Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 February maq. 20-25
  • Itokisetse Mathata ao u Tla Kopana le ’Ona ka Mor’a Kolobetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itokisetse Mathata ao u Tla Kopana le ’Ona ka Mor’a Kolobetso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA MOKRESTE-’MOHO A U UTLOISA BOHLOKO
  • HA U QALA HO HOPOLA LINTHO TSEO U ILENG OA LI TELA
  • HA BA BANG BA TLOHELA HO SEBELETSA JEHOVA
  • Jehova “o Folisa Bao Lipelo Tsa Bona Li Utloileng Bohloko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ho ba Metsoalle e Haufi le Bakreste-’moho ho re Tsoela Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 February maq. 20-25

LA 27 APRIL–LA 3 MAY 2026

PINA EA 99 Bana ba bo Rona ba Limilione

Itokisetse Mathata ao u Tla Kopana le ’Ona ka Mor’a Kolobetso

“Maoto a ka a ke a tsamaee litseleng tsa hao.”—PES. 17:5.

NTLHA-KHOLO

Kamoo Bakreste ba sa tsoa kolobetsoa ba ka itokisetsang mathata ao ba ka ’nang ba tobana le ’ona ka mor’a ho kolobetsoa.

1, 2. Ke mehato efe eo re ka e nkang e le hore re itokisetse mathata ao re ka ’nang ra kopana le ’ona ka mor’a ho kolobetsoa? Fana ka mohlala.

RE LEBELLETSE ho ba le mathata lefatšeng lena la Satane. Hoa utloahala hore ebe Jesu o ile a lemosa balateli ba hae, a re: “Lintho tse lihelang batho sebeng li tla lula li le teng.” (Mat. 18:7) Re ntse re hopotse temoso eo, re lokela hore re itokisetse ho kopana le mathata, ’me seo se ka ’na sa akarelletsa le mathata ao re ka bang le ’ona le balumeli-’moho le rona.

2 Nahana ka mohlala ona. Hangata batho ba Jehova ba khothalletsoa hore ba itokisetse likoluoa tsa tlhaho. Re itokisetsa tsona joang? Re qala pele ka ho batla hore na ke likoluoa life tsa tlhaho tse ka ’nang tsa e-ba teng sebakeng seo re lulang ho sona. Ho bohlokoa haholo hore re etse joalo haeba re sa tsoa fihla sebakeng seo. Ka mor’a ho sheba likoluoa tsa tlhaho tse ka ’nang tsa e-ba teng, re lokela hore re itokisetse hore na re tla etsa’ng e le hore re lule re le malala-a-laotsoe bakeng sa tsona. (Liprov. 21:5) Ka ho tšoanang, re ka sheba hore na ke mathata afe ao re ka ’nang ra kopana le ’ona ka mor’a ho kolobetsoa, ’me ra itokisetsa ’ona hona joale e le hore re ka ba malala-a-laotsoe. Ka tsela eo, re tla khona ho mamella mathata ao hamolemo ’me a ke ke a senya kamano ea rona le Jehova. (Pes. 17:5) Joale, a re hlahlobeng mathata a mararo ao re ka ’nang ra kopana le ’ona le hore na re ka itokisetsa ’ona joang.a

HA MOKRESTE-’MOHO A U UTLOISA BOHLOKO

3. Ke bothata bofe boo re ka kopanang le bona ka mor’a hore re kolobetsoe?

3 Na u sa hopola hore na u ile oa ikutloa joang ha u qala ho tla libokeng ’me u bona tsela eo batho ba Jehova ba ratanang ka eona? Na u ne u kholisehile hore u fumane ’nete? (Joh. 13:35; Bakol. 3:12) Ke eona tsela eo Morali oa bo rona Blancab a ileng a ikutloa ka eona. Leha ho le joalo, o ile a hlaheloa ke ntho eo a neng a sa e lebella ka mor’a hore a kolobetsoe. O re: “Morali oa bo rona e mong o ile a ntšoara hampe. Hape ke ile ka hlokomela hore o ne a e-na le ho bua hampe ka Bakreste ba bang. Ke ne ke sa lebella hore sena se etsahale, hobane ke ne ke ithutile hore Lipaki Tsa Jehova li loanela ho ba le khotso le lerato.” Ke ’nete hore Bakreste-’moho le uena ba sebetsa ka thata hore ba ntlafatse makhabane a bona a Bokreste, empa batho ba Jehova ha baa phethahala. (Baef. 4:​23, 24; 1 Joh. 1:8) Kahoo, ka linako tse ling e mong oa bona a ka bua kapa a etsa ntho e tla u utloisa bohloko. (Jak. 3:8) Ka masoabi, mathata a kang ana a entse hore ba bang ba khaotse ho sebeletsa Jehova.

4. Ke eng e ka u thusang hore u be malala-a-laotsoe ha Mokreste-’moho a u utloisa bohloko? (Baefese 4:32)

4 U ka etsa’ng hona joale e le hore ha Mokreste-’moho a u utloisa bohloko, u be u le malala-a-laotsoe? Itloaetse ho sebelisa keletso e hlahang ho Baefese 4:32. (E bale.) Haeba u sebetsa ka thata hore u lule u le mosa ebile u e-na le qenehelo, u tla qoba ho se utloisisane ho sa hlokahaleng le ba bang. Ipehele pakane ea hore u tšoarele ba bang ka bolokolohi haeba ba etsa liphoso. Ke eng e ka u thusang hore u etse seo? Nahana ka makhetlo ao Jehova a u tšoarelang ka ’ona le kamoo a etsang seo ka bolokolohi kateng. (Mat. 6:12) Ha u nahanisisa ka kamoo esale Jehova a u tšoarela ka bolokolohi kateng, le uena u tla nolofalloa ke ho tšoarela ba bang.

5. Ke molao-motheo ofe oa Bibele o ka re thusang ha motho e mong a re utloisitse bohloko? (Liproverbia 19:11) (Sheba litšoantšo.)

5 Bala Liproverbia 19:11. Bibele e re ho ba le temohoc ho ka re thusa hore re liehe ho halefa ha re utloisitsoe bohloko. Molao-motheo ona o ile oa thusa Morali oa bo rona Rima, ea nang le lilemo tse seng kae a kolobelitsoe. O re: “Ha Bakreste-’moho ba etsa ntho e nkutloisang bohloko, ntho ea pele eo ke e hopolang ke Liproverbia 19:11. Ke nahana ka maemo a bona le hore na ba holisitsoe joang, ebe ke leka ho nahana hore na ke hobane’ng ha ba entse ntho eo. Ke boetse ke leka ho sebetsa le bona tšimong. Ho etsa joalo ho nthusa hore ke ba tsebe haholoanyane.” Ena ke keletso e ntle. U ka khona ho tseba Bakreste-’moho le uena hona joale. Ha u ba utloisisa haholoanyane, ho tla ba bonolo hore u ba tšoarele haeba ba etsa lintho tse u utloisang bohloko.

Litšoantšo: 1. Mor’abo rona o khopisoa ke tsela eo mor’abo rona e mong a bua le eena ka eona ha ba ntse ba hloekisa ka ntle Holong ea ’Muso. 2. Hamorao, mor’abo ea neng a khopehile o thabela ho sebetsa ka ntlo le ntlo le mor’abo rona ea neng a mo khopisitse.

Haeba uena le Mokreste-’moho le sa utloisisane, lekang ho sebetsa hammoho tšimong (Sheba serapa sa 5)


6. Ke eng e ka re thusang hore re be metsoalle ea Bakreste-’moho le rona?

6 U ka etsa’ng e le hore u be motsoalle oa Bakreste-’moho le uena? Ha u ntse u tseba Bakreste-’moho le uena, etsa bonnete ba hore u tsepamisa kelello makhabaneng a bona a matle. (Bapisa le Liproverbia 10:12; Bar. 12:10; Bafil. 2:​2, 3) Hlokomela hore na ho etsa joalo ho ile ha thusa Mor’abo rona Mark joang ea neng a sa tsoa kolobetsoa. Ha a ntse a qeta nako le Bakreste-’moho le eena, o ile a hlokomela hore ba na le mefokolo. Ke’ng e ileng ea mo thusa hore a qobe ho khopisoa ke liphoso tsa bona? O re: “Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke tsepamisitse kelello ea ka liphosong tsa bona tse nyenyane, ’me e ne e se letho ha li bapisoa le lintho tse khopo tseo batho bao eseng Bakreste ba li etsang. Ke ile ka hlakeloa hore ha kea tlameha ho lula ke nahana ka mefokolo ea balumeli-’moho le ’na. Kahoo, ke ile ka tsepamisa kelello ea ka makhabaneng a bona a matle.” Haeba u etsa se tšoanang, u tla thabela ho ba motsoalle oa Bakreste-’moho le uena.

HA U QALA HO HOPOLA LINTHO TSEO U ILENG OA LI TELA

7. Ke eng e ka etsang hore re qale ho hopola lintho tseo re li tetseng pele re kolobetsoa?

7 Ha u ne u qala ho ithuta ’nete, ha ho pelaelo hore u ile oa ikutloa u imoloha ha u tlohela lefatše le khopo la Satane. U ka ’na oa thatafalloa ke ho lumela hore motho a ka batla ho khutlela ho lona. Leha ho le joalo, ha u e-na le mathata, u ka qalella ho hopola le ho labalabela tse ling tsa lintho tseo u li tetseng e le hore u sebeletse Jehova. (Bapisa le Numere 11:​4-6.) Ka mohlala, e ka ’na eaba bara ba bo rona ba bang ba ile ba etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi oa maemo a holimo o neng o ba jella nako. Mohlomong ba bang ba ile ba lahleheloa ke metsoalle e haufi ha ba ne ba qala ho ithuta Bibele, kapa ba bang ba ile ba tlameha ho tlohela lintho tseo ba neng ba li lemalletse, tse neng li etsa hore ba thabe le hoja li sa hloeka. Nahana hore na Jehova a ka utloa bohloko hakae haeba Mokreste a ka lumella ntho leha e le efe eo a e tetseng pele a kolobetsoa hore e mo suthisetse hole le eena. Ho sa tsotellehe mathata ao u tla tobana le ’ona, u ka etsa’ng hona joale e le hore u se ke oa khutlela linthong tseo u ileng oa li tela?

8. Re ithuta eng mohlaleng oa Abrahama le Sara?

8 Bibele e na le mehlala ea barapeli ba Jehova ba tšepahalang bao ho ka beng ho bile bonolo hore ba hopole lintho tseo ba li tetseng. Ka mohlala, Abrahama le Sara ba ile ba mamela taelo ea Jehova ea hore ba tlohe motseng oa Ure o sireletsehileng ’me ba e’o phela litenteng. (Baheb. 11:​8, 9) Ho hlakile hore ka linako tse ling ba ne ba hopola bophelo bo mabothobotho ba Ure. Empa “hoja ba ile ba ’na ba nahana” kapa ba labalabela bophelo boo, ba ka be ba ile ba lekeha hore ba khutlele ho bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba tsepamisa likelello tsa bona linthong tse ntle tseo Jehova a neng a ba tšepisitse tsona.—Baheb. 11:​15, 16.

9. Moapostola Pauluse o ile a nka lintho tseo a ileng a li tela joang? (Bafilipi 3:​7, 8, 13)

9 Moapostola Pauluse o ile a tela lintho tse ling e le hore a sebeletse Jehova. Pele e ba Mokreste, o ile a rutoa Molao oa Bajuda ke mosuoe ea neng a hlompheha, Gamaliele. (Lik. 22:3) Pauluse e ka be e bile moeta-pele oa bolumeli oa Bajuda ea hlomphehang. (Bagal. 1:​13, 14) Leha ho le joalo, ha a amohela litaba tse monate, o ile a tela lintho tseo tsohle. Na bophelo ba Pauluse bo ile ba itsamaela bothebelele ka mor’a hore e be Mokreste? Che. O ile a otloa, a tšoaroa a ba a hlouoa ke batho ba habo. (2 Bakor. 11:​23-26) Haeba a ne a ka tsepamisa kelello mathateng a hae le ho bapisa bophelo ba hae le ba pele e ba Mokreste, a ka be a ile a etsa qeto ea hore ha ho na thuso ho ba Mokreste. Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a lula a nahana ka tlotla e babatsehang eo a nang le eona ea ho ba molateli oa Kreste Jesu, le ho labalabela ho fumana moputso nakong e tlang. O ne a kholisehile hore litlhohonolofatso tseo li bohlokoa haholo ho feta lintho leha e le life tseo a li tetseng.—Bala Bafilipi 3:​7, 8, 13.

10. Ke eng eo re lokelang ho lula re nahana ka eona? (Mareka 10:​29, 30) (Sheba litšoantšo.)

10 Re ithuta’ng? Haeba u qala ho nahana ka lintho tseo u li tetseng e le hore u be Mokreste, etsa bonnete ba hore oa hopola hore na ke hobane’ng ha u li tetse. (Moek. 7:10) Bapisa lintho tseo u li tetseng le litlhohonolofatso tseo u li fumaneng ka lebaka la ho tseba ’nete. Ka mohlala, u na le setsoalle se haufi le Jehova Molimo. (Liprov. 3:32) U pota-potiloe ke lelapa la Jehova le u ratang. (Bala Mareka 10:​29, 30.) U na le tšepo e babatsehang ea bokamoso. (Esa. 65:​21-23) Haeba u lula u nahana ka litlhohonolofatso tseo u li fumaneng ka lebaka la ho sebeletsa Jehova, ho ke ke ha e-ba bonolo hore u hopole lintho tseo u li tetseng.

Ho e-na le hore u hopole lintho tseo u li tetseng, thabela mosebetsi oa bohlokoa oo Molimo a u fileng oona (Sheba serapa sa 10)e


11. U ithuta eng phihlelong ea Morali oa bo rona Rosemary?

11 Ha Morali oa bo rona Rosemary a kolobetsoa, o ne a le lilemo li ka bang 50. Hlokomela hore na o ile a etsa’ng e le hore a qobe ho hopola lintho tseo a li tetseng. O re: “Qalong, ke ne ke hopola Keresemese hobane e ne e lula e le nako e monate eo ke e thabelang le ba lelapa. Ke ne ke thabela ho fa batho bao ke ba ratang limpho. Ke ne ke thaba ha ke bona bana ba pota-potile sefate sa Keresemese, ’me ba bososela ha ba bula limpho tsa bona.” Ke’ng e mo thusitseng? Morali oa bo rona Rosemary o re: “Ke ile ka fumana ntho e ka nkelang Keresemese sebaka. Selemo le selemo ka letsatsi le fapaneng, ke mema ba lelapa leso ebe ke ba fa limpho le ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke ba rata.” O ile a boela a tobana le bothata bo bong. O re: “Ha ke ne ke ithuta ’nete, metsoalle ea ka ea khale e ile ea khaotsa setsoalle sa rona. Ka linako tse ling, ke ne ke e hopola ’me ke jeoa ke bolutu.”d O thusitsoe ke’ng? O ile a etsa litlhophiso le barali ba bo rona ba fapaneng e le hore ba ee mosebetsi oa boboleli le eena. O re: “Ho etsa joalo, ho nthusitse hore ke be le metsoalle e mecha eo ke e ratang le eo ke e nkang e le ea bohlokoa.” U ka ithuta’ng phihlelong ea hae? U ka ’na oa hlolohela ntho e neng e etsa hore u thabe pele u ithuta ’nete, empa u ka etsa hore e nkeloe sebaka ke ntho e ’ngoe e molemohali e u thabisang e le kannete. (Bafil. 4:​8, 9) Hape hopola hore Jehova o u fa lintho tse ngata tse molemo ho feta tseo u li tetseng.

HA BA BANG BA TLOHELA HO SEBELETSA JEHOVA

12. Ke bothata bofe bo boima bo ka ’nang ba hlaha ka phuthehong?

12 Ha u ne u e-ba Paki, ho ka etsahala hore u ile oa imoloha ha u tlohela lefatše le khopo la Satane ’me u e-ba karolo ea batho ba rutang ’nete le ba lekang ho etsa se nepahetseng. (Esa. 65:14) Leha ho le joalo, ka linako tse ling ka phuthehong u ka utloa ho thoe ho na le motho ea entseng sebe se tebileng. Haeba motho eo a sa bake, o tla tlosoa ka phuthehong. (1 Bakor. 5:13) Hlokomela hore na boemo bo tšoanang bo ile ba ama Morali oa bo rona Samar joang. O re: “Nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe, moholo e mong o ile a etsa sebe se tebileng ’me a tlosoa ka phuthehong. Tumelo ea ka e ile ea batla e fokola hobane ke ne ke sa kholoe hore hoa khoneha hore moholo a siteloe Jehova le phutheho.” Ke ’nete hore re lokela ho lula re tšepa hore Bakreste-’moho ba rata Jehova ebile ba batla ho lula ba mo tšepahalla. (1 Bakor. 13:​4, 7) Leha ho le joalo, ka masoabi selemo le selemo ho na le batho ba tlosoang ka phuthehong. Ho ka ba boima haholo ha motho ea haufi le uena kapa eo u mo hlomphang a khetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova.

13. Re ka etsa’ng hona joale e le hore tumelo ea rona e se ke ea fokola ha motho ea haufi le rona a ka khetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova?

13 U ka itokisa joang hona joale e le hore tumelo ea hao e se ke ea fokola ha motho ea haufi le uena a ka khetha ho tlohela ho sebeletsa Jehova? Tsoela pele ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova. (Jak. 4:8) U se ke oa lumella hore kamano ea hao le Molimo e itšetlehe ka tumelo ea motho e mong. Ka mohlala, le hoja hangata re ithuta Bibele le ho rapela hammoho re le lelapa le ha re e-na le phutheho, re boetse re lokela ho rapela le ho ithuta Bibele re le bang.—Pes. 1:2; 62:8.

14. Re ithuta eng mohlaleng oa moapostola Petrose? (Johanne 6:​66-68)

14 Mohlala oa moapostola Petrose o ka re thusa. Ho na le nako eo ka eona barutuoa ba bangata ba ileng ba khaotsa ho latela Jesu hobane ho e-na le ntho eo ba sa e utloisiseng. Mohlomong Petrose le eena o ne a sa utloisise empa o ile a lula a tšepahala. (Bala Johanne 6:​66-68.) Ho e-na le ho tsepamisa kelello linthong tseo batho ba neng ba li etsa, o ile a e tsepamisa mantsoeng a ’nete ao a ileng a ithuta ’ona ho Jesu, ’me seo se ile sa etsa hore tumelo ea hae e se ke ea fokola. Ka ho tšoanang, le mehleng ena liketso tsa batho ba bang ha li fetole ’nete eo mokhatlo oa Molimo o re rutileng eona. Khomarela ’nete eo. Morali oa bo rona Samar eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ke lula ke ikhopotsa hore ha motho e mong a etsa lintho tse fosahetseng, seo ha se bolele hore phutheho kapa mokhatlo oa Jehova o ruta lintho tse fosahetseng. Hape lintho tseo ha li bontše seo Jehova a leng sona.”

15. U ithuta eng phihlelong ea Morali oa bo rona Emily?

15 Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Emily. Ka mor’a beke a kolobelitsoe, ’mè oa hae o ile a tlosoa ka phuthehong eaba o siea lelapa la hae. O re: “Ha ho le ka mohla nkileng ka nahana hore ntho e tjena e ka etsahala. Ena e bile teko har’a liteko ’me ke hloloheloa ’mè oa ka haholo.” O thusitsoe ke’ng? O re: “Ha ke mong. Ntate oa ka le Bakreste-’moho bao e seng e le karolo ea lelapa leso, baa ntšehetsa. Batho bohle ba na le mathata. Kahoo, ho bohlokoa hore re lule re le haufi le Bakreste-’moho le ho khothatsana.” (1 Pet. 5:9) Ha oa lokela ho emela hore u hlaheloe ke mathata pele u ka matlafatsa setsoalle sa hao le Bakreste-’moho le uena. Tsoela pele ho se matlafatsa hona joale. Ha u etsa joalo, u ke ke oa utloa u hlorile ho sa tsotellehe hore na u hlaheloa ke eng.

16. Re lokela ho hopola eng? (Sheba setšoantšo.)

16 Hopola hore Jehova o khalemela bao a ba ratang. (Baheb. 12:6) O batla hore batho bohle ba tlositsoeng ka phuthehong ba khutle. (2 Pet. 3:9) Kahoo, ha motho ea haufi le uena a tlositsoe ka phuthehong, kholiseha hore baholo ba tla etsa sohle ho mo thusa hore a khutlele ho Jehova.—2 Tim. 2:​24, 25.

Baholo ba babeli ba etetse ntate ea neng a tlositsoe ka phuthehong. Moholo e mong o tšoere Bibele a e butse ha e mong a bontša ntate eo karolo e hlahang bukaneng ea “Khutlela ho Jehova.”

Haeba motho ea haufi le uena a tlositsoe ka phuthehong, hopola hore baholo ba batla ho mo thusa hore a khutlele ho Jehova (Sheba serapa sa 16)f


17. Re ka kholiseha ka eng?

17 Re hlahlobile mathata a ’maloa a ka u hlahelang ka mor’a ho kolobetsoa. Ke ’nete hore a mang a ’ona a ka ba boima, empa ha ho hlokahale hore u tšohe. Ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang e le hore u itokisetse ’ona. Hape le ka mohla u se ke oa lebala hore Jehova Molimo o na le uena. O se a ile a u thusa ’me o batla ho u thusa ho ea ho ile. (1 Pet. 5:10) O tla lula a u fa matla ao u a hlokang le ho u thusa hore u mamelle ha u tobana le mathata leha e le afe. Ha u ntse u tsoela pele u lumella Jehova hore a u thuse, ha ho bothata bo ka u suthisetsang hole le eena.—Pes. 119:165; Bar. 8:​38, 39.

U KA ETSA’NG HORE U ITOKISETSE MATHATA AA A KA U HLAHELANG?

  • Ha Mokreste-’moho le uena a u utloisa bohloko

  • Ha u hopola lintho tseo u li tetseng

  • Ha motho e mong a tlosoa ka phuthehong

PINA EA 154 Lerato la ’Nete

a Le hoja sehlooho sena se bua le batho ba sa tsoa kolobetsoa, kaofela ha rona re ka rua molemo ho sona.

b Mabitso a fetotsoe.

c Ho ba le temoho ho akarelletsa bokhoni ba ho bona ka nģ’ane ho boemo. Tholoana ena e ka u thusa hore u lemohe hore na ke hobane’ng ha motho a buile kapa a entse ntho e itseng.

d Kaofela ha rona re lokela ho thusa batho ba ntseng ba ithuta Bibele le ba sa tsoa kolobetsoa hore ba ikutloe ba amohelehile ka phuthehong. Sheba serapa sa 15 le 16 sehloohong se reng “Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Joang Hore ba Kolobetsoe?” ho Molula-Qhooa oa March 2021.

e TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ha morali oa bo rona a le mosebetsing oa boboleli, o bona sehlopha sa bolo se ntse se bapala, ’me o hopola mehleng ea hae ha e ne e le sebapali sa bolo. Hamorao, morali oa bo rona eo o pakela ausi e mong eo e leng sebapali sa bolo, mohlomong ba ne ba bapalla sehlopha se tšoanang.

f TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Baholo ba babeli ba etetse ntate ea tlositsoeng ka phuthehong ’me ba mo khothalletsa hore a khutlele ho Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela