“Bonang! Ke na le Lōna ka Matsatsi ’Ohle”
“Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—MAT. 28:20.
1. (a) Pheta papiso ea koro le mofoka ka bokhutšoanyane. (b) Jesu o ile a e hlalosa joang?
E ’NGOE ea lipapiso tsa Jesu tsa ’Muso e bua ka sehoai se jalang peō e ntle ea koro ebe sera se jala mofoka har’a peō eo e ntle. Mofoka o ile oa hōla ho feta koro, empa sehoai se ile sa laela makhoba a sona hore a ‘li tlohele li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa.’ Nakong ea kotulo, mofoka o ile oa chesoa eaba koro e ea bokelloa. Jesu o ile a hlalosa papiso eo. (Bala Matheu 13:24-30, 37-43.) Papiso ee e bontša’ng? (Sheba chate e nang le sehlooho se reng, “Koro le Mofoka.”)
2. (a) Ke eng e tšoantšetsoang ke lintho tse etsahalang tšimong ea sehoai? (b) Re tla tšohla karolo efe ea papiso eo?
2 Lintho tse etsahalang tšimong ea sehoai li bontša kamoo Jesu a tla bokella sehlopha sohle sa koro se tsoang har’a batho kateng—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla busa le eena ’Musong oa hae—le hore na o tla se bokella neng. Ho jala ho qalile ka Pentekonta ea 33 C.E. Ho bokella ho tla phetheloa ha batlotsuoa ba ntseng ba phela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho ba fumana tiiso ea ho qetela ’me ba nkeloa leholimong. (Mat. 24:31; Tšen. 7:1-4) Feela joalokaha motho ea qhooeng ea thaba a bona sebaka se seholo se mo potolohileng, papiso ena le eona e re thusa ho bona ka ho hlaka lintho tse neng li tla etsahala nakong ea lilemo tse ka bang 2 000. Ke lintho life tse amanang le ’Muso tseo re li hlokomelang? Papiso ena e bua ka nako ea ho jala, ea khōlo le ea kotulo. Sehlooho sena se tla bua haholo ka nako ea kotulo.a
JESU O OA BA HLOKOMELA
3. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a lekholo la pele la lilemo? (b) Ho latela Matheu 13:28, ke potso efe e ileng ea botsoa, hona e ile ea botsoa ke bo-mang? (Sheba le ntlha e qetellong ea sehlooho.)
3 Qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., “mofoka [o ile] oa bonahala” ha batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba hlahella lefatšeng. (Mat. 13:26) Hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo, Bakreste ba kang mofoka ba ne ba se ba le bangata ho feta Bakreste ba tlotsitsoeng. Hopola hore papisong eo, makhoba a ile a kōpa monghali oa ’ona hore a a lumelle ho fothola mofoka.b (Mat. 13:28) Monghali o ile a re’ng?
4. (a) Karabo ea Monghali, e leng Jesu e bontša’ng? (b) Bakreste ba kang koro ba ile ba hlokomeleha neng?
4 Ha Jesu a bua ka koro le mofoka, o ile a re: “Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa.” Taelo ena e bontša hore ho tloha lekholong la pele la lilemo ho fihlela kajeno, haesale ho e-na le Bakreste ba tlotsitsoeng ba kang koro mona lefatšeng. Seo se tiisoa ke seo Jesu a ileng a se bolella barutuoa ba hae hamorao ha a ne a re: “Ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Kahoo, Jesu o tla sireletsa Bakreste ba tlotsitsoeng ka matsatsi ’ohle ho fihlela nakong ea bofelo. Leha ho le joalo, kaha Bakreste ba kang mofoka ba ne ba le bangata ho ba feta, ha re tsebe hantle hore na ke bo-mang bao e neng e le ba sehlopha sa koro ka nako eo e telele. Empa lilemo tse mashome pele nako ea kotulo e qala, sehlopha sa koro se ile sa hlokomeleha habonolo. Seo se ile sa etsahala joang?
LENǴOSA LE “HLEKA TSELA”
5. Boprofeta ba Malakia bo ile ba phethahala joang lekholong la pele la lilemo?
5 Lilemo tse makholo pele Jesu a etsa papiso ea koro le mofoka, Jehova o ile a bululela moprofeta oa hae Malakia hore a bolele esale pele ka liketsahalo tseo ho buuoang ka tsona papisong ea Jesu. (Bala Malakia 3:1-4.) Johanne Mokolobetsi e ne e le eena ‘lenģosa le ileng la hleka tsela.’ (Mat. 11:10, 11) Ha a ne a tla ka 29 C.E., nako ea hore sechaba sa Iseraele se ahloloe e ne e atametse. Jesu e ne e le lenģosa la bobeli. O ile a hloekisa tempele e Jerusalema ka makhetlo a mabeli—lekhetlo la pele ke ha a ne a qala tšebeletso ea hae ’me lekhetlo la bobeli ke ho elella qetellong ea eona. (Mat. 21:12, 13; Joh. 2:14-17) Ka lebaka leo, mosebetsi oa Jesu oa ho hloekisa tempele o ne o tla etsahala ka nako e itseng.
6. (a) Boprofeta ba Malakia bo ile ba phethahala joang ka tsela e khōlō? (b) Jesu o ile a hlahloba tempele ea moea nakong efe? (Sheba le ntlha e qetellong ea sehlooho.)
6 Boprofeta ba Malakia bo ile ba phethahala joang ka tsela e khōlō? Lilemo tse mashome pele ho 1914, C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ile ba etsa mosebetsi o tšoanang le o ileng oa etsoa ke Johanne Mokolobetsi. Mosebetsi oo oa bohlokoa o ne o akarelletsa ho tsosolosa linnete tsa Bibele. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ruta hore na ha e le hantle sehlabelo sa thekollo sa Kreste se bolela’ng, tsa pepesa thuto ea bohata ea lihele ’me tsa phatlalatsa hore Linako Tsa Balichaba li ne li tla fela. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho e-na le lihlopha tse ngata tsa bolumeli tse neng li ipolela hore ke balateli ba Kreste. Kahoo, ho na le potso ea bohlokoa e neng e lokela ho arajoa: Ke bo-mang har’a lihlopha tseo bao e neng e le koro? E le hore potso eo e ka arajoa, Jesu o ile a qala ho hlahloba tempele ea moea ka 1914. Tlhahlobo eo le mosebetsi oa ho hloekisa tempele li ne li tla etsoa ka nako e itseng—ho tloha ka 1914 ho fihlela mathoasong a 1919.c
LILEMO TSA HO HLAHLOBA LE HO HLOEKISA
7. Ha Jesu a ne a qala tlhahlobo ea hae ka 1914, o ile a fumana eng?
7 Ha Jesu a ne a qala tlhahlobo ea hae o ile a fumana eng? O ile a fumana sehlopha se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele tse chesehang, se neng se sebelisitse matla a sona le maruo a sona ka lilemo tse fetang 30 e le hore se ikakhele ka setotsoana letšolong la ho bolela litaba tse molemo.d E tlameha ebe Jesu le mangeloi ba ile ba thaba haholo ha ba fumana hore mahlaka ao a koro a manyenyane ka palo, empa a tiile, a ne a sa bipetsoa ke mofoka oa Satane! Ho ntse ho le joalo, ho ile ha hlokahala hore ho ‘hloekisoe bara ba Levi,’ e leng batlotsuoa. (Mal. 3:2, 3; 1 Pet. 4:17) Hobane’ng?
8. Ke lintho life tse ileng tsa etsahala ka mor’a 1914?
8 Mafelong a 1914, Liithuti tse ling Tsa Bibele li ile tsa nyahama kaha li ne li e-s’o ka li ea leholimong. Ka 1915 le ka 1916, khanyetso e neng e tsoa ho batho ba ka ntle ho mokhatlo e ile ea thefula mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Ho hobe le ho feta ke hore ka mor’a lefu la Mor’abo rōna Russell ka October 1916, khanyetso e ile ea e-ba teng ka har’a mokhatlo. Batsamaisi ba bane ho ba supileng ba Watch Tower Bible and Tract Society ba ile ba e-ba khahlanong le qeto ea hore Mor’abo rōna Rutherford e be eena ea etellang mokhatlo pele. Ba ile ba leka ho baka likarohano har’a barab’abo rōna, empa ka August 1917, ba ile ba tloha Bethele—ruri eo e ile ea e-ba tlhoekiso ea sebele! Hape, Liithuti tse ling Tsa Bibele li ile tsa inehela tšabong ea batho. Ho ntse ho le joalo, ka ho rata li ile tsa amohela mosebetsi oa Jesu oa ho hloekisa e le sehlopha ’me tsa etsa liphetoho tse neng li hlokahala. Ka lebaka leo, Jesu o ile a ba ahlola ka hore ke Bakreste bao e leng koro, empa a lahla Bakreste bohle ba bohata, ho akarelletsa le bohle ba neng ba le likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. (Mal. 3:5; 2 Tim. 2:19) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? E le hore re fumane karabo, a re boeleng re tšohle papiso ea koro le mofoka.
HO ETSAHALA’NG KA MOR’A HORE NAKO EA KOTULO E QALE?
9, 10. (a) Hona joale re tla tšohla’ng mabapi le nako ea kotulo? (b) Nakong ea kotulo, ke eng e ileng ea etsahala pele?
9 Jesu o ile a re: “Kotulo ke qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 13:39) Nako eo ea kotulo e qalile ka 1914. Re tla tšohla lintho tse hlano tseo Jesu a ileng a bolela esale pele hore li ne li tla etsahala ka nako eo.
10 Ea pele, ho bokelloa ha mofoka. Jesu o re: “Ka nako ea kotulo ke tla bolella bakotuli, Pele bokellang mofoka ’me le o tlame mangata.” Ka mor’a 1914, mangeloi a ile a qala ho ‘bokella’ Bakreste ba kang mofoka ka ho ba arola ho batlotsuoa, e leng “bara ba ’muso.”—Mat. 13:30, 38, 41.
11. Ho fihlela kajeno, ke eng e khethollang Bakreste ba ’nete ho ba bohata?
11 Ha mosebetsi oa ho bokella o ntse o tsoela pele, phapang pakeng tsa lihlopha tseo tse peli e ile ea hlaka le ho feta. (Tšen. 18:1, 4) Hoo e ka bang ka 1919, ho ile ha hlaka hore Babylona e Moholo o oele. Ke eng ka ho khetheha e ileng ea arola Bakreste ba ’nete ho ba bohata? Ke mosebetsi oa boboleli. Ba neng ba etelletse pele har’a Liithuti Tsa Bibele ba ile ba hatisa bohlokoa ba hore motho e mong le e mong o lokela ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ka mohlala, pampitšana e nang le sehlooho se reng, To Whom the Work Is Entrusted, e hatisitsoeng ka 1919, e ile ea khothalletsa Bakreste bohle ba tlotsitsoeng hore ba bolele ka ntlo le ntlo. E ile ea re: “Mosebetsi ona o ka ’na oa bonahala eka o moholo haholo empa ke oa Morena ’me re tla o etsa ka matla a hae. Le na le tlotla ea hore le o etse.” Batho ba ile ba nka bohato bofe? Molula-Qhooa oa 1922 o ile oa bolela hore ho tloha ka nako eo, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela litaba tse molemo ka matla. Ho e-s’o ee kae, ho bolela ka ntlo le ntlo e ile ea e-ba letšoao le khethollang Bakreste bao ba tšepahalang ho fihlela kajeno.
12. Sehlopha sa koro se ’nile sa bokelloa ho tloha neng?
12 Ea bobeli, ho bokelloa ha koro. Jesu o laela mangeloi a hae o re: “Le e’o bokellela koro ka tlung ea ka ea polokelo.” (Mat. 13:30) Ho tloha ka 1919, batlotsuoa ba ’nile ba bokelleloa ka phuthehong ea Bokreste e tsosolositsoeng. Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla beng ba ntse ba phela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho, ba tla bokelleloa ha ba fumana moputso oa bona oa ho ea phela leholimong. Eo e tla be e le pokello ea ho qetela.—Dan. 7:18, 22, 27.
13. Tšenolo 18:7 e bontša’ng ka boikutlo boo seotsoa kapa Babylona e Moholo e akarelletsang le Bokreste-’mōtoana e nang le bona kajeno?
13 Ea boraro, ho lla le ho tsikitlanya meno. Ho etsahala’ng ka mor’a hore mangeloi a bokelle mofoka? Ha Jesu a bua ka boemo ba sehlopha sa mofoka, o re: “Ke moo ho lla ha bona le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.” (Mat. 13:42) Na seo sea etsahala hona joale? Che. Kajeno, Bokreste-’mōtoana, e le karolo ea seotsoa, bo ntse bo re: “Ke lutse ke le mofumahali, ’me ha ke mohlolohali, ’me le ka mohla nke ke ka bona ho siama.” (Tšen. 18:7) Ka sebele, Bokreste-’mōtoana bo utloa eka ke bona bo laolang lintho, ebile bo nka hore bo ‘lutse e le mofumahali’ holim’a sehlopha sa baeta-pele ba lipolotiki. Hona joale, batho ba tšoantšetsoang ke mofoka baa ikhohomosa, ha ba lle. Empa seo se haufi le ho fetoha.
14. (a) Bakreste ba bohata ba tla “tsikitlanya meno” neng, hona hobane’ng? (b) Kutloisiso ea rōna e lokisitsoeng mabapi le Matheu 13:42, e lumellana joang le se hlalositsoeng ho Pesaleme ea 112:10? (Sheba ntlha e qetellong ea sehlooho.)
14 Nakong ea matšoenyeho a moholo, ka mor’a hore malumeli ’ohle a bohata a hlophisitsoeng a timetsoe, batho bao e neng e le litho tsa ’ona ba tla batla moo ba ka ipatang teng empa ba ke ke ba fumana sebaka se sireletsehileng. (Luka 23:30; Tšen. 6:15-17) Joale, ha ba hlokomela hore ba ke ke ba pholoha timetso, ba tla tsieleha ’me ba lle ebe ba “tsikitlanya meno” ba halefile. Joalokaha Jesu a bolela esale pele boprofeteng ba hae bo mabapi le matšoenyeho a maholo, ka nako eo e boima, ba “tla ikotla ka lebaka la ho lla.”e—Mat. 24:30; Tšen. 1:7.
15. Ho tla etsahala’ng ka mofoka, ’me seo se tla etsahala neng?
15 Ea bone, ba lahleloa sebōping sa mollo. Ho tla etsahala’ng ka mangata a mofoka? Mangeloi “a tla [a] lahlela sebōping sa mollo.” (Mat. 13:42) Seo se bolela timetso ea ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, batho bao e neng e le litho tsa mekhatlo ea bolumeli ba bohata ba tla timetsoa karolong ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo, e leng Armagedone.—Mal. 4:1.
16, 17. (a) Ke ntho efe ea ho qetela e tla etsahala eo Jesu a buang ka eona papisong ea hae? (b) Ke hobane’ng ha re fihlela qeto ea hore ketsahalo eo ke hona e tla phethahala?
16 Ea bohlano, ho khanya ka ho phatsimang. Jesu o phethela boprofeta ba hae ka ho re: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.” (Mat. 13:43) Seo se tla etsahala neng, hona hokae? Mantsoe ana ke hona a tla phethahala. Jesu o ne a sa bolele esale pele ka ntho e etsahalang lefatšeng hona joale empa o ne a bua ka ntho e tla etsahala leholimong nakong e tlang.f Nahana ka mabaka a mabeli a etsang hore re fihlele qeto ena.
17 Ntlha ea pele ke hore na seo se etsahala “neng.” Jesu o ile a re: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya.” Ho hlakile hore poleloana e reng “ka nako eo,” e bua ka ntho eo Jesu a sa tsoa bua ka eona, e leng ‘ho lahlela mofoka ka sebōping sa mollo.’ Seo se etsahala karolong ea ho qetela ea matšoenyeho a maholo. Kahoo, ho “khanya ka ho phatsimang” ha batlotsuoa le hona ho lokela ho etsahala nakong e tlang. Ntlha ea bobeli ke hore na seo se etsahala “hokae.” Jesu o ile a re ba lokileng ba tla ‘khanya ’musong.’ Seo se bolela’ng? Batlotsuoa bohle ba tšepahalang ba ntseng ba le lefatšeng ka mor’a hore mokhahlelo oa pele oa mahlomola a maholo o fete, ba tla be se ntse ba amohetse tiiso ea bona ea ho qetela. Ka mor’a moo, joalokaha boprofeta ba Jesu bo mabapi le matšoenyeho a maholo bo boletse, ba tla bokelleloa leholimong. (Mat. 24:31) Ha ba le moo ba tla khanya “’musong oa Ntat’a bona,” ’me nakoana ka mor’a ntoa ea Armagedone, ba tla kopanela ‘lenyalong la Konyana’ e le monyaluoa oa Jesu ea thabileng.—Tšen. 19:6-9.
KAMOO RE RUANG MOLEMO KATENG
18, 19. Ho utloisisa papiso ea Jesu ea koro le mofoka ho re ruisa molemo joang?
18 Lintho tseo papiso ee e re thusang ho li bona ka ho hlaka li re ruisa molemo joang? Nahana ka litsela tse tharo. Ea pele, e re thusa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a e-s’o timetse batho ba khopo. O “mameletse . . . lijana tsa khalefo” e le hore a lokise ‘lijana tsa mohau’—e leng sehlopha sa koro.g (Bar. 9:22-24) Ea bobeli, e etsa hore re be le tšepo e matla. Ha bofelo bo ntse bo atamela, lira tsa rōna li tla re loantša ka matla le ho feta, ‘empa li ke ke tsa re hlōla.’ (Bala Jeremia 1:19.) Joalokaha Jehova a ’nile a sireletsa sehlopha sa koro ka lilemo tse ngata, Ntate oa rōna ea leholimong o tla ba le rōna “ka matsatsi ’ohle” a tlang, a sebelisa Jesu le mangeloi.—Mat. 28:20.
19 Ntlha ea boraro, papiso ena e re thusa hore re bone hore na ba sehlopha sa koro ke bo-mang. Ke hobane’ng ha seo e le sa bohlokoa haholo? Ke habohlokoa hore re tsebe hore na Bakreste ba kang koro ke bo-mang e le hore re fumane karabo ea potso e ileng ea botsoa ke Jesu boprofeteng ba hae bo buang ka matsatsi a ho qetela. O ile a re: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?” (Mat. 24:45) Lihlooho tse peli tse latelang li tla fana ka karabo e khotsofatsang ea potso eo.
a Serapeng sa 2: E le hore u ikhopotse hore na likarolo tse ling tsa papiso ena li bolela’ng, re u khothalletsa hore u bale sehlooho se reng, “Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi” Molula-Qhooeng oa March 15, 2010.
b Serapeng sa 3: Kaha baapostola ba Jesu ba ne ba se ba shoele ’me batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba tšoantšetsoa ke koro eseng makhoba, kahoo, e tlameha ebe makhoba ana a tšoantšetsa mangeloi. Hamorao papisong eo, ho boleloa hore ba fotholang mofoka ke mangeloi.—Mat. 13:39.
c Serapeng sa 6: Taba ena e lokisa kutloisiso eo re neng re e-na le eona. Pele re ne re nahana hore Jesu o entse tlhahlobo ka 1918.
d Serapeng sa 7: Ho tloha ka 1910 ho fihlela ka 1914, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa tsamaisa libuka tse ka bang 4 000 000 le lipampitšana tse fetang 200 000 000.
e Serapeng sa 14: Taba ena e lokisa kutloisiso eo re neng re e-na le eona mabapi le Matheu 13:42. Pele lingoliloeng tsa rōna li ile tsa bolela hore Bakreste ba bohata ba ’nile ba ‘lla le ho tsikitlanya meno’ ka lilemo tse mashome, ba llela hore “bara ba ’muso” ba ba pepesitse hore ke “bara ba ea khopo.” (Mat. 13:38) Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore taba ea ho tsikitlanya meno e amana le timetso.—Pes. 112:10.
f Serapeng sa 16: Daniele 12:3 e re “ba nang le temohisiso [Bakreste ba tlotsitsoeng] ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka.” Ha ba ntse ba le lefatšeng, ba etsa sena ka hore ba etse mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, Matheu 13:43 e bua ka nako eo ka eona ba tla beng ba khanya ka ho phatsimang ’Musong oa leholimo. Pele re ne re nahana hore mangolo ao ka bobeli a bua ka mosebetsi o le mong—e leng mosebetsi oa boboleli.
g Serapeng sa 18: Sheba buka ea Atamela ho Jehova, leqepheng la 288-289.