Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼Na Jesu ke “Molimo” oo ho buuoang ka oona ho Ba-Heberu 1:8?
Che. Matla a bopaki a bontša hore ke Jehova. Ka “New World Translation,” Ba-Heberu 1:8 e re: “Empa ha e le ka Mora: ‘Molimo ke terone ea hae [ea Mora] ka ho sa feleng.’” Hona ho bontša hore terone ea Jesu, ofisi ea hae kapa matla a hae joaloka morena, mohloli oa tsona o ho Jehova Molimo o Matla ’ohle.
Leha ho le joalo, ba lumelang Boraro-bo-bong ba rata “Authorized Version,” kapa “King James Version,” e beang Ba-Heberu 1:8 ka tsela ena: “Empa ho Mora o itse, terone ea Hao, Molimo, ke ea ka ho sa feleng.” Kahoo, ba ikutloa hore Jesu o bontšitsoe a tšoana le Molimo o Matla ’ohle. Ke hobane’ng ha sena se sa nepahala?
Pele, sheba se boleloang. Liphetolelong tse ngata, hore na ke bohareng ba temana kapa ka thōko leqepheng, Ba-Heberu 1:9 e baleha tjena, “Molimo, Molimo oa hao o u tlotsitse.” Hona ho hlakisa hore eo ho buuoang ka eena temaneng ea borobeli hase Molimo, empa ea rapelang Molimo ’me o tlotsitsoe ke eena.
Ea bobeli, ho hlokomeloe hore Ba-Heberu 1:8, 9 e qotsitsoe ho Pesaleme ea 45:6, 7, eo qalehong e neng e lebisoa ho morena oa Iseraele oa motho. Ka sebele mongoli oa pesaleme ena ha a ka a nahana hore morena enoa oa motho e ne e le Molimo o Matla ’ohle kapa hona hore mongoli oa Ba-Heberu o ile a nahana hore Jesu ke Molimo o Matla ’ohle. Ha a hlalosa sena, morutuoa B. F. Westcott o itse: “Ha ho monyetla oa hore אלוהים [‘Elo·himʹ, “Molimo”] qalehong e ka lebisoa ho morena. . . . Kahoo ka kakaretso ho bonahala ho le molemo ho amohela ho e ngola e le: Molimo ke terone ea Hao (kapa, terone ea Hao ke Molimo), ke hore ‘’muso oa Hao o theiloe holim’a Molimo!’”
Kahoo, ka lebaka le letle, “New World Translation” le liphetolelo tse ling tse ’maloa li ngola Ba-Heberu 1:8 e le, “Molimo ke terone ea hao.” (Bona “An American Translation,” “Moffatt”; hape le ho bala ka thōko ho mola ho “American Standard Version,” le “Revised Standard Version” le “The New English Bible.”) Hona ho hlakisa hore “Mora,” Jesu Kreste, o na le Molimo o mo phahametseng.
◼ Setšoantšong sa Jesu sa koro ha’ra mofoka, na “mofoka” o kopanyelletsa a sa tsoa koeneha?
Che, hobane ho hang ha se “mofoka.”
Setšoantšo sena le tlhaloso ea sona ea Jesu li fumanoa ho Mattheu 13:24-30, 37-43. “Tšimong,” eo e leng lefatše, “Mor’a motho” a jala “peō e ntle,” e emelang “bana ba ’muso,” Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng. Eaba Diabolose o jala “mofoka,” o ka bonahalang eka ke “koro,” empa ha e le hantle ke “bana ba e mobe,” ka ho totobetseng ke Bakreste ’motoana ba teng ka nako e le ’ngoe le Bakreste ba ’nete ba kang koro. Hona ho hlakile ka ho khetheha kamor’a ho shoa ha baapostola. (2 Ba-Thesalonika 2:6, 7) Ho theosa le makholo a lilemo ho ’nile ha e-ba le ba bangata ba ipolelang feela hore ke Bakreste, ho akarelletsa le baruti ba tlatsitseng lithuto tsa bohata.
Jesu o itse nakong ea kotulo, ‘bofelo ba lefatše,’ “mofoka” o ne o tla bokelloa ’me ‘o chesoe ka mollo.’ Ba bang ba ka ’na ba talima batho ba seng ba kae ba ntseng ba koeneha morao tjena e le “mofoka” o lahleloang ntle. Empa Jesu ha a ka a re “mofoka” ke “koro” e phutsitseng. Ba jetsoe e le “mofoka” ’me ba lula ba ntse ba le joalo, ha re tsepama molaong oa lefutso oa hore limela li tla hlahisa tsa “mefuta ea tsona.” (Genese 1:11, 12) Leha ho le joalo, ho hlokahala re hopole hore Jesu ha a ne a bua ka “mofoka” o ne a profeta ka mofuta o khethehileng oa bohata kapa Bakreste ’mōtoana ba neng ba tla hlaha. O ne a sa bue ka batho ka bomong ba sehlopha sa “koro” ba ka ’nang ba e-ba babe, ba tšoana le mahlaka a koro e bolileng.
Bakoenehi ba mehleng ea baapostola le metsoalle ea bona ea kajeno ha ba emeloe ke “mofoka.” Empa Bibele e bontša hore bakoenehi ba joalo “hase ba rōna,” ha ba amoheloe ke Molimo ’me ba lokela ho qojoa ke Bakreste ba tšepahalang. Mang le mang ea koenehang ’me a sa bake ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho o tla latsoa timetso e tšoanang le ea “mofoka,” e leng ho “chesoa mollong” kapa ho timetsoa ka ho feletseng.—Tite 3:10; 1 Johanne 2:18, 19; 2 Johanne 9-11.