SEHLOOHO SE ITHUTOANG 49
“Ho na le Nako e Behiloeng” Bakeng sa ho Sebetsa le ho Phomola
“Tloong . . . sebakeng se ka thoko ’me le phomole hanyenyane.”—MAR. 6:31.
PINA EA 143 Sebetsang le Ntse le Letile
SELELEKELAa
1. Batho ba bangata ba ikutloa joang ka mosebetsi?
BATHO ba bangata motseng oa heno ba nka mosebetsi joang? Linaheng tse ngata batho ba sebetsa ka thata ho feta leha e le neng pele. Batho ba sebetsang ka thata hangata ha ba fumane nako ea ho phomola, ea ho ba le ba malapa a bona kapa ea ho ithuta ka Molimo. (Moek. 2:23) Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ha ba rate ho sebetsa ho hang ’me ba ipehela mabaka a hore na ke hobane’ng ha ba sa rate ho sebetsa.—Liprov. 26:13, 14.
2-3. Jehova le Jesu ba re behetse mohlala ofe mabapi le mosebetsi?
2 Mehleng ena ho na le batho sebetsang ka thata le ba sa rateng ho sebetsa ka thata. Empa u nahana hore Jehova le Jesu bona ba nka mosebetsi joang? Ha ho potang hore Jehova o rata ho sebetsa. Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a re: “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale, le ’na ke tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) Nahana ka mosebetsi oo Molimo a ileng a o etsa ha a ne a bopa mangeloi, linaleli le lipolanete. Re boetse re bona le lintho tse ntle tseo Jehova a li bopileng mona lefatšeng. Ke kahoo mopesaleme a ileng a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pes. 104:24.
3 Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae. O ile a thusa Molimo ha a ne a etsa maholimo. E ne e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Jehova. (Liprov. 8:27-31) Hamorao ha Jesu a le lefatšeng o ile a etsa mesebetsi e hlollang. O ile a re mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona ekare lijo tsa hae ’me mesebetsi ea hae e ile ea paka hore o ronngoe ke Jehova.—Joh. 4:34; 5:36; 14:10.
4. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jehova le Jesu ka ho phomola?
4 Na taba ea hore Jehova le Jesu ba ne ba sebetsa ka thata e bolela hore ha rea lokela ho phomola? Che! ha ho joalo. Kaha Jehova ha a khathale, ha ho hlokahale hore a phomole ka mor’a ho etsa ntho e itseng. Empa Bibele e re ka mor’a hore Jehova a bope maholimo le lefatše, o ile a ‘phomola le ho khatholoha.’ (Ex. 31:17) Kahoo, taba ena e bolela hore Jehova o ile a phomola ho se hokae eaba o boha lintho tseo a li entseng. Le hoja Jesu a ne a sebetsa ka thata nakong eo a leng lefatšeng, o ile a ipha nako ea ho ikhatholla le ho ja le metsoalle ea hae.—Mat. 14:13; Luka 7:34.
5. Bahlanka ba Jehova ba bangata ba thatafalloa ke ho etsa’ng?
5 Bibele e khothalletsa bahlanka ba Jehova hore ba rate ho sebetsa. Ba lokela ho sebetsa ka thata ho e-na le hore ba be botsoa. (Liprov. 15:19) Mohlomong u na le mosebetsi o u thusang hore u hlokomele ba lelapa la hao. Hape balateli bohle ba Jesu ba na le boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo. Ho ntse ho le joalo, re lokela ho ba le nako e lekaneng ea ho phomola. Na ka linako tse ling u thatafalloa ke ho ba le nako e lekaneng bakeng sa mosebetsi, ho ea tšimong le ho phomola? Re ka khona ho leka-lekanya nako ea ho sebetsa le ho phomola joang?
LEKA-LEKANYA LINTHO
6. Mareka 6:30-34 e bontša joang hore Jesu o ne tseba ho leka-lekanya nako ea ho phomola le ho sebetsa?
6 Ke ntho e ntle ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi. Jehova o ile a bululela Morena Solomone hore a re: “Ho na le nako e behiloeng bakeng sa . . . taba e ’ngoe le e ’ngoe.” O ile a bua ka ho lema, ho haha, ho lla, ho tšeha, ho tantša le lintho tse ling. (Moek. 3:1-8) Lintho tse peli tsa bohlokoa bophelong ke ho sebetsa le ho phomola. Jesu o ne a khona ho tseba nako ea hae ea ho phomola le ho sebetsa. Ka mor’a hore baapostola ba hae ba sebetse ka thata mosebetsing oa boboleli, ba ile ba khutla ba sa ka ba e-ba le “nako ea phomolo esita le ea ho ja lijo.” Jesu o ile a re: “Tloong boinotšing sebakeng se ka thoko ’me le phomole hanyenyane.” (Bala Mareka 6:30-34.) Le hoja e ne e se kamehla Jesu le balateli ba hae ba neng ba khona ho phomola, o ne a tseba hore ba lokela ho ba le nako ea ho phomola.
7. Ho ithuta ka molao oa Sabatha ho tla re thusa hore re etse’ng?
7 Ka linako tse ling, re hloka ho phomola kapa ho fetola tsela eo re etsang lintho ka eona. Re khona ho bona taba ena ha re hlahloba tokisetso eo Jehova a ileng a e etsetsa Baiseraele ea hore ba be le Sabatha beke le beke. Le hoja re se tlas’a Molao oa Moshe, re ntse re ka ithuta thuto ea bohlokoa ka hore na o ne o reng ka taba ea Sabatha. Ha re ntse re o hlahloba, o tla re thusa ho bona hore na re na le maikutlo a nepahetseng ka ho sebetsa le ho phomola.
SABATHA E NE E LE NAKO EA HO PHOMOLA LE HO SEBELETSA JEHOVA
8. Ho ea ka Exoda 31:12-15, letsatsi la Sabatha e ne e le la ho etsa’ng?
8 Lentsoe la Molimo le re Jehova o ile a phomola ka mor’a “matsatsi” a tšeletseng a popo ka mor’a hore a bope lintho tse lefatšeng. (Gen. 2:2) Ho ntse ho le joalo, Jehova o rata ho sebetsa ’me “o ’nile a tsoela pele ho sebetsa.” (Joh. 5:17) Jehova o ile sebetsa “matsatsi” a tšeletseng eaba o phomola ka “letsatsi” la bosupa ’me a laela Baiseraele hore ba phomole ka letsatsi le leng le le leng la bosupa. O ile a re Sabatha ke pontšo pakeng tsa hae le Baiseraele. E ne e le letsatsi la “phomolo e feletseng . . . , ntho e halalelang ho Jehova.” (Bala Exoda 31:12-15.) Ho ne ho se na motho ea lumeletsoeng ho sebetsa ho akareletsa bana, makhoba le liphoofolo tse ruiloeng. (Ex. 20:10) Sabatha e ne e fa batho monyetla oa hore ba sebeletse Jehova feela.
9. Ke maikutlo afe a fosahetseng ao batho ba bang ba mehleng ea Jesu ba neng ba e-na le ’ona ka Sabatha?
9 Letsatsi la Sabatha le ne le le molemo bakeng sa batho ba Molimo empa mehleng ea Jesu, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba feteletsa lintho ’me ba etsa melao e thata ea hore na Sabatha e lokela ho tšoaroa joang. Ba ne ba re ho fosahetse hore motho a khe lijo-thollo kapa a phekole motho ea kulang ka Sabatha. (Mar. 2:23-27; 3:2-5) Empa oo e ne e se morero oa Jehova ’me Jesu o ile a hlakisetsa batho ba neng ba mo mamela taba eo hantle.
10. Matheu 12:9-12 e re Jesu o ne a ikutloa joang ka letsatsi la Sabatha?
10 Jesu le balateli ba hae ba ne ba phomola ka Sabatha hobane ba ne ba mamela Molao oa Moshe.b Empa Jesu o ile bua le ho etsa lintho tse ngata tse neng li bontša hore e ne e se phoso ho ba mosa le ho thusa batho ka letsatsi la Sabatha. O ile a re: “Ho lumelloa ke molao ho etsa ntho e ntle ka sabatha.” (Bala Matheu 12:9-12.) O ne a sa nke hore ke ntho e mpe ho ba mosa le ho thusa batho ba bang ka letsatsi la Sabatha. Lintho tseo Jesu a ileng a li etsa li ile tsa bontša hantle hore o ne a utloisisa lebaka leo ka lona Jehova a ileng a re batho ba phomole ka Sabatha. Kaha bahlanka ba Molimo ba ne ba sa sebetse ka letsatsi leo, ba ne ba khona ho ithuta ka Molimo. Jesu o holetse lelapeng le neng le ithuta ka Jehova ka Sabatha e le hore le ka matlafatsa kamano ea lona le Jehova haholoanyane. Re khona ho tseba ka taba ena ha re bala ka hore na Jesu o ile a etsa’ng ha a fihla motseng oa habo oa Nazaretha. Bibele e re: “Ho ea ka tloaelo ea [Jesu] ka letsatsi la sabatha, a kena ka synagogeng, ’me a ema hore a bale.”—Luka 4:15-19.
MAIKUTLO A HAO KE AFE KA MOSEBETSI?
11. Josefa o behetse Jesu mohlala o motle joang tabeng ea mosebetsi?
11 Josefa o ile a ruta Jesu ho betla mapolanka ’me a mo thusa hore a tsebe hore na Jehova o ikutloa joang ka mosebetsi. (Mat. 13:55, 56) ’Me ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a bona Josefa a sebetsa ka thata letsatsi le letsatsi ho hlokomela lelapa la hae le leholo. Hamorao, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae, “mosebetsi o tšoaneloa ke moputso oa hae.” (Luka 10:7) Ho hlakile hore Jesu o ne a tloaetse ho sebetsa ka thata.
12. Ke mangolo afe a Bibele a buang ka ho sebetsa ka thata?
12 Moapostola Pauluse le eena o ne a tloaetse ho sebetsa ka thata. Mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho ruta batho ka Jesu le lithuto tsa hae. Empa o ne a boetse a sebetsa e le hore a ka iphelisa. Bathesalonika ba ne ba tseba hore Pauluse o ne a ‘sebetsa le ho sehla bosiu le motšehare’ e le hore e se ke ea e-ba “moroalo” ho mang kapa mang. (2 Bathes. 3:8; Lik. 20:34, 35) Ha Pauluse a ne a bua ka mosebetsi oa hae, mohlomong o ne a bua ka mosebetsi oa ho etsa litente. Ha a le Korinthe, o ne a lula le Akuila le Prisilla ’me ba sebetsa ’moho “kaha e ne e le baetsi ba litente ka mosebetsi.” Ha Pauluse a ne a re o ne a sebetsa “bosiu le motšehare,” o ne a sa bolele hore o ne a se na phomolo ho hang. Ka linako tse ling o ne a sa etse mosebetsi oa litente. Ka mohlala, ka Sabatha o ne a phomola. O ne a sebelisa letsatsi leo e le monyetla oa hore a ka bolella Bajuda litaba tse molemo kaha le bona ba ne ba sa sebetse ka Sabatha.—Lik. 13:14-16, 42-44; 16:13; 18:1-4.
13. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Pauluse?
13 Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle. Le hoja a ne a lokela ho sebetsa, o ne a etsa bonnete ba hore kamehla o nka karolo “mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo tsa Molimo.” (Bar. 15:16; 2 Bakor. 11:23) O ile a khothaletsa batho ba bang hore ba etse se tšoanang. ’Me Akuila le Prisilla e ne e le “basebetsi-’moho le [eena] ho Kreste Jesu.” (Bar. 12:11; 16:3) Pauluse o ile a khothaletsa Bakorinthe hore ba be le ‘ho hongata hoo ba ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Bakor. 15:58; 2 Bakor. 9:8) Jehova o ile a boela a bululela moapostola Pauluse hore a re: “Haeba mang kapa mang a sa batle ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”—2 Bathes. 3:10.
14. Mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 14:12 a bolela’ng?
14 Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo re o etsang matsatsing ana a ho qetela ke ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. ’Me Jesu o ile a bolela esale pele hore barutuoa ba hae ba tla etsa mesebetsi e meholo ho feta ea hae. (Bala Johanne 14:12.) O ne a sa bolele hore balateli ba hae ba tla etsa mehlolo joaloka eena. Ho e-na le hoo, o ne a bolela hore ba tla bolela le ho ruta batho ba bangata libakeng tse ngata ho mo feta ebile e le ka nako e telele le ho feta ea hae.
15. Re lokela ho ipotsa lipotso life, hona hobane’ng?
15 Haeba u na le mosebetsi oa boipheliso, u ka ipotsa lipotso tsena: ‘Na mosebetsing batho ba tseba ke sebetsa ka thata? Na ke qeta mosebetsi ka nako le ho o etsa hantle kahohle kamoo nka khonang?’ Haeba ho joalo, mohiri oa hao a ka ’na a u tšepa. Hape basebetsi-’moho le uena ba ka ’na ba thabela ho mamela litaba tse molemo. U ka ipotsa lipotso tsena ka mosebetsi oa hao oa boboleli: ‘Na ke tsebahala ke le motho ea sebetsang ka thata mosebetsing oa boboleli? Na ke lokisetsa maeto a pele hantle? Na ke potlakela ho khutlela ho batho ba bontšitseng hore ba thabela molaetsa? Hape, na kamehla ke nka karolo mekhoeng e fapaneng ea ho bolella batho litaba tse molemo?’ Haeba ho joalo, u tla thabela mosebetsi oa hao.
MAIKUTLO A HAO KE AFE KA HO PHOMOLA?
16. Jesu le baapostola ba hae ba ne ba ikutloa joang ka ho phomola empa batho ba bangata bona ba ikutloa joang mehleng ee?
16 Jesu o ne a tseba hore ka linako tse ling, eena le barutuoa ba hae ba ne ba hloka ho phomola. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba mehleng ea Jesu le ba mehleng ena ba ka tšoantšoa le monna oa morui eo Jesu a ileng a etsa papiso ka eena. Monna eo o ile a ipolella hore o tla ‘khatholoha, a je, a noe, a ithabise.’ (Luka 12:19; 2 Tim. 3:4) O ne a nahana hore lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ke ho phomola le ho ithabisa. Ho fapana le monna eo, Jesu le baapostola ba hae bona ba ne ba sa nke ho ithabisa e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona.
17. Ha re se mosebetsing, re sebelisa nako ea rona joang?
17 Mehleng ena, re leka ho etsisa Jesu ka hore ha re sa ea mesebetsing re phomole hape re bolelle ba bang litaba tse molemo le ho ea libokeng. Ke habohlokoa hore re etse barutuoa le hore re ee libokeng, kahoo re etsa sohle seo re ka se khonang hore re lule re etsa lintho tsena tse halalelang. (Baheb. 10:24, 25) Esita le haeba re etile, re lokela ho lula re e-ea libokeng ho sa tsotellehe hore na re hokae le ho batla menyetla ea ho bolella batho bao re kopanang le bona molaetsa oa Bibele.—2 Tim. 4:2.
18. Morena oa rona Jesu Kreste o batla hore re etse’ng?
18 Rea thaba hore ebe Morena oa rona Jesu Kreste ha a lebella hore re etse seo re ke keng ra khona ho se etsa ’me o re thusa ho leka-lekanya mosebetsi le ho phomola. (Baheb. 4:15) O batla hore re fumane phomolo eo re e hlokang. O boetse o batla hore re sebetse ka thata e le hore re fumane lintho tseo re li hlokang hape re thabele ho etsa batho barutuoa. Sehloohong se latelang, re tl’o ithuta hore na Jesu o ile a etsa’ng e le hore a ka re lokolla bokhobeng.
PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa
a Mangolo a re thusa ho leka-lekanya litaba tsa mosebetsi le tsa ho phomola joang? Sehloohong sena re tl’o bua ka mohlala oa Baiseraele ha ba ne ba boloka Sabatha beke le beke e le ho re thusa ho bona hore na re ka leka-lekanya mosebetsi le ho phomola joang.
b Barutuoa ba Jesu ba ne ba hlompha molao oa Sabatha hoo ba ileng ba tlohela ho hlophisa lepato la Jesu ho fihlela Sabatha e felile.—Luka 23:55, 56.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Josefa o ea synagogeng le lelapa la hae ka Sabatha.
d TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ntate ea sebetsang ka thata o hlokomela lelapa la hae, o sebelisa nako ea hae ea phomolo ka hore ha ba etile ba ee libokeng le tšimong.