SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 51
PINA EA 132 Joale re Nama e le ’Ngoe
U ka Hlophisa Lechato le Tlotlisang Jehova Joang?
“Lintho tsohle li ke li etsoe ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 BAKOR. 14:40.
NTLHA-KHOLO
Kamoo Bakreste ba tl’o nyalana ba ka tlotlisang Jehova kateng ka letsatsi la bona la lechato.
1, 2. Jehova o batla hore lechato la lona le be joang?
NA UENA le motho eo u ratanang le eena le tšepisane ho nyalana? Haeba ho joalo, re thaba le lona. E tlameha ebe hona joale le sebetsa ka thata ho hlophisa lechato la lona. Jehova o amehile ka lenyalo la lona. O batla hore le thabele lechato la lona le be le thabelea bokamoso ba lona hammoho.—Liprov. 5:18; Sefela 3:11.
2 Ho bohlokoa haholo hore lechato la lona le tlotlise Jehova. Ke hobane’ng ha re cho joalo, hona le ka etsa seo joang? Le hoja sehlooho sena se bua haholo ka batho ba ntseng ba hlophisa lechato la bona, melao-motheo eo ho buuoang ka eona mona e ka re thusa kaofela ha rona hore re tlotlise Jehova ebang re menngoe kapa re kopuoe ho fana ka keletso mabapi le litlhophiso tsa lechato.
KE HOBANE’NG HA LECHATO LA LONA LE LOKELA HO TLOTLISA JEHOVA?
3. Ha Bakreste ba ntse ba hlophisa lechato la bona, ke eng eo ba lokelang ho nahana ka eona, hona hobane’ng?
3 Bakreste ba hlophisang lechato la bona ba lokela ho etsa lintho tumellanong le melao-motheo eo Jehova a faneng ka eona ka Lentsoeng la hae Bibele. Hobane’ng? Hobane Jehova ke Moqapi oa lenyalo. Ke eena ea hlophisitseng lenyalo la batho ba pele e leng Adama le Eva. (Gen. 1:28; 2:24) Kahoo, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ha ba ntse ba hlophisa lechato la bona ke hore na Molimo eena o ikutloa joang.
4. Ke lebaka lefe le leng le etsang hore batho ba tl’o nyalana ba batle ho tlotlisa Jehova ka letsatsi la bona la lechato?
4 Ho na le lebaka le leng la bohlokoa la hore na ke hobane’ng ha le lokela ho nahana ka hore na Jehova o ikutloa joang ka letsatsi la lona la lechato. Ke hobane ke Ntate oa lona ea leholimong ebile ke Motsoalle oa lona oa hlooho ea khomo. (Baheb. 12:9) Ha ho pelaelo hore le batla hore e lule e le motsoalle oa lona oa hlooho ea khomo ho ea ho ile. Le ke ke la batla ho etsa eng kapa eng ka letsatsi la lona la lechato kapa letsatsi leha e le lefe e ka utloisang Motsoalle oa lona bohloko. (Pes. 25:14) Ha le nahana ka sohle seo Jehova a le etselitseng sona le seo a tla le etsetsa sona, na ha se ntho e utloahalang hore le batle hore lechato la lona le mo tlotlise?—Pes. 116:12.
LE KA TLOTLISA JEHOVA JOANG?
5. Bibele e ka thusa batho ba tl’o nyalana hore ba hlophise lechato la bona joang?
5 Bibele ha e fane ka lethathamo la melao eo Bakreste ba lokelang ho e latela mabapi le lechato la bona kapa mokete oa lechato oo ba ka o etsang ka mor’a moo. Kahoo, ba ka hlophisa lechato la bona ho latela maemo a bona, setso sa bona kapa hore na bona ba rata eng. Bakreste ba ’nete ba boetse ba lokela ho mamela melao ea Sesare e mabapi le lenyalo. (Mat. 22:21) Ho ntse ho le joalo, lechato le hlophisitsoeng ho latela melao-motheo ea Bibele le tla tlotlisa Jehova le be le mo thabise. Kahoo, ke melao-motheo efe eo le lokelang ho nahana ka eona?
6. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba tl’o nyalana ba latele melao ea linaha tseo ba lulang ho tsona e mabapi le lenyalo?
6 Latelang melao ea naha. (Bar. 13:1, 2) Linaheng tse ngata, ho na le melao eo batho ba tl’o nyalana ba lokelang ho e latela pele ba ka nyalana. Ba lokela ho fumana hore na ho na le melao efe moo ba lulang mabapi le lenyalo. Haeba le hloka thuso ea fumana boitsebiso bo joalo, le ka kopa baholo hore ba le thuse.b
7. Lechato la lona le lokela ho ba ka tsela efe, hona ke eng e ka thusang hore le be ka tsela eo?
7 Etsang bonnete ba hore lechato la lona lea hlompheha. (1 Bakor. 10:31, 32) Loanelang hore lechato la lona le bontše litholoana tsa moea oa Molimo eseng moea oa lefatše. (Bagal. 5:19-26) Ho latela melao-motheo ea Mangolo ea bohlooho, monyali o na le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore lechato la bona e ba le thabisang le le hlomphehang. Ke eng e ka etsang hore lechato le be ka tsela eo? Ha puo ea lenyalo e thehiloeng Bibeleng e fanoa ka lerato, mofuthu le tlhompho, e ka thusa bohle hore ba ananele tokisetso ea Molimo ea lenyalo. E boetse e tla thusa bohle ba tlileng lechatong ho utloisisa hore na ketsahalo eo e tebile hakae. Kahoo, boholo ba Bakreste ba tl’o nyalana ba khetha hore ba tšoarele lechato la bona Holong ea ’Muso haeba ho khoneha. Haeba le batla hore lechato la lona le tšoareloe Holong ea ’Muso, le lokela ho ngolla sehlopha sa baholo esale ka nako e le hore le kope ho sebelisa Holo.
8. Haeba le khetha ho etsa mokete oa lechato, le ka etsa’ng e le hore o se ke oa bontša moea oa lefatše? (Baroma 13:13)
8 Bala Baroma 13:13. Haeba le khetha ho etsa mokete oa lechato, le ka etsa’ng hore mokete oo o se ke oa bontša moea oa lefatše? Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “liphathi tse sa laoleheng” le bua ka mekete e neng e akarelletsa ho noa haholo le ’mino o neng o bapaloa ho fihlela e se e le bosiu haholo. Haeba le khetha hore ho be le joala moketeng, le lokela ho nahana ka hore na le tla etsa’ng e le hore batho ba se ke ba noa haholo.c Haeba ho tla ba le ’mino, le etse bonnete ba hore ha o lerata haholo hoo batho ba ke keng ba khona ho qoqa. Le khethe ka hloko mofuta oa ’mino oo le tla o bapala le be le hlahlobe mantsoe a ’ona e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tla khopiseha.
9. Ke lipotso life tseo le lokelang ho nahana ka tsona mabapi le boithabiso le lintho tseo batho ba tla li bua moketeng oa lona oa lechato?
9 Na lechatong la lona ho na le ba tla bua mantsoe a mabeli a mararo, ho be le lifoto tse bapaloang le livideo kapa mofuta o mong oa ho thabisa batho? Hangata lintho tsena li ka etsa hore letsatsi leo e be le ikhethang. Leha ho le joalo, etsang bonnete ba hore lintho tseo e tle e be tse hahang. (Bafil. 4:8) Le ka ipotsa: ‘Na lintho tsee li tla bontša ho hlompha ba bang? Na li tla siela lechato la rona seriti?’ Potso ea bohlokoa ka ho fetisisa eo le ka ipotsang eona ke hore: ‘Na li tla tlotlisa Jehova?’ Le hoja ho ka ba le metlae mona le mane, qobang lintho tse ka etsang hore batho ba nahane ka thobalano. (Baef. 5:3) Etsang bonnete ba hore litho tsa lelapa le metsoalle ba tla bua mantsoe a mabeli a mararo, ba utloisisa hantle tsela eo le batlang hore lintho li etsoe ka eona.
10. Bakreste ba tl’o nyalana ba ka bontša boinyenyefatso joang ha ba hlophisa lechato la bona? (1 Johanne 2:15-17)
10 Inyenyefatseng. (Bala 1 Johanne 2:15-17.) Jehova o ananela ha barapeli ba hae ba leka ho mo tlotlisa ho e-na le hore ba ipitsetse mahlo. Kahoo, boinyenyefatso bo tla thusa Bakreste hore ba qobe ho sebelisa chelete e ngata haholo le “ho ithorisa” ka lintho tseo ba nang le tsona. Ho etsa hore lechato e be le itekanetseng ho tla le tsoela molemo joang? Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Mike oa Norway. O re: “Ha rea ka ra e-ba le likoloto ’me re ile ra tsoela pele re le bo-pula-maliboho. Lechato la rona le ne le itekanetse le le monate ebile le le letle.” Morali oa bo rona Tabitha oa India eena o re: “Re ile ra etsa lechato le itekanetseng. Kahoo, ha rea ka ra tšoenyeha haholo. Ho ne ho se na lintho tse ngata tseo re li hlophisang ’me seo se ile sa etsa hore re qobe ho se lumellane ka lintho tse ngata le ba lelapa.”
Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, lechato la Bakreste e lokela ho ba le itekanetseng, le letle le le tla ba thabisa ha ba le hopola (Sheba serapa sa 10 le 11)
11. Monyali le monyaluoa ba ka qoba ho khopisa batho joang ka boitlhopho le moaparo oa bona? (Sheba litšoantšo.)
11 Na le se le entse qeto ea hore na le tla apara eng ka lechato la lona? Ha ho pelaelo hore le batla ho ja lesela. Le mehleng ea Bibele, monyali le monyaluoa ba ne ba ela hloko tsela eo ba shebahalang ka eona. (Esa. 61:10) Ke ’nete hore liaparo tseo le tla li apara ka letsatsi leo, li ka ’na tsa fapana le tseo le tloaetseng ho li apara empa ha lia lokela ho khopisa ba bang. (1 Tim. 2:9) Le se ke la lumella liaparo kapa lintho leha e le life tse bonahalang hore e be tsona tse ka sehloohong tseo batho ba tla lula ba li hopola ka lechato la lona.—1 Pet. 3:3, 4.
12. Ke hobane’ng ha batho ba tl’o nyalana ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba hana litloaelo leha e le life tse sa lumellaneng le Bibele lechatong la bona?
12 Hana litloaelo tse sa lumellaneng le Bibele. (Tšen. 18:4) Lefatše la Satane le entse hore machatong ho be le meetlo e litšila e amanang le bolumeli ba bohata, ho sebelisana le meea le litumela-khoela. Jehova o re lemosa ka ho hlaka hore re lokela ho tsamaella hole le lintho tseo tse sa hloekang. (2 Bakor. 6:14-17) Haeba ho e-na le meetlo kapa litloaelo tse itseng sebakeng seo u lulang ho sona tseo u se nang bonnete ba hore Jehova oa li amohela kapa che, batlisisa hore na li tsoa hokae ’me u batle le melao-motheo ea Bibele eo u ka e sebelisang pele u etsa qeto ea hore li etsoe lechatong la hao.
13. Batho ba tl’o nyalana ba ka ba le pono e tšoanang le ea Jehova joang ka ho amohela limpho?
13 Na ho tloaelehile moo u lulang hore batho ba menngoeng lechatong ba fe banyalani limpho? Limpho tseo batho ba menngoeng ba tla khetha ho fana ka tsona, li itšetlehile ka hore na ba na le chelete e kae. Ke ’nete hore Bakreste ba khothalletsoa ho fana ’me seo se etsa hore ba thabe. (Liprov. 11:25; Lik. 20:35) Leha ho le joalo, ha re batle ho etsa hore batho bao re ba memmeng lechatong la rona ba utloe ba tlamehile ho re fa limpho kapa hona ho etsa hore ba utloe eka limpho tseo ba re fileng tsona ha re li ananele. Re etsisa Jehova ha re leka ka matla ho ba le pono e tšoanang le ea hae ka limpho ka hore re lumelle batho hore ba re fe limpho ho latela maemo a bona le ho tsoa pelong.—2 Bakor. 9:7.
QOBA MATHATA LE HO A HLOLA
14. Ke mathata afe ao batho ba tl’o nyalana ba tobanang le ’ona?
14 Le ka tobana le mathata ha le ntse le leka ho hlophisa lechato le tla tlotlisa Jehova. Ka mohala, le ka thatafalloa ke ho hlophisa lechato le itekanetseng. Mor’abo rona Charlie oa Solomon Islands, o re: “Ho ne ho le thata hore na re tla mema mang re tlohele mang moketeng oa lechato la rona. Re na le metsoalle e mengata ’me setsong sa heso, kaofela ha bona ba lebelletse hore u ba meme.” Morali oa bo rona Tabitha, eo re buileng ka eena pejana o re: “Moo ke lulang teng, ho tloaelehile ho mema batho ba bangata moketeng oa lechato. Ho nkile nako hore batsoali ba ka ba amohele qeto eo re e entseng ea ho mema feela batho ba 100.” Morali oa bo rona Sarah oa India eena o re: “Batho ba bang ba u nka u le motho oa bohlokoa ha u e-na le chelete e ngata. Bo motsoala ba ne ba entse machato a hlamatsehang, kahoo le ’na ke ile ka ikutloa ke le tlas’a khatello ea ho etsa lechato le hlamatsehang le ho feta.” Ke eng e ka le thusang hore le hlole mathata aa le a mang?
15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho rapela ha le ntse le hlophisa lechato?
15 Ha le ntse le hlophisa lechato la lona, le lule le rapela. Le ka bolella Jehova ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le tobanang le eona le tsela eo le ikutloang ka eona. (Bafil. 4:6, 7) Le ka mo kopa hore a le thuse hore le etse liqeto tse nepahetseng, le lule le khobile matšoafo ha le ikutloa le tšoenyehile le hore le be sebete ha ho hlokahala. (1 Pet. 5:7) Le tla tšepa Jehova haholoanyane ha le bona tsela eo a arabelang lithapelo tsa lona ka eona. Morali oa bo rona Tabitha eo re buileng ka eena pejana, o re: “’Na le mohlankana oa ka re ne re tšoenyehile ka hore ho na le lintho tseo re ke keng ra lumellana ka tsona le tseo ba lelapa ba ke keng ba lumellana le rona ka tsona. Kahoo, nako le nako ha re tl’o buisana ka litlhophiso tsa lechato, re ne re qala pele ka ho rapela. Re ile ra bona hore Jehova oa re thusa ’me re ne re lula re e-na le khotso, hape re e-na le khotso le ba lelapa.”
16, 17. Puisano e ntle e ka thusa joang nakong eo le hlophisang lechato?
16 Buisanang ka tsela e hlakileng le e mosa. (Liprov. 15:22) Ha le ntse le etsa litlhophiso le tla lokela ho etsa liqeto tse ngata mabapi le lechato la lona. Liqeto tsena li akarelletsa ho khetha letsatsi, hore na le tla sebelisa chelete e kae, lethathamo la batho bao le tla ba mema le lintho tse ling tse ngata. Pele le etsa qeto, shebisanang lintho hammoho ’me le buisane ka melao-motheo ea Bibele e ka le thusang le be le kope likeletso ho Bakreste-’moho ba matla tumelong bao e leng khale ba li bona. Ha le khetha lintho tseo le li batlang, le be mosa, le nahanele maikutlo a ba bang le be le tenyetsehe. Haeba litho tsa lelapa tse haufi joaloka batsoali ba lona ba kopa lintho tse itseng, lekang ho li etsa ha maemo a lumela. Ena ke ketsahalo ea bohlokoa ho lona le ho bona. Haeba le ke ke la khona ho sebelisa keletso eo ba le fileng eona, hlalosang mabaka a lona ka tsela e mosa. (Bakol. 4:6) Hlakisetsang ba lelapa hore morero o ka sehloohong oa ketsahalo ena, ke hore e be e thabisang le e tlotlisang Jehova.
17 Ho ka ba thata ho hlalosetsa batsoali ba lona liqeto tseo le li entseng, haholo-holo haeba e se Lipaki, empa le ka atleha. Mor’abo rona Santhosh oa India o re: “Ba lelapa ba ne ba batla ho kenyelletsa meetlo e fapaneng ea Sehindu lechatong la rona. Ho re nkile nako e telele hore ’na le kharebe ea ka re ba hlalosetse liqeto tseo re li entseng. Re ile ra etsa liphetoho mona le mane, tseo re neng re hlokomela hore li ne li ke ke tsa beha kamano ea rona le Molimo ka mosing. Ka mohlala, re ile ra lumela ho fetola lijo tse neng li tl’o jeoa moketeng oa lechato e le hore bona ba khethe lijo tseo ba batlang hore li jeoe. Hape re ile ra etsa qeto ea ho se bine le ho tantša hobane ha baa tloaelana le lintho tseo.”
18. Ke eng e ka le thusang hore lintho li tsamaee hantle ka letsatsi la lechato? (1 Bakorinthe 14:40) (Sheba setšoantšo.)
18 Hlophisang lintho ka hloko. Ha le hlophisehile, le ke ke la tšoaroa ke stress se sengata mohla lechato la lona. (Bala 1 Bakorinthe 14:40.) Mor’abo rona Wayne oa Taiwan, o re: “Matsatsi pele ho lechato la rona, re ile ra ba le seboka se senyenyane le batho ba neng ba ithaopetse ho re thusa. Re ile ra buisana ka litlhophiso, ra ba ra etsa lintho tseo re tla beng re li etsa ka letsatsi la lechato e le ho etsa bonnete ba hore lintho li tla tsamaea hantle.” Etsang bonnete ba hore le tšoara nako, e leng se tla bontša hore le hlompha batho bao le ba memmeng.
Ho hlophisa lintho hantle esale pele, ho ka le thusa hore lintho li tsamaee bothebelele (Sheba serapa sa 18)
19. Le ka etsa’ng e le hore lintho li tsamaee hantle moketeng oa lona oa lechato joalokaha le hlophisitse?
19 Le ka qoba mathata a mangata ka hore le nahane ka lintho esale pele. (Liprov. 22:3) Ka mohlala, haeba le lula sebakeng seo ho tloaelehileng hore batho ba imeme moketeng oa lechato, nahanang ka hore na le ka thibela seo joang. Etsang bonnete ba hore batho bao le amanang le bona bao eseng Lipaki baa tseba hore na ba ka lebella eng le be le ba hlalosetse hore na le ikutloa joang ka meetlo e itseng. Le ka ba fa sehlooho se reng “Ho Etsahalang Lenyalong la Dipaki Tsa Jehova?” se hlahang ho jw.org/st-za. E le ho le thusa hore lintho li tsamaee hantle moketeng oa lechato, le ka khetha mor’abo rona eo le mo tšepang hore e be “motsamaisi oa mokete.” (Joh. 2:8) Haeba le mo bolelletse litlhophiso tsa lona ka ho hlaka, a ka le thusa hore lintho li tsamaee hantle, le mokete oa lona o be le seriti joalokaha le hlophisitse.
20. Batho ba tl’o nyalana ba lokela ho hopola eng ka letsatsi la bona la lechato?
20 Le ka utloa le imetsoe ha le nahana ka lintho tsohle tse hlokahalang bakeng sa ho hlophisa lechato la lona. Leha ho le joalo, hopolang hore letsatsi la lechato le leng feela. Ke qalo feela ea bophelo bo monate boo le tl’o bo qeta le sebeletsa Jehova hammoho. Etsang sohle se matleng a lona hore letsatsi leo e be le itekanetseng le le nang le seriti. Tšepang Jehova. Ka tataiso ea hae, le ka khona ho hlophisa letsatsi la lechato leo e tla re ha le le hopola, lipelo tsa lona li tlale thabo le sa ikoahlaele letho.—Pes. 37:3, 4.
PINA EA 107 Molimo o re Behela Mohlala oa Lerato
a TLHALOSO: Litsong tse ngata, lechato ke ketsahalo eo batho ba tl’o nyalana ba etsang likano ka pel’a Molimo. Mokete oa lechato o ka latela ka mor’a moo. Litsong tseo ho sa beng le lechato kapa mokete ka mor’a lechato, ho ntse ho le bohlokoa hore batho ba tl’o nyalana ba sebelise melao-motheo ea Bibele ka letsatsi leo ba nyalanang ka lona.
b E le hore u fumane lintlha tse ling tabeng ea hore na Bakreste ba lokela ho nka litaba tsa molao joang mabapi le lenyalo, bala sehlooho se reng “Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho” ho Molula-Qhooa oa October 15, 2006.
c Shebella video e reng Na ho Lokela ho ba le Joala Lechatong la Ka? e hlahang ho jw.org/st.