LA 20-26 APRIL 2026
PINA EA 49 Re Thabise Pelo ea Jehova
Sebeletsa ho Kolobetsoa
“Hona joale ke nako.”—2 BAKOR. 6:2.
NTLHA-KHOLO
Hona joale ke nako ea hore u be motsoalle ea haufi oa Jehova u be u kolobetsoe.
1. (a) Ke melemo efe e meng eo u tla e fumana ha u kolobetsoa? (b) Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?
NA U inehetse ho Jehova oa ba oa bontša boinehelo ba hao ka kolobetso? Haeba ho joalo, u kopile Molimo hore a u thuse ho ba le letsoalo le khutsitseng. (1 Pet. 3:21) Ka ho etsa joalo, u behetse batho ba e-s’o kolobetsoe mohlala o motle. Kahoo, u entse qeto e ntle haholo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba ha u e-s’o kolobetsoe? Ha ho pelaelo hore u rata Jehova ebile u batla ho etsa thato ea hae. Oa tseba hore ho kolobetsoa ke habohlokoa e le hore u tšoareloe libe le hore Jehova a u amohele. (Lik. 2:38-40) Empa u ka ’na oa thatafalloa ke ho etsa qeto ea hore u kolobetsoe. U ka thusoa ke’ng? Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na (1) ke hobane’ng ha ba bang ba lieha ho etsa qeto ea ho kolobetsoa, (2) ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lula u hopola hore bofelo bo haufi, le hore na (3) u tla fumana melemo efe haeba u sebeletsa hore u kolobetsoe ntle ho tšenyo ea nako.
KE HOBANE’NG HA BA BANG BA LIEHA HO KOLOBETSOA?
2. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba lieha ho etsa qeto ea ho kolobetsoa?
2 Batho ba bang ba lieha ho etsa qeto ea ho kolobetsoa hobane ba tšaba. Ka mohlala, le hoja ba batla ho sebeletsa Jehova, ba tšaba hore ba ke ke ba khona ho mo thabisa. Haeba u ikutloa ka tsela ena, bala litemana tsa Bibele tse tla u kholisa hore Jehova haa lebella phetheho le hore oa thaba ha u etsa sohle seo u ka se khonang ho mo sebeletsa. (Pes. 103:13, 14; Bakol. 3:23) Haeba u tšaba ho hanyetsoa, kopa Jehova hore a u fe kholiseho e tšoanang le ea mopesaleme ea ileng a re: “Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova o ka lehlakoreng la ka. Motho a ka nketsa’ng?”—Pes. 118:6.
3. Batho ba bang ba ka ’na ba lieha ho etsa qeto ea hore ba kolobetsoe hobane ba nahana eng? (Sheba setšoantšo.)
3 Batho ba bang ba ratang Jehova ba lieha ho kolobetsoa hobane ba nahana hore ha ba na tsebo e lekaneng. Empa u lokela ho ba le tsebo e kae pele u etsa qeto ea ho kolobetsoa? Nahana ka mohlala o hlahang ka Mangolong. Ka mor’a hore lefatše le reketle le ho sisinya teronko eo moapostola Pauluse le Silase ba neng ba tšoeroe ho eona, ba ile ba pakela molebeli oa teronko le ba lelapa la hae. Ho ka etsahala hore monna eo le ba lelapa la hae ba ne ba utloisisa hore ke Molimo ea entseng mohlolo oo e le hore a ka lokolla bahlanka ba hae teronkong. Ho ekelletsa moo, lelapa leo le ile la ithuta lintho tse ngata bosiung boo. Qetellong, le ile la susumelletseha hore ‘le kolobetsoe hang-hang.’ (Lik. 16:25-33) Haeba u tseba Jehova, u mo rata ka pelo ea hao eohle, u fumane tsebo ea motheo ea Bibele, u baketse libe tsa hao ’me u ikemiselitse ho tsoela pele u phela ka melao ea hae, u loketse hore u ka kolobetsoa.—Mar. 12:30.
Pauluse le Silase ba pakela molebeli oa teronko le ba lelapa la hae, e leng se ileng sa etsa hore ba qetelle ba ‘kolobelitsoe hang-hang’ (Sheba serapa sa 3)
4. Lebaka le leng le etsang hore batho ba bang ba liehe ho etsa qeto ea ho kolobetsoa ke lefe? (Sheba setšoantšo.)
4 Batho ba bang ba batlang ho thabisa Molimo ba tsepamisa likelello tsa bona linthong tse tla ba lahlehela haeba ba etsa qeto ea ho sebeletsa Molimo. Ke ’nete hore ke habohlokoa hore u bale litšenyehelo pele u etsa qeto. (Luka 14:27-30) Leha ho le joalo, ba bang ba tšoenngoa ke lintho tseo ba tla lokela ho li tela e le hore ba sebeletse Molimo. Sena ke se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Candace. Ha e sa le ngoana, o ile a ithuta ’nete empa o ne a sa phele tumellanong le eona. O ile a boela a ithuta Bibele ha a se a le moholo. O re: “Ke ne ke tseba hore na ke lokela ho etsa’ng e le hore ke thabise Jehova, empa pelo e ’ngoe e ne e re ke tsoele pele ka tsela eo ke ntseng ke phela ka eona hobane e ne e nthabisa. Ke ne ke tseba hore ho tla ba thata hore ke fetole bophelo ba ka.” Batho ba bang ba amehile ka melao e phahameng ea boitšoaro eo batho ba kolobelitsoeng ba lokelang ho phela ka eona. Ba tšoenyeha ka hore ka mor’a hore ba kolobetsoe, ba tla etsa sebe se tebileng ebe ba tlosoa ka phuthehong. U ka etsa’ng haeba le uena lintho tse tšoanang li etsa hore u liehe ho etsa qeto ea ho kolobetsoa?
Batho ba bang ba batlang ho thabisa Molimo ba tšoenyeha ka lintho tseo ba lokelang ho li tela e le hore ba sebeletse Molimo (Sheba serapa sa 4)
5. Ke eng eo re lokelang ho nahana ka eona haholo haeba re lieha ho etsa qeto ea ho kolobetsoa? (Matheu 13:44-46)
5 Hangata ha re batla ho reka ntho e itseng, rea sheba hore na ke bokae le hore na e bohlokoa hakae. Haeba bohlokoa ba ntho eo bo feta theko ea eona, ha ho pelaelo hore re tla e reka hang-hang. Ka ho tšoanang, ha re nahana ka ho kolobetsoa, ha rea lokela ho nahana feela ka hore na re lokela ho etsa liphetoho tse kae. Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana ka melemo eo re tla e fumana ka lebaka la ho ba le kamano e ntle le Jehova. Jesu o ile a etsa lipapiso tse peli ho hatisa ntlha ena. (Bala Matheu 13:44-46.) Lipapisong tseo ka bobeli, monna e mong o ile a thabela ho rekisa lintho tsohle tseo a nang le tsona e le hore a ka reka ntho ea bohlokoa eo a neng a e fumane. Le uena u fumane ntho ea bohlokoa, e leng ’nete ka ’Muso oa Molimo. Haeba oa ipotsa hore na ho phela tumellanong le ’nete eo ke tšenyo ea nako kapa che, nahana ka hloko ka lipapiso tsa Jesu. U ka ’na oa ipotsa: ‘Na ke kholisehile e le kannete hore ntho eo ke e fumaneng ke ea bohlokoa? Na ke nka kamano ea ka le Jehova, tšepo eo a mphileng eona le lerato la bana ba motho e le lintho tsa bohlokoa?’ Likarabo tsa hao li ka u thusa hore u nahanisise ka ho eketsa kananelo ea hao ea ’nete eo u ithutileng eona. Hape li ka u thusa hore u bone hore na u lokela ho etsa’ng e le hore u etse qeto ea hore u kolobetsoe.
6. Ke eng e tla re thusa ho sebelisa lintho tseo re ithutang tsona?
6 Papisong ea hae ea molemi, Jesu o hlalosa boemo ba pelo bo ka sitisang motho hore a hatele pele moeeng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a boela a bontša hore ba bang ba tla utloa molaetsa oa ’Muso “ka pelo e ntle haholo,” ’me ba etse lintho tseo ba ithutileng tsona. (Luka 8:5-15) Haeba u amehile ka hore ha oa kholiseha hore u tla atleha ho etsa lintho tseo u ithutileng tsona, u se ke oa tela. Ka thuso ea Molimo, u ka khona ho ‘fetola pelo ea hao’ e le hore u ka mamela Jehova. Kopa Jehova hore a u thuse ho nolofatsa pelo ea hao e le hore ’nete ea ’Muso e hole ho uena.—Ezek. 18:31, nal.; 36:26.
7, 8. Ke eng e sitisang bacha ba bang hore ba kolobetsoe? (Sheba setšoantšo.)
7 Bacha ba bang ba ratang Jehova ba hloleha ho hatela pele hore ba kolobetsoe hobane ba susumetsoa ke batho ba bang. Ka mohlala, matichere a mang a ka etsa hore baithuti ba nke boitšoaro bo itseng bo amoheleha le hoja Jehova a bo nka bo fosahetse. Empa likeletso tse joalo li ka u bakela mathata. (Pes. 1:1, 2; Liprov. 7:1-5) U ka qoba kotsi eo ka hore u latele mohlala oa mopesaleme ea ileng a re ho Jehova: “Ke na le kutloisiso ho feta mesuoe eohle ea ka hobane ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao.”—Pes. 119:99.
8 Litlaleho li bontša hore batsoali ba bang ba Lipaki ba sitisa bana ba bona hore ba kolobetsoe. Batsoali ba ka tšoenyeha haholo ka hore na bana ba bona ba tla fumana thuto e kae le hore na ba tla fumana mosebetsi o joang empa ba hlolehe ho ba thusa hore ba ipehele lipakane tsa moea. Ho thoe’ng haeba u utloa eka batsoali ba hao ha ba u tšehetse e le hore u hatele pele moeeng? Haeba u ikutloa joalo, buisana le bona ka bolokolohi ka taba ena. Kholiseha hore lilemo tsa hao ha lia lokela ho u sitisa ho haha setsoalle se haufi le Jehova.—Liprov. 20:11.
Buisana le batsoali ba hao ka bolokolohi ka taba ea hore u kolobetsoe (Sheba serapa sa 8)
9. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba lieha ho kolobetsoa?
9 Batho ba bang ba tšoanelehang ho kolobetsoa ba ka ’na ba lieha ho kolobetsoa ka lebaka la khatello ea lithaka, kapa mohlomong hobane ba batla ho emela motho ea itseng hore le eena a hatele pele e le hore a kolobetsoe. Ka mohlala, ba ka ’na ba batla hore ha ba kolobetsoa, ba kolobetsoe ka letsatsi le le leng le motsoalle kapa le motho eo ba mo ratang. Ke ’nete hore u ka kolobetsoa ka letsatsi le le leng le batho ba bang bao u ba ratang, empa na kannete lintho tse kang tsee ke tsona tse ka u sitisang hore u kolobetsoe hona joale? Hopola hore ho inehela ho Molimo ke taba ea hao le Molimo. Ho kolobetsoa ha hao ha hoa lokela hore ho itšetlehe ka hore na motho e mong o etsa’ng.—Bar. 14:12.
HOPOLA HORE BOFELO BO HAUFI
10. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba lieha ho hatela pele moeeng?
10 Ho ekelletsa mabakeng ao re seng re a boletse ka holimo, batho ba bang ba ka ’na ba lieha ho hatela pele moeeng hobane ba ipehela lebaka la hore bofelo bo sa le hole. Empa na lebaka leo lea utloahala? Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae a re: “Le lule le itokisitse hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.”—Luka 12:40.
11. Ho ea ka Pesaleme ea 119:60, re ikutloa joang ka melao ea Jehova ha re ntse re mo tseba haholoanyane?
11 Re lokela hore re inehele ho Jehova hobane re mo rata. Ha re ntse re tseba Molimo oa rona ea lerato haholoanyane, re tla susumelletseha le ho feta ho rata le ho mamela melao ea hae hang feela ha re ithuta eona. (Bala Pesaleme ea 119:60.) Morutuoa Jakobo o ile a bua ka lebaka le leng la bohlokoa la ho mamela melao ea Jehova hang-hang. O ile a re ha ho motho ea tsebang hore na ho tla etsahala’ng hosane. E ka ’na eaba letsatsi lena ke la ho qetela la hore motho a etse “ntho e nepahetseng.” Kahoo, re lokela ho sebelisa seo re ithutileng sona hona joale.—Jak. 4:13-17.
12. Re ithuta eng papisong ea Jesu ea tšimo ea morara?
12 Nahana ka papiso ea Jesu ea tšimo ea morara. O ile a hlalosa hore ba bang ba basebetsi ba ne ba tla sebetsa hora e le ’ngoe feela, empa ba ne ba tla fumana moputso o tšoanang le oa ba sebelitseng letsatsi lohle. Leha ho le joalo, hlokomela hore na lebaka ke lefe le entseng hore basebetsi bao ba sebetse hora e le ’ngoe feela, e seng letsatsi lohle. Ba ile ba re: “Hobane ha ho na motho ea re hirileng.” Basebetsi bao ha baa ka ba leka ho qoba ho sebetsa letšehare lohle, ba ne ba mpa ba e-s’o ka ba hiroa. Hang ka mor’a hore ba hiroe, ba ile ba kena mosebetsing ka matla. (Mat. 20:1-16) Mehleng ena, Jesu o re bitsitse hore re be barutuoa ba hae ’me re etse mosebetsi oa boboleli. Re lokela ho etsa mosebetsi ona hang feela ha re qeta ho rutoa ka oona.
13. Re ka ithuta eng ho mosali oa Lota?
13 Motho ea liehang ho hatela pele moeeng a ka ’na a hlokomela hore ho etsa liphetoho tse thabisang Jehova ka motsotso oa ho qetela ho boima. Jesu o ne a tseba sena ’me o ile a lemosa barutuoa ba hae, a re: “Hopolang mosali oa Lota.” (Luka 17:31-35) Mosali oa Lota o ne a tseba hantle hore kahlolo ea Molimo ka Sodoma le Gomora e ne e le haufi le ho phethahala. Leha ho le joalo, ho bonahala eka o ile a thatafalloa ke hore a tele matlotlo a hae. (Gen. 19:23-26) Phihlelo ea hae e boetse ea re hopotsa hore lemati la poloko le ke ke la lula le butsoe ka ho sa feleng. Ka nako ea Molimo e loketseng, lemati leo le tla koaloa le be le notleloe ho ea ho ile.—Luka 13:24, 25.
14. Boprofeta ba Bibele bo mabapi le bofelo ba lefatše bo lokela ho u ama joang?
14 Letsatsi le letsatsi, liketsahalo tsa lefatše li phethahatsa boprofeta ba Bibele ka ho fela ha lefatše. Le haeba hona joale liketsahalo tsena ha li u ame ka ho toba, ho bona li etsahala sebakeng se seng ka mor’a se seng, ho lokela ho u susumelletsa hore u phahamele mapoqo ’me u kolobetsoe. Nahana ka mohlala oa mehleng ea baapostola. Moapostola Petrose o ile a khothalletsa Bakreste a re: “Le lule le hopola ho rapela,” hobane “qetello ea lintho tsohle e atametse.” (1 Pet. 4:7) Ho bonahala “qetello ea lintho” e ne e le ho felisoa ha Jerusalema le tempele ea eona. Batho bao Petrose a neng a ba ngolla ba ne ba lula hole le Jerusalema, kahoo ba ne ba ke ke ba ameha ha motse oo o felisoa. (1 Pet. 1:1) Leha ho le joalo, ha ba hlokomela ho phethahala ha boprofeta bona, ba ne ba tla kholiseha le ho feta hore litšepiso tse ling tsa Jehova li tla phethahala. Ka ho tšoanang, ha u bona boprofeta bo amanang le bofelo bo ntse bo phethahala, u tla susumelletseha hore u sebetse ka thata ho finyella pakane ea hao ea ho kolobetsoa.
15. U ka itokisetsa letsatsi la Jehova joang? (2 Petrose 3:10-13)
15 Lengolong la hae la bobeli, Petrose o ile a hlalosa hore re lokela ho lula re itokiselitse letsatsi la Jehova, e leng ho fela ha lefatše lena. Ho Bakreste ba neng ba phela mehleng ea baapostola, letsatsi leo le ne le ntse le le hole haholo. Leha ho le joalo, Petrose o ile a ba bolella hore ba lokela hore ‘ba lule ba le hopola.’ (Bala 2 Petrose 3:10-13.) Re ka lula re hopola letsatsi leo ka hore re itokisetse lona le ho labalabela hore le fihle. Re bontša hore re labalabela hore letsatsi leo le fihle ka hore re ‘halalele le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi.’ Nahana hore na Jehova o tla thaba hakaakang ha a bona ‘u mo sebeletsa ka botšepehi.’ Ha ho pelaelo hore o tla thabela ho bona u inehela ho eena ebile u kolobetsoa.
MELEMO EA HORE U NKE KHATO HONA JOALE
16. Nako e ntle ka ho fetisisa ea hore u sebeletse ho kolobetsoa ke efe? (2 Bakorinthe 6:1, 2) (Sheba litšoantšo.)
16 Nako e ntle ka ho fetisisa ea hore u sebeletse ho kolobetsoa ke hona joale. (Bala 2 Bakorinthe 6:1, 2.) Letona la Ethiopia leo Filipi a ileng a kopana le lona, le ile la hlokomela hore le lokela ho nka khato kapele. Hang ha le utloisisa litaba tse monate ’me le ba le monyetla oa hore le kolobetsoe, ha lea ka la re: ‘Ke sa batla ho utloa haholoanyane ka litaba tsena tse monate pele. Ho na le metsi a mang ao re tla kopana le ’ona ha re ntse re ea pele.’ Ho e-na le hoo, le ile la botsa Filipi la re: “Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?” (Lik. 8:26, 27, 35-39) Ona ke mohlala o babatsehang. Ka mor’a hore letona leo le kolobetsoe, le ile “la itsamaela le thabile.”
Ithute thuto ea bohlokoa ho letona la Ethiopia: Nako e molemo ka ho fetisisa ea hore u hatele pele e le hore u kolobetsoe ke hona joale (Sheba serapa sa 16)a
17. Re ka kholiseha ka eng?
17 Haeba u lieha ho etsa qeto ea hore u kolobetsoe, kholiseha hore Jehova o malala-a-laotsoe hore a u thuse hore u be le kamano e ntle le eena. (Bar. 2:4) A ka u thusa hore u hlole tšabo, ho tšoenyeha kapa khatello e ka u sitisang hore u hatele pele. Ha Molimo a se a u thusitse hore u be le letsoalo le khutsitseng ka lebaka la ho kolobetsoa, u tla hlokomela hore ho “lebala lintho tse fetileng” ha ho sa u tšoenya. (Bafil. 3:8, 13) U ka labalabela hore “lintho tse ka pele,” e leng ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova ho batho ba inehetseng ho eena le ho kolobetsoa, li phethahale.—Lik. 3:19.
PINA EA 38 O Tla le Matlafatsa
a TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Joalokaha letona la Ethiopia le ile la bolella Filipi hore le batla ho kolobetsoa, seithuti sa Bibele se ea ho baholo ho e’o ba bolella hore se batla ho kolobetsoa.