SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 12
Na U Bona Seo Zakaria a se Boneng?
“‘Ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.”—ZAK. 4:6.
PINA EA 73 U re fe Sebete
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Ke ntho efe e thabisang eo Bajuda ba botlamuoeng ba neng ba e lebelletse?
BAJUDA ba ne ba thabile haholo. Jehova Molimo o ile a “tsosa moea oa Cyruse morena oa Persia molota” hore a lokolle Baiseraele ba neng ba le Babylona ka lilemo tse ngata. Morena o ile a etsa tsebiso ea hore Bajuda ba khutlele naheng ea habo bona ’me ba “tsosolose ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele.” (Esdr. 1:1, 3) Taba ena e ne e thabisa haholo hobane e ne e bolela hore ba ne ba tla boela ba rapele Molimo oa ’nete naheng eo a neng a ba file eona.
2. Ke’ng eo Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba ileng ba khona ho e etsa ha ba khutlela Jerusalema?
2 Ka selemo sa 537 B.C.E., Bajuda ba ileng ba tloha pele botlamuoeng ba ile ba fihla Jerusalema, e neng e le motse-moholo o ka boroa oa ’muso oa Juda. Bajuda bao ba ile ba qalella ho haha tempele ’me ka selemo sa 536 B.C.E., ba ne ba se ba qetile ho etsa motheo oa eona.
3. Bajuda ba ile ba hanyetsoa joang?
3 Ka mor’a hore Bajuda ba qale ho haha tempele, batho ba bangata ba ile ba leka ho ba thibela. Lichaba tse neng li le haufi li ne li “tsoela pele ho fokolisa matsoho a sechaba sa Juda le ho se nyahamisa hore se se ke sa haha.” (Esdr. 4:4) Lintho li ile tsa mpefala le ho feta. Ka selemo sa 522 B.C.E., Artaxerxerse e ile ea e-ba morena e mocha oa Persia.b Bahanyetsi ba ile ba bona phetoho ena e bileng teng ’musong e le monyetla oa hore ba thibele batho ba neng ba haha tempele ka hore ba ‘rere khathatso ka molao-taelo.’ (Pes. 94:20) Ba ile ba bolella Morena Artaxerxerse hore Bajuda ba ne ba rera ho mo fetohela. (Esdr. 4:11-16) Morena o ile a kholoa leshano leo la bona ’me a laela hore Bajuda ba khaotse ho haha tempele. (Esdr. 4:17-23) Ka lebaka leo Bajuda ba ile ba khaotsa ho haha tempele.—Esdr. 4:24.
4. Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a hore bahanyetsi ba thibele mosebetsi oa ho haha tempele? (Esaia 55:11)
4 Batho ba naheng eo ba neng ba sa rapele Jehova le ba bang bao e neng e le karolo ea ’muso oa Persia, ba ne ba ikemiselitse ho thibela hore tempele e tsosolosoe. Leha ho le joalo, Jehova o ne a batla hore Bajuda ba qete ho haha tempele ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang hore e etsahale ea phethahala. (Bala Esaia 55:11.) Jehova o ile a khetha Zakaria hore e be moprofeta oa hae ’me a mo bontša lipono tse robeli tse thabisang tseo a neng a lokela ho li bolella Bajuda e le hore a ba khothatse. Lipono tseo li ile tsa thusa Bajuda ho bona hore ha baa lokela ho tšaba batho ba ba hanyetsang le ho ba khothalletsa hore ba tsoele pele ka mosebetsi oo Jehova a neng a batla hore ba o etse. Pono ea bohlano eo Zakaria a ileng a e bona e ne e le ea seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare.
5. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?
5 Kaofela ha rona rea nyahama ka linako tse ling. Kahoo, re ka khothatsoa ke pono ea bohlano eo Jehova a ileng a e bontsha Zakaria e le hore a khothatse Baiseraele. Ho utloisisa pono ena ho ka re thusa hore re sebeletse Jehova ka botšepehi ha batho ba re hanyetsa, ha maemo a rona a fetoha le ha re fuoa tataiso eo re sa e utloisiseng.
U KA ETSA’NG HA BATHO BA U HANYETSA?
6. Pono ea seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare e ho Zakaria 4:1-3 e ile ea khothatsa Bajuda joang? (Sheba setšoantšo se ka ntle.)
6 Bala Zakaria 4:1-3. Pono ea seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare e ile ea khothatsa Bajuda hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa ho haha le hoja ba hanyetsoa. E ba khothalitse joang? Na u hlokometse hore litemana tsee li bontša hore seluloana sa lebone se ne se lula se na le oli? Lifate tse peli tsa mohloaare li ne li ntšetsa oli ka sekotlolong ebe ka mor’a moo oli eo e kena maboneng a supileng a holima seluloana sa lebone. Oli ena e ne e etsa hore mabone a lule a khantšitse. Zakaria o ile a botsa a re: “Lintho tsee li bolela’ng?” Lengeloi le ile la mo araba ka molaetsa o tsoang ho Jehova o reng: “‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” (Zak. 4:4, 6) Oli e tsoang lifateng e ne e emela moea o halalelang oa Jehova o ke keng oa fela. Moea o halalelang oa Molimo o ne o le matla ho feta masole a Persia. Kaha Jehova o ne a thusa batho ba neng ba haha tempele, ba ne ba ka khona ho qeta mosebetsi oa bona le hoja ba ne ba hanyetsoa. Molaetsa oo ba ileng ba o utloa o ne o khothatsa haholo. Ntho feela eo Bajuda ba neng ba hloka ho e etsa e ne e le hore ba tšepe Jehova ’me ba boele ba hahe tempele. Ba ile ba feela ba etsa joalo le hoja mosebetsi oa bona o ne o ntse o thibetsoe.
7. Ho bile le phetoho efe e ileng ea thusa batho ba neng ba haha tempele?
7 Ka selemo sa 520 B.C.E., ho ile ha e-ba le phetoho e ileng ea thusa batho ba neng ba haha tempele. Dariuse oa pele e ile ea e-ba morena e mocha oa Persia. Ka selemo sa bobeli a busa, o ile a hlokomela hore taba ea hore Bajuda ba ne ba thibetsoe ho haha tempele e ne e se molaong. Dariuse o ile a re ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:1-3) Le hoja qeto eo e ile ea makatsa batho bohle, morena o ne a ntse a tl’o fana ka litaelo tse ling. O ile a re batho ba khaotse ho hanyetsa Bajuda ’me ba ba fe lintho tseo ba li hlokang e le hore ba qetele ho haha tempele. (Esdr. 6:7-12) Kahoo, Bajuda ba ile ba qeta ho haha tempele ka selemo sa 515 B.C.E., e leng lilemo tse fetang tse ’nè hamorao.—Esdr. 6:15.
8. Ke hobane’ng ha u lokela ho ba sebete ha batho ba bang ba u hanyetsa?
8 Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba bangata le bona baa hanyetsoa. Ka mohlala, ba bang ba lula linaheng tseo ba sa khoneng ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Linaheng tseo, bara le barali babo rona ba ka ’na ba tšoaroa le ho “hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena” hore ba fane ka bopaki ho bona. (Mat. 10:17, 18) Ka linako tse ling, ’muso o ka fetoha ’me bara le barali babo rona ba ka khona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi. Athe ka linako tse ling, moahloli ea mosa a ka etsa qeto e tla lumella bahlanka ba Jehova hore ba mo sebeletse ka bolokolohi. Lipaki tse ling li hanyetsoa ka tsela e ’ngoe e fapaneng. Li lula linaheng tseo li nang le bolokolohi ba ho sebeletsa Jehova empa li hlorisoa ke ba malapa ba ikemiselitseng ho li thibela hore li sebeletse Molimo. (Mat. 10:32-36) Maemong a mangata, ba lelapa ba khaotsa ho re hanyetsa ha ba hlokomela hore ba ke ke ba khona ho re thibela ho sebeletsa Jehova. Hape maemong a mang batho ba neng ba loantša bara le barali babo rona e ile ea e-ba Lipaki tse chesehang.U se ke oa khaotsa ho sebeletsa Jehova ha u hlorisoa, ho e-na le hoo u be sebete. Ha oa lokela ho tšaba letho hobane Jehova o u thusa ka moea oa hae o halalelang.
U KA ETSA’NG HA MAEMO A HAO A FETOHA?
9. Ke hobane’ng ha Bajuda ba bang ba ile ba utloa bohloko ha ba bona motheo oa tempele e ncha?
9 Bajuda ba bang ba neng ba se ba holile ba ile ba lla ha ba bona motheo oa tempele e ncha. (Esdr. 3:12) Ba ne ba bone tempele e ntle eo Solomone a neng a e hahile ’me ba nahana hore tempele ena e ncha ha se letho ha e bapisoa le eo ea khale. (Hag. 2:2, 3) Ba ne ba utloa bohloko haholo ha ba bapisa litempele tsena tse peli. Pono ea Zakaria e ne e tla ba thusa joang hore ba boele ba thabe?
10. Mantsoe a lengeloi a ho Zakaria 4:8-10, a ile a thusa Bajuda joang hore ba se ke ba utloa bohloko?
10 Bala Zakaria 4:8-10. Lengeloi le ne le bolela’ng ha le ne le re Bajuda ba ne ba tla “thaba ’me ba bone sekitiloto letsohong la [’musisi oa Mojuda] Zorobabele”? Sekitiloto ke thulusi e sebelisoang ho bona hore na ntho e itseng e otlolohile hantle kapa che. Lengeloi le ile la tiisetsa bahlanka ba Molimo hore le hoja tempele ena e ne e le ea maemo a tlaase ha e bapisoa le ea pele, e ne e tla fela ’me e be ka tsela eo Jehova a batlang hore e be ka eona. Bajuda ba ne ba lokela ho thabela tempele hobane Jehova le eena o ne a tla e thabela. Ntho e neng e le ea bohlokoa ho Jehova e ne e le hore ba mo rapele ka tsela eo a e batlang tempeleng e ncha. Haeba Bajuda ba ne ba ka ameha ka ho rapela Jehova ka tsela eo a e batlang le ho mo thabisa, ba ne ba tla boela ba thabe.
11. Ke maemo afe a thatafallang bahlanka ba Jehova mehleng ee?
11 Ha ho bonolo hore ba bang ba rona re amohele ha maemo a rona a fetoha. Ba bang ba neng ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ka nako e telele, ba ile ba kopuoa hore ba tlohele mesebetsi eo ba neng ba e etsa ’me ba fuoa e meng. Ba bang ba ile ba lokela ho tlohela mosebetsi oo ba neng ba o rata hobane ba se ba holile. Ha se mohlolo hore re utloe bohloko ha sena se etsahala. Qalong re ka ’na ra se ke ra utloisisa kapa ra lumellana le qeto e entsoeng. Re ka ’na ra hopola tsela eo lintho li neng li le ka eona pele ho phetoho ena. Hape re ka ’na ra nyahama ’me ra nahana hore ha re sa etsetsa Jehova ho hokaalo. (Liprov. 24:10) Pono ea Zakaria e ka re thusa joang hore re lule re sebeletsa Molimo kahohle kamoo re ka khonang?
12. Pono ea Zakaria e ka re thusa joang hore re lule re thabile leha maemo a rona a ka fetoha?
12 Ho ka ba bonolo hore re tloaele maemo a macha haeba re bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona. Jehova o etsa lintho tse hlollang mehleng ena ’me re na le monyetla o moholo oa hore re be basebetsi-’moho le eena. (1 Bakor. 3:9) Le hoja mesebetsi ea rona e ka fetoha, Jehova eena o tla lula a re rata. Haeba phetoho e entsoeng mokhatlong oa Molimo e u ama ka ho toba, u se ke oa ingamangama ka hore na ke hobane’ng ha ho entsoe phetoho eo. Ho e-na le hore u batle hore bophelo ba hao bo tšoane le ba “matsatsi a pele,” u lokela ho kopa Jehova hore a u thuse hore u bone lintho tse ntle tse etsahalang bophelong ba hao hona joale. (Moek. 7:10) Ho e-na le hore u nahane ka lintho tseo u seng u sa khone ho li etsa, nahana ka lintho tsohle tseo u ka khonang ho li etsa. Pono ea Zakaria e re ruta hore ke ha bohlokoa hore re se ke ra nyahama ha maemo a rona a fetoha. Ha re sa nyahame re tla lula re thabile ebile re tšepahala le ha maemo a rona a ka fetoha.
U KA ETSA’NG HA U UTLOA HO LE THATA HORE U MAMELE TATAISO?
13. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba bang ba ne ba ka nahana hore ha se ntho e utloahalang hore ho hahoe tempele hape?
13 Mosebetsi oa ho tsosolosa tempele o ne o thibetsoe. Ho ntse ho le joalo, banna ba neng ba khethiloe hore ba etelle sechaba pele, e leng Moprista ea Phahameng Jeshua (Joshua) le ’Musisi Zorobabele ba ile “ba qala ho tsosolosa ntlo ea Molimo.” (Esdr. 5:1, 2) E ka ’na eaba Bajuda ba bang ba ne ba nahana hore qeto eo ha e utloahale. Bajuda ba ne ba ke ke ba khona ho pata hore ba ntse ba haha tempele ’me lira tsa bona li ne li tla leka kahohle ho ba thibela. Banna ba babeli ba neng ba etella pele e leng Joshua le Zorobabele, ba ne ba lokela ho kholiseha hore Jehova o ntse a ba thusa. Jehova o ile a ba kholisa joang?
14. Ho ea ka Zakaria 4:12, 14, Jehova o ile a kholisa Moprista ea Phahameng Joshua le ’Musisi Zorobabele joang?
14 Bala Zakaria 4:12, 14. Litemaneng tsena lengeloi le hlalosetsa moprofeta ea tšepahalang oa Molimo hore lifate tse peli tsa mohloaare li emela “batlotsuoa ba babeli” e leng Joshua le Zorobabele. Banna bao ba babeli ba eme “haufi le Morena oa lefatše lohle” e leng Jehova ka tsela ea tšoantšetso. Kannete oo e ne e le monyetla o babatsehang! Jehova o ne a ba tšepa. Kahoo Baiseraele ba ne ba lokela ho tšepa tataiso ea Molimo le liqeto tseo ba li etsang, ho sa tsotellehe hore na ba bolelloa hore ba etse’ng.
15. Re ka bontša joang hore re mamela tataiso ea Jehova e tsoang ka Lentsoeng la hae?
15 Tsela e ’ngoe eo Jehova a tsoelang pele ho tataisa bahlanka ba hae mehleng ena, ke ka ho sebelisa Lentsoe la hae Bibele. O sebelisa Bibele ho re bolella hore na re mo sebeletse joang ka tsela eo a tla e amohela. Re ka bontša joang hore re mamela tataiso eo re e fumanang ka Lentsoeng la Molimo? Ka ho ipha nako ea ho le bala le ho le utloisisa. Ipotse: ‘Ha ke bala Bibele kapa lingoloa tsa rona, na ke ema hanyane ’me ke nahanisise ka seo ke se balang? Na ke leka ho utloisisa lintho tse ka Bibeleng tseo ho leng thata ho li utloisisa? Kapa na ke balla ho qeta?’ (2 Pet. 3:16) Haeba re ipha nako ea ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a re rutang tsona, re tla khona ho mamela tataiso ea hae le ho etsa mosebetsi oa boboleli.—1 Tim. 4:15, 16.
16. Ke’ng e tla re thusa ho mamela tataiso eo re e fuoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” haeba re sa e utloisise hantle?
16 Tsela e ’ngoe hape eo Jehova a re tataisang ka eona ke ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ka linako tse ling a ka le fa tataiso eo re sa e utloisiseng hantle. Ka mohlala, re ka ’na ra bolelloa hore na re etse’ng ho itokisetsa koluoa e itseng ea tlhaho ebe re nahana hore koluoa eo e ke ke ea etsahala sebakeng seo re lulang ho sona. Kapa re ka ’na ra nahana hore lekhoba le tšepahalang le hlokolosi haholo nakong ea seoa. Re lokela ho etsa’ng haeba re nahana hore litaelo tseo re li fuoang ha li utloahale? Re ka nahana kamoo ho mamela Joshua le Zorobabele ho ileng ha tsoela Baiseraele molemo kateng. Re ka boela ra nahana ka litlaleho tse ling tsa Bibele tseo re ileng ra li bala. Ka linako tse ling, bahlanka ba Molimo ba ile ba fuoa tataiso e neng e bonahala e sa utloahale empa e ile ea pholosa bophelo ba bona.—Baahl. 7:7; 8:10.
BONA SEO ZAKARIA A SE BONENG
17. Pono ea seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare e ile ea thusa Bajuda joang?
17 Le hoja pono ea bohlano ea Zakaria e ne e sa bue ka lintho tse ngata, e ile ea thusa Bajuda hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa ho haha le ho sebeletsa Jehova ka cheseho. Ba ne ba bona ha Jehova a ba tšehetsa le ho ba tataisa ha ba ne ba etsa seo ba ithutileng sona ponong ea Zakaria. Jehova o ile a sebelisa moea oa hae o halalelang ho ba thusa hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa bona le hore ba boele ba thabe.—Esdr. 6:16.
18. Pono ea Zakaria e ka u thusa joang?
18 Pono ea Zakaria ea seluloana sa lebone le lifate tse peli tsa mohloaare e ka u thusa haholo. Re ithutile hore e ka u thusa hore u be le matla a ho mamella ha u hanyetsoa, u thabe ha maemo a hao a fetoha ’me u tšepe tataiso eo u e fuoang le hoja u sa e utloisise. U lokela ho etsa’ng ha u ba le mathata? Ntlha ea pele, bona seo Zakaria a se boneng e leng hore Jehova o tsotella bahlanka ba hae. Ka mor’a moo u etse seo u se bonang ka hore u tšepe Jehova le ho tsoela pele u mo sebeletsa ka pelo ea hao eohle. (Mat. 22:37) Ha u etsa joalo, Jehova o tla u thusa hore u lule u mo sebeletsa u thabile ka ho sa feleng.—Bakol. 1:10, 11.
PINA EA 7 Jehova ke Matla a Rona
a Jehova o ile a bontša moprofeta Zakaria lintho tse thabisang. Lipono tseo Zakaria a li boneng, li ile tsa thusa eena le bahlanka ba Jehova hore ba be le matla a ho tsosolosa borapeli ba ’nete le hoja ho ne ho se bonolo. Lipono tseo li ka re thusa hore re sebeletse Jehova ka botšepehi ho sa tsotellehe mathata ao re nang le ’ona. Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ponong ea Zakaria ea seluloana sa lebone le lifate tsa mohloaare.
b Lilemo hamorao mehleng ea ’Musisi Nehemia, ho ile ha e-ba le morena e mong ea bitsoang Artaxerxerse ea neng a tšoara Bajuda hantle.
c LITŠOANTŠO: Mor’abo rona oa hlokomela hore o lokela ho tloaela maemo a hae a macha a bakiloeng ke ho kula le botsofali.
d LITŠOANTŠO: Morali oabo rona o nahanisisa ka taba ea hore Jehova o tšehetsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” feela joalokaha a ile a tšehetsa Joshua le Zorobabele.