ka leeme? Na o ba batla lintho tse ba imelang? Che. Sohle seo Jehova a se batlang ho barapeli ba hae ke hore ba ‘sebelise toka ba rate mosa ’me ba inyenyefatse’ ha ba tsamaea le Molimo oa bona. (Mikea 6:8) Leha ho le joalo, batho ba mehleng ea Mikea ba babe hoo e leng hore “e motlehali oa bona o joaloka sehlahla se hlabang, ea lokileng ka ho fetisisa oa bona o mobe ho feta lekhoakhoa la meutloa,” le lematsang le le utloisang mang le mang ea le atamelang bohloko. Empa moprofeta oa botsa: “Ke mang Molimo ea kang [Jehova]?” Molimo o tla bontša mohau hape ho batho ba hae ’me o tla “lahlela libe tsohle tsa bona bolibeng ba leoatle.”—Mikea 7:4, 18, 19.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:12—Boprofeta ba ho “phutha ba setseng ba Iseraele” bo ile ba phethahatsoa neng? Bo ile ba phethahala ka lekhetlo la pele ka 537 B.C.E. ha masala a Bajuda a tloha kholehong Babylona ’me a e-ea naheng ea habo ’ona. Mehleng ea kajeno, boprofeta bona bo phethahala ho “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16) Ho tloha ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba phutheha “joaloka mohlape o leng har’a lekhulo.” Kaha “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ntse bo kena har’a bona, haholo-holo ho tloha ka 1935, ba ‘tletse lerata la batho.’ (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Ba ntšetsa pele borapeli ba ’nete hammoho ka cheseho.
4:1-4—“Karolong e qetellang ea matsatsi,” Jehova “o tla ahlola har’a lichaba tse ngata, ’me a lokise litaba lichabeng tse matla” joang? Polelo e reng “lichaba tse ngata” le e reng ‘lichaba tse matla,’ ha li bolele lihlopha tsa lichaba kapa mekhatlo ea lipolotiki. Ho e-na le hoo, lipolelo tsena li bolela batho ka bomong ba lichaba tsohle ba fetohileng barapeli ba Jehova. Jehova oa ahlola ebile o lokisa litaba mabapi le bona ka tsela ea moea.
Seo re Ithutang Sona:
1:6, 9; 3:12; 5:2. Joalokaha ho boletsoe esale pele, Samaria e ile ea timetsoa ke Baassyria ka 740 B.C.E.—mehleng ea Mikea. (2 Marena 17:5, 6) Pusong ea Ezekiase, Baassyria ba ile ba fihla le Jerusalema. (2 Marena 18:13) Jerusalema e ile ea chesoa ke Bababylona ka 607 B.C.E. (2 Likronike 36:19) Joalokaha ho profetiloe, Mesia o ile a tsoalloa “Bethlehema Efratha.” (Matheu 2:3-6) Lentsoe la Jehova la boprofeta le phethahala kamehla.
2:1, 2. E ne e tla ba kotsi e kaakang haeba re ne re ka bolela hore re sebeletsa Molimo empa joale ra be re batla maruo pele ho e-na le ho batla “’muso . . . le ho loka ha hae”!—Matheu 6:33; 1 Timothea 6:9, 10.
3:1-3, 5. Jehova o lebeletse hore ba etellang batho ba hae pele ba etse ka toka.
3:4. Haeba re batla hore Jehova a arabe lithapelo tsa rōna, ha rea lokela ho itloaetsa ho etsa libe kapa ho phela bophelo ba boikaketsi.
3:8. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo, o akarelletsang melaetsa ea kahlolo, o ka phethoa feela haeba re matlafatsoa ke moea o halalelang oa Jehova.
5:5. Boprofeta bona bo buang ka Mesia bo re tiisetsa hore ha batho ba Molimo ba hlaseloa ke lira tsa bona, “balisa ba supileng [ba tšoantšetsang phetheho]” le “babusisi ba robeli”—e leng palo e khōlō ea banna ba nang le bokhoni—ba tla hlahisoa hore ba etelle batho ba Jehova pele.
5:7, 8. Ho batho ba bangata, kajeno Bakreste ba tlotsitsoeng ba “joaloka phoka e tsoang ho Jehova”—tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. Ho joalo hobane o sebelisa batlotsuoa hore ba bolele molaetsa oa ’Muso. “Linku tse ling” li thusa batho hore ba be le kamano le Molimo ka ho tšehetsa batlotsuoa ka mafolofolo mosebetsing oa boboleli. (Johanne 10:16) Ke tlotla e kaakang ho kopanela mosebetsing oo o khathollang batho ba bang e le kannete!
6:3, 4. Re lokela ho etsisa Jehova Molimo ’me re be mosa hammoho le ho qenehela bao ho leng thata ho sebelisana le bona kapa ba fokolang moeeng.
7:7. Ha re ntse re leka ho loantša mathata bofelong ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, ha rea lokela ho nyahama. Ho e-na le hoo, joaloka Mikea, re lokela ho “letela Molimo oa poloko ea [rōna].”
7:18, 19. Feela joalokaha Jehova a ikemiselitse ho re tšoarela liphoso tsa rōna, re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela ba re siteloang.
Tsoela Pele ho “Tsamaea ka Lebitso la Jehova”
Ba loantšang Molimo le batho ba hae ba “tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Obadia 10) Leha ho le joalo, Jehova a ka tlohela ho halefa haeba re mamela litemoso tsa hae ’me re ‘khutla litseleng tse mpe.’ (Jonase 3:10) “Karolong e qetellang ea matsatsi,” ke hore, “matsatsing [ana] a ho qetela,” borapeli ba ’nete bo phahamela bolumeli bohle ba bohata ’me batho ba mamelang ba phallela ho bona ka bongata. (Mikea 4:1; 2 Timothea 3:1) Kahoo, a re ke re ikemisetseng ho “tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—Mikea 4:5.
Libuka tsa Obadia, Jonase le Mikea li re ruta lithuto tsa bohlokoa hakaakang! Le hoja li ngotsoe lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 2 500, molaetsa oa tsona ‘oa phela ’me o fana ka matla’ esita le kajeno.—Baheberu 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Obadia o ile a profeta: “[Edomo e] “tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mikea o ile a ‘letela Jehova,’ le uena u ka leta
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Mosebetsi oa boboleli ke tlotla eo re lokelang ho e ananela