Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp26 no. 1 maq. 10-12
  • Na Theknoloji e ka Tlisa Khotso Lefatšeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Theknoloji e ka Tlisa Khotso Lefatšeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?
  • NAHANA KA SENA
  • SEO BIBELE E SE BUANG
  • Seo re Tl’o Ithuta Sona
    Tsoha!—2021
  • Na U ka Thabela ho Ithuta Haholoanyane?
    Tsoha!—2021
  • Na U Sebelisa Lisebelisoa Tsa Theknoloji ka Bohlale?
    Tsoha!—2015
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2026
wp26 no. 1 maq. 10-12
Litšoantšo: Theknoloji ea morao-rao. 1. Rokete e nyolohela sepaka-pakeng. 2. Roboto e kang motho. 3. Monna ea roetseng liborele tsa virtual reality tse tsamaisanang le .li-screen. 4. Molek’hule.

Na Theknoloji e ka Tlisa Khotso Lefatšeng?

KE HOBANE’NG HA BATHO BA BANG BA LUMELA JOALO?

Ba lumela hore theknoloji e ka etsa hore ho be le lipuisano tse ka etsang hore batho ba momahane. Inthanete, mecha ea puisano, lifono le li-app li thusa batho ho fetolela lipuo. Sena se thusa batho ba linaha le litso tse fapaneng ho buisana ha bonolo. Maemong a mang, mahlakore a loantšanang a sebelisa theknoloji ho buisana haeba ho le kotsi hore a buisane lifahleho li talimane.

Ba lumela hore theknoloji e ka etsa hore ho se ke ha e-ba le lintoa. Artificial intelligence le litšoantšo tse nkiloeng ka satellite, ke tse ling tsa lintho tse ka sebelisoa hore ho shejoe libaka tseo ho tsona ho ka ’nang ha qhoma lintoa. Haeba ba boholong ba hlokomela hore batho ba buisana hampe inthaneteng, ebile ho na le matšoao a bontšang hore ho ka ba le merusu, ba ka khona ho thibela hore ho se ha qhoma ntoa e kholo.

Ba lumela hore theknoloji e ka ntlafatsa moruo. Theknoloji e eketsa mesebetsi. Ha mesebetsi e le mengata ebile e patala batho hantle, ho tla ba le khotso le teka-tekano, e leng lintho tse tla etsa hore ho se ke ha e-ba le lintoa.

Ka mohlala, theknoloji e ka ntlafatsa tsela eo temo e etsoang ka eona, eaba ea thusa lifeme hore li etse lihlahisoa tse ngata kapele. E ka boela ea thusa batho hore ba fumane thuto inthaneteng, ba be ba ithute ho sebelisa chelete hamolemo. Lintho tsena kaofela li thusa batho hore ba be le botsitso ’me ba se ke ba e-ba le mabaka a ho loantšana.

NAHANA KA SENA

Theknoloji e ka etsa hore ho be le khotso haeba batho ba e sebelisang ba batla khotso.

  • Ho etsahala’ng ha theknoloji e sebelisoa ke batho ba ratang ntoa?

  • Na theknoloji e ka etsa hore ho be le khotso lefatšeng empa e sebelisoa ho etsa libetsa tse kotsi?

  • Na theknoloji e ka fetola motho ha a le meharo, a e-na le lehloeo a bile a le leeme?

    Litšoantšo: Theknoloji le Saense. 1. Misaele ea theknoloji ea morao-rao e fokaela moeeng. 2. Satellite e haufi le lefatše e ntša mahlaseli a senyang satellite e ’ngoe. 3. Rasaense o ka laboratoring o tšoere botlolo e nyenyane haufi le khalase. 4. Screen se hlahisitseng code ea k’homphieutha.

    Clockwise from top: U.S. Air Force graphic; Creation Art/stock.adobe.com; Guido Mieth/DigitalVision via Getty Images; 3dsculptor/stock.adobe.com

    Theknoloji e ka etsa hore ho be le khotso haeba batho ba e sebelisang ba batla khotso

SEO BIBELE E SE BUANG

“Ka lipelong tsa batho ho hlaha menahano e fosahetseng . . . lipolao, . . . meharo, bokhopo, bolotsana, boitšoaro bo bobe boo batho ba bo etsang ba sa soabe, mona, . . . boikhohomoso le ho hloka kelello.”—Mareka 7:21, 22.

Ho ea ka litemana tsena, hangata batho ba loana ka lebaka la meharo, boikhohomoso le mona. Le hoja theknoloji e re thusa ho etsa lintho tse ngata, e ke ke ea thibela batho ho itšoara ka tsela ena.

Theknoloji ke thulusi feela, e ka momahanyang batho kapa ea ba arohanya. Le hoja theknoloji e na le melemo e mengata, batho ba nang le merero e mebe ba ka e sebelisa hampe.

Bibele e ruta hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla tlisa khotso lefatšeng, eseng theknoloji. (Matheu 6:10) ’Muso oa Molimo o tla “felisa lintoa lefatšeng lohle” o be o felise libetsa tseo batho ba li sebelisang. (Pesaleme ea 46:9) Batho ba tla ithuta ho phelisana ka khotso ka hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba ikutloang ka eona ka batho ba bang. (Esaia 54:13) Ha nako e ntse e ea, batho ba ke ke ba hlola ba e-ba le mekhoa e mebe e etsang hore ba qetelle ba loantšana.—Pesaleme ea 37:10, 11; Baefese 4:22-24, 31, 32.

Monna ea ka har’a mohaho o cheleng o eme fensetereng e senyehileng.

Yan Dobronosov/Global Images Ukraine via Getty Images

HO FUMANA LINTLHA TSE EKETSEHILENG

Ithute Bibele kapa u kope e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u etele.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela