SEHLOOHO SE ITHUTOANG 35
Hlompha Batho Bohle ba ka Mokhatlong oa Jehova
“Leihlo le ke ke la re ho letsoho: “Ha ke u hloke”; kapa, hape, hlooho e ke ke ea re ho maoto: ‘Ha ke le hloke.’ ”—1 BAKOR. 12:21.
PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla
SELELEKELAa
1. Jehova o file bahlanka ba hae ba tšepahalang eng?
KA LERATO Jehova o lumeletse bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba be teng ka mokhatlong oa hae. Le hoja re etsa lintho tse sa tšoaneng, kaofela ha rona re bohlokoa hape rea hlokana. Moapostola Pauluse o re thusa ho utloisisa thuto ena ea bohlokoa. Joang?
2. Ho ea ka Baefese 4:16, ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ’moho hape re nke batho ba bang ba le bohlokoa?
2 Joalokaha temana ea sehlooho e bontša, Pauluse o ile a hlakisa hore ha ho na motho ea ka reng ho mohlanka e mong oa Jehova: “Ha ke u hloke.” (1 Bakor. 12:21) Haeba re batla hore ho be le khotso ka phuthehong, re tlameha ho nka batho ba bang ba le bohlokoa re be re sebetse ’moho. (Bala Baefese 4:16.) Ha re sebetsa ’moho ebile re momahane, re etsa hore phutheho e be le lerato hape e be matla.
3. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?
3 Ke maemong afe ao ho ’ona re ka bontšang hore re hlompha Bakreste-’moho le rona ka phuthehong? Sehloohong sena, re tl’o bona hore na baholo ba ka bontša joang hore ba hlompha baholo-’moho le bona. Ka mor’a moo, kaofela ha rona re tla ithuta hore na re ka bontša joang hore re hlompha bara le barali babo rona ba masoha. Re tla qetella ka ho bona hore na re ka bontša joang hore re rata batho ba sa tsebeng puo ea rona hantle.
HLOMPHA BAHOLO-’MOHO LE UENA
4. Ke keletso efe ea Pauluse e hlahang ho Baroma 12:10 eo baholo ba lokelang ho e mamela?
4 Ka phuthehong, baholo bohle ba khethoa ke moea o halalelang oa Jehova. Leha ho le joalo, e mong le e mong o na le makhabane le bokhoni bo sa tšoaneng le ba ba bang. (1 Bakor. 12:17, 18) E ka ’na eaba ba bang ba sa tsoa khethoa ’me ha ba e-s’o be le boiphihlelo. Mohlomong ba bang bona ba se ba ile lilemong ’me le maemo a bona a bophelo ha a sa ba lumella ho ba mafolo-folo joaloka pele. Kahoo, ha ho na moholo ea lokelang ho sheba ba bang ebe ka tsela e itseng ho ba joalokaha eka o re: “Ha ke le hloke.” Ho e-na le hoo, moholo e mong le e mong o lokela ho mamela keletso ea Pauluse e hlahang ho Baroma 12:10.—E bale.
5. Baholo ba bontšana tlhompho joang, hona ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore ba etse joalo?
5 Baholo ba bontšana tlhompho ka hore ba mamelane ka hloko. Taba ena e bohlokoa haholo nakong eo baholo ba nang le seboka ’me ba buisana ka litaba tsa bohlokoa haholo. Hobane’ng? Ela hloko hore na Molula-Qhooa oa October 1, 1988 o beha taba ena joang, o re: “Baholo ba tla hlokomela hore Kreste, ka moea o halalelang, a ka tataisa kelello ea moholo le ha e le ofe sehlopheng sa baholo ho fana ka molao-motheo oa Bibele o hlokahalang ho loana ka katleho le boemo le ha e le bofe kapa ho etsa qeto le ha e le efe ea bohlokoa. (Lik. 15:6-15) Ha ho moholo le ea mong eo e leng eena ea laolang sehlopha.”
6. Baholo ba ka thusoa ke’ng hore ba sebetse ka kutloano, hona phutheho e ka rua molemo joang haeba ba etsa joalo?
6 Moholo ea hlomphang baholo ba bang ha a leke ho bua pele mehla ena sebokeng sa baholo. Ha e be eena ea li hulang nthau ka linako tsohle hape ha a nke hore maikutlo a hae a lula a nepahetse kamehla. Ho e-na le hoo, o fana ka maikutlo a hae a ikokobelitse a bile a tseba hore a ke ke a tseba lintho tsohle. O mamela maikutlo a ba bang ka hloko. Ha bohlokoa le ho feta, o labalabela ho bua ka keletso e tsoang Bibeleng le ho mamela tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) Ha baholo ba bontšana tlhompho le lerato nakong eo ba tšoereng seboka, moea o halalelang o ba teng moo ’me o ba thusa hore ba etse liqeto tse tla matlafatsa phutheho eohle.—Jak. 3:17, 18.
HLOMPHA BAKRESTE BA MASOHA
7. Jesu o ne a nka bosoha joang?
7 Mehleng ena liphutheho li na le banyalani le malapa. Empa hape li na le bara le barali babo rona ba bangata bao e leng masoha. Re lokela ho tšoara masoha joang? Ak’u nahane ka hore na Jesu o ne a nka bosoha joang. Ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae lefatšeng mona o ne a sa nyala. O ile a lula e le lesoha ’me o ile a qeta nako ea hae le ho lula a nahana ka mosebetsi oa hae. Jesu ha aa ka a ruta hore hoa hlokeha hore motho a be lenyalong kapa e be lesoha. Empa o ile a re Bakreste ba bang ba ka ’na ba khetha ho se kene lenyalong. (Mat. 19:11, 12) Jesu o ne a hlompha masoha. Ha aa ka a nka masoha e le batho ba fokolang kapa bao ho nang le ntho e haellang bophelong ba bona.
8. Ho ea ka 1 Bakorinthe 7:7-9, Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ho nahana ka’ng?
8 Joaloka Jesu, moapostola Pauluse le eena o ile a phetha kabelo ea hae e le lesoha. Ha ho le ka mohla Pauluse a kileng a ruta hore e ka ba phoso ho ba lenyalong. O ne a tseba hore taba ena ke qeto ea motho ka mong. Ho ntse ho le joalo, Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste hore ba nahane ka hore na ba ka sebeletsa Jehova e le masoha kapa che. (Bala 1 Bakorinthe 7:7-9.) Taba ena e bontša hore Pauluse ha aa ka a nka Bakreste ba masoha ba se na thuso. Ha e le hantle, o ile a ba a fa Timothea ea neng a sa nyala boikarabelo bo bongata.b (Bafil. 2:19-22) Ka hona, e ka ba phoso ho nahana hore Mokreste oa tšoaneleha kapa ha a tšoanelehe haeba feela re shebile hore na o lenyalong kapa ke lesoha.—1 Bakor. 7:32-35, 38.
9. Molula-Qhooa oa October 1, 2012, o ile oa re’ng ka lenyalo le bosoha?
9 Jesu le Pauluse ha baa ka ba ruta batho hore ba lokela ho kena lenyalong kapa ho ba masoha. Kahoo, re ka re’ng ka lenyalo le bosoha? Molula-Qhooa oa October 1, 2012, o ile oa beha taba ena hamonate ha o re: “Lenyalo le bosoha ke limpho tse tsoang ho Molimo. . . . Jehova ha a nke bosoha e le sesosa sa ho hlajoa ke lihlong kapa ho sareloa.” Re nahanne ka taba ena, re lokela ho hlompha bara le barali babo rona ba masoha ka phuthehong.
10. Re ka bontša joang hore re hlompha bara le barali babo rona ba masoha?
10 Re ka bontša joang hore re hlompha maikutlo le maemo a bara le barali babo rona ba masoha? Re tla be re etsa hantle ha re hopola hore Bakreste ba bang ba masoha ba entse qeto ea ho se kene lenyalong. Bakreste ba bang ba masoha ba ka rata ho kena lenyalong empa e le hore ha ba e-s’o fumane motho ea loketseng. Athe ba bang bona ba lahlehetsoe ke balekane ba bona ka lefu. Maemong ana ’ohle, na ho loketse hore batho ba ka phuthehong ba botse Bakreste ba masoha hore na ke hobane’ng ha ba sa nyala kapa ba sa nyaloa kapa hona ho leka ho ba batlela balekane? Ke ’nete hore masoha a mang a ka ’na a kopa thuso maemong a joalo. Empa haeba ba sa kopa thuso, ho ba etsetsa lintho tsa mofuta oo, ho ka etsa hore ba ikutloe joang? (1 Bathes. 4:11; 1 Tim. 5:13) A re ke re utloeng hore na bara le barali babo rona ba masoha ba itse’ng.
11-12. Re ka nyahamisa batho ba seng lenyalong joang?
11 Mopotolohi e mong oa lesoha ea ipabolang kabelong ea hae o lumela hore ho na le melemo e mengata ea ho ba lesoha. Empa o re ke ntho e nyahamisang ha Bakreste-’moho le uena ba re ba leka ho u thusa ebe ba u botsa lintho tse kang: “Ke hobane’ng ha u e-s’o nyale?” Mor’abo rona oa lesoha ea sebeletsang Bethele o re: “Ka linako tse ling bara le barali babo rona ba etsa hore ke utloe eka ha ke le lesoha ke sono. Ntho ena e ka etsa hore ho bonahale eka bosoha ke moroalo e seng mpho.”
12 Morali’abo rona oa lesoha ea Bethele o re: “Bahoeletsi ba bang ba nahana hore masoha ’ohle a ntse a batlana le balekane kapa hore masoha a nka ho ba ’mokeng le ha e le ofe e le moo ba tla iphumanela batho teng. Ka lekhetlo le leng ha ke tsoile ka kabelo ea ka ea Bethele, ke ile ka fihla moo ho entsoe ’moka. Morali’abo rona eo ke neng ke fihletse ha hae o ile a mpolella hore phuthehong ea bona ho na le barab’abo rona ba babeli ba lekanang le ’na. O ile a ntiisetsa hore o na sa leke ho nkopanya le batho bao. Empa hang-hang feela ha re fihla Holong, o ile a ntšoara ka letsoho a nkisa ho bara bao ba bo rona. Ho bua ’nete feela, ntho eo e ile ea ba e soabisang ka ho fetisisa ho rona re le bararo.”
13. Morali’abo rona e mong o ile a khothatsoa ke’ng?
13 Morali’abo rona e mong oa lesoha ea Bethele o re: “Ke tseba batho bao e leng masoha a bo-pula-maliboho ba holileng, ba tsepamisang likelello tsa bona linthong tseo ba li batlang, ba itellang batho ba bang, ba ratang tšebeletso ea bona ba bile ba rata ho thusa liphutheho tseo ba leng ho tsona. Ba na le maikutlo a matle ka bosoha ba bona, ha ba nke hore ba bohlokoa hobane ba lutse e le masoha kapa hona hore ha baa thaba hobane ba se na balekane kapa malapa.” U ka rata ho ba phuthehong e joalo, eo ho eona u tla utloa hore oa ratoa ebile oa hlomphuoa. Ha u utloe u le sono, u tlameha ho utloeloa bohloko, batho ba u qobe kapa ba nahane hore u bohlokoa ho ba feta. Empa ntho eo u e tsebang ke hore baa u rata.
14. Re ka bontša joang hore re hlompha masoha?
14 Bara le barali ba bo rona ba masoha baa thaba haeba re ba nka ba le bohlokoa ka lebaka la makhabane a bona e seng ka hore na ba nyetse kapa ha baa nyaloa. Ho e-na le hore re ba utloele bohloko, re tla be re etsa hantle haeba re ananela taba ea hore baa tšepahala. Ka lebaka leo, bara le barali babo rona ba masoha ba ke ke ba utloa eka re re ho bona: “Ha [re] le hloke.” (1 Bakor. 12:21) Ho e-na le hoo, ba tla tseba hore rea ba hlompha ebile re ba nka ba le bohlokoa ka phuthehong ea Molimo.
HLOMPHA BATHO BA SA TSEBENG PUO EA HAO HANTLE
15. Bakreste ba bang ba entse liphetoho life e le hore ba eketse tšebeletso ea bona?
15 Morao tjena, bahoeletsi ba bang ba iketselitse qeto ea ho ithuta puo e ’ngoe e le hore ba ka eketsa tšebeletso ea bona. Ho hlokeha hore ba etse liphetoho tse ngata e le hore ba etse joalo. Bahoeletsi bana ba tlohile liphuthehong tsa ha bo bona e le hore ba il’o sebeletsa ho tseo ho buuoang lipuo tse ling le moo ho hlokoang bahoeletsi ba eketsehileng. (Lik. 16:9) Qeto ena kea botho eo batho bana ba e etsang e le hore ba tlise ’Muso pele bophelong ba bona. Le hoja ho ka ba nka lilemo pele ba tseba puo e ncha hantle, ba khona ho thusa phutheho ka litsela tse ngata. Makhabane a bona le boiphihlelo ba bona bo khothatsa phutheho le ho e matlafatsa. Re rata bara le barali ba bo rona bana ba itetseng haholo.
16. Baholo ba lokela ho ipapisa le’ng ha ba hlahloba litšoaneleho tsa barab’abo rona?
16 Sehlopha sa baholo se ke ke sa etsa qeto ea ho se buelle mor’abo rona hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang hobane feela a sa tsebe puo e buuoang phuthehong hantle. Baholo ba tla hlahloba hore na mor’abo rona oa tšoaneleha hore e be moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ba ipapisitse le Mangolo e seng ka hore na o tseba puo e buuoang phuthehong eo a leng ho eona hantle hakae.—1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9.
17. Malapa a falleletseng linaheng tse ling a lokela ho ipotsa lipotso life?
17 Malapa a mang a Bakreste a tšabetse linaheng tse ling kapa a falleletse ho tsona ka lebaka la mosebetsi. Maemong ao, ho ka ’na ha etsahala hore ebe bana ba bona ba se ba tla kena sekolo seo ho sona ho buuoang puo ea naha eo. Batsoali le bona ba ka ’na ba lokela ho ithuta puo eo e le hore ba khone ho batla mosebetsi. Empa ho thoe’ng haeba ho e-na le phutheho kapa sehlopha naheng eo se buang puo ea bona? Lelapa le ka etsa qeto ea ho ea phuthehong efe? Na ba tla ba ea phuthehong e buang puo ea naha eo kapa ba tla ea ho e buang puo ea bona?
18. Re nahanne ka Bagalata 6:5, re ka bontša joang hore re hlompha qeto eo ntate kapa ’mè eo lelapa le ikarabellang ho eena a e entseng?
18 Ntate kapa ’Mè eo lelapa le ikarabellang ho eena o tla etsa qeto ea hore na lelapa la hae le tla ea phuthehong efe. Kaha qeto ena e tla ama lelapa la hae, o lokela ho etsa qeto ea hore na ke’ng e tla tsoela lelapa la hae molemo. (Bala Bagalata 6:5.) Re lokela ho hlompha qeto eo ntate kapa ’mè eo a tla e etsa. Ho sa tsotellehe hore na o etsa qeto efe, a re e ananeleng ’me re amohele lelapa la hae kaha le le bohlokoa phuthehong ea rona.—Bar. 15:7.
19. Lihlooho tsa malapa li lokela ho nahana le ho rapella eng?
19 Maemong a mang, malapa a mang a ka ba phuthehong e buang puo eo batsoali ba e antseng letsoeleng empa ebe bana ba bona ha ba khone ho utloisisa puo eo hantle. Haeba phutheho eo e le naheng e ’ngoe eo ho eona ho buuoang puo e ’ngoe, ho ka etsahala hore bana ba thatafalloe ho utloisisa lintho tseo ba ithutang tsona libokeng ’me ho ka ba thaba hore ba atamele haufi le Jehova. Hobane’ng? Hobane ho ka etsahala hore ebe bana ba tla be ba kena sekolo seo ho buuoang puo eo e seng ea batsoali ba bona. Maemong ana, lihlooho tsa malapa li tla lokela ho rapela ka taba ena hore na li ka etsa’ng ho thusa bana ba tsona ho atamela haufi le Jehova le batho ba hae. Batsoali ba ka ruta bana ba bona puo ea bona hantle kapa mohlomong ba ee phuthehong e buang puo eo bana ba e utloisisang hantle. Ho sa tsotellehe hore na hlooho ea lelapa e etsa qeto ea ho ea phuthehong efe, phutheho e lokela ho ba hlompha le ho ba rata.
20. Re ka bontša joang hore re hlompha bara le barali ba bo rona ba ntseng ba ithuta puo e ncha?
20 Ka mor’a ho hlahloba mabaka ana ’ohle, liphuthehong tse ngata ho tla ba le bara le barali ba bo rona ba thatafalloang ho ithuta puo e ’ngoe. Ba ka ’na ba thatafalloa ke ho ntša maikutlo a bona. Empa haeba re sa shebe hore na ba tseba puo hakae, re tla bona hore ba rata Jehova ebile ba na le takatso ea ho mo sebeletsa. Haeba re bona makhabane ana, re tla susumeletseha hore re ba rate re be re ba hlomphe. Re ke ke ra re, “Ha [re] le hloke” hobane feela ba sa tsebe puo ea rona.
RE BOHLOKOA HO JEHOVA
21-22. Re na le tokelo efe e babatsehang?
21 Jehova o re file tlotla e babatsehang ea ho ba le sebaka ka mokhatlong oa hae. Re ba bohlokoa ho Jehova le ho bara le barali ba bo rona, e bang re banna kapa basali, re masoha kapa re lenyalong, re holile kapa re bacha kapa hore na re tseba puo e itseng hantle kapa ke hona re ntseng re ithuta eona.—Bar. 12:4, 5; Bakol. 3:10, 11.
22 E se eka re ka tsoela pele re sebelisa lithuto tsa bohlokoa tseo re ithutileng tsona papisong ea Pauluse e buang ka ’mele oa motho. Ha re etsa joalo, re tla batla litsela tse ngata tseo ka tsona re ka ratang le ho baballa sebaka sa rona le sa ba bang ka mokhatlong oa Jehova.
PINA EA 90 Le Khothatsane
a Batho ba Jehova ha ba tšoane hape ba na le mesebetsi e sa tšoaneng ka mokhatlong oa hae. Sehlooho sena se tl’o re thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re hlomphe setho ka seng sa lelapa la Jehova.
b Re ke ke ra tiisa taba ea hore Timothea o ne a sa nyala.