Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp26 no. 1 maq. 13-15
  • Na ho Ntlafatsa Moruo ho ka Tlisa Khotso Lefatšeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Ntlafatsa Moruo ho ka Tlisa Khotso Lefatšeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?
  • NAHANA KA SENA
  • SEO BIBELE E SE BUANG
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Ho Tla ba le Khotso Lefatšeng Lohle
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Batho ba ka Felisa Ntoa Kapa Liketsahalo Tse Sehloho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2025
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
wp26 no. 1 maq. 13-15
Bo-rakhoebo ba babeli ba tšoarana ka matsoho ba eme ka pel’a ’mapa oa lefatše ’me chelete e ntse e fokaela pakeng tsa bona.

Na ho Ntlafatsa Moruo ho ka Tlisa Khotso Lefatšeng?

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?

Ba lumela hore ha linaha li sebelisana hantle litabeng tsa khoebo, li ke ke tsa loantšana. Ka mohlala, linaha tseo e leng karolo ea European Union li ile tsa etsa hore ho be bonolo ho etsa khoebo pakeng tsa tsona. Ka lebaka leo, li ile tsa hlokomela hore lia hlokana. Ho bile le lintoa tse ngata Europe empa phetoho ena, e ile ea etsa hore ho be le khotso e eketsehileng.

Baeta-pele ba Afrika ba nahana hore haeba batho ba e-na le chelete e ngata, ba tla phelisana ka khotso. Hape ba lumela hore ba ka khona ho thusa batho hore ba be le chelete le khotso. Mopresidente oa Afrika Boroa, Cyril Ramaphosa, o re: “Re sebetsa ka thata hore ho be bonolo hore linaha li etse khoebo lipakeng tsa tsona, e leng ntho e tla ntlafatsa bophelo ba baahi.” Ha a tsoela pele o re: “Haeba re batla khotso e ke keng ea fela, batho ba hloka ho ba le mesebetsi le chelete e lekaneng hore ba iphelise.”

Ba lumela hore haeba mebuso e ka sebelisa chelete e ngata ho thibela lintoa pele li qala, seo se tla thusa hore ho be le khotso. Lebaka la bona ke hore ha mebuso le mekhatlo e fana ka chelete linaheng tse nang le mathata a ka bakang ntoa, a kang ho hloka mesebetsi le thuto ea boemo bo tlase, bophelo ba batho ba naheng eo bo tla ba betere.

Ba lumela hore likhoebo li ka tšehetsa mekhatlo e thusang ho bopa khotso. Ba bang ba nahana hore bacha e ke ke ea e-ba karolo ea maquloana a mabifi metseng ea habo bona haeba ba e-na le mesebetsi kapa ba phathahane ka lintho tse ling. Banka e ’ngoe Afrika e batla hore libanka tse ling li sebelisane le mekhatlo e lekang ho tlisa khotso le ho thusa batho.

NAHANA KA SENA

Linaha tsa machaba li se li file linaha tse futsanehileng chelete e ngata ho li thusa.

  • Haeba ho etsa joalo ho ka tlisa khotso lefatšeng, joale ke hobane’ng ha ho ntse ho e-na le lintoa tse ngata hakaale?

  • Na ho ntlafatsa moruo ho ka felisa lintoa tse bakoang ke bochaba, ho chesehela bolumeli ka tsela e feteletseng kapa likarohano tse teng lipolotiking?

    Litšoantšo: Mathata a bakoang ke batho. 1. Tlhapi e qobellehile ka har’a likhoere-khoere tse akhang polasetiki e litšila. 2. Moshanyana e monyenyane o sebetsa koaring ’me o sebelisa hamore ho choatla majoe. 3. Mehaho ea li-indasteri le mosi o silafatsang tikoloho.

    Bottom: Kevin Frayer/Getty Images

    Ho ntlafatsa moruo ho ke ke ha felisa meharo

SEO BIBELE E SE BUANG

“Lerato la chelete ke mohloli oa mefuta eohle ea lintho tse mpe. Ba bangata . . . ba lateletse ho ba le chelete ’me ba ipaketse mathata a mangata.”—1 Timothea 6:10.

Temana ena e re ruta hore haeba batho ba rata chelete kapa ba batla ho rua, seo se ka etsa hore ba etse liqeto tse ka utloisang bona le batho ba bang bohloko.—Moeklesia 5:10.

Lintoa tse ngata li bakoa ke meharo. Linaha li ka loanela lintho tse kang metsi, oli, kapa naha e le hore li ka rua. Likhoebo tse ngata li amehile haholo ka ho etsa chelete e ngata ho e-na le ho thusa batho. Linaha tse ling li khella tse ling fatše ha li etsa khoebo le tsona ’me sena se baka liqabang. Ha tse ling li sebelisa matla le chelete ea tsona ho laola tse ling ’me sena se etsa hore ho be le lintoa.

Ho matlafatsa moruo ho ke ke ha felisa meharo. Lintoa li ke ke tsa fela hobane feela batho ba e-na le chelete e ngata. Bibele e re ke batho ba mamelang Molimo le ba etsang thato ea hae feela ba tla phela ka khotso. (Mikea 4:2, 3) Batho bao ba tla fetola tsela eo ba nahanang ka eona. Ba tla hloea ntoa ’me ba tla ithuta ho phelisana ka khotso ho e-na le ho loantšana.—Baroma 12:18.

HO FUMANA LINTLHA TSE EKETSEHILENG

Ithute Bibele kapa u kope e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u etele.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela