Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 December maq. 26-30
  • Batho ba Holileng ba Bohlokoa Haholo ka Phuthehong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Holileng ba Bohlokoa Haholo ka Phuthehong
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA O BATLA HORE U ETSE’NG?
  • U KA THUSA BATHO BA BANG KA BOIPHIHLELO BA HAO
  • TŠEBELETSO EA HAO E BOHLOKOA HAHOLO HO JEHOVA
  • ETSA SOHLE SEO U KA SE KHONANG
  • O Ile a Fumana se Laba-labeloang ke Pelo ea Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Thabisoa ke Seo U Khonang ho se Etsetsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Nka Bara le barali ba bo Rona ba Holileng e le ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 December maq. 26-30
Litšoantšo: Bara le barali ba bo rona ba holileng ba thabela ho sebeletsa Jehova. 1. Mor’abo rona oa bososela ha a nahana ka bokamoso. 2. Morali oa bo rona ea tsamaeang ka wheelchair o fa motho ea mo hlokomelang pampitšana. 3. Morali oa bo rona o fana ka karabo libokeng. 4. Morali oa bo rona o itšoarellelitse ka mor’abo rona e mocha ha ba le tšimong. 5. Mor’abo rona o ntse a bua le bana ba babeli le ’mè oa bona Holong ea ’Muso.

Batho ba Holileng ba Bohlokoa Haholo ka Phuthehong

Morali oa bo rona Connie ea lilemo li 83 o re: “Ha ke hetla morao, ke utloa ke sa kholoe ha ke nahana ka lintho tseo ke neng ke khona ho li etsa. Empa hona joale botsofali bo se bo nthefutse matla.”

Mohlomong le uena matla a se a thefulehile ka lebaka la botsofali. Le hoja u sebelelitse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata, u ka ’na oa nahana hore ha u sa na thuso ka lebaka la lintho tseo u seng u sa khone ho li etsa. Ka mohlala, u ka nyahama ha u bapisa lintho tseo u khonang ho li etsetsa Jehova hona joale le tseo u neng u khona ho mo etsetsa tsona nakong e fetileng. Haeba u boemong boo, u ka thusoa ke eng hore u lule u thabile?

JEHOVA O BATLA HORE U ETSE’NG?

Ipotse hore na Jehova o batla hore u etse’ng. U ka khothatsoa ke mantsoe a Deuteronoma 6:​5, a reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle.”

Ho latela temana ena, Jehova o batla hore u mo sebeletse ka pelo, moea le matla a hao ’ohle. Taba eo e tla u thusa hore u qobe ho ipapisa le batho ba bang kapa ho bapisa seo u khonang ho se etsa hona joale le seo u neng u khona ho se etsa nakong e fetileng.

Nahana ka sena: Ha u sa le mocha, u ne u fa Jehova eng? Bahlanka ba Jehova ba bangata ba ka re ba ne ba mo fa sohle seo ba ka se khonang. Ka nako eo, u ne u fa Jehova sohle seo u ka se khonang ho latela maemo a hao. Ke’ng seo u khonang ho se fa Jehova hona joale? U ntse u fa Jehova sohle seo u ka se khonang ho latela maemo a hao kajeno. Haeba u sheba litaba ka tsela ena, u tla hlokomela hore u ntse u fa Jehova se tšoanang le seo u neng u mo fa sona nakong e fetileng. U ne u mo fa sohle seo u ka se khonang ka nako eo, ’me le hona joale u ntse u mo fa sohle seo u ka se khonang.

Litšoantšo: Haesale morali oa bo rona a sebeletsa Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ngata. 1. Morali oa bo rona o bua le ’mè tšimong ka ntlo le ntlo lilemo tse mashome tse fetileng ha a sa le mocha. 2. Hona joale morali oa bo rona o se a holile ’me o ntse a paka ka fono le morali oa bo rona e mocha.

U file Jehova sohle seo u ka se khonang ha u sa le mocha ’me u ntse u mo fa sohle seo u ka se khonang botsofaling ba hao

U KA THUSA BATHO BA BANG KA BOIPHIHLELO BA HAO

Ho e-na le ho nahana feela ka lintho tseo u seng u sa khone ho li etsa, nahana ka menyetla e mengata eo u nang le eona ea ho thusa batho ba bang. Joaloka Mokreste ea seng a holile, ho na le lintho tseo u khonang ho li etsa hona joale tseo u neng u sa khone ho li etsa ha u sa le mocha. Ka mohlala, u ka:

Phetela ba bang lintho tseo u ithutileng tsona bophelong. Nahana ka seo Bibele e se buang litemaneng tsena:

Morena Davida: “Nkile ka ba mocha ’me hona joale ke tsofetse empa ha ke e-s’o bone ea lokileng a lahliloe kapa bana ba hae ba hloka lijo.”—Pes. 37:25.

Joshua: “Ke makhatheng a lefu ’me le tseba hantle ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea oa lona oohle hore ha ho na lentsoe leha le le leng le hlolehileng ho phethahala litšepisong tsohle tse molemo tseo Jehova Molimo oa lona a le boleletseng tsona. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentsoe leha le le leng la tsona le hlolehileng ho phethahala.”—Josh. 23:14.

Mohlomong le uena u kile oa bua mantsoe a tšoanang. Davida le Joshua ba buile ka lintho tse ba etsahalletseng bophelong ba bona. Kaha bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ba ne ba bua lintho tseo ba ileng ba li bona le ho li utloa ka lilemo tse ngata bophelong, mantsoe a bona a ne a e-na le matla.

Haeba u se u qetile lilemo tse ngata u sebeletsa Jehova, le uena u ka bua ho tsoa phihlelong ka melemo ea ho sebeletsa Jehova. Na u sa hopola nakong eo u neng u bona Jehova a thusa batho ba hae ka tsela e khethehileng? Haeba ho joalo, phetela ba bang phihlelo eo. Feela joalokaha e ile ea u thabisa, e ka ba thabisa le bona. U ka khothatsa bara le barali ba bo rona haholo ka ho ba phetela liphihlelo tsa hao.—Bar. 1:​11, 12.

Tsela e ’ngoe eo u ka khothatsang ba bang ka eona, ke ka ho ba teng libokeng ka seqo haeba maemo a hao a u lumella. Ha u le libokeng, u tla khothala u be u khothatse le ba bang. Morali oa bo rona Connie, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ho ea libokeng ka seqo ho etsa hore ke se ke ka nyahama. Nka nyahama joang ke e-na le batho ba nthatang Holong ea ’Muso? Ke leka ho bontša ba bang hore kea ba ananela ka hore ke ba fe limphonyana. Ke etsa bonnete ba hore ke tsoela pele ho etsa lintho tsa moea le bara le barali ba bo rona.”

TŠEBELETSO EA HAO E BOHLOKOA HAHOLO HO JEHOVA

Ka Bibeleng ho na le mehlala ea batho ba bangata bao Jehova a neng a ba rata le hoja maemo a bona a ne a sa ba lumelle ho etsa lintho tse itseng. Ka mohlala, nahana ka Simeone, Moiseraele ea neng a se a holile ea neng a ntse a phela ha Jesu a tsoaloa. Ha Simeone a le tempeleng, ho ka etsahala hore o ne a bona banna ba bacha ba etsa mesebetsi ea bohlokoa moo. Empa ho thoe’ng ka Simeone? E ka ’na eaba o ne a nahana hore Jehova ha a sa mo nka e le motho oa bohlokoa hobane a tsofetse. Empa Jehova o ne a sa mo nke joalo. O ne a bona Simeone e le monna ea ‘lokileng le ea hlomphang Molimo’ ’me a mo hlohonolofatsa ka tokelo ea ho bona Jesu ha e sa le lesea. Jehova o ile a boela a sebelisa Simeone hore a profete hore Jesu ke eena Mesia ea tlang. (Luka 2:​25-35) Ho hlakile hore ha Jehova a sheba Simeone, o ne a sa bone monna ea tsofetseng empa o ne a bona monna ea nang le tumelo e matla le ea ‘nang le moea o halalelang.’

Josefa le Maria ba bontša Simeone Jesu ha e le lesea ba thabile.

Jehova o ile a hlohonolofatsa Simeone ka tokelo ea hore a bone Jesu ha e sa le lesea le hore a profete hore Jesu ke Mesia ea tlang

Le uena u ka kholiseha hore Jehova o nka tšebeletso ea hao e le ea bohlokoa haholo, le hoja ho se ho e-na le lintho tseo u sa khoneng ho li etsa. Jehova o amohela sehlabelo sa hao “hobane o lebelletse hore motho a mo fe seo a nang le sona eseng seo a se nang sona.”—2 Bakor. 8:12.

Kahoo, tsepamisa mohopolo oa hao linthong tseo u khonang ho li etsa. Ka mohlala, nahana ka litsela tse fapaneng tseo u ka etsang mosebetsi oa boboleli ka tsona, le haeba e ka ba ka nako e khutšoanyane. U ka boela oa khothatsa Bakreste-’moho le uena ka ho ba founela kapa ho ba ngolla melaetsa e monate likareteng. Liketso tseo tse nyenyane tse bontšang hore oa ba rata, li ka ba khothatsa haholo ha li tsoa ho mohlanka oa Jehova ea mo sebelelitseng ka nako e telele.

Ba bang baa kula ebile ho na le lintho tseo ba sitoang ho li etsa. Nahana ka phihlelo ea morali oa bo rona oa Afrika Bochabela lebokoseng le reng, “O Sebelisitse Bibele ho Pholosa Bophelo ba Hae.”

Hopola hore mohlala oa hao oa tumelo le botšepehi o ka khothatsa ba bang haholo. U mohlala o phelang oa mamello ’me u ka kholiseha hore ‘Molimo o lokile, ka lebaka leo a ke ke a lebala mosebetsi oa hao le kamoo u bontšitseng kateng hore u rata lebitso la hae ka hore ebe u sebelelitse balumeli-’moho le uena ’me le hona joale u ntse u ba sebeletsa.’—Baheb. 6:10.

ETSA SOHLE SEO U KA SE KHONANG

Litsebi li bontša hore batho ba bangata ba holileng ba phathahaneng ka ho thusa batho ba bang, ba phela hantle ’meleng, ba ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho nahana ebile ba phela nako e telele.

Ke ’nete hore ho etsetsa batho lintho tse ntle ho ke ke ha tlosa liphello tsa botsofali. Ke ’Muso oa Molimo feela o tla felisa sebe seo re se futsitseng ho Adama, e leng sona se etsang hore re tsofale le ho shoa.—Bar. 5:12.

Leha ho le joalo, tšebeletso eo u e etsetsang Jehova, e akarelletsang ho thusa batho ba bang hore ba mo tsebe, e tla etsa hore tumelo ea hao e lule e le matla le hore u lule u phetse hantle. Batho ba holileng, ka kopo tsebang hore Jehova o nka tšebeletso ea lona e le ea bohlokoa haholo ebile le matlotlo liphuthehong tsa habo lona ka lebaka la mohlala oa tumelo ea lona.

Morali oa bo rona ea holileng o ntse a paka ka teroli. O balla ausi e mong ea ntseng a ntša likhapha temana ea Bibele.

O Sebelisitse Bibele ho Pholosa Bophelo ba Hae

Ha morali oa bo rona ea holileng a le teroling le morali oa bo rona e mong, ho ile ha feta ausi e mong. Morali oa bo rona ea holileng o ile a mo lumelisa eaba o kopa ho mo balla temana e khothatsang. Morali oa bo rona o ile a mo balla Jeremia 29:​11, e bontšang hore Jehova o tla re tlisetsa khotso eseng tlokotsi. Morali oa bo rona ea holileng o ile a botsa ausi eo, a re: “Na oa hlokomela hore na Molimo o u batlela bokamoso bo joang?”

Temana eo e ile ea ama ausi eo haholo. O ile a araba a tletse likhapha ka mahlong, a re: “O batla hore ke be le tšepo le bokamoso bo nang le khotso. Ke leboha haholo ka temana ena. Ke lumela hore ke karabo ea thapelo ea ka. Morao tjena haesale ke e-na le mathata a hanang ho fela. Ke imetsoe hoo ke neng ke bile ke nahana ho ipolaea. Hoseng hona, ke ile ka rapela Molimo ka re a mpontše letšoao la hore o ntse a ntsotella, eaba ke kopana le uena, oa nkemisa oa mpalla temana ena e bontšang hantle hore na Molimo o ikutloa joang ka ’na, le hoja u sa ntsebe le ho ntseba. Sena ha sea iketsahalla feela, Molimo o ne a batla ho nthusa.”

Morali oa bo rona ea holileng o ile a bontša ausi eo lihlooho tse ’maloa tse hlahang ho jw.org tse ka mo thusang hore a sebelise Bibele e le hore a sebetsane le maikutlo a hae a ho batla ho ipolaea. O ile a boela a mo hlalosetsa hore na ho etsahala’ng thutong ea Bibele, eaba o mo memela libokeng. Bekeng e latelang, ausi eo o ile a tla libokeng tsa mafelo-beke ’me hona joale ba ithuta Bibele ba sebelisa bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

U ka paka ka teroli ho sa tsotellehe hore na u se u holile kapa u mocha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela